Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Loanela hore u khone ho itšoara

Loanela hore u khone ho itšoara

“Litholoana tsa moea ke . . . boitšoaro.”—BAGAL. 5:22, 23.

LIPINA: 83, 52

1, 2. (a) Ho hloka boitšoaro ho ka etsa hore batho ba etse’ng? (b) Ke hobane’ng ha sehlooho see se loketse mehleng ee?

BOITŠOARO ke bokhabane boo Molimo a nang le bona. (Bagal. 5:22, 23) Jehova o khona ho bonahatsa boitšoaro ka tsela e phethahetseng. Kaha batho ha baa phethahala ba thatafalloa ho itšoara. Ke ’nete hore mathata ao batho ba bangata ba nang le ’ona kajeno a qala ka ho hloka boitšoaro. ’Me ho hloka boitšoaro hoo ho ka etsa hore batho ba etse lintho tsa bohlokoa ka motsotso oa ho qetela hape ba se ke ba sebetsa hantle sekolong kapa mosebetsing. Ho ka boetse ha qetella ka litlhapa, botahoa, ntoa, ho qhalana ha malapa, likoloto, ho kena chankaneng, ho sithabela maikutlong, mafu a likobo le bana ba matšeo.—Pes. 34:11-14.

2 Ho hlakile hore batho ba se nang boitšoaro ba ipakela mathata ebile ba a bakela le batho ba bang. ’Me bothata bona bo ntse bo e-hloa mekoalaba. Lilemong tsa bo-1940, batho ba ile ba seka-seka thuto mabapi le boitšoaro, empa ho latela thuto ea morao tjena ho bonahala batho ba ntse ba thatafalloa ho itšoara le ho feta. Liithuti tsa Bibele ha li makalle liketso tsena kaha Bibele e ne e boletse esale pele bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” ’me batho e ne e tla ba “ba hlokang boitšoaro.”—2 Tim. 3:1-3.

3. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho loanela ho ba le boitšoaro?

3 Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho ba le boitšoaro haholoanyane? Ak’u nahane ka mabaka a mabeli a ka re thusang. Lebaka la pele ke hore, batho ba khonang ho laola maikutlo a bona ba ba le mathata a tebileng a seng mangata. Maikutlo a bona a tsitsitse, ba na le likamano tse ntle le ba bang, ’me ha ba lule ba koatile hape ha ba be le khatello ea maikutlo joaloka batho ba hlolehang ho laola maikutlo a bona. Lebaka la bobeli ke hore, ho ba le bokhoni ba ho hlola khatello le ho laola menahano le liketso tse fosahetseng ho ka re thusa ho fumana kamohelo mahlong a Molimo. Mohlala ke oa Adama le Eva ba ileng ba hloleha ho ba le boitšoaro ’me ba lahleheloa ke kamano ea bona le Jehova. (Gen. 3:6) Re ka boela ra nahana ka mehlala ea ba bangata ho tloha ka nako eo ba ileng ba khola litholoana tse bosula ka lebaka la ho hloleha ho itšoara.

4. Le hoja ka linako tse ling re hloleha ho itšoara, re ka khothatsoa ke’ng?

4 Ha se kamehla batho ba sa phethahalang ba ka khonang ho itšoara. Jehova oa tseba hore ha rea phethahala, kahoo o batla ho re thusa ho hlola bofokoli ba ho hloleha ho itšoara. (1 Mar. 8:46-50) Kaha Jehova ke motsoalle ea lerato, o thusa batho bao ka linako tse ling ba hlolehang ho itšoara empa ba sebetsa ka thata ho etsa thato ea hae. A re hlahlobeng mohlala o phethahetseng oa Jehova. Hamorao re tl’o hlahloba mehlala e metle le e mebe e hlahang ka Bibeleng. Re tla ithuta ka lintho tse ka re thusang hore re be le boitšoaro.

JEHOVA KE MOHLALA O MOTLE

5, 6. Jehova o fana ka mohlala ofe o motle oa ho itšoara?

5 Kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e phethahetse, o tseba ho itšoara. (Deut. 32:4) Empa rona ha rea phethahala. Leha ho le joalo, e le hore re utloisise hore na boitšoaro ke eng, re lokela ho ithuta kamoo Jehova a ileng a etsa lintho kateng ’me re mo etsisa. Ke maemong afe moo Jehova a ileng a bontša bokhabane ba ho itšoara?

6 Nahana kamoo Jehova a ileng a sebelisa bokhabane bona ha a sebetsana le Satane eo e ileng ea e-ba lerabele. Jehova o ne a lokela ho nka khato. Borabele bona ba Satane bo ile ba halefisa mangeloi a Jehova a tšepahalang. Mohlomong le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang ha u bona mahlomola ao Satane a a bakileng. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a potlakela ho nka bohato ka hore a halefe. Ho e-na le hoo, o ile a sebetsana le eena ka toka. (Ex. 34:6; Jobo 2:2-6) Hobane’ng? Jehova o lumeletse hore ho fete nako pele a ka timetsa batho hobane ha a batle ha ba timela empa “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Pet. 3:9.

7. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova?

7 Tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona e re ruta hore re lokela ho nahana ka hloko pele re bua. Hape ha rea lokela ho potlakela ho etsa liqeto. Ha u lokela ho etsa qeto ea bohlokoa, iphe nako e le hore u etse qeto e nepahetseng. U ka boela oa rapela Jehova hore a u thuse ho etsa qeto e nepahetseng. (Pes. 141:3) Haeba re thabile haholo kapa re halefile, ho ka ba bonolo hore re etse lintho tseo hamorao re ka ikoahlaelang tsona. Boholo ba rona re ’nile ra ikoahlaela mantsoe ao re a buileng kapa ho etsa liqeto ka lepotlapotla.—Liprov. 14:29; 15:28; 19:2.

MEHLALA E METLE LE E MEBE EA BATHO BA MOLIMO

8. (a) Re ka sheba mehlala ea batho ba ileng ba bontša boitšoaro hokae? (b) Ke eng e ileng ea thusa Josefa ho qoba ho robala le mosali oa Potifaro? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Ke mehlala efe ea batho ba hlahang ka Bibeleng e re thusang ho bona bohlokoa ba ho itšoara? Ha ho pelaelo hore u hopola mehlala e ’maloa ka Bibeleng ea bahlanka ba Jehova ba ileng ba khona ho itšoara. E mong oa bona ke Josefa mor’a Jakobo. O ile a itšoara ha a ne a sebetsa ntlong ea Potifaro, mookameli oa balebeli ntlong ea Faro. Mosali oa Potifaro o ile a khahloa ke Josefa eo e neng e le tjaka ea mohlankana, eaba oa mo eka hore a robale le eena. Ke eng e ileng ea thusa Josefa hore a se ke a inehela le hoja mosali eo a ne a lula a mo phehella? Ho hlakile hore o ile a sheba hore na litla-morao e ne e tla ba life haeba a ne a ka robala le mosali eo. Empa ea re ha a bona boemo bo sa ee moriting, a khetha ho mo baleha. Josefa o ne a sa batle ho siteloa Molimo ke kahoo a ileng a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”—Gen. 39:6, 9; bala Liproverbia 1:10.

9. U ka etsa’ng hore u itokisetse maemo a ka etsang hore u tlole melao ea Jehova?

9 Mohlala oa Josefa o re ruta’ng? O re ruta hore re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re tlole molao oa Jehova. Nakong e fetileng ba bang bao hona joale e seng e le Lipaki, ba ile ba sebetsana le bothata ba ho ba pelo e khutšoanyane, ho noa haholo, ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi, thobalano kantle ho lenyalo le mathata a mang. Le ka mor’a hore ba kolobetsoe, ka linako tse ling ba ka ’na ba e-ba le takatso ea ho khutlela linthong tseo. Leha ho le joalo, haeba u iphumana u le boemong ba ho batla ho tlola e meng ea melao ea Jehova, nahanisisa ka litla-morao tsa ho hloleha ho itšoara. U ka leka ho sheba esale pele maemo ao ho ’ona u ka ’nang oa oela kotsing ’me u a qobe. (Pes. 26:4, 5; Liprov. 22:3) Kopa Jehova hore a u fe bohlale e le hore u itšoare ha u kopana le bothata bo behang botšepehi ba hao kotsing.

10, 11. (a) Ke mathata afe ao bacha ba bangata ba tobanang le ’ona sekolong? (b) Ke eng e ka thusang bacha ho hlola likhatello tsa ho etsa thobalano?

10 Bacha ba bangata ba etsahalloa ke ntho e tšoanang le e ileng ea etsahalla Josefa. Nahana ka Kim. Hangata ka mor’a mafelo a beke barutoana-’moho le eena ba ne ba bua kamoo ba ileng ba etsa thobalano kateng. Ho ne ho se letho leo Kim a ka le buang. O re leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a ikutloa e le mokhelo kaha lithaka tsa hae li ne li re ke leoatla hobane o ne a sa ratane. Empa Kim o ne a le masene hobane o ne a tseba hore ho bacha, litakatso tsa thobalano li matla haholo. (2 Tim. 2:22) Lithaka tsa hae li ne li atisa ho mo botsa hore na e ntse e le moroetsana. Seo se ile sa mo fa monyetla oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha a sa etse thobalano. Re motlotlo ka bacha ba rona ba sa inehelleng khatello ea lithaka ea ho etsa thobalano, ’me le Jehova o thabisoa ke liqeto tseo ba li etsang.

11 Bibele e fana ka keletso mabapi le ba sa khoneng ho itšoara tabeng ea likamano tsa botona le botšehali. E boetse e fana ka litla-morao tse ka bang teng ho ba sitoang ho laola litakatso tsa bona. Haeba u tobana le boemo bo tšoanang le ba Kim, u tla be u etsa hantle ha u ka nahana ka tlaleho e hlahang ho Liproverbia khaolo 7 e buang ka mohlankana ea se nang boiphihlelo. U ka boela oa nahana ka tsela eo Amnone a ileng a e nka le litla-morao tse bosula tsa liketso tsa hae. (2 Sam. 13:1, 2, 10-15, 28-32) Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho loanela ho itšoara le ho ba masene ha ho tluoa tabeng tsa ho ratana, mohlomong ba ka sebelisa Mangolo a ka holimo borapeling ba lelapa.

12. (a) Josefa o ile a itšoara joang ha a na le bana babo? (b) Ke maemong afe moo le rona re ka hlokang ho itšoara?

12 Josefa o boetse o fane ka mohlala o motle oa ho itšoara. E le ho tseba seo bana babo ba neng ba se nahana, Josefa ha aa ka a ba bolella hore na ke mang ha ba ne ba ile Egepeta ho ea reka lijo. Empa ha maikutlo a hae a phahama, o ile a tsoa ho llela moo ba sa mo boneng. (Gen. 43:30, 31; 45:1) Haeba Mokreste-’moho le uena kapa motho eo u mo ratang a hloleha ho ba le kahlolo e molemo, ho itšoara ka tsela e tšoanang le ea Josefa ho ka u thusa hore u se ke oa nkeha maikutlo. (Liprov. 16:32; 17:27) Haeba u na le litho tsa lelapa tse khaotsoeng, u lokela ho itšoara ’me u qobe ho kopana le bona. Ho itšoara maemong a joalo ha ho itlele feela, empa e ka ba bohlale ho bona hore seo re se etsang se tumellanong le thato ea Jehova, ’me re tla be re etsisa mohlala oa hae.

13. Re ithuta’ng mohlaleng oa Morena Davida?

13 Mohlala o mong oa bohlokoa oo Bibele e fanang ka oona ke oa Morena Davida. Le hoja a ne a e-na le matla, ha aa ka a a sebelisa ha Saule le Shimei ba ne ba mo halefisitse. (1 Sam. 26:9-11; 2 Sam. 16:5-10) Empa ha se hore kamehla Davida o ne a khona ho itšoara, joalokaha re tseba ka sebe sa hae le Bathe-sheba le tsela eo a ileng a halefela Nabale ea meharo kateng. (1 Sam. 25:10-13; 2 Sam. 11:2-4) Leha ho le joalo re ka ithuta thuto ea bohlokoa mohlaleng oa Davida. Ea pele ke hore bahlanka ba Molimo ba etellang pele ba lokela ho itšoara e le hore ba se ke ba sebelisa matla a bona hampe. Ea bobeli ke hore ha rea lokela ho itšepa ho tlola hobane re nahana hore re ka hlola liteko.—1 Bakor. 10:12.

U KA THUSOA KE’NG HORE U KHONE HO ITŠOARA?

14. Mor’abo rona Luigi o ile a etsahalloa ke’ng, hona re ithuta’ng mohlaleng oa hae?

14 Ke joang u ka ntlafatsang tsela eo u itšoarang ka eona? Nahana ka Luigi eo koloi ea hae e ileng ea chaisoa. Le hoja moqhobi ea mo chaisitseng a ne a le phoso, o ile a rohaka Luigi le ho leka ho mo loantša. Luigi o ile a rapela Jehova hore a mo thuse a se ke a khoboheloa, eaba o leka ho kokobetsa bohale ba moqhobi eo, empa ha aa ka a atleha. Luigi o ile a ngola lebitso la inshorense ea ntate eo eaba o mo siea a ntse a halefile. Ka mor’a beke, Luigi o ile a khutlela ho ’mè ea ileng a buisana le eena ka Bibele, athe ke mosali oa moqhobi ea mo chaisitseng. Ha ntate eo a bona Luigi, o ile a soaba eaba o kopa tšoarelo ka ho mo buisa hampe. A tšepisa hore o tla letsetsa ba inshorense hore Luigi a tle a pataloe kapele. Ntate enoa o ile a kenella moqoqong oa Bibele ’me a o thabela haholo. Ha Luigi a hetla morao, o ile a bona bohlokoa ba ho ithiba ’me a boela a nahana ka litla-morao tsa ho halefa.—Bala 2 Bakorinthe 6:3, 4.

Tsela eo re itšoarang ka eona e ka senya tšimo kapa ea e lokisa(Sheba serapa sa 14)

15, 16. Ho ithuta Bibele ho ka u thusa joang le lelapa la hao hore le khone ho itšoara?

15 Ho bala Bibele kamehla ho ka thusa Bakreste ho ba le boitšoaro. Jehova o ile a re ho Joshua: “Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” (Josh. 1:8) Ho ithuta Bibele ho ka u thusa joang hore u loanele ho lula u e-na le boitšoaro?

16 Joalokaha re hlokometse, ka Bibeleng ho na le litlaleho tse re rutang ka melemo le mathata ao re ka ho itšoara ka litsela tse itseng. Jehova o ngotse litlaleho tsena ka morero. (Bar. 15:4) Ke bohlale ho ithuta tsona le ho thuisa ka tsona. Nahanisisa ka hore na li ka sebetsa joang ho uena le ho lelapa la hao. Rapela Jehova hore a u thuse hore u sebelise likeletso tse tsoang Lentsoeng la hae. Haeba u hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tsela eo u itšoarang ka eona, amohela. Ka mor’a moo, kopa thuso ea Jehova ’me u shebe hore na u ka ntlafatsa joang. (Jak. 1:5) Ha u ntse u batlisisa ka har’a lingoliloeng tsa rona, u tla fumana lihlooho tse ka u thusang tabeng ena.

17. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba khone ho ithiba hore ba se ke ba etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng?

17 U ka thusa bana ba hao joang hore ba khone ho ithiba hore ba se ke ba etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng? Batsoali baa tseba hore ha ho bonolo hore bacha ba itšoare maemong ao. Batsoali ba lokela ho bontša bana ba bona ka liketso hore na ba ka ithiba joang. (Baef. 6:4) Kahoo, ha u bona hore bana ba hao ba sitoa ho itšoara linthong tse itseng, u lokela ho ipotsa hore na ebe u ba behela mohlala o motle. U se ke oa nahana hore bana ba hao ha ba hlokomele mohlala oa hao ha u ea tšimong le libokeng, kapa u etsa borapeli ba lelapa. U se ke oa tšaba ho hanela bana ba hao ka lintho tse itseng haeba ho hlokahala. Jehova o ile a behela Adama le Eva meeli e neng e ba ruta hore ba hlomphe bolaoli. Ka tsela e tšoanang, ha batsoali ba khalemela bana ba bile ba beha mohlala o motle, ba ba ruta hore ba khone ho itšoara. Ntho ea bohlokoa eo u ka e etsang ke ho ruta bana ba hao hore ba rate bolaoli ba Jehova le ho hlompha melao ea hae.—Bala Liproverbia 1:5, 7, 8.

18. U kholisoa ke’ng hore ha u khetha metsoalle e ratang Jehova u tla ba le kamano e ntle le eena?

18 Ho sa tsotellehe hore na u motsoali kapa che, u lokela ho hlokomela bohlokoa ba ho khetha metsoalle ka bohlale. Tloaelana le batho ba tla u khothalletsa ho sebeletsa Jehova eseng ba ka etsang hore u senye kamano ea hao le eena. (Liprov. 13:20) Batho ba nang le kamano e ntle le Jehova ba tla u thusa hore le uena u ba etsise. Hape haeba u itšoere hantle, u tla matlafatsa metsoalle ea hao. Haeba re khona ho ithiba, re tla lula re thabile kaha re tla ba metsoalle ea Jehova ’me re tla phela ka khotso le batho.