Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 38

“Tloong ho ’Na, . . . ’Me ke Tla le Khatholla”

“Tloong ho ’Na, . . . ’Me ke Tla le Khatholla”

“Tloong ho ’na, lona bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.”​—MAT. 11:28.

PINA EA 17 “Kea Batla”

SELELEKELA *

1. Jesu o ile a etsa tšepiso efe e tlalehiloeng ho Matheu 11:​28-30?

JESU o ile a tšepisa letšoele le neng le mo mametse ntho e babatsehang. O ile a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Bala Matheu 11:​28-30.) Ana e ne e se mantsoe feela a sa reng letho. Mohlala, nahana ka seo Jesu a ileng a se etsetsa mosali e mong ea neng a kula.

2. Jesu o ile a thusa mosali ea neng a kula joang?

2 Mosali eo o ne a le tsietsing a hloka thuso. O ne a se a tsoa lingakeng tse ngata a lumela hore o tla phekoloa. O ne a qetile lilemo tse 12 a kula empa a e-s’o fumane pheko. Ho latela Molao oo Jehova a neng a o file Moshe, o ne a sa a hloeka. (Lev. 15:​25) O ile a utloela ka hore Jesu o folisa batho, eaba o ea ho eena. Eitse ha a mo fumana a ama seaparo sa Jesu sa ka ntle ’me a fola hang-hang. Jesu ha a ka mo folisa feela empa o ile a boela a etsa hore a ikutloe a ratoa a bile a hlompheha. Ka mohlala, ha a ntse a bua le eena o ile a bontša hore oa mo rata ka ho mo bitsa “morali.” E tlameha ebe mosali eo o ile a imoloha a ba a matlafala.​—Luka 8:​43-48.

3. Re tl’o araba lipotso life?

3 Ela hloko hore mosali eo o ile a etsa boiteko ba hore a ee ho Jesu. Le rona kajeno re lokela ho etsa boiteko ba ho tla ho Jesu. Mehleng ena, Jesu ha a phekole ka mohlolo batho ba tlang ho eena. Empa o ntse a ba mema a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse hlano: Re ka tla ho Jesu joang? Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Jarang joko ea ka”? Re ka ithuta’ng ho Jesu? Ke hobane’ng ha mosebetsi oo a re fileng oona o khatholla? Re ka tsoela pele re khatholoha joang tlas’a joko ea Jesu?

“TLOONG HO ’NA”

4-5. Re ka tla ho Jesu ka litsela life?

4 Tsela e ’ngoe eo re ka tlang ho Jesu ka eona ke ka hore re leke ka hohle ho ithuta lintho tseo a li buileng le tseo a li entseng. (Luka 1:​1-4) Ke boikarabelo ba rona ho ithuta seo Bibele e se buang ka Jesu. Re boetse re tla ho Jesu ha re etsa qeto ea ho kolobetsoa le ho ba barutuoa ba hae.

5 Tsela e ’ngoe ea ho tla ho Jesu ke ka ho ea ho baholo ha re hloka thuso. Jesu o sebelisa banna bana bao e leng limpho ho hlokomela linku tsa hae. (Baef. 4:​7, 8, 11; Joh. 21:​16; 1 Pet. 5:​1-3) Re lokela ho nka bohato ba ho kopa thuso ho bona. Re ke ke ra lebella hore baholo ba tsebe ka mohlolo hore na re nahana’ng kapa re hloka’ng. Nahana ka seo Mor’abo rona Julian a ileng se bua, o re: “Ke ile ka tlameha ho tloha Bethele hobane ke ne ke kula ’me motsoalle oa ka o ile a nkeletsa hore ke kope baholo hore ba nketele e le hore ba nkhothatse. Qalong, ke ne ke sa nahane hore ke hloka hore ba nketele. Empa hamorao ke ile ka kopa thuso ’me ka thaba haholo hore ebe ba ile ba nketela.” Baholo ba tšepahalang joaloka ba ileng ba etela Mor’abo rona Julian ba ka re thusa ho tseba “kelello ea Kreste.” Hona ho bolela hore ba ka re thusa ho utloisisa le ho etsisa tsela eo a neng a nahana ka eona le ho etsa lintho ka eona. (1 Bakor. 2:​16; 1 Pet. 2:​21) Ha ba re thusa joalo, re tla thaba haholo.

“JARANG JOKO EA KA”

6. Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Jarang joko ea ka”?

6 Ha Jesu a ne a re: “Jarang joko ea ka,” mohlomong o ne a bolela hore re lokela ho amohela bolaoli ba hae. Kapa mohlomong o ne a re: “Ha re jarisaneng joko ’me re sebeletseng Jehova hammoho.” Sena se bolela hore ho jara joko ke mosebetsi.

7. Ho latela Matheu 28:​18-20 re fuoe mosebetsi ofe, hona re kholisehile ka eng?

7 Re amohela memo ea Jesu ha re inehela ho Jehova ’me re kolobetsoa. Jesu o mema batho bohle ebile o tla amohela motho e mong le e mong ea hlileng a batlang ho sebeletsa Molimo. (Joh. 6:​37, 38) Balateli bohle ba Kreste ba fuoe tlotla ea ho nka karolo mosebetsing oo Jehova a o fileng Jesu. Re kholisehile hore Jesu o tla lula a e-na le rona ho re thusa ho etsa mosebetsi oo.​—Bala Matheu 28:​18-20.

“LE ITHUTE HO ’NA”

Khatholla ba bang joaloka jesu (Sheba serapa sa 8 ho ea ho sa 11) *

8-9. Ke hobane’ng ha batho ba ikokobelitseng ba ne ba rata Jesu, hona ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?

Batho ba ikokobelitseng ba ne ba rata Jesu. (Mat. 19:​13, 14; Luka 7:​37, 38) Hobane’ng? Nahana kamoo Jesu a neng a fapane kateng le Bafarisi. Bafarisi ba ne ba se na lerato ba bile ba ikhohomosa. (Mat. 12:​9-14) Jesu eena o ne a rata batho a bile a ikokobelitse. Bafarisi ba ne ba rata botumo le ho nkeloa holimo. Jesu o ne a sa rate batho ba iphahamisang. O ile a ba a ruta barutuoa ba hae hore ba ikokobetse le hore ba sebeletse batho ba bang. (Mat. 23:​2, 6-11) Bafarisi ba ne ba hatella batho ba bile ba ba tšosa haeba ba sa ba mamele. (Joh. 9:​13, 22) Jesu eena o ne a khatholla batho ka liketso le ka lipuo.

9 Na u etsisa Jesu? Ipotse: Na batho ba ntseba ke le motho ea bonolo le ea ikokobelitseng? Na ke ithaopela ho etsa mesebetsi e tlaase molemong oa batho ba bang? Na ke mosa?

10. Ho ne ho le joang ho sebetsa le Jesu?

10 Jesu o ne a etsa hore ho rene khotso pakeng tsa hae le basebetsi-’moho le eena ’me a thabela ho ba koetlisa. (Luka 10:​1, 19-21) O ne a khothalletsa barutuoa ba hae ho botsa lipotso, hape o ne a ba botsa lipotso hobane a batla ho utloa maikutlo a bona. (Mat. 16:​13-16) Joalokaha lijalo tse noselitsoeng hantle li tlokoma, barutuoa ba Jesu ba ne ba lula ba thabile. Ba ne ba mamela ka hloko ha Jesu a ntse a ba ruta ’me ba hlahisa litholoana, e leng mesebetsi e metle.

E-ba motho ea atamelehang le ea botsoalle

E-ba mafolofolo ’me u chesehe

Ikokobetse ’me u sebetse ka thata *

11. Re ka ipotsa lipotso life?

11 Na u na le boikarabelo holim’a batho ba bang? Haeba ho joalo, ipotse: ‘Ke tšoara batho ba bang joang mosebetsing le lapeng? Na ke etsa hore ho rene khotso? Na ke khothalletsa batho ba bang hore ba botse lipotso? Na kea ba mamela ha ba ntša maikutlo?’ Ho hang ha re batle ho tšoana le Bafarisi ba neng ba halefela batho ba bile ba ba tšoara hampe ha ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa bona.​—Mar. 3:​1-6; Joh. 9:​29-34.

‘LE TLA KHATHOLOHA’

12-14. Ke hobane’ng ha mosebetsi oo Jesu a re fileng oona o re khatholla?

12 Ke hobane’ng ha re khatholoha ha re etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng oona? Ho na le mabaka a mangata, empa re tla bua ka a seng makae.

13 Re na le benghali ba molemo ka ho fetisisa. Le hoja Jehova a phahametse lintho tsohle, ha se Monghali ea khopo le ea se nang teboho. O ananela mosebetsi oo re o etsang. (Baheb. 6:​10) Hape o re fa matla a ho phetha mosebetsi oo a re fileng oona. (2 Bakor. 4:7; Bagal. 6:5) Morena oa rona Jesu o re behetse mohlala oa kamoo re lokelang ho tšoara batho ba bang kateng. (Joh. 13:​15) Le baholo ba re etellang pele ba leka ho etsisa Jesu “molisa e moholo.” (Baheb. 13:​20; 1 Pet. 5:2) Ba ikitlaelletsa ho ba mosa, ho re khothatsa le ho ba sebete ha ba ntse ba re hlokomela le ho re sireletsa.

14 Re na le metsoalle ea bohlokoa. Ha ho na batho ba nang le metsoalle e lerato le mosebetsi o khotsofatsang joaloka rona. Nahana feela, re sebetsa le bara le barali babo rona ba itšoereng hantle ebile ba sa inke ba phahametse batho ba bang. Ba na le makhabane le bokhoni empa ha ba ikhohomose. Hape ba nka batho ba bang ba ba phahametse. Ho bona ha re basebetsi-’moho feela empa hape re metsoalle. Lerato leo ba re ratang ka lona le matla hoo ba ikemiselitseng ho re shoela.

15. Re lokela ho ikutloa joang ka mosebetsi oo re o etsang?

15 Re na le mosebetsi o re khotsofatsang. Re ruta batho ’nete ka Jehova le ho pepesa mashano a Diabolose. (Joh. 8:​44) Satane o imetsa batho ka meroalo eo ba sitoang ho e jara. Ka mohlala, o batla hore re lumele hore Jehova a ke ke a re tšoarela libe tsa rona le hore ha a re rate. Leshano lena le ka etsa hore re nyahame. Empa ha re tla ho Jesu libe tsa rona lia tšoareloa. ’Nete ke hore Jehova o re rata haholo. (Bar. 8:​32, 38, 39) Hoa thabisa ho thusa batho ho tšepa Jehova le ho bona ba fetola bophelo ba bona.

LULA U KHATHOLLOA TLAS’A JOKO EA JESU

16. Mesebetsi eo Jesu a re fang eona e fapane joang le mesebetsi e meng eo re tlamehang ho e etsa?

16 Mojaro oo Jesu a reng re o jare o fapane le mejaro e meng eo re tlamehang ho e jara. Ka mohlala, batho ba bangata ha ba tsoa mosebetsing oa boipheliso ba khutla ba khathetse ba bile ba sa thaba. Empa ha re tsoa mosebetsing oa Jehova le Jesu re khutla re khotsofetse. Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa re khathetse ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle ’me re tlameha ho iqobella ho ea libokeng tsa mantsiboea. Empa hangata ha re khutla libokeng re khutla re khatholohile ebile re le matla. Hoa tšoana le ha re ea tšimong le ha re ithuta Bibele. Boiteko boo re bo etsang boa re khatholla ’me bo re fa matla.

17. Re lokela ho hlokomela eng ka matla ao re nang le ’ona?

17 Re lokela ho hlokomela hore matla ao re nang le ’ona ho na le nako eo a felang. Ka hona, re tlameha ho ba seli ka hore na re leka ho etsa lintho life. Ka mohlala, re ka iqeta matla re bokella maruo. Hlokomela karabo ea Jesu ha monna e mong ea ruileng a mo botsa a re: “Ke etse’ng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” Monna enoa o ne a se a ntse a boloka Molao. E tlameha ebe e ne e le monna ea lokileng hobane Kosepele ea Mareka e tlaleha hore Jesu o ile “a ikutloa a mo rata.” Jesu o ile a mema monna eo a re: “E-ea, u rekise lintho tseo u nang le tsona . . . u tle ’me u be molateli oa ka.” Monna enoa o ne a batla ho latela Jesu empa o ne a sitoa ho tela matlotlo a hae a mangata. (Mar. 10:​17-22) Ka lebaka leo, o ile a hana ho jara joko ea Jesu ’me a tsoela pele ho sebeletsa “maruo.” (Mat. 6:​24) Uena u ka be u entse’ng?

18. Re lokela ho etsa’ng nako le nako, hona hobane’ng?

18 Ke ntho e ntle hore nako le nako re lule re nahana ka hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rona. Hobane’ng? E le hore re etse bonnete ba hore re sebelisa matla a rona ka bohlale. Nahana ka seo Mor’abo rona Mark a ileng a se bua, o re: “Ke qetile nako e telele ke nahana hore ke phela bophelo bo itekanetseng. Ke ne ke le pula-maliboho empa ke ne ke sebelisa matla a ka le nako hore ke fumane chelete e ngata e le hore ke phele hamonate. Ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke sa thaba. Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke ichebile bonna, ke fa Jehova matla le nako tse setseng.” Mor’abo rona Mark o ile a fetola tsela eo a neng a etsa lintho ka eona e le hore a ka qeta nako e ngata a sebeletsa Jehova. O re: “Ka linako tse ling, ke na le ho tšoenyeha ka chelete empa Jehova le Jesu ba nthusa hore ke hlole bothata boo.”

19. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a batlang re li etse ka eona?

19 Re tla lula re khatholoha tlas’a joko ea Jesu haeba re etsa lintho tse tharo. Ea pele, re be le pono e nepahetseng. Mosebetsi oo re o etsang ke oa Jehova, kahoo re lokela ho o etsa kamoo a batlang. Rona re basebetsi, Jehova ke Monghali oa rona. (Luka 17:​10) Haeba re leka ho etsa mosebetsi ona ka tsela eo rona re batlang, re tla ithatafalletsa oona. Le poho e matla e ka intša kotsi ea ba ea khathala haeba e hulela joko hosele le moo mong’a eona a batlang e ee teng. Empa haeba re latela tataiso ea Jehova, re ka etsa le lintho tseo re neng re sa nahane hore re ka khona ho li etsa, ra ba ra hlola le mathata ao re neng re sa nahane hore re ka a hlola. Re lokela ho hopola hore ha ho motho ea ka sitisang morero oa Jehova ho phethahala.​—Bar. 8:31; 1 Joh. 4:4.

20. Sepheo sa rona ha re jara joko ea Jesu e lokela ho ba sefe?

20 Ea bobeli, re sebetse ka sepheo se nepahetseng. Ntho e ka sehloohong eo re e batlang ke ho rorisa ntate oa rona ea lerato Jehova. Batho ba bang mehleng ea Jesu ba ile ba mo latela ka lebaka la meharo le lintho tseo ba neng ba batla ho li fumana molemong oa bona. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba felloa ke thabo eaba ba nyahlatsa joko ea Jesu. (Joh. 6:​25-27, 51, 60, 66; Bafil. 3:​18, 19) Empa ba neng ba susumetsoa ke ho rata Molimo le moahelani ba ile ba tsoela pele ba jere joko ea Jesu bophelo bohle ba bona, ba e-na le tšepo ea ho ea busa le Kreste leholimong. Haeba re jara joko ea Jesu ka sepheo se nepahetseng, le rona re tla lula re thabile.

21. Ho latela Matheu 6:​31-33, re ka lebella hore Jehova a etse’ng?

21 Ea boraro, Jehova o tla re thusa. Bophelo boo re bo khethileng ke ba boitelo le ho sebetsa ka thata. Jesu o re lemositse hore re tla hlorisoa. Empa re ka lebella hore Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata ’ohle. Ha re ntse re mamella mathata re tla ba matla le ho feta. (Jak. 1:​2-4) Re ka boetse ra lebella hore Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang, Jesu eena o tla re tataisa ’me bara le barali babo rona bona ba tla re khothatsa. (Bala Matheu 6:​31-33; Joh. 10:​14; 1 Bathes. 5:​11) Kannete re na le lintho tsohle tseo re li hlokang hore re mamelle.

22. Re tla leboha hore ebe re ile ra etsa’ng?

22 Mosali eo Jesu a ileng a mo folisa o ile a khatholoha hona letsatsing leo Jesu a mo folisitseng ka lona. Empa o ne a tla lula a khatholohile haeba e ne e ka ba molateli ea tšepahalang oa Jesu. U nahana hore o ile a etsa joang? Nahana ka moputso oo a neng a tla o fumana haeba a ne a ka khetha ho ba molateli oa Jesu. O ne a ka ’na a il’o busa le Jesu leholimong. Tlhohonolofatso eo a neng a tla e fumana e ne e tla feta hole boitelo boo a bo entseng hore ebe molateli oa Kreste. Ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng, re tla leboha haholo hore ebe re ile ra amohela memo ea Jesu ha a re: “Tloong ho ’na!”

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

^ ser. 5 Jesu o re memela hore re tle ho eena. Re ka amohela memo ea hae ka ho etsa’ng? Potso ena e tl’o arajoa sehloohong sena. Re tla boela re ithute hore na ho sebetsa le Jesu ho ka re khatholla joang.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o ile a khatholla batho ba bang ka litsela tse ngata.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka ho tšoanang Mor’abo rona o khatholla batho ba bang ka litsela tse fapaneng.