Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 3

Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makhetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka ’Ona

Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makhetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka ’Ona

“Jesu a ntša meokho.”​—JOH. 11:35.

PINA EA 17 “Kea Batla”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1-3. Ke lintho life tse ka etsang hore re lle?

U QETETSE neng ho lla? Ka linako tse ling re lla hobane re thabile. Empa hangata re lla hobane re utloile bohloko. Ka mohlala, re lla hobane re hlokahaletsoe ke motho eo re mo ratang. Morali oa bo rona Lorilei oa United States o ile a ngola a re: “Ka linako tse ling lefu la morali oa ka le ne le nkutloisa bohloko haholo hoo ke neng ke sa tšelisehe. Ke ne ke sa nahane hore ho na le mohla bohloko boo bo tla ke bo theohe.” *

2 Ho na le mabaka a mang hape a ka etsang hore re lle. Morali oabo rona Hiromi oa pula-maliboho ea lulang Japane o re: “Ho na le nako eo ke utloang bohloko ha batho bao ke ba bolellang molaetsa oa Bibele ba sa o thabele. Ka linako tse ling ke kopa Jehova ke tletse likhapha ka mahlong hore a nthuse ho fumana motho ea ntseng a batla ho ithuta Bibele.”

3 Na le uena u ee u ikutloe joaloka barali baa babo rona? Boholo ba rona re ee re ikutloe joalo. (1 Pet. 5:9) Re batla ho ‘sebeletsa Jehova ka thabo’ empa ka linako tse ling rea lla ha motho eo re mo ratang a hlokahetse, ha re nyahame kapa ha re kopana le maemo a etsang hore ho be thata ho lula re tšepahalla Molimo. (Pes. 6:6; 100:2) Re ka etsa’ng linakong tse joalo?

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Re ka ithuta mohlaleng oa Jesu. Le eena ka linako tse ling o ile a kopana le maemo a ileng a etsa hore a lle. (Joh. 11:35; Luka 19:41; 22:44; Baheb. 5:7) A re hlahlobeng maemo ao. Ha re ntse re etsa joalo, re tla bona hore na re ka ithuta’ng ka Jesu le Ntate oa hae Jehova. Re tla boela re bone hore re ka etsa’ng ha re kopana le maemo a re llisang.

JESU O ILE A LLELA METSOALLE EA HAE

Tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng joalokaha Jesu a ile a etsa (Sheba serapa sa 5-9) *

5. Re ithuta’ng ka Jesu lengolong la Johanne 11:32-36?

Mariheng a selemo sa 32, motsoalle oa Jesu ea haufi ea bitsoang Lazaro o ile a kula a ba a shoa. (Joh. 11:3, 14) Lazaro o ne a e-na le likhaitseli tse peli e leng Maria le Maretha ’me Jesu o ne a rata lelapa lena haholo. Likhaitseli tsa Lazaro li ne li utloile bohloko haholo ka lebaka la lefu la hae. Ka mor’a lefu la Lazaro, Jesu o ile a ea Bethani e leng motse oo Maria le Maretha ba neng ba lula ho oona. Ha Maretha a utloa hore Jesu o ntse a tla, kapele o ile a tsoa ho ea kopana le eena. Nahana hore na o ne a utloile bohloko hakaakang ha a ne a re: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” (Joh. 11:21) Nakoana ka mor’a moo, ha Jesu a bona Maria le batho ba bang ba ntse ba lla, o ile “a ntša meokho.”​—Bala Johanne 11:32-36.

6. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla?

6 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla? Insight on the Scriptures e re: “Lefu la motsoalle oa hae Lazaro le bohloko boo likhaitseli tsa Lazaro li neng li bo utloile, li ile tsa etsa hore Jesu a ‘bobole a be a ntše meokho.’” * E ka ’na eaba Jesu o ile a nahana ka bohloko boo motsoalle oa hae Lazaro a ileng a bo utloa ha a ntse a kula, le ka hore na Lazaro o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore o se a ntse a tl’o shoa. Jesu o ile a boela a llisoa ke ho bona kamoo lefu la Lazaro le neng le utloisitse Maria le Maretha bohloko kateng. Haeba u kile oa hlokahalloa ke motsoalle ea haufi kapa setho sa lelapa, e tlameha ebe u ile oa ikutloa ka tsela e tšoanang. Hlokomela lintho tse tharo tseo u ka ithutang tsona ketsahalong ena.

7. Re ithuta’ng ka Jehova tabeng ea hore Jesu o ile a llela metsoalle ea hae?

7 Jehova oa utloisisa hore na u ikutloa joang. Jesu ke “setšoantšo se nepahetseng hantle” sa Ntate oa hae. (Baheb. 1:3) Ha Jesu a ne a lla, o ile a bontša hore na Jehova o ikutloa joang ha re hlokahalloa ke motho eo re mo ratang. (Joh. 14:9) Haeba u hlokahaletsoe ke motho eo u mo ratang, u ka kholiseha hore Jehova oa hlokomela hore u utloile bohloko ebile le eena o utloa bohloko. O batla ho thoba pelo ea hao e utloileng bohloko.​—Pes. 34:18; 147:3.

8. Re ka kholisoa ke’ng hore Jesu o tla tsosa baratuoa ba rona?

8 Jesu o batla ho tsosa baratuoa ba hao. Nakoana pele Jesu a lla, o ile a kholisa Maretha a re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Maretha o ile a kholoa Jesu. (Joh. 11:23-27) Kaha Maretha e ne e le morapeli ea tšepahalang oa Jehova, o ne a tseba hore moprofeta Elia le moprofeta Elisha ba ile ba tsosa batho nakong e fetileng. (1 Mar. 17:17-24; 2 Mar. 4:32-37) Hape e ka ’na eaba o ile a utloela ka batho bao Jesu a ba tsositseng. (Luka 7:11-15; 8:41, 42, 49-56) Le uena u ka kholiseha hore u tla boela u bone baratuoa ba hao ba hlokahetseng. Joale, re ithuta’ng tabeng ea hore ebe Jesu o ile a lla ha a ne a tšelisa metsoalle ea hae e utloileng bohloko? Re ithuta hore o labalabela ho tsosa bafu!

9. U ka tšelisa batho ba hlokahaletsoeng joang joaloka Jesu? Fana ka mohlala.

9 U ka tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng. Jesu ha aa ka a lla le Maria le Maretha feela empa o ile a boela a ba mamela le ho ba tšelisa. Le rona re ka etsa se tšoanang ho batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona. Mora oa bo bo rona Dan oa moholo ea lulang Australia o re: “Ka mor’a hore mosali oa ka a hlokahale, ke ne ke hloka tšehetso. Bara ba bo rona ba bangata le basali ba bona, ba ne ba lutse ba itokiselitse ho ’mamela. Ba ne ba ntumella ho ntša maikutlo ka bohloko boo ke neng ke bo utloile ’me ba ne ba sa ikutloe ba soabile ha ke lla. Ba ile ba boela ba nthusa ka mesebetsi e meng e kang ho hlatsoa koloi, ho ea mabenkeleng le ho pheha, ha ke ne ke sa khone ho etsa lintho tsena. Hape ba ne ba rapela le ’na hangata. Ba ile ba ipaka e le metsoalle ea ’nete le barab’eso ba ‘tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’”​—Liprov. 17:17.

JESU O ILE A LLELA BAAHELANI BA HAE

10. Hlalosa ketsahalo e hlahang ho Luka 19:36-40.

10 Jesu o ile a fihla Jerusalema ka la 9 Nisane selemong sa 33. Ha a atamela motse, batho ba bangata ba ile ba bokana eaba ba ala liaparo tsa bona ka tseleng moo a tl’o tsamaea teng, e le ho bontša hore ba mo amohela e le Morena oa bona. Ho hlakile hore e ne e le thabo feela. (Bala Luka 19:36-40.) Kahoo, e tlameha ebe barutuoa ba hae ba ne ba sa lebella ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo. “Ha [Jesu] a atamela, a talima motse oo ’me a o llela.” Ha a ntse a lla, o ile a bua ka lintho tse bohloko tseo haufinyane li neng li tla etsahalla motse oa Jerusalema.​—Luka 19:41-44.

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a llela baahi ba Jerusalema?

11 Jesu o ne a utloile bohloko hobane o ne a tseba hore boholo ba Bajuda bo ke ke ba amohela molaetsa oa ’Muso. Ka lebaka leo, Jerusalema e ne e tla timetsoa ’me Bajuda ba pholohileng timetso ba ne ba tla isoa bokhobeng. (Luka 21:20-24) Ka masoabi, feela joalokaha Jesu a ne a boletse, batho ba bangata ha ba aa ka ba mo amohela. Moo u lulang teng, na ke batho ba bangata ba amohelang molaetsa oa ’Muso? Haeba ke ba seng bakae feela ba mamelang ha u leka ho ba ruta Bibele, u ka ithuta’ng tabeng ea hore Jesu o ile a llela baahelani ba hae? Nahana ka lintlha tsena tse tharo.

12. Re ka ithuta’ng ka Jehova tabeng ea hore ebe Jesu o ile a llela baahelani ba hae?

12 Jehova o tsotella batho. Taba ea hore ebe Jesu o ile a lla e re hopotsa hore Jehova o rata batho haholo. “Ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe, empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Mehleng ena, re bontša hore re rata batho bao re ba pakelang ka hore re lule re ntse re leka ho ba ruta litaba tse molemo tsa ’Muso.​—Mat. 22:39. *

Feto-fetola linako tseo u pakang ka tsona joaloka Jesu (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13, 14. Jesu o ile a bontša joang hore o utloela batho bohloko, hona re ka mo etsisa joang?

13 Jesu o ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa ho bolela. O ile a bontša hore o rata batho ka hore a nke monyetla o mong le o mong o hlahang hore a ba rute. (Luka 19:47, 48) O ne a susumetsoa ke’ng? Jesu o ne a ba utloela bohloko. Ka linako tse ling batho ba bangata ba ne ba batla ho utloa molaetsa oa Jesu, hoo eena le barutuoa ba hae “ba neng ba sa khone le ho ja lijo.” (Mar. 3:20) Hape ha monna e mong a ne a batla ho bua le eena bosiu, Jesu o ne a ikemiselitse ho kopana le eena. (Joh. 3:1, 2) Batho ba bangata ba neng ba mamela Jesu ha ba aa ka ba fetoha barutuoa ba hae. Empa bohle ba ileng ba mo utloa ba ile ba fumana bopaki bo phethahetseng. Le rona kajeno re batla ho fa motho e mong le e mong monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. (Lik. 10:42) E le hore re etse seo, re lokela ho fetola tsela eo re bolelang ka eona.

14 Ikemisetse ho etsa liphetoho ha ho hlokahala. Haeba re sa feto-fetole nako eo re eang tšimong ka eona, re ka ’na ra se ke ra kopana le batho ba batlang ho ithuta Bibele. Morali oa bo rona Matilda oa pula-maliboho o re: “’Na le monna oa ka re leka ho etela batho malapeng ka linako tse sa tšoaneng. Hoseng re ea tšimong ea khoebo. Motšehare ha batho ba tsamaea literateng re ea literoling ’me mantsiboea re fumana batho ba bangata malapeng a bona.” Ha rea lokela ho khotsofalla feela ho paka ka nako e nepahetseng bakeng sa rona empa re lokela ho ikemisetsa ho fetola linako tsa rona tsa ho paka e le hore re ka fumana batho ba bangata. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla thaba.

JESU O ILE A LLELA LEBITSO LA NTATE OA HAE

Rapela Jehova ka matla ha u khathatsehile joalokaha Jesu a ile a etsa (Sheba serapa sa 15-17) *

15. Luka 22:39-44 e re ho ile ha etsahala’ng bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu?

15 Bosiung ba la 14 Nisane selemong sa 33, Jesu o ile a ea serapeng sa Gethesemane. Ha a le moo, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova. (Bala Luka 22:39-44.) Nakong eo e thata, Jesu “o ile a nyehela lithapeli . . . ka mehoo e matla le meokho.” (Baheb. 5:7) Ke’ng eo Jesu a ileng a e rapella bosiung boo ba ho qetela pele a bolaoa? O ile a rapella matla a ho lula a tšepahalla Jehova le ho etsa thato ea Hae. Jehova o ile a utloa thapelo ea Mora oa hae e tsoang botebong ba pelo, eaba o romela lengeloi ho mo matlafatsa.

16. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a tšoenyehile ha a ntse a rapela serapeng sa Gethesemane?

16 E tlameha ebe Jesu o ile a lla ha a ntse a rapela serapeng sa Gethesemane hobane a ne a tšoenyehile ka hore batho ba ne ba tl’o mo nka e le motho ea sa hlompheng lebitso la Molimo. O ne a tseba hore na ho bohlokoa hakae hore a lule a tšepahala le hore a sireletse lebitso la Molimo. Haeba le uena u tobane le boemo bo etsang hore ho be thata ho tšepahalla Jehova, u ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Jesu o ile a lla? Nahana ka lintlha tse ling tse tharo.

17. Re ka ithuta’ng ka Jehova tabeng ea hore o ile a mamela lithapelo tsa Jesu tse matla?

17 Jehova o mamela lithapeli tsa hao. Jehova o ile a mamela likopo tsa Jesu tse matla. Hobane’ng? Hobane Jesu o ne a amehile haholo ka ho lula a tšepahalla Ntate oa hae le ho sireletsa lebitso la Hae. Haeba ntho e tlang pele ho rona e le ho lula re tšepahalla Jehova le ho halaletsa lebitso la hae, o tla mamela likopo tsa rona ha re kopa thuso.​—Pes. 145:18, 19.

18. Jesu ke motsoalle ea utloisisang ka litsela life?

18 Jesu oa utloisisa hore na u ikutloa joang. Ha re tšoenyehile rea thaba ha re e-na le motsoalle ea utloisisang hore na re ikutloa joang, haholo-holo haeba a kile a kopana le mathata a tšoanang le a rona. Jesu ke motsoalle ea joalo, oa tseba hore na ho joang ho ikutloa u fokola ebile u hloka thuso. O utloisisa mefokolo ea rona ebile o tla etsa bonnete ba hore re fumana thuso eo re e hlokang “ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:15, 16) Jesu o ile a amohela thuso ea lengeloi ha a ne a le serapeng sa Gethesemane. Le rona re lokela ho amohela thuso eo Jehova a re fang eona, ebang ke ka sengoloa, video, puo kapa khothatso eo re e fuoang ke moholo kapa Mokreste-’moho.

19. U ka matlafatsoa ke’ng ha ho e-na le ntho e u tšoenyang? Etsa mohlala.

19 Jehova o tla u fa ‘khotso ea hae.’ Jehova o tla re matlafatsa joang? Ha re rapela re tla fumana “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:6, 7) Khotso eo Jehova a fanang ka eona e re thusa hore re khobe matšoafo le hore re nahane ka tsela e hlakileng. Sena ke sona se ileng sa etsahalla morali oa bo rona Luz. O re: “Hangata ke jeoa ke bolutu. Taba ena e etsa hore ka linako tse ling ke utloe eka Jehova ha a nthate. Empa ha seo se etsahala, hang-hang ke bolella Jehova hore na ke ikutloa joang. Ho rapela ho nkokobetsa maikutlo.” Joalokaha mohlala oa hae o bontša, thapelo e ka re fa khotso.

20. Re ithutile’ng makhetlong ao Jesu a ileng a lla ka ’ona?

20 Lintho tseo re ithutang tsona makhetlong ao Jesu a ileng a lla ka ’ona, li ka re tšelisa tsa ba tsa re thusa. Re hopolitsoe ho tšehetsa metsoalle ea rona e hlokahaletsoeng le ho tšepa hore Jehova le Jesu ba tla re tšehetsa ha re hlokahaletsoe ke motho eo re mo ratang. Kaha Jehova Molimo le Jesu Kreste ba na le kutloelo-bohloko, re ikemiselitse ho bolela le ho ruta hobane re utloela batho bohloko. Hape re tšelisoa ke ho tseba hore Jehova le Mora oa hae baa utloisisa hore na re ikutloa joang. Ba tseba mefokolo ea rona ebile ba batla ho re thusa hore re mamelle. E se eka re ka tsoela pele ho etsa lintho tseo re ithutileng tsona, ho fihlela Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “hlakola meokho eohle mahlong a [rona].”​—Tšen. 21:4.

PINA EA 120 E-bang Bonolo Joaloka Kreste

^ ser. 5 Ha re bala Bibele re ithuta hore ka linako tse ling Jesu o ile a lla. Sehloohong sena, re tl’o buisana ka makhetlo a mararo ao ka ’ona Jesu a ileng a lla le hore na re ka ithutang ho ’ona.

^ ser. 1 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 6 Sheba Insight on the Scriptures, Volume 2 leq. 69.

^ ser. 12 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “moahelani” ho Matheu 22:39 ha le bolele feela motho eo re haisaneng le eena. Le ka boela la bolela motho ofe kapa ofe eo motho a kopanang le eena.

^ ser. 58 LITŠOANTŠO: Jesu o ne a batla ho tšelisa Maria le Maretha. Le rona re ka tšelisa batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona.

^ ser. 60 LITŠOANTŠO: Jesu o ne a ikemiselitse ho ruta Nikodemase bosiu. Re lokela ho ithuta Bibele le batho ka nako e nepahetseng bakeng sa bona.

^ ser. 62 LITŠOANTŠO: Jesu o ile a rapella matla a hore a lule a tšepahalla Jehova. Le rona re lokela ho etsa se tšoanang ha re kopana le liteko.