Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 4

Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?

Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?

“Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”​—LUKA 22:19.

PINA EA 20 U re File Mora oa Hao

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Re hopola motho ea hlokahetseng neng ka ho khetheha? (b) Jesu o ile a etsa’ng bosiung ba pele a hlokahala?

HO SA tsotellehe hore na beng ka rona ba na le nako e kae ba hlokahetse, re ntse re ba hopola. Ha letsatsi leo ba hlokahetseng ka lona le fihla, re ba hopola haholo.

2 Selemo le selemo lefatšeng lohle, re ba har’a batho ba bangata ka ho fetisisa ba ikhopotsang lefu la motho eo re mo ratang haholo e leng Jesu Kreste. (1 Pet. 1:8) Re bokana hammoho ho ikhopotsa motho ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa ho re pholosa sebeng le lefung. (Mat. 20:28) Ha e le hantle, Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba ikhopotse lefu la hae. Bosiung ba pele a shoa, o ile a theha moketjana o ikhethang eaba o re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” *​—Luka 22:19.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Ke batho ba fokolang ka palo ba bang teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong. Empa batho ba limilione ba nang le tšepo ea ho tla phela lefatšeng, le bona ba ba teng. Sehloohong sena, re tl’o bua ka mabaka ao ka ’ona lihlopha tsena ka bobeli li labalabelang ho ba teng Sehopotsong selemo le selemo. Re tla boela re hlokomele hore na re fumana molemo ofe ha re e-ba teng. Empa a re qaleng ka ho bua ka mabaka a mang a etsang hore batlotsuoa ba be teng Sehopotsong.

KE HOBANE’NG HA BATLOTSUOA BA E-BA TENG?

4. Ke hobane’ng ha batlotsuoa ba ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong?

4 Selemo le selemo, batlotsuoa ba ba teng Sehopotsong e le hore ba je bohobe le ho noa veine. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe ba ja bohobe le veine? E le hore re arabe potso eo, a k’o nahane ka hore na ho ile ha etsahala’ng bosiung ba pele Jesu a shoa. Ka mor’a hore ba keteke Paseka, Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena tseo re li tloaetseng haholo. O ile a kopa baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang hore ba je bohobe le veine tseo a ileng a ba fetisetsa tsona. O ile a bua ka lilekane tse peli kapa litumellano e leng selekane se secha le selekane sa ’Muso. * (Luka 22:19, 20, 28-30) Lilekane tsena li ile tsa bula monyetla bakeng sa baapostola bao le palo e fokolang ea batho ba neng ba tla busa e le marena le baprista leholimong. (Tšen. 5:10; 14:1) Ke masala a batlotsuoa * feela a leng lilekaneng tseo tse peli a ka jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong.

5. Ke’ng eo batlotsuoa ba e tsebang ka tšepo eo ba nang le eona?

5 Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona batlotsuoa ba labalabelang ho ea Sehopotsong, e leng la hore ba ba le monyetla oa ho nahana ka tšepo ea bona. Jehova o ba file tšepo e babatsehang haholo ea ho thabela bophelo ba ho se shoe leholimong ba sebetsa le Jesu Kreste ea tsositsoeng hammoho le bohle ba 144 000. Hape ba tla thabela ho bona Jehova Molimo ka sebele. (1 Bakor. 15:51-53; 1 Joh. 3:2) Batlotsuoa baa tseba hore ba memetsoe ho ea thabela lintho tseo leholimong empa e le hore ba lumelloe ho ea leholimong, ba lokela ho tšepahala ho isa lefung. (2 Tim. 4:7, 8) Batlotsuoa ba thaba haholo ha ba nahana ka tšepo ea bona ea ho ea phela leholimong. (Tite 2:13) Empa ho thoe’ng ka “linku tse ling”? (Joh. 10:16) Ke ka mabaka afe ao bona ba bang teng Sehopotsong?

KE HOBANE’NG HA LINKU TSE LING LI E-BA TENG?

6. Ke hobane’ng ha linku tse ling li e-ba teng Sehopotsong selemo le selemo?

6 Ha linku tse ling li ea Sehopotsong, ha li je empa li shebella feela. Ka 1938, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ile ba fuoa memo e ikhethang ea hore ba ee Sehopotsong ka lekhetlo la pele. Molula-Qhooa oa Senyesemane oa March 1, 1938 o ile oa re: “E, ke ntho e hlakileng le e utloahalang hore ba linku tse ling ba be teng sebokeng sa mofuta ona, e le hore ba shebelle hore na ho etsahala’ng. . . . Nako eo ke e thabisang esita le ho bona.” Joalokaha bamemuoa ba thabela ho ea lechatong, linku tse ling li thabela ho ba bashebelli Sehopotsong.

7. Ke hobane’ng ha linku tse ling li labalabela ho mamela puo ea Sehopotso?

7 Linku tse ling le tsona li nahana ka tšepo ea tsona. Li labalabela ho mamela puo ea Sehopotso, eo boholo ba eona e buang ka hore na Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba tla etsa’ng bakeng sa batho ba tšepahalang nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Morena Jesu Kreste o tla etella babusi bao pele hore ba etse lefatše paradeise le ho thusa batho ba mamelang hore ba phethahale. Ke ntho e thabisang ha bashebelli bana ba bang teng Sehopotsong ba nahana ka boprofeta ba Bibele bo tla phethahala, bo kang bo hlahang ho Esaia 35:5, 6; 65:21-23 le Tšenolo 21:3, 4. Ha ba ipona ba se ba le lefatšeng le lecha le baratuoa ba bona, ba matlafatsa tšepo eo ba nang le eona ka bokamoso hape ba ikemisetsa hore ba tla tsoela pele ba sebeletsa Jehova.​—Mat. 24:13; Bagal. 6:9.

8. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona linku tse ling li eang Sehopotsong?

8 Nahana ka lebaka le leng leo linku tse ling li bang teng Sehopotsong. Li batla ho bontša batlotsuoa hore lia ba rata le ho ba tšehetsa. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele hore batlotsuoa le ba linku tse ling ba tla sebetsa ’moho ba momahane. Ka tsela efe? A re ke re bueng ka mehlala e seng mekae.

9. Boprofeta bo ho Zakaria 8:23 bo bontša hore linku tse ling li ikutloa joang ka batlotsuoa?

9 Bala Zakaria 8:23. Boprofeta bona bo bua ka tsela e amang maikutlo eo linku tse ling li ikutloang ka eona ka bara le barali ba bo tsona ba batlotsuoa. Mantsoe ana “Mojuda” le “lona” a bua ka sehlopha se le seng sa masala a batlotsuoa. (Bar. 2:28, 29) “Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba emela linku tse ling. Mantsoe a reng ‘ba tšoara’ a bolela hore ba ikamahanya le batlotsuoa ka hore ba be le bona borapeling bo hloekileng. Ka tsela eo, mantsiboeeng a Sehopotso, linku tse ling li bontša hore li haufi le batlotsuoa ka hore li be ’moho le bona Sehopotsong.

10. Jehova o entse’ng ho phethahatsa boprofeta bo ho Ezekiele 37:15-19, 24, 25?

10 Bala Ezekiele 37:15-19, 24, 25. E le ho phethahatsa boprofeta bona, Jehova o kopantse batlotsuoa le linku tse ling hore ba sebetse hammoho ka kutloano. Boprofeta bona bo bua ka lithupa tse peli. Ba nang le tšepo ea ho phela leholimong, ba tšoantšoa le thupa ea “Juda” e leng moloko oo ho oona marena a Iseraele a neng a khethoa ho oona. Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng bona ba tšoantšoa le thupa ea “Efraime.” * Jehova o ne a tla kopanya lihlopha tsena tse peli hore ebe “thupa e le ’ngoe.” Taba ena e bontša hore ba sebetsa ba momahane tlas’a Morena oa bona a le mong, Kreste Jesu. Selemo le selemo ha batlotsuoa le ba linku tse ling ba ea Sehopotsong, ba ea e le “mohlape o le mong” tlas’a ‘molisa a le mong,’ eseng e le lihlopha tse peli.​—Joh. 10:16.

11. “Linku” tse hlahang ho Matheu 25:31-36, 40, li thusa bara ba bo Kreste ka mosebetsi ofe oa bohlokoa?

11 Bala Matheu 25:31-36, 40. “Linku” tse hlahang papisong ena li emela batho ba lokileng nakong ea bofelo, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, e leng linku tse ling. Ba tšehetsa bara ba bo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng ka ho ba thusa ho phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo lefatšeng lohle oa ho bolela le ho etsa barutuoa.​—Mat. 24:14; 28:19, 20.

12, 13. Ke litsela life tse ling tseo ka tsona linku tse ling li bontšang hore li tšehetsa bara ba bo Kreste?

12 Libeke tse seng kae pele ho Sehopotso, linku tse ling li bontša hore li tšehetsa bara ba bo Kreste ka ho kenya letsoho selemo le selemo ho mema batho lefatšeng lohle hore ba tle Sehopotsong. (Sheba lebokose le reng, “ Na U Itokisa Esale Pele Bakeng sa Nako ea Sehopotso?”) Li boetse li etsa bonnete ba hore Sehopotso se ka khona ho tšoaroa liphuthehong tsohle lefatšeng lohle le hoja boholo ba liphutheho tseo li se na batlotsuoa. Linku tse ling, li thabela ho thusa bara ba bo Kreste ka litsela tse kang tsena. Linku tsena lia tseba hore lintho tseo li li etsang ho bara ba bo Jesu ba tlotsitsoeng, ho tšoana leha eka li li etsetsa eena ka ho khetheha.​—Mat. 25:37-40.

13 Ke mabaka afe a mang ao kaofela ha rona re bang teng Sehopotsong ho sa tsotellehe tšepo eo re nang le eona?

KE HOBANE’NG HA KAOFELA HA RONA RE E-BA TENG?

14. Jehova le Jesu ba re bontšitse joang hore ba re rata ka tsela e ikhethang?

14 Re ananela taba ea hore Jehova le Jesu ba re bontšitse hore baa re rata. Jehova o bontšitse ka litsela tse ngata hore oa re rata empa ho na le e ikhethang ka ho fetisisa. Molimo oa rona o ile a bontša hore o re rata ka tsela e ikhethang ha a ne a romela Mora oa hae eo a mo ratang hore a tl’o utloa bohloko le ho shoa bakeng sa rona. (Joh. 3:16) Re boetse hape rea hlokomela hore Jesu le eena o ile a bontša hore o re rata haholo ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Re ke ke ra khona ho busetsa letho ho Jehova le Jesu ka lebaka la hore ba re bontšitse lerato ka tsela ena. Empa letsatsi ka leng, re ka ba bontša hore rea ba leboha ka tsela eo re phelang ka eona. (Bakol. 3:15) Kahoo, re ba teng Sehopotsong hobane re batla ho nahana ka taba ea hore baa re rata le ho ba bontša hore le rona rea ba rata.

15. Ke hobane’ng ha batlotsuoa le linku tse ling ba ananela sehlabelo sa thekollo haholo?

15 Re ananela mpho ea thekollo haholo. (Mat. 20:28) Batlotsuoa ba ananela thekollo haholo hobane e entse hore ba be le tšepo e babatsehang ka ho fetisisa. Jehova o ba nka ba lokile hore a ba amohele e le bana ba hae hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Kreste. (Bar. 5:1; 8:15-17, 23) Linku tse ling le tsona li ananela thekollo. Kaha li lumela sehlabelong sa Jesu, li na le letsoalo le letle ka pel’a Molimo, li khona ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang hape li na le tšepo ea hore li tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:13-15) Tsela e ’ngoe eo batlotsuoa le linku tse ling ba bontšang ka eona hore ba ananela thekollo ke ka hore ba be teng Sehopotsong selemo le selemo.

16. Re na le lebaka lefe hape la ho ea Sehopotsong?

16 Lebaka le leng leo ka lona re bang teng Sehopotsong, ke hobane re batla ho mamela Jesu. Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo efe, re mamela ka ho teba taelo eo Jesu a ileng a fana ka eona ha a ne a theha Sehopotso, e reng: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”​—1 Bakor. 11:23, 24.

RE FUMANA MOLEMO OFE KAOFELA HA RONA HA RE E-BA TENG SEHOPOTSONG?

17. Sehopotso se re atametsa haufi le Jehova joang?

17 Re ba haufi le Jehova. (Jak. 4:8) Sehopotso se re fa monyetla oa ho nahana ka tšepo eo Jehova a re fileng eona le ho nahanisisa ka taba ea hore na o re rata hakae. (Jer. 29:11; 1 Joh. 4:8-10) Ha re nahana ka tšepo eo re nang le eona ka bokamoso le ka hore na Molimo o re rata hakae, re matlafatsa setsoalle sa rona le eena le tsela eo re mo ratang ka eona.​—Bar. 8:38, 39.

18. Ho nahanisisa ka mohlala oa Jesu ho re susumelletsa ho etsa’ng?

18 Re susumelletseha ho etsisa mohlala oa Jesu. (1 Pet. 2:21) Matsatsi pele ho Sehopotso, re nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka beke ea ho qetela Jesu a le lefatšeng, lefu la hae le ho tsosoa ha hae. Ebe mantsiboeeng a Sehopotso ho fanoa ka puo e re hopotsang hore na Jesu o re rata hakae. (Baef. 5:2; 1 Joh. 3:16) Ha re bala ka mohlala oa Jesu oa boitelo re bile re nahanisisa ka oona, re susumelletseha hore re ‘tsamaee feela joalokaha a ile a tsamaea.’​—1 Joh. 2:6.

19. Re ka etsa’ng hore re lule re le metsoalle ea Molimo?

19 Re ikemisetsa le ho feta ho lula re le metsoalle ea Jehova. (Juda 20, 21) Re lula re le metsoalle ea Molimo haeba re etsa boiteko bohle hore re mo mamele, re halaletse lebitso la hae re be re mo thabise. (Liprov. 27:11; Mat. 6:9; 1 Joh. 5:3) Ho ba Sehopotsong, ho re susumelletsa hore re ikemisetse hore letsatsi le letsatsi re phele ka tsela eo e kang re re ho Jehova, ‘Ke batla ho ba motsoalle oa hao ka ho sa feleng.’

20. Ke mabaka afe a hlakileng ao ka ’ona re bang teng Sehopotsong?

20 E-bang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng, kaofela ha rona re na le mabaka a hore re be teng Sehopotsong. Selemo le selemo ha re bokana hammoho ka letsatsi leo, re hopola lefu la motho eo re mo ratang haholo, Jesu Kreste. Ka holimo ho tsohle, re hopola tsela e ikhethang eo Jehova a re ratileng ka eona e leng ea ho fana ka Mora oa hae e le thekollo. Selemong sena, Sehopotso se tla tšoaroa mantsiboea a Labohlano la 15 April, 2022. Re rata Jehova le Mora oa hae. Kahoo ha re ikhopotsa lefu la Jesu, ha ho na ntho ea bohlokoa ho rona ho feta ho ba teng Sehopotsong.

PINA EA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora oa Hae

^ ser. 5 Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, kaofela ha rona re labalabela ho ea Sehopotsong selemo le selemo. Sehlooho sena se tl’o bua ka mabaka a mangolo a hlakileng ao ka ’ona re bang teng Sehopotsong le hore na re fumana molemo joang ha re ea ho sona.

^ ser. 2 Mantsoe ao a fetoletsoe e le “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole” (Bibele Phetolelo e Ncha).

^ ser. 4 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka selekane se secha le selekane sa ’Muso, bala sehlooho se reng “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista,” se ho Molula-Qhooa oa October 15, 2014 leq. 15-17.

^ ser. 4 TLHALOSO: Poleloana masala a batlotsuoa, e bolela Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng mona.

^ ser. 10 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka boprofeta bona bo buang ka lithupa tse peli bo hlahang ho Ezekiele khaolo ea 37, bala sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se ho Molula-Qhooa oa July 2016.