Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 37

U ka Ikokobeletsa Bolaoli ba Jehova Joang, Hona Hobane’ng?

U ka Ikokobeletsa Bolaoli ba Jehova Joang, Hona Hobane’ng?

“Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlas’a Ntate?”​—BAHEB. 12:9.

PINA EA 9 Jehova ke Morena oa Rona

SELELEKELA *

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jehova?

RE LOKELA ho mamela Jehova hobane ke ’Mopi oa rona. Ka lebaka leo, o na le tokelo ea ho re bolella hore na re etse’ng kapa re se ke ra etsa’ng. (Tšen. 4:​11) Lebaka le leng la bohlokoa la ho mamela Jehova, ke hobane puso ea hae ke eona e nepahetseng. Ho tloha mehleng ea khale haesale batho ba busa batho ba bang. Empa ha re bapisa puso ea Jehova le ea batho, Jehova oa ipabola hobane ke ’Musi ea bohlale, ea lerato, ea mohau le ea mosa.​—Ex. 34:6; Bar. 16:​27; 1 Joh. 4:8.

2. Baheberu 12:​9-11 e re ke ka mabaka afe re lokelang ho mamela Jehova?

2 Jehova ha a batle hore re mo mamele hobane feela re tšaba ho mo utloisa bohloko, empa o batla hore re mo mamele hobane re mo rata joaloka ntate oa rona. Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baheberu, o ile a re re lokela ho ikokobelletsa ntate oa rona hobane koetliso ea hae e re tsoela molemo.​—Bala Baheberu 12:​9-11.

3. (a) Re ikokobelletsa Jehova ka ho etsa’ng? (b) Re tl’o araba lipotso life?

3 Re ikokobelletsa Jehova ka ho etsa sohle se matleng a rona ho mo mamela linthong tsohle. Hape re qoba ho itšepa. (Liprov. 3:5) Ha re ithuta haholo ka makhabane a Jehova, ho ba bonolo hore re ikokobeletse eena. Hobane’ng? Hobane makhabane ana a hae ke ’ona a mo susumeletsang ho etsa lintho ka tsela eo a li etsang ka eona. (Pes. 145:9) Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova re tla mo rata le ho feta. ’Me haeba re mo rata re ke ke ra hloka melao e mengata ea hore na re etse’ng kapa re se ke ra etsa’ng. Re tla leka ho nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka ntho e itseng, hore na o batla re etse’ng le ho qoba lintho tseo a sa li rateng. (Pes. 97:​10) Empa ka linako tse ling ho thata ho mamela Jehova. Ke hobane’ng ha ho le thata? Baholo le batsoali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa ’Musisi Nehemia, Morena Davida le Maria ’mè oa Jesu? Sehloohong sena re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena.

KE HOBANE’NG HA HO KA BA THATA HO MAMELA JEHOVA?

4-5. Baroma 7:​21-23 e re ke hobane’ng ha ho le thata ho mamela Jehova?

4 Lebaka le leng leo ka lona ho ka bang thata ho mamela Jehova ke hobane re futsitse sebe ’me re etsa liphoso. Kahoo, ha se kamehla re batlang ho mamela Molimo. Ha Adama le Eva ba ja tholoana e thibetsoeng, ha baa ka ba mamela Molimo ’me ka ho etsa joalo ba iketsetsa qeto ea hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 3:​22) Le kajeno, batho ba bangata ha ba batle ho mamela Molimo ebile baa ikhethela hore na ba batla ho etsa’ng.

5 Ho ntse ho ka ba thata le ho bahlanka ba ratang Jehova hore ba mo mamele kamehla. Moapostola Pauluse le eena o ile a tobana le bothata boo. (Bala Baroma 7:​21-23) Le rona joaloka Pauluse re batla ho etsa lintho tseo Jehova a li ratang. Empa kamehla re lokela ho loana ka thata hore re se ke ra etsa lintho tse fosahetseng.

6-7. Ke eng hape e ka etsang hore ho be thata ho mamela Jehova? Etsa mohlala.

6 Ho ka boela ha e-ba thata ho mamela Jehova ka lebaka la mekhoa le litloaelo tsa moo re holetseng teng. Maikutlo a batho ba bangata ha a lumellane le thato ea Jehova. Kahoo, re lokela ho leka ka hohle hore re se ke ra ba le maikutlo a tšoanang le a bona. Nahana ka mohlala ona.

7 Linaheng tse ngata bacha ba ikutloa ba le tlas’a khatello ea ho sebetsa ka thata e le hore ba be le chelete e ngata. Morali’abo rona Mary * o ile a ba le bothata bo joalo. Pele a ithuta Bibele o ne a kena sekolong se itlhommeng pele naheng ea habo. Batsoali ba hae ba ne ba batla a fumane mosebetsi o hlomphehang le o patalang chelete e ngata. Le eena ke seo a neng a se batla. Ka mor’a hore a ithute ka Jehova, o ile a mo rata eaba o fetola maikutlo. Leha ho le joalo, o re: “Ka linako tse ling, ho na le menyetla e hlahang ea ho etsa chelete e ngata. Empa kea tseba hore e tla ntšitisa ho sebeletsa Jehova. Ha ho bonolo ho ’na hore ke hane mesebetsi ena. Ke lula ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke se ke ka amohela mosebetsi leha e le ofe o ka ntšitisang ho mo sebeletsa.”​—Mat. 6:24.

8. Re tl’o bua ka eng?

Joalokaha re ithutile, re na le mabaka a utloahalang a ho mamela Jehova. Empa ba nang le boikarabelo bo itseng joaloka baholo le batsoali ba lokela ho mamela Molimo e le hore ba thuse batho ba bang. Ha re bueng ka mehlala e hlahang ka Bibeleng e re rutang hore na re lokela ho sebelisa matla ao Jehova a re fileng ’ona joang.

BAHOLO BA KA ITHUTA’NG HO NEHEMIA?

Joalokaha Nehemia a ile a sebetsa hammoho le sechaba sa habo ho haha Jerusalema, moholo e mong o nka karolo mosebetsing o etsoang Holong (Sheba serapa sa 9 ho ea ho sa 11) *

9. Nehemia o ile a kopana le liqholotso life?

9 Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba hlokomele bahlanka ba hae. (1 Pet. 5:2) Baholo ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba tsela eo Nehemia a neng a tšoara batho ba Molimo ka eona. Joalokaha e ne e le ’musisi oa Juda, Nehemia o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. (Neh. 1:​11; 2:​7, 8; 5:​14) Nahana ka tse ling tsa liqholotso tseo a ileng a kopana le tsona. O ile a fumana hore Bajuda ba silafatsa tempele ea Molimo le hore ba ne ba sa ntše monehelo bakeng sa Balevi joalokaha Molao o ne o re ba etse. Bajuda ba ne ba sa boloke molao oa Sabatha ebile ba nyala basali ba balichaba ba neng ba sa rapele Jehova. ’Musisi Nehemia o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bona.​—Neh. 13:​4-30.

10. Nehemia o ile a etsa’ng ha a tobane le mathata?

10 Nehemia ha a ka a lumella hore matla a mo mathele hloohong ka hore a qobelle batho hore ba latele maikutlo a hae. Empa o ile a rapella tataiso ea Jehova ka tieo eaba o ruta batho molao oa Jehova. (Neh. 1:​4-10; 13:​1-3) Nehemia o ile a bontša hore o ikokobelitse a ba a sebetsa le bona ho haha marako a Jerusalema.​—Neh. 4:15

11. Ho latela 1 Bathesalonika 2:​7, 8, baholo ba lokela ho tšoara litho tsa phutheho joang?

11 E ka ’na eaba baholo ha ba sebetsane le mathata a tšoanang le a Nehemia, empa ba ka ithuta ho hongata mohlaleng oa hae. Ka mohlala, ba sebetsa ka thata ho thusa bara le barali babo rona. Hape ha ba ikhohomose ka lebaka la boikarabelo boo ba nang le bona ka phuthehong. Ho e-na le hoo, ba tšoara bara le barali babo rona ka mosa. (Bala 1 Bathesalonika 2:​7, 8.) Kaha ba ikokobelitse ebile ba rata batho ba bang, ba bua le bona ka tsela e bonolo. Mor’abo rona Andrew ea qetileng lilemo tse ngata e le moholo o re: “Haeba moholo a le mosa a bile a le botsoalle, sena se ama lipelo tsa bara le barali babo rona. Makhabane ana a etsa hore ba sebelisane hantle le baholo.” Mor’abo rona Tony eo le eena a qetileng lilemo tse ngata e le moholo o re: “Ke leka ka hohle hore ke sebelise keletso e hlahang ho Bafilipi 2:3 le ho nka hore batho bohle ba mphahametse. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke se ke ka qobella batho ba bang hore ba ’mamele.”

12. Ke hobane’ng ha baholo ba tlameha ho ikokobetsa?

12 Baholo ba tlameha ho ikokobetsa feela joalokaha Jehova a ikokobelitse. Le hoja Jehova e le ’Musi oa Bokahohle, “o itheola boemong” ba hae e le hore a ‘phahamise ea tlaase leroleng.’ (Pes. 18:​35; 113:​6, 7) Bibele e re Jehova o hloile batho ba ikhohomosang.​—Liprov. 16:5.

13. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho khetha mantsoe ha ba bua?

13 Moholo ea mamelang Jehova o khetha mantsoe ha a bua. Ho seng joalo, a ka ’na a bua mantsoe a hlabang haeba motho e mong a sa mo hlomphe. (Jak. 1:​26; Bagal. 5:​14, 15) Mor’abo rona Andrew eo re buileng ka eena pejana o re: “Ka linako tse ling nkile ka utloa eka nka buisa mora kapa morali oeso hampe hobane ke utloa eka ha a ntlhomphe. Leha ho le joalo, ke ile ka nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng ea batho ba tšepahalang, ’me e ile ea nthuta bohlokoa ba ho ba motho ea ikokobelitseng le ea bonolo.” Baholo ba bontša hore ba mamela Jehova ka hore ba be mosa ha ba buisana le bara le barali babo rona le ha ba buisana le baholo ba bang.​—Bakol. 4:6.

BO-NTATE BA KA ITHUTA ENG HO MORENA DAVIDA?

14. Jehova o file bo-ntate boikarabelo bofe, hona o lebeletse hore ba etse’ng?

14 Jehova o behile bo-ntate e le lihlooho tsa malapa ’me o batla hore ba rute bana ba bona le ho ba khalemela. (1 Bakor. 11:3; Baef. 6:4) Empa sena ha se bolele hore ba lokela ho sebelisa matla a bona kamoo ba ratang kateng. Jehova ke eena ea thehileng lelapa, kahoo bo-ntate ba ikarabella ho eena ka tsela eo ba tšoarang malapa a bona ka eona. (Baef. 3:​14, 15) Ba bontša hore ba mamela Jehova ha ba sebelisa matla a bona ka mokhoa o mo thabisang. Ho na le lintho tseo ba ka ithutang tsona paleng ea Morena Davida.

Lithapelo tseo ntate a li etsang li lokela ho bontša ba lelapa la hae hore o ikokobelitse (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ke hobane’ng ha mohlala oa Morena Davida e le o loketseng bakeng sa bo-ntate?

15 Jehova o ile a khetha Davida hore ebe hlooho ea lelapa la hae le ea sechaba sohle sa Iseraele. Kaha Davida e ne e le morena o ne a e-na le matla a maholo. Ka linako tse ling, o ile a sebelisa matla a hae hampe ’me a etsa liphoso tse kholo. (2 Sam. 11:​14, 15) Empa o ile a ikokobelletsa Jehova eaba o amohela khalemelo. O ile a bolella Jehova mabina-bine a pelo ea hae. Hape o ile a leka ka hohle ho mamela keletso ea Jehova. (Pes. 51:​1-4) Ho phaella moo, o ne a ikokobelitse a bile a amohela likeletso tseo a neng a li fuoa, ho sa tsotellehe hore na o li fuoa ke banna kapa basali. (1 Sam. 19:​11, 12; 25:​32, 33) Davida o ile a ithuta liphosong tsa hae, ’me a etsa hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.

16. Bo-ntate ba ka ithuta’ng ho Davida?

16 Bo-ntate, ho na le lintho tseo le ka ithutang tsona ho Morena Davida. Le se ke la sebelisa matla ao le a fuoeng ke Jehova hampe. Lumelang liphoso tsa lona le be le amohele keletso e thehiloeng Bibeleng eo le e fuoang ke batho ba bang. Ha le etsa joalo, litho tsa malapa a lona li tla le hlompha hobane le le batho ba ikokobelitseng. Ha le rapela le malapa a lona, le bolelle Jehova hore na le ikutloa joang. Seo se tla etsa hore malapa a lona a bone hore le tšepa tataiso ea Jehova. Ka holimo ho tsohle, le etse hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho e tlang pele bophelong ba lona. (Deut. 6:​6-9) Mohlala oa lona o motle o tla thusa malapa a lona haholo.

BO-’MÈ BA KA ITHUTA ENG HO MARIA?

17. Jehova o file bo-’mè boikarabelo bofe?

17 Jehova o file bo-’mè boikarabelo ba bohlokoa ka lapeng, hape o boetse o ba file matla a itseng ho bana ba bona. (Liprov. 6:​20) Lintho tseo bo-’mè ba li buang kapa ba li etsang li ka susumetsa tsela eo bana ba bona ba etsang lintho ka eona bophelo bohle ba bona. (Liprov. 22:6) Ha re hlahlobeng hore na bo-’mè ba ka ithuta’ng ho Maria ’mè oa Jesu.

18-19. Bo-’mè ba ka ithuta’ng ho Maria?

18 Maria o ne a tseba Mangolo hantle. O ne a hlompha Jehova haholo ebile e le motsoalle oa hae ea haufi. O ile a ikemisetsa ho mamela tataiso ea Jehova ho sa tsotellehe hore na bophelo ba hae bo ne bo tl’o fetoha hakae.​—Luka 1:​35-38, 46-55.

Haeba ’Mè a khathetse a ka ’na a tlameha ho etsa boiteko ho bontša hore o rata lelapa la hae (Sheba serapa sa 19) *

19 Bo-’mè, ho na le lintho tse ngata tseo le ka etsisang Maria ka tsona. Le ka mo etsisa joang? Ntlha ea pele ke hore le matlafatse setsoalle sa lona le Jehova ka ho ithuta Bibele le ho rapela le le bang. Ea bobeli, le ikemisetse ho etsa liphetoho bophelong ba lona e le hore le khahlise Jehova. Mohlala, ho ka etsahala hore ebe le holisitsoe ke batsoali ba bohale le ba neng ba le hlaba ka mantsoe. Joale taba eo e entse hore le nahane hore ke mokhoa oo bana ba holisoang ka oona. Le ka mor’a hore le ithute hore na Jehova o batla le tšoare bana ba lona joang, ho ka ’na ha e-ba thata hore le khobe matšoafo le ho ba le mamello, haholo haeba le khathetse joale bana ba sa mamele. (Baef. 4:​31) Ka nako eo, ho bohlokoa haholo hore le kope Jehova hore a le thuse. ’Mè e mong ea bitsoang Lydia o re: “Ka linako tse ling ke rapela ka matla hore ke se ke ka bua ke ntse ke halefile ha mora oa ka a sa ’mamele. Ke ee ke ithibe ke se ntse ke bua ebe ke rapela Jehova hore a nthuse. Thapelo e nthusa hore ke theole maikutlo.”​—Pes. 37:5.

20. Ke bothata bofe boo bo-’mè ba bang ba nang le bona, hona ba ka bo hlola joang?

20 Bothata bo bong boo bo-’mè ba bang ba nang le bona ke hore ha ba bontše bana ba bona hore baa ba rata kapa hona ho ba joetsa. (Tite 2:​3, 4) Ba bang e ka ’na eaba ba hotse ba se na kamano e haufi le batsoali ba bona. Haeba le holisitsoe joalo, le se ke la pheta phoso e tšoanang. ’Mè ea batlang ho etsa thato ea Jehova o tla ithuta ho bolella le ho bontša bana ba hae hore oa ba rata. Ho ka ’na ha e-ba thata hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona, eo a ikutloang ka eona le eo a etsang lintho ka eona. Empa a ka khona ho etsa joalo ’me eena le lelapa la hae ba tla thaba.

TSOELANG PELE LE MAMELA JEHOVA

21-22. Ho ea ka Esaia 65:​13, 14 ke melemo efe eo re e fumanang ha re mamela Jehova?

21 Morena Davida o ne a tseba melemo ea ho mamela Jehova. O ile a re: “Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye. Hape, mohlanka oa hao o lemositsoe ke tsona; ho li boloka ho na le moputso o moholo.” (Pes. 19:​8, 11) Le mehleng ena, re khona ho bona phapang pakeng tsa batho ba mamelang melao ea Jehova le ba sa e mameleng. Batho ba mamelang Jehova “ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.”​—Bala Esaia 65:​13, 14.

22 Haeba baholo, bo-ntate le bo-’me ba mamela Jehova ba tla phela hamonate. Malapa a bona a tla thaba le phutheho eohle e tla momahana. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ba tla thabisa Jehova. (Liprov. 27:​11) Ha ho na ntho e thabisang ho feta eo.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

^ ser. 5 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jehova. Re tla boela re ithute hore na baholo le batsoali ba ka sebelisa matla a bolaoli ao Jehova a ba fileng ’ona joang. Ba tla ithuta mohlaleng oa ’Musisi Nehemia, Morena Davida le Maria ’mè oa Jesu.

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Joalokaha Nehemia a ile a kenya letsoho ha ho ne ho hahoa marako a Jerusalema, moholo o sebetsa le mora oa hae ho lokisa Holo.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ntate o etsa thapelo e tlohang pelong le lelapa la hae.

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moshanyana o qetile nako e ngata a ntse a bapala, haa qeta mosebetsi oo a o fuoeng lapeng le oa sekolo. Le hoja ’mè oa hae a tsoa mosebetsing a khathetse, ha a mo felle pelo kapa hona ho bua mantsoe a hlabang ha a mo khalemela.