Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 35

Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng

Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng

“Jehova . . . o bona ea ikokobetsang.”​—PES. 138:6.

PINA EA 48 Re Sebeletsa Jehova Kamehla

SELELEKELA *

1. Jehova o ikutloa joang ka batho ba ikokobelitseng? Hlalosa.

JEHOVA o rata batho ba ikokobelitseng. Ke batho ba ikokobelitseng feela ba ka khonang ho ba le kamano e ntle le Molimo. Empa ba ‘iphahamisang o ba tsebella hole.’ (Pes. 138:6) Kaofela ha rona re batla ho thabisa Jehova e le hore a re rate, kahoo re na le mabaka a utloahalang a ho loanela ho ba batho ba ikokobelitseng.

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Sehloohong sena, re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena tse tharo: (1) Boikokobetso ke’ng? (2) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba batho ba ikokobelitseng? (3) Ke maemo afe a ka re sitisang ho ba batho ba ikokobelitseng? Joalokaha re tla bona, ha re loanela ho ba batho ba ikokobelitseng, re thabisa Jehova ebile re itsoela molemo.​—Liprov. 27:​11; Esa. 48:17.

BOIKOKOBETSO KE’NG?

3. Motho ea ikokobelitseng ke ea joang?

3 Motho ea ikokobelitseng ha a inke a phahametse batho ba bang hape ha a ikhohomose. Oa utloisisa hore Jehova ke eena ea phahameng ka ho fetisisa hape motho eo o utloisisa boemo ba batho ba bang. O boetse ka tsela e itseng oa lumela hore batho ba bang ba mo phahametse.​—Bafil. 2:​3, 4.

4-5. Ke hobane’ng ha motho e mong a ka bonahala a ikokobelitse empa ho se joalo?

Batho ba bang ba bonahala eka ba ikokobelitse empa ho se joalo. Ba ka ’na ba bonahala e le batho ba lihlong kapa ba thotseng. Hape ba bonahala eka ke batho ba hlomphang le ba nahanelang ka lebaka la setso sa bona le tsela eo ba holisitsoeng ka eona. Empa botebong ba lipelo tsa bona, ho ka etsahala hore ebe ke batho ba ikhohomosang. Ho e-s’o ee kae, ba tla u bontša hore na ke bo-mang.​—Luka 6:45.

5 Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba ipuela feela empa ha se hore ke batho ba ipatlang. (Joh. 1:​46, 47) Batho ba joalo ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba itšepa ho tlola. Ho sa tsotellehe hore na re batho ba ipuelang feela kapa che, kaofela ha rona re lokela ho loanela hore re be batho ba ikokobelitseng.

Moapostola Pauluse o ne a ikokobelitse ’me a sa inke a phahametse batho ba bang (Sheba serapa sa 6) *

6. Joalokaha 1 Bakorinthe 15:​10 e bontša, re ka ithuta’ng mohlaleng oa moapostola Pauluse?

6 Ak’u nahane ka moapostola Pauluse. Jehova o ile a mo sebelisa hore a thehe liphutheho tse ngata libakeng tse fapaneng. Ho ka etsahala hore ebe o ile etsa mosebetsi o moholo le ho feta baapostola ba Jesu Kreste. Ho ntse ho le joalo, Pauluse ha a ka a inka a phahametse Bakreste-’moho le eena. Ka boikokobetso o ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakor. 15:9) Kahoo, Pauluse o ne a nepile ha a re o na le kamano e ntle le Jehova ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oo Jehova a mo bontšitseng oona, eseng hobane e le oa bohlokoa kapa ho na le hoo a ho finyeletseng. (Bala 1 Bakorinthe 15:​10.) Pauluse o bontšitse mohlala o motle oa boikokobetso. Ha a ne a ngolla Bakorinthe lengolo, ha a ka a ipolelisa le hoja batho ba bang phuthehong eo ba ne ba mo khella fatše.​—2 Bakor. 10:10.

Mor’abo rona Karl F. Klein eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang, e ne e le motho ea ikokobelitseng (Sheba serapa sa 7)

7. Mor’abo rona Klein o ile a bontša joang hore o ikokobelitse?

7 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba kile ba khothatsoa ke pale ea Mor’abo rona Karl F. Klein eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang. Ka boikokobetso, mor’abo rona Klein o ile a bua ’nete feela ka mefokolo ea hae le mathata a ileng a mo hlahela bophelong. Mohlala, ka 1922, o ile a qala ho ea tšimong ka lekhetlo la pele ’me o ile a fumana mosebetsi oo o le thata hoo a ileng a khaotsa ho o etsa ka lilemo tse peli. Hamorao ha a le Bethele, o ile a qeta nako e itseng a koatetse mor’abo rona e mong ea ileng a mo fa keletso. Hape, o ne a e-na le khatello e matla ea maikutlo eo hamorao a ileng a khona ho sebetsana le eona. Empa o ne a thabela likabelo tseo a neng a li fuoa. Taba ea hore mor’abo rona Klein o ile a bua ka mefokolo ea hae le hoja e ne e le motho ea tsebahalang hakaalo, e bontša hore o ne a ikokobelitse. Bara le barali babo rona ba bangata ba hopola pale ena ea mor’abo rona Klein e khothatsang le e susumetsang e le kannete. *

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA BATHO BA IKOKOBELITSENG?

8. 1 Petrose 5:6 e bontša joang hore ha re ikokobelitse re thabisa Jehova?

8 Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re loanelang ho ba batho ba ikokobelitseng, ke hobane ha re etsa joalo re tla be re thabisa Jehova. Moapostola Petrose o ile a hlakisa taba ena. (Bala 1 Petrose 5:6.) Buka ea “Tloo U be Molateli oa Ka” ha e hlalosa hore na Petrose o ne a bolela’ng e re: “Boikakaso bo tšoana le chefo. Bo ka ba le liphello tse kotsi. Ke tšobotsi e ka etsang hore batho ba nang le bokhoni ka ho fetisisa e be ba se nang thuso ho Molimo. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo ka etsa hore esita le motho ea se nang bokhoni hakaalo e be ea molemo haholo mahlong a Jehova. . . . Molimo oa rona o tla thabela ho u putsa ha u ikokobelitse.” * Kannete ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re batlang ho e etsa, ke ho thabisa Jehova!​—Liprov. 23:15.

9. Batho bang ba tla ikutloa joang ka rona ha re ikokobelitse?

9 Ha re loanela ho ba batho ba ikokobelitseng, re thabisa Jehova ebile re fumana melemo e mengata. Ha re ikokobelitse, batho ba bang ba tla thabela ho ba metsoalle ea rona. E le hore u tle u utloisise taba ena hantle, leka ho utloisisa hore na batho ba bang ba ikutloa joang. (Mat. 7:​12) Hangata ha re rate ho ba le batho ba batlang hore lintho li etsoe ka tsela ea bona ba bile ba sa batle ho utloa maikutlo a batho ba bang. Empa re thabela ho ba le bara le barali babo rona ba bontšang ho utloelana bohloko, ba nang le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, qenehelo, le ba ikokobelitseng kelellong. (1 Pet. 3:8) Re ikutloa ka tsela ena ha re e-na le batho ba ikokobelitseng ’me le bona ba tla ikutloa ka tsela e tšoanang haeba le rona re ikokobelitse.

10. Boikokobetso bo etsa hore re thabele bophelo joang?

10 Boikokobetso bo re thusa hore re thabele bophelo. Ka linako tse ling, re ka utloa eka re tšoeroe ka ho hloka toka. Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea fatše feela joaloka bahlanka.” (Moek. 10:7) Ha se kamehla batho ba nang le maemo kapa tsebo a itseng ba fuoang tlhompho. ’Me ka linako tse ling, ho ka hlomphuoa batho ba se nang maemo kapa tsebo e itseng. Empa Solomone o ile a hlokomela hore ho molemo ho tlohela lintho kamoo li leng kateng ’me re se ke ra utloisoa bohloko ke hore na ho etsahala’ng bophelong. (Moek. 6:9) Ha re ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore re amohele hore na ho etsahala’ng bophelong eseng hore na re batla hore lintho li etsahale joang.

KE MAEMO AFE A KA RE SITISANG HO BA BATHO BA IKOKOBELITSENG?

Boemo bo kang boo bo ka u sitisa ho ba motho ea ikokobelitseng joang? (Sheba serapa sa 11 le 12) *

11. Re lokela ho etsa’ng ha re fuoa keletso?

11 Nako le nako re na le menyetla ea ho bontša hore re batho ba ikokobelitseng. Nahana ka mehlala e latelang. Ha re fuoa keletso. Re lokela ho lula re hopola hore ha motho e mong a tla ho rona ho tla re fa keletso, e ka ’na eaba re entse phoso e kholo ho feta kamoo re neng re nahana kateng. Hangata ha re fuoa keletso, re na le tšekamelo ea ho ikemela. Re ka ’na ra nyatsa motho ea re fileng keletso kapa ra se ke ra khotsofalla tsela eo a buileng le rona ka eona. Empa haeba re ikokobelitse, re tla amohela keletso ka boikutlo bo botle.

12. Ho ea ka Liproverbia 27:​5, 6, ke hobane’ng ha re lokela ho ananela ha re fuoa keletso? Etsa mohlala.

12 Motho ea ikokobelitseng o thabela ho fuoa keletso. Ka mohlala, a re re u li libokeng. Ka mor’a ho bua le Bakreste-’moho le uena ba seng bakae, e mong oa bona o u nkela ka thoko ’me o re ho uena u na le lipapa menong. Ha ho potang hore u ne u tla ikutloa u le mosesaane. Empa na u ne u ke ke oa thaba hore ebe o u lemositse ka taba eo? Ho bua ’nete, u ne u tla lakatsa eka motho e mong a ka be a u boleletse esale pele. Ka tsela e tšoanang, re lokela hore ka boikokobetso re ananele ha mora kapa morali’abo rona a re fa keletso eo re e hlokang. ’Me re lokela ho nka motho eo e le motsoalle oa rona eseng sera sa rona.​—Bala Liproverbia 27:​5, 6; Bagal. 4:16.

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba batho ba ikokobelitseng ha batho ba bang ba fuoa boikarabelo ka mokhatlong? (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13. Re ka bontša joang hore re ikokobelitse ha batho ba bang ba fuoa likabelo?

13 Ha batho ba bang ba fuoa likabelo. Moholo e mong ea bitsoang Jason o re: “Ha ke bona batho ba bang ba fuoa likabelo, ke ee ke ipotse hore na hobane’ng ha li sa fuoe ’na.” Na u ee u ikutloe joalo? Ha se phoso ho batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. (1 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, re lokela ho ela hloko tsela eo re nahanang ka eona. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re se re ikhohomosa. Ka mohlala, mor’abo rona a ka nka hore ke eena ea tšoanelehang haholo hore a etse mesebetsi e itseng ka phuthehong. Kapa morali’abo rona a ka ’na a re: ‘Monna oa ka a ka etsa mosebetsi ona betere ho feta mor’abo rona Semanyamanyane.’ Empa haeba re ikokobelitse, re ke ke ra nahana joalo.

14. Moshe o ile a itšoara joang ha Jehova a khetha batho ba bang hore ba sebetse le eena?

14 Re ka ithuta ho hong tseleng eo Moshe a ileng a itšoara ka eona ha batho ba bang ba ne ba fuoa likabelo. Moshe o ne a rata mosebetsi oa ho etella Baiseraele pele. Empa o ile a itšoara joang ha Jehova a khetha batho ba bang hore ba sebetse le eena? Ha a ka ba shoela mona. (Num. 11:​24-29) Kaha o ne a ikokobelitse, o ile a lumela ho tšoarisana mosebetsi oa ho ahlola le batho ba bang. (Ex. 18:​13-24) Ka tsela ena, Baiseraele ba ne ba se ba e-na le baahloli ba bangata ’me ba ne ba ke ke ba hlola ba ema nako e telele pele ba sebeletsoa. Tabeng ena, re ithuta hore Moshe ha a ka a etelletsa litokelo tsa hae pele ho feta litlhoko tsa ba bang. Kannete Moshe ke mohlala o motle oo re ka o etsisang! E le hore Jehova a re sebelise, re lokela ho hopola hore re lokela ho ikokobetsa eseng hore re be le bokhoni bo itseng. Rea tseba hore “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang.”​—Pes. 138:6.

15. Bara le barali babo rona ba bangata ba thulane le maemo afe morao tjee?

15 Ha maemo a rona a fetoha. Morao tjena, bara le barali babo rona ba bangata ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata, ba ile ba fuoa likabelo tse ncha. Mohlala, ka 2014, mokhatlo o ile oa etsa qeto ea hore ha ho sa hlokahala hore ho be le balebeli ba litereke. Kahoo, barab’abo rona ba neng ba etsa mosebetsi oo, ba ile ba koptjoa hore ba kenele mefuta e meng ea tšebeletso ea nako e tletseng. Hona selemong seo, mokhatlo o ile oa boela oa etsa qeto ea hore ha balebeli ba potoloho ba e-ba lilemo li 70, ba lokela ho tlohela mosebetsi oa potoloho. ’Me barab’abo rona ba lilemo li 80 kapa ho feta ba ne ba se ba sa lokela ho sebeletsa e le bahokahanyi ba lihlopha tsa baholo. Ho feta moo, lilemong tse seng kae tse fetileng, bara le barali babo rona ba bangata ba neng ba sebeletsa Bethele ba ile ba kopuoa hore ba ee tšimong. Athe ba bang bona, ba ile ba tlameha ho tlohela likabelo tsa bona ka lebaka la bokuli, ho ea hlokomela ba malapa a bo bona le ka mabaka a mang a itseng.

16. Bara le barali babo rona ba ile ba bontša joang hore ba ikokobelitse ha ba ne ba fuoa likabelo tse ncha?

16 Boholo ba bara le barali babo rona ba ile ba thatafalloa ho amohela liphetoho tsena. Bonneteng, ba ne ba rata mesebetsi eo ba neng ba e etsa ka lilemo tse ngata. Ba bang ba ne ba utloile bohloko haholo ha ba leka ho amohela mosebetsi o mocha oo ba o fuoeng. Empa ha nako e ntse e-ea, ba ile ba khona ho ikamohela. Ba ile ba thusoa ke’ng? Ntho e ka sehloohong e ileng ea ba thusa ke ho rata Jehova. Ba ne ba sa tšepisa Jehova hore ba tla mo sebeletsa hafeela ba e-na le mosebetsi kapa boemo bo itseng ka mokhatlong. (Bakol. 3:​23) Ba thabile ’me ba ntse ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova likabelong leha e life tseo ba li filoeng. Ba “lahlela matšoenyeho ’ohle a [bona]” ho Jehova hobane baa tseba hore oa ba tsotella.​—1 Pet. 5:​6, 7

17. Ke hobane’ng ha re thabela hore ebe Lentsoe la Molimo le re thusa hore re loanele ho ba batho ba ikokobelitseng?

17 Rea thaba hore ebe Lentsoe la Molimo le re thusa hore re loanele ho ba batho ba ikokobelitseng. Ha re ikokobelitse, batho ba bang ba tla thabela ho ba metsoalle ea rona ’me seo se molemong oa rona le bona. Re boetse re ka khona ho sebetsana le mathata ao re kopanang le ’ona bophelong. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore, re tla ba le kamano e ntle le Jehova. Rea thaba ho tseba hore le hoja Jehova e le “Ea Holimo le Ea Phahameng,” o rata bahlanka ba hae ba ikokobelitseng ebile o ba nka e le ba bohlokoa.​—Esa. 57:15.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

^ ser. 5 Ho bohlokoa hore re be batho ba ikokobelitseng. Empa boikokobetso ke’ng? Ke hobane’ng ha re lokela ho ba batho ba ikokobelitseng? Hape, ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore re lule re ikokobelitse ha maemo a rona a fetoha? Sehloohong sena, re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena.

^ ser. 7 Sheba sehlooho se reng “Jehovah Has Dealt Rewardingly With Me” se hlahang Molula-Qhooeng oa Senyesemane oa October 1, 1984.

^ ser. 8 Sheba khao. ea 3, ser. 23.

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha moapostola Pauluse a etetse ha Mokreste-’moho le eena, ka boikokobetso o thabela ho ba ’moho le ba bang ho akarelletsa le bana.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o amohela keletso e tsoang Bibeleng eo a e fuoang ke mor’abo rona ea tlaase ho eena lilemong.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona ea holileng ha a be mona ha mor’abo rona e mocha a etsa mosebetsi oo a o fuoeng ka phuthehong.