Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 1

“Ba Batlang Jehova ba ke ke ba Haelloa ke Letho le Molemo”

“Ba Batlang Jehova ba ke ke ba Haelloa ke Letho le Molemo”

TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2022: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.”​—PES. 34:10.

PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa Ka”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

Davida o ne a utloa a sa ‘haelloe ke letho le molemo’ le linakong tse thata (Sheba serapa sa 1-3) *

1. Ke boemo bofe bo boima boo Davida a neng a le ho bona?

DAVIDA o ne a baleha hobane Saule e leng morena ea matla oa Iseraele o ne a batla ho mo bolaea. Ha Davida a ne a hloka lijo, o ile a ea motseng oa Nobe moo a ileng a kopa mahobe a mahlano feela. (1 Sam. 21:1, 3) Hamorao eena le banna bao a neng a e-na le bona ba ile ba balehela ka lehaheng. (1 Sam. 22:1) Ho tlile joang hore Davida a be boemong boo?

2. Saule o ile a ipeha boemong bo kotsi ka ho etsa’ng? (1 Samuele 23:16, 17)

Saule o ne a monela Davida haholo hobane batho ba bangata ba ne ba rata Davida ebile ba mo rorisa hobane a ile a hlola lintoa tse ngata. Saule o ne a boetse a tseba hore Jehova ha a sa mo nka e le morena oa Iseraele ka lebaka la ho se mamele ha hae le hore Jehova o khethile Davida hore e tl’o ba morena. (Bala 1 Samuele 23:16, 17.) Saule e ne e ntse e le morena oa Iseraele kahoo o ne a e-na le lebotho le leholo la masole le batho ba bangata ba mo tšehetsang, ke kahoo Davida a ileng a lokela ho baleha. Na ebe kannete Saule o ne a nahana hore a ka thibela Molimo hore a etse Davida morena? (Esa. 55:11) Bibele ha e re letho ka taba eo empa re ka kholiseha ka ntho e le ’ngoe feela hore Saule o ne a ipeha boemong bo kotsi. Batho ba khahlanong le Molimo kamehla baa hloloa.

3. Davida o ne a ikutloa joang ho sa tsotellehe maemo ao a neng a le ho ’ona?

3 Davida e ne e le motho ea ikokobelitseng. Ha aa ka a ikhethela ho ba morena oa Iseraele empa ke Jehova ea mo khethileng. (1 Sam. 16:1, 12, 13) Saule o ne a hloile Davida hona hoo. Empa Davida ha aa ka a beha Jehova molato ka boemo bona bo kotsi boo a neng a le ho bona kapa ho tletleba ka lijo tse nyane tseo a neng a e-na le tsona le ka hore o ipatile ka lehaheng. Ho e-na le hoo, ho ka etsahala hore o ne a le ka lehaheng leo ha a ne a ngola pina e monate ea thoriso e nang le mantsoe a temaneng ea rona ea sehlooho a reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.”​—Pes. 34:10.

4. Re tl’o araba lipotso life, hona ke hobane’ng ha e le tsa bohlokoa?

4 Ka linako tse ling, bahlanka ba bangata ba Jehova ba mehleng ena ha ba na lijo tse lekaneng kapa lintho tse ling tseo ba li hlokang e le hore ba tsoele pele ba phela. * Sena se etsahalletse bahlanka ba bangata ba Jehova haholo-holo nakong ena ea seoa sa Corona. Hape joalokaha “matšoenyeho a maholo” a ntse a atamela, re ka lebella hore maemo a tla mpefala le ho feta. (Mat. 24:21) Re nahanne ka lintlha tsena, a re ke re arabeng lipotso tsena tse ’nè: Ke ka tsela efe Davida a neng a sa ‘haelloe ke letho le molemo’? Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona? Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa hore Jehova o tla re hlokomela? Hona re ka itokisetsa nako e tlang joang hona joale?

“NKE KE KA HLOKA LETHO”

5, 6. Pesaleme ea 23:1-6 e re thusa joang ho utloisisa hore na Davida o ne a bolela’ng ha a ne a re bahlanka ba Molimo ba ke ke ba “haelloa ke letho le molemo”?

5 Davida o ne a bolela’ng ha a ne a re bahlanka ba Jehova ba ke ke ba “haelloa ke letho le molemo”? Davida o sebelisitse mantsoe a tšoanang lengolong la Pesaleme ea 23, kahoo ho hlahlobisisa lengolo lena ho tla re thusa ho utloisisa hore na o ne a bolela’ng. (Bala Pesaleme ea 23:1-6.) Davida o qalile ho ngola lengolo lena la pesaleme ka mantsoe a reng: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” Lengolong lena lohle, Davida o bua ka lintho tsa bohlokoa haholo tse kang lintho tse molemo tseo Jehova a mo fileng tsona hobane a nka Jehova e le Molisa oa hae. Jehova o ne a tsamaisa Davida “litseleng tsa ho loka” hape o ne a mo tšehetsa linakong tse monate le tse mpe. Davida o ne a tseba hore le hoja a ne a le “makhulong a tletseng joang” o ne a ntse a tla ba le mathata. Ka linako tse ling o ne a e-ba le lira tse ngata ’me o ne a nyahama joalokaha eka o tsamaea “phuleng ea moriti o lefifi.” Empa kaha Jehova e ne e le Molisa oa hae, Davida o ne a sa “tšabe letho le lebe.”

Joale a re ke re arabe potso eane e reng: Ke ka tsela efe Davida a neng a sa ‘haelloe ke letho le molemo’? Lebaka ke hobane o ne a e-na le lintho tsohle tseo a li hlokang tse neng li ka mo thusa hore a lule a e-na le kamano e ntle le Jehova. O ne a sa hloke ho ba le lintho tse ngata e le hore a thabe. Davida o ne a khotsofalletse lintho tseo Jehova a neng a mo fa tsona. Lintho tsa bohlokoa ho eena e ne e le tsela eo Molimo a neng a mo hlohonolofatsa le ho mo sireletsa ka eona.

7. Ho ea ka Luka 21:20-24, ke boemo bofe bo boima boo Bakreste ba mehleng ea baapostola ba Judea ba ileng ba e-ba le bona?

7 Mantsoe a Davida a re thusa ho bona hore ha rea lokela ho nka lintho tseo re nang le tsona e le tsa bohlokoa haholo bophelong ba rona. Ke ’nete hore re ka thabela lintho tseo re nang le tsona empa ha lia lokela hore e be tsona tse tlang pele bophelong ba rona. Ena ke ntho ea bohlokoa haholo eo Bakreste ba mehleng ea baapostola ba neng ba lula Judea ba neng ba lokela ho e utloisisa. (Bala Luka 21:20-24.) Jesu o ile a ba lemosa hore ho na le nako eo ka eona motse oa Jerusalema o neng o tla ‘lika-liketsoa ke mabotho a liahelong.’ Ha seo se etsahala, ba ne ba lokela hore “ba qale ho balehela lithabeng.” Haeba ba ne ba ka tloha motseng ba ne ba tla pholoha empa ba ne ba tla lahleheloa ke lintho tse ngata. Lilemo tse ’maloa tse fetileng Molula-Qhooa o mong o ile oa re: “Ba ile ba siea masimo le mahae, ba bile ba sa phuthe le thepa ea bona ka matlung a bona. Ba kholisehile hore Jehova o tla ba sireletsa le ho ba tšehetsa, ba ile ba etelletsa borapeli ba hae ka pele ho lintho tsohle tseo ho ka bonahalang e le tsa bohlokoa.”

8. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ho ntho e ileng ea etsahala ho Bakreste ba neng ba lula Judea ba mehleng ea baapostola?

8 Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ho ntho e ileng ea etsahala ho Bakreste ba neng ba lula Judea ba mehleng ea baapostola? Molula-Qhooa oo re buileng ka oona o boetse o re: “Ho ka ’na ha e-ba le liteko tse larileng ka pele mabapi le kamoo re talimang lintho tse bonahalang kateng; na ke tsona lintho tsa bohlokoahali, kapa na pholoho e tla tlela bohle ba ka lehlakoreng la Molimo ke ea bohlokoa haholoanyane? E, ho baleha ha rona ho ka ’na ha akarelletsa mathata a itseng le ho amohuoa lintho tse itseng. Re tla tlameha ho itokisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang, joalokaha batho ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le boemong bo tšoanang le ba rona ba ileng ba baleha Judea.” *

9. Keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Baheberu e u khothatsa joang?

9 U ka inahanela hore na ho ne ho le thata hakae ho Bakreste bao hore ba siee hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e-na le eona ’me ba qale bophelo bo bocha sebakeng se seng. Ba ne ba hloka ho ba le tumelo le ho tšepa hore Jehova o tla ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Empa ke’ng e neng e tla ba thusa hore ba be le tumelo? Lilemo tse hlano pele Baroma ba pota-pota Jerusalema, moapostola Pauluse o ile a fa Baheberu keletso e molemo a re: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’ ” (Baheb. 13:5, 6) Ha ho pelaelo hore ho ile ha e-ba bonolo hore batho ba ileng ba mamela keletso ea Pauluse pele Baroma ba hlasela, ba tloaele ho phela ka lintho tse nyane tseo ba neng ba e-na le tsona malapeng a bona a macha. Ba ne ba kholisehile hore Jehova o ne a tla ba fa lintho tseo ba li hlokang. Mantsoe a Pauluse a re kholisa hore le rona Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang.

RE TLA KHOTSOFALLA LINTHO TSENA

10. Ke “sephiri” sefe seo Pauluse a re boleletseng sona?

10 Pauluse o ile a fa Timothea keletso e sebetsang le ho rona kajeno, e reng: “Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Tim. 6:8) Na see se bolela hore ha rea lokela ho ja lijo tse monate, ho lula sebakeng se setle kapa ho reka liaparo nako le nako? Pauluse o ne a sa bolele joalo. Empa o ne a bolela hore re lokela ho khotsofalla ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona. (Bafil. 4:12) Sena e ne e le “sephiri” sa Pauluse. Ntho e lokelang ho ba bohlokoa bophelong ba rona ke kamano ea rona le Molimo oa rona eseng lintho tseo re nang le tsona.​—Hab. 3:17, 18.

Baiseraele ba ne ba sa ‘hloke letho’ ha ba ntse ba le lefeelleng ka lilemo tse 40. Na rona re ka khotsofalla lintho tseo re nang le tsona hona joale? (Sheba serapa sa 11) *

11. Re ithuta’ng ka ho khotsofala ho seo Moshe a ileng a se bolella Baiseraele?

11 Lintho tseo re nahanang hore rea li hloka li ka ’na tsa fapana le tseo Jehova a nkang re li hloka. Nahana ka seo Moshe a ileng a se bolella Baiseraele ka mor’a hore ba qete lilemo tse 40 ba le lefeelleng, o ile a re: “Jehova Molimo oa lona o le hlohonolofalitse mosebetsing o mong le o mong oa matsoho a lona. O tseba hantle ho tsamaea ha lona ho pholletsa le lefeella lena le leholo. Jehova Molimo oa lona o ’nile a ba le lona ka lilemo tsena tse mashome a mane. Ha lea haelloa ke letho.” (Deut. 2:7) Lilemong tseo tse 40, Jehova o ile a fa Baiseraele manna hore ba je. Liaparo tseo ba neng ba li apere ha ba ne ba tloha Egepeta ha lia ka tsa fela. (Deut. 8:3, 4) Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba nahana hore lintho tseo ba neng ba e-na le tsona li ne li sa lekana, Moshe o ile a ba hopotsa hore ba ne ba e-na le lintho tsohle tseo ba li hlokang. Jehova o tla thaba haeba re ka ithuta ho khotsofala le ho ananela lintho tseo a re fang tsona ebile re li nka e le tlhohonolofatso e tsoang ho eena.

KHOLISEHA HORE JEHOVA O TLA U HLOKOMELA

12. Ke’ng e bontšang hore Davida o ne a tšepile Jehova eseng bokhoni ba hae?

12 Davida o ne a tseba hore Jehova oa tšepahala ebile o tsotella batho ba mo ratang. Le hoja bophelo ba Davida bo ne bo le kotsing nakong eo a neng a ngola lengolo la Pesaleme ea 34, ka tumelo o ile a bona ha “lengeloi la Jehova” le hlomme liahelo ho mo “pota-pota.” (Pes. 34:7) Mohlomong Davida o ne a bapisa lengeloi la Jehova le lesole le hlommeng liahelo naheng le lulang le shebile lira. Le hoja Davida e ne e le lesole le sebete ebile Jehova a mo tšepisitse hore e tla ba morena, ha aa ka a itšetleha ka bokhoni ba hae ba ho sebelisa letjeketjane kapa sabole e le hore a hlole lira tsa hae. (1 Sam. 16:13; 24:12) O ne a tšepile Molimo ebile a kholisehile hore lengeloi la Jehova le pholosa “ba mo tšabang.” Ke ’nete hore ha rea lebella hore Jehova a re sireletse ka mohlolo. Leha ho le joalo, rea tseba hore batho bohle ba tšepang Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng le hoja ba ka shoa.

Nakong ea matšoenyeho a maholo, Gogo oa Magogo a ka ’na a leka ho re hlasela matlong a rona. Empa re ka kholiseha hore Jesu le mangeloi a hae ba tla be ba bona se etsahalang ’me ba tla re pholosa (Sheba serapa sa 13)

13. Ha Gogo oa Magogo a re hlasela ke hobane’ng ha a tla bona eka ha rea sireletseha, hona ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

13 Haufinyane lintho tse tla etsahala li tla leka tumelo eo re nang le eona ea hore Jehova o tla re sireletsa. Ha Gogo oa Magogo e leng lichaba tse ikopantseng a hlasela bahlanka ba Molimo, re ka ’na ra bona eka bophelo ba rona bo kotsing. Re lokela ho kholiseha hore Jehova o tla re pholosa. Lichaba tseo li tla bona re le joaloka linku tse sa khoneng ho itšireletsa. (Ezek. 38:10-12) Re tla be re se na libetsa ebile re sa koetlisetsoa ntoa. Lichaba tseo li tla bona eka ho tla ba bonolo hore li re hlole. Li tla be li sa tsebe hore mangeloi a Jehova a itokiselitse ho re pholosa empa kaha rona re na le tumelo re tla be re tseba hore a tla re sireletsa. Kaha ha li lumele ho Molimo, li tla makala haholo ha li bona lebotho la mangeloi le re loanela.​—Tšen. 19:11, 14, 15.

ITOKISETSE NAKO E TLANG HONA JOALE

14. Re ka etsa’ng hona joale hore re itokisetse nako e tlang?

14 Re ka etsa’ng hona joale ho itokisetsa nako e tlang? Ntlha ea pele, ha rea lokela ho nka lintho tseo re nang le tsona e le tsa bohlokoa haholo hobane ka letsatsi le leng re tl’o li siea. Re boetse re lokela ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona le ho thabisoa ke hobane re na le kamano e ntle le Jehova. Ha re ntse re ithuta ka Molimo oa rona haholoanyane, re tla kholiseha le ho feta hore o tla khona ho re sireletsa ha Gogo oa Magogo a re hlasela.

15. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala ha Davida esale moshanyana tse ileng tsa mo bontša hore Jehova a ke ke a mo phoqa le ka mohla?

15 Hlokomela hore na ke’ng hape e ileng ea thusa Davida le hore na e ka re thusa joang hore re itokisetse mathata ao re ka bang le ’ona. Davida o ile a re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.” (Pes. 34:8) Mantsoe ana a bontša hore Davida o ne a tseba hore a ka tšepa hore Jehova o tla mo tšehetsa. Davida o ne a lula a itšetlehile ka Jehova ’me ha ho le ka mohla a ileng a mo phoqa. Ha Davida esale moshanyana o ile a tlameha ho loantša seqhenqha sa Mofilista e leng Goliathe ’me o ile a re ho eena: “Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka uena letsohong la ka.” (1 Sam. 17:46) Hamorao ha Davida a ne a sebeletsa Morena Saule, Saule o ile a leka ho mo bolaea ka makhetlo a mangata empa “Jehova o ne a e-na le” Davida. (1 Sam. 18:12) Kaha Jehova o ne a ile a thusa Davida nakong e fetileng, Davida o ne a tseba hore o tla mo thusa ka mathata ao a nang le ’ona.

16. Re ka latsoa molemo oa Jehova joang?

16 Ha re tsoela pele ho mamela tataiso ea Jehova, re tla kholiseha le ho feta hore o tla re pholosa nakong e tlang. Re hloka ho ba le tumelo le ho ikemisetsa ho tšepa hore Jehova o tla re thusa ha re kopa matsatsi mosebetsing a hore re khone ho ea likopanong tse kholo le tse nyane, kapa ha re kopa hore lihora tsa rona li fokotsoe mosebetsing hore re khone ho ea libokeng tsohle le ho qeta nako e eketsehileng re le tšebeletsong ea tšimo. A re re motho eo re mo sebeletsang o hana seo re se kopang ’me re felloa ke mosebetsi. Na rea tšepa hore Jehova a ke ke a re lahla kapa hona ho re tlohela le hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang? (Baheb. 13:5) Batho ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ka re bolella kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng nakong eo ba neng ba mo hloka haholo. Kannete Jehova oa tšepahala.

17. Temana ea selemo ea 2022 e re’ng, hona ke hobane’ng ha e le e loketseng?

17 Ha Jehova a le ka lehlakoreng la rona, ha re na lebaka la ho tšoha hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Molimo oa rona a ke ke a re tlohela hafeela re beha ’Muso oa hae pele bophelong ba rona. Sehlopha se Busang se khethile Pesaleme ea 34:10 hore e be temana ea selemo sa 2022 e reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo,” e le ho re hopotsa hore re lokela ho itokisa hona joale bakeng sa matsatsi a thata a tlang le ho tšepa hore Jehova a ke ke a re tlohela.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

^ ser. 5 Temana ea rona ea selemo ea 2022 e nkuoe lengolong la Pesaleme ea 34:10, e reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” Bahlanka ba Jehova ba bangata ba tšepahalang ha ba na lintho tse ngata kapa chelete e kaalo. Joale ke joang re ka reng ba ke ke ba “haelloa ke letho le molemo”? Hape ho utloisisa temana ee ho ka re thusa joang hore re itokisetse linako tse thata tse tlang?

^ ser. 4 Bala sehlooho se reng, “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa September 15, 2014.

^ ser. 8 Sheba Molula-Qhooa oa May 1, 1999 leq. 19.

^ ser. 54 LITŠOANTŠO: Le hoja Davida a ne a le ka lehaheng a ipatetse Morena Saule, o ne a ananela lintho tseo Jehova a neng a mo fa tsona.

^ ser. 56 LITŠOANTŠO: Ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova o ile a ba fa manna hore ba a je le ho etsa hore liaparo tsa bona li se ke tsa fela.