Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 39

“Bonang! Bongata bo Boholo”

“Bonang! Bongata bo Boholo”

“Bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, . . . bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.”​—TŠEN. 7:9

PINA EA 60 Ba Tla Phela

SELELEKELA *

1. Moapostola Johanne o ile a thulana le bothata bofe ka selemo sa 95?

SELEMONG sa 95, moapostola Johanne o ile a thulana le bothata bo boima haholo. O ne a tsofetse, a sa lumelloa ho tloha sehlekehlekeng sa Patmose hape e ka ’na eaba e ne e le eena moapostola oa ho qetela ea ntseng a phela. (Tšen. 1:9) O ne a tseba hore bakoenehi ba ne ba ntse ba khelosa liphutheho ebile ba etsa hore li arohane. Ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha hlola ho e-ba le Bakreste ba ’nete ho hang.​—Juda 4; Tšen. 2:​15, 20; 3:​1, 17.

Moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” bo apere liaparo tse tšoeu hape bo nkile makala a palema ka matsohong (Sheba serapa sa 2)

2. Ho ea ka Tšenolo 7:​9-14, Johanne o ile a bona pono efe e thabisang? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

2 Nakong eo Johanne a ntseng a qoetse ka har’a mathata ana, Molimo o ile a mo bontša pono e thabisang ka bokamoso. Ponong eo, mangeloi a mang a ile a bolelloa hore a tšoare meea ea lefatše ea matšoenyeho a maholo ho fihlela ha sehlopha sa makhoba a Molimo se fuoa tiiso. (Tšen. 7:​1-3) Sehlopha seo se entsoe ka batho ba 144 000 ba il’o busa le Jesu leholimong. (Luka 12:​32; Tšen. 7:4) Ka mor’a moo, Johanne o bua ka sehlopha se seng se seholo seo e ileng ea re ha a se bona a re, “Bonang!” e leng se bontšang hore o ne a makalitsoe ke ntho eo a qetang ho e bona. O ile a bona’ng? “Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” (Bala Tšenolo 7:​9-14.) U nahana hore Johanne o ile a ikutloa joang ha a bona hore nakong e tlang ho na le batho ba bangata ba tla rapela Molimo ka tsela e nepahetseng?

3. (a) Ke hobane’ng ha pono ea Johanne e lokela ho matlafatsa tumelo ea rona? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Ha ho potang hore pono eo e ile ea matlafatsa tumelo ea Johanne haholo. Empa rona e lokela ho matlafatsa tumelo ea rona le ho feta hobane re phela matsatsing ao e phethahalang ka ’ona. Mehleng ena, batho ba bangata ba se ba qalile ho sebeletsa Jehova ’me ba na le tšepo ea ho pholoha matšoenyeho a maholo le ho tl’o phela lefatšeng ka ho sa feleng. Sehloohong sena, re tl’o bona hore na Jehova o ile a thusa batho ba hae joang hore ba tsebe ka bongata bo boholo lilemong tse 80 tse fetileng. Ebe re hlahloba lintlha tse peli ka bongata boo, e leng: (1) hore na bo boholo hakae le (2) hore batho ba teng ba tsoa lefatšeng lohle. Lintlha tsena li tla matlafatsa bohle ba nang le tšepo ea ho ba karolo ea bongata bo boholo.

BONGATA BO BOHOLO BO TLA PHELA KAE?

4. Ke thuto efe ea Bibele eo batho ba bolumeli ba bohata ba sa e utloisiseng, empa Liithuti Tsa Bibele li ne li fapane joang le bona ka thuto eo?

4 Ka kakaretso, bolumeli ba bohata ha bo rute thuto ea Mangolo ea hore batho ba mamelang Molimo ba tla phela ka ho sa feleng mona lefatšeng. (2 Bakor. 4:​3, 4) Mehleng ena, malumeli a bohata a ruta hore ha batho ba e-shoa ba ea leholimong. Empa batho ba seng bakae, e leng Liithuti Tsa Bibele tse qalileng ho hatisa Molula-Qhooa ka 1879, ba ne ba sa lumele thuto eo. Ba ne ba lumela hore Molimo o tl’o etsa lefatše Paradeise ’me batho ba limilione ba mo mamelang ba ne ba tla phela hona mona lefatšeng eseng leholimong. Leha ho le joalo, ho ile ha ba nka nako pele ba ka utloisisa hantle hore na batho bao ba mamelang e ne e tla ba bafe.​—Mat. 6:10.

5. Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela’ng ka sehlopha sa ba 144 000?

5 Ke ’nete hore Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lemoha hore Mangolo a re ho na le sehlopha se seng sa batho, se neng se ‘rekiloe lefatšeng’ hore se il’o busa le Jesu leholimong. (Tšen. 14:3) Sehlopha seo se ne se tla etsoa ka batho ba 144 000 ba chesehang, ba inehetseng ho Molimo le ba mo sebeletsang ka botšepehi ha ba ntse ba le lefatšeng. Empa ho thoeng ka bongata bo boholo?

6. Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela’ng ka bongata bo boholo?

6 Ponong eo Johanne a bileng le eona, o ile a bona sehlopha seo se “eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” (Tšen. 7:9) Mantsoe ao a ile a etsa hore Liithuti Tsa Bibele li etse qeto ea hore ba 144 000 le ba bongata bo boholo ba ea leholimong. Haeba lihlopha tsee tse peli, e leng ba 144 000 le bongata bo boholo li ne li ea leholimong, li ne li fapana joang? Liithuti Tsa Bibele li ne li nahana hore bongata bo boholo bo entsoe ka Bakreste ba neng ba sa mamele Jehova ka botlalo ha ba ne ba le lefatšeng. Le hoja ba ne ba mamela melao ea Bibele ea boitšoaro, mohlomong ba bang ba bona e ne e ntse e le litho tsa bolumeli ba bohata. Liithuti Tsa Bibele li ne li boetse li lumela hore le hoja Bakreste bao ba ne ba rata Molimo, ba ne ba sa mo rate ho lekana hore ba ka busa le Jesu. Kaha ba ne ba sa rate Molimo ka lipelo tsohle tsa bona, ba ne ba lokeloa ke ho ema ka pel’a terone eseng hore ba lule holim’a literone.

7. (a) Ho ea ka Liithuti Tsa Bibele, ke bo-mang ba neng ba tl’o phela lefatšeng nakong ea Lilemo Tse Sekete? (b) Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela eng ka banna ba boholo-holo ba tšepahalang?

Joale, ke bo-mang ba neng ba tl’o phela lefatšeng? Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela hore ka mor’a hore ba 144 000 le ba bongata bo boholo ba ee leholimong, batho ba bang ba limilione ba tla thabela ho phela lefatšeng nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Li ne li nahana hore batho bana ba limilione ba ke ke ba sebeletsa Jehova pele Puso eo e qala. Ho e-na le hoo, li ne li nahana hore ba tla rutoa ka Jehova nakong eo ea Lilemo Tse Sekete. Ka mor’a moo, ba mamelang Jehova ba ne ba tla putsoa ka hore ba fumane bophelo bo sa feleng, empa ba sa mo mameleng ba ne ba tla felisoa. Liithuti Tsa Bibele li ne li nahana hore tse ling tsa “likhosana” tse neng li le lefatšeng nakong eo ea Lilemo Tse Sekete, mohlomong li tla putsoa ka hore li ee leholimong ha lilemo tseo li fela. Har’a likhosana tsena, ho ne ho tla ba le “batho ba boholo-holo ba tummeng” ba tsositsoeng, (e leng banna ba tšepahalang ba ileng ba shoa pele ho Jesu.)​—Pes. 45:16.

8. Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela hore ho na le lihlopha life tse tharo?

8 Kahoo, Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela hore ho na le lihlopha tse tharo: (1) ba 144 000, ba neng ba tla busa le Jesu leholimong, (2) ba bongata bo boholo ba neng ba sa sebeletse Jehova ka botlalo, ba neng ba tla ema ka pel’a terone ea Jesu leholimong le (3) batho ba limilione ba neng ba tla rutoa ka Jehova lefatšeng nakong ea Lilemo Tse Sekete. * Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ba thusa hore ba utloisise taba ena ka tsela e hlakileng.​—Liprov. 4:18.

LESELI LA ’NETE LA ’NA LA EKETSEHA

Kopanong ea 1935, ho ile ha kolobetsoa batho ba bangata ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng (Sheba serapa sa 9)

9. (a) Ke ka tsela efe bongata bo boholo bo lefatšeng bo emang “ka pel’a terone le ka pel’a Konyana”? (b) Ke hobane’ng ha tsela eo re utloisisang Tšenolo 7:9 ka eona e utloahala?

9 Ka 1935, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlakeloa hantle hore na bongata bo boholo bo ponong ea Johanne ke bo-mang. Li ile tsa boela tsa hlakeloa hore ha se hore bongata bo boholo bo tlameha ho ba leholimong e le hore “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” Ho e-na le hoo, bo eme ka tsela ea tšoantšetso. Le hoja bongata bo boholo bo tl’o phela lefatšeng, bo khona ho ema “ka pel’a terone” ka hore bo amohele hore Jehova ke ’Musi oa bokahohle le ho bontša hore bo amohela bolaoli ba hae ka ho mo mamela. (Esa. 66:1) Ba ema ka “pel’a Konyana” ka hore ba bontše tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ka ho tšoanang, ho Matheu 25:​31, 32, ho thoe “lichaba tsohle,” ho akarelletsa le batho ba khopo, li bokelloa “ka pel’a” Jesu teroneng ea hae e khanyang. Ho hlakile hore lichaba tsena tsohle ha li leholimong empa li lefatšeng. Tsela ena e ncha eo ho ileng ha hlalosoa taba ena ka eona ka 1935 ea utloahala. E etsa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha ho se na moo Bibele e reng bongata bo boholo bo nkeloa leholimong. Ke sehlopha se le seng feela se tšepisitsoeng ho ea phela leholimong ka ho sa feleng, e leng ba 144 000 ba tla “busa e le marena holim’a lefatše” le Jesu.​—Tšen. 5:10.

10. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bongata bo boholo bo rutoe ka Jehova pele ho Lilemo Tse Sekete?

10 Ho tloha ka 1935, haesale Lipaki Tsa Jehova li utloisisa hore bongata bo boholo bo ponong ea Johanne, bo entsoe ka sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho tla phela lefatšeng ka ho sa feleng. E le hore bo pholohe matšoenyeho a maholo, bongata bo boholo bo lokela ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa pele Lilemo Tsa Sekete li qala. Bo lokela ho bontša tumelo e matla e le hore bo ka “atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale” pele ho Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.​—Luka 21:​34-36.

11. Ke hobane’ng ha Liithuti Tsa Bibele tse ling li ile tsa nahana hore ho na le batho ba bang ba tla nkeloa leholimong ka mor’a Lilemo Tse Sekete?

11 Ho thoeng ka maikutlo a neng a le teng a hore batho ba bang ba tšepahalang ba tla nkeloa leholimong ka mor’a Lilemo Tse Sekete? Molula-Qhooa oa February 15, 1913 (oa Senyesemane) ke oona o ileng oa fana ka maikutlo ao. Ba bang ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ileng ba tšepahala mehleng ea boholo-holo ba fuoa moputso oa ho phela lefatšeng, empa Bakreste ba sa kang ba tšepahala joaloka bona ba fuoa oa ho phela leholimong. Ba ne ba ipotsa joalo hobane ka phoso ba ne ba nahana hore (1) bongata bo boholo bo il’o phela leholimong le hore (2) bongata bo boholo bo entsoe ka batho ba sa sebeletseng Jehova ka botlalo.

12-13. Batlotsuoa hammoho le bongata bo boholo ba elelloa’ng ka moputso oa bona?

12 Joalokaha re se re hlokometse, ho tloha ka 1935, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa utloisisa hore batho ba tla pholoha Armagedone ke bongata bo boholo bo hlahang ponong ea Johanne. Bo tla tsoa “matšoenyehong a maholo” hona mona lefatšeng ’me bo tla “hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: ‘Poloko ea rona e tsoa ho Molimo oa rona, ea lutseng teroneng, le Konyana.’” (Tšen. 7:​10, 14) Ho ekelletsa moo, Mangolo a ruta hore batho ba tla tsosetsoa leholimong ba fumana “ho hong ho molemo” ho feta bahlanka ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo. (Baheb. 11:​40) Ka lebaka leo, barab’abo rona ba ile ba qalella ho ruta batho molaetsa oa hore ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.

13 Bongata bo boholo bo thabela tšepo eo bo nang le eona. Boa utloisisa hore Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na batho ba hae ba tla mo sebeletsa ba le leholimong kapa ba le lefatšeng. Batlotsuoa hammoho le bongata bo boholo, baa elelloa hore Jehova o ba fa moputso ka lebaka la lerato la leo a ba bontšitseng lona ka sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo.​—Bar. 3:24.

BO NE BO TLA BA BOHOLO HAKAE?

14. Ka mor’a 1935, batho ba bangata ba ne ba ipotsa’ng ka bongata bo boholo, hona hobane’ng?

14 Ka mor’a hore batho ba Jehova ba fumane kutloisiso e ncha ka 1935, ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ke joang batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng e neng e tla ba bongata bo boholo. Ka mohlala, Mor’abo rona Ronald Parkin o ne a le lilemo li 12 ha ho ne ho hlakisoa litaba tsa bongata bo boholo. O re: “Ka nako eo, ho ne ho ka ba le bahoeletsi ba 56 000 lefatšeng lohle ’me ho ka etsahala hore ebe boholo ba bona e ne e le batlotsuoa. Kahoo, batho ba bongata bo boholo ba ne ba bonahala ba fokola haholo ka palo.”

15. Bongata bo boholo bo ile ba ’na ba bokelloa joang?

15 Leha ho le joalo, lilemo tse mashome tse latelang, ho ile ha romeloa baromuoa linaheng tse ngata ’me palo ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea ’na ea eketseha. Eaba ka 1968 ho sebelisoa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ho ruta batho molaetsa oa Bibele. E ne e hlalosa Bibele ka tsela e bonolo ’me ea etsa hore batho ba bangata ho feta leha e le neng pele ba thabele ho sebeletsa Jehova. Le pele lilemo tse ’nè li fela, batho ba ka holimo ho halofo ea milione ba ile ba kolobetsoa. Batho ba limilione ba ile ba kolobetsoa nakong eo Kereke e K’hatholike e ntseng e felloa ke matla Latin America le linaheng tse ling, le ha mosebetsi oa rona o ntse o lumelloa ka molao linaheng tsa Europe Bochabela le linaheng tse ling tsa Afrika. (Esa. 60:​22) Lilemong tsa morao tjena, mokhatlo oa Jehova o sebelisitse mekhoa e mengata ho thusa batho ho ithuta Bibele. Ntle ho pelaelo, bongata bo boholo bo bokelletsoe ’me hona joale bo ka holimo ho limilione tse robeli.

BO TSOA LEFATŠENG LOHLE

16. Bongata bo boholo bo ne bo tla bokelloa bo tsoa hokae?

16 Ha Johanne a ngola ka pono ena, o ile a re bongata bo boholo bo tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Moprofeta Zakaria le eena o ile a profeta ka ntho e tšoanang. O ile a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lona, etsoe re utloile hore Molimo o na le lona.’”​—Zak. 8:23.

17. Ho etsoa’ng e le hore batho ba lichaba tsohle le maleme ’ohle ba bolelloe litaba tse molemo?

17 Lipaki Tsa Jehova lia hlokomela hore e le hore batho ba lipuo tsohle ba bokelloe, ba lokela ho bolelloa litaba tse molemo ka lipuo tsa bona. E se e le lilemo tse ka holimo ho 130 re fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, empa hona joale, mosebetsi oa phetolelo o moholo hoo ho seng ho fetoleloa ka lipuo tse makholo. Ke ntho e hlollang hore ebe Jehova o ntse a bokella bongata bo boholo ho tsoa lichabeng tsohle. Kaha ho na le Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng ho eona ka lipuo tse ngata, bongata bo boholo bo sebeletsa Jehova bo momahane le hoja bo tsoa lichabeng tsohle. Bahlanka bana ba Jehova ba tsebahala ka ho chesehela ho ruta batho Bibele le ho ba le lerato. Taba ena e matlafatsa tumelo e le kannete.​—Mat. 24:​14; Joh. 13:35.

PONO EE E BOLELA’NG HO RONA?

18. (a) Ho ea ka Esaia 46:​10, 11, ke hobane’ng ha re sa makale hore ebe Jehova o phethahalitse boprofeta bo buang ka bongata bo boholo? (b) Ke hobane’ng ha batho ba tl’o phela lefatšeng ba sa utloe eka ba lahlehetsoe ke letho?

18 Rea thaba hore ebe re tseba ka boprofeta bo buang ka bongata bo boholo. Ha re makale hore ebe Jehova o phethahalitse boprofeta bona ka tsela e hlollang hakana! (Bala Esaia 46:​10, 11.) Bongata bo boholo bo ananela moputso oo Jehova a tla bo fa oona. Ha bo utloe eka bo lahlehetsoe ke letho ha bo sa tlotsoa ka moea o halalelang hore bo il’o busa le Jesu leholimong. Ka Bibeleng, ho na le banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba tataisoa ke moea o halalelang le hoja e se karolo ea ba 144 000. E mong oa bona ke Johanne Mokolobetsi. (Mat. 11:​11) E mong ke Davida. (Lik. 2:​34) Bona hammoho le ba bang ba bangata ba tla tsosetsoa ho tla phela paradeiseng mona lefatšeng. Ba kopane le ba bongata bo boholo, ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba tšepahalla Jehova le bobusi ba hae.

19. Re lokela ho etsa’ng ha e le moo re utloisisa pono ea Johanne ka bongata bo boholo?

19 Lena ke lekhetlo la pele Jehova a bokella batho ba limilione ho tsoa lichabeng tsohle hore ba mo rapele hammoho. Ebang re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng, re lokela ho thusa batho ba bangata ka hohle kamoo re ka khonang hore ebe karolo ea bongata bo boholo ba “linku tse ling.” (Joh. 10:​16) Haufinyane, Jehova o tla tlisa matšoenyeho a maholo a tla felisa mebuso le malumeli a sotlileng batho ka nako e telele. Bongata bo boholo bo na le monyetla o babatsehang hakaakang oa ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng lefatšeng!​—Tšen. 7:14.

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

^ ser. 5 Sehloohong sena, re tl’o bua ka pono eo Johanne a ileng a e bona ea ho bokelloa ha “bongata bo boholo.” Ntle ho tika-tiko, e tl’o matlafatsa tumelo ea batho bohle ba nang le tšepo ea ho ba karolo ea bongata bo boholo.

^ ser. 8 Sheba buka ea Lipaki Tsa Jehova​—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, maq. 159-163.