Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 5

Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale

Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale

“Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng ha se joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.”​—BAEF. 5:15, 16.

PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Re ka qeta nako le Jehova joang?

RE THABELA ho qeta nako le batho bao re ba ratang. Banyalani ba thabela ho qeta nako ba le ’moho. Bacha ba thabela ho ba le metsoalle ea bona e haufi. Hape, kaofela ha rona re thabela ho qeta nako le bara le barali ba bo rona. Empa ha bohlokoa ka ho fetisisa, re thabela ho ba le nako le Molimo oa rona. Re ka etsa joalo ka ho mo rapela, ho bala Lentsoe la hae le ho nahanisisa ka merero le makhabane a hae. Kannete nako eo re e qetang le Jehova ke ea bohlokoa haholo!​—Pes. 139:17.

2. Ke lintho life tse ka etsang hore re se ke ra ba le nako?

2 Le hoja re thabela ho qeta nako le Jehova, ha se kamehla ho leng bonolo. Re phathahane ka lintho tse ngata bophelong ’me ho ka ba thata ho fumana nako ea ho sebeletsa Jehova. Mesebetsi, mabaka a lelapa le lintho tse ling li ka nka nako ea rona e ngata hoo re ka utloang eka ha re na nako ea ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa.

3. Ke’ng hape e ka re jellang nako?

3 Ho na le ntho e ’ngoe hape e ka re jellang nako. Haeba re se hlokolosi, ho ka ba le lintho tse sa fosahalang tseo re ka phathahanang ka tsona hoo re ka hlokang nako ea ho atamela ho Jehova. Ka mohlala, ke hantle ho ba le nako ea ho ikhatholla le ho ithabisa. Le haeba tsela eo re ithabisang ka eona e le e amohelehang empa haeba re qeta nako e ngata haholo re ithabisa, re ka hloleha ho fumana nako ea ho sebeletsa Jehova. Re lokela ho hopola hore ho ithabisa ha se eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.​—Liprov. 25:27; 1 Tim. 4:8.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Sehloohong sena, re tl’o bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho khetha hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Re tla boela re bone hore na re ka sebelisa nako ea rona hamolemo joang re ithuta, re rapela re bile re nahanisisa le hore na ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo joang.

KHETHA KA BOHLALE KA HO ETSA HORE LINTHO TSA BOHLOKOA LI TLE PELE

5. Keletso e hlahang ho Baefese 5:15-17 e ka thusa mocha joang hore a khethe tsela e molemo ea bophelo?

5 Khetha tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. Hangata bacha ba tšoenyeha ka hore na ba tla phela bophelo ba bona ka tsela e molemo joang. Matichere le ba lelapa bao eseng Lipaki, ba ka ba khothalletsa ho ea univesithi e le hore ba ka fumana mesebetsi e patalang hantle. Thuto ea univesithi e ka ba jella nako e ngata. Ka lehlakoreng le leng, metsoalle le batsoali bao e leng Lipaki ba ka khothalletsa bacha ho qeta bophelo ba bona ba sebeletsa Jehova. Ke’ng e ka thusang mocha ea ratang Jehova hore a etse qeto e nepahetseng? A ka thusoa ke ho bala Baefese 5:15-17 le ho nahanisisa ka eona. (E bale.) Ka mor’a ho bala litemana tsena, mocha a ka ’na a ipotsa: ‘“Thato ea Jehova” ke efe? O tla thabisoa ke qeto efe? Ke qeto efe e tla nthusa hore ke sebelise nako ea ka hantle?’ Hopola hore “matsatsi a khopo” ’me haufinyane lefatše lena le laoloang ke Satane le tla fela. Ke bohlale ho phela ka tsela e thabisang Jehova.

6. Maria o ile a etsa khetho efe, hona ke hobane’ng ha khetho eo e ne e le e bohlale?

6 Etsa hore lintho tsa bohlokoa li tle pele. Ka linako tse ling, re ka khetha pakeng tsa lintho tse peli tse sa fosahalang e le hore re sebelise nako ea rona hantle. Re ka bona sena tabeng e ileng ea etsahala ha Jesu a etetse Maria le Maretha. Kaha Maretha o ne a thabetse taba ea hore Jesu ke moeti oa hae, o ile a mo lokisetsa matletse-tletse a lijo. Empa Maria o ile a lula le Jesu eaba oa mo mamela. Ntho eo Maretha a ileng a e etsa e ne e se phoso empa Jesu o ile a re Maria “o khethile karolo e ntle.” (Luka 10:38-42) Ka mor’a nako, e ka ’na eaba Maria o ile a lebala hore na ho ne ho phehiloe eng letsatsing leo. Empa re kholisehile hore ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu. Joalokaha Maria a ile a nka nako eo a e qetang le Jesu e le ea bohlokoa, le rona re nka nako eo re e qetang le Jehova e le ea bohlokoa. Re ka sebelisa nako eo hamolemo joang?

SEBELISA NAKO EA HAO LE JEHOVA HANTLE

7. Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa?

7 U lokela ho utloisisa hore thapelo, ho ithuta le ho nahanisisa ke karolo ea borapeli ba rona. Ha re rapela, re buisana le Ntate oa rona oa leholimo ea re ratang haholo. (Pes. 5:7) Ha re ithuta Bibele, re fumana “tsebo ea Molimo” ea bohlale ka ho fetisisa. (Liprov. 2:1-5) Ha re nahanisisa ka ho teba ka lintho tseo re ithutang tsona ka Jehova, re ela hloko makhabane a hae le lintho tse hlollang tseo a batlang ho li etsetsa batho. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa nako ea rona. Empa re ka thusoa ke’ng ho sebelisa nako ea rona ka tsela eo?

Batla sebaka se khutsitseng e le hore u ithute (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. Re ka ithuta’ng tseleng eo Jesu a ileng a sebelisa nako ea hae ka eona ha a le lefeelleng?

8 Haeba ho khoneha, khetha sebaka se khutsitseng. Nahana ka mohlala oa Jesu. Pele a qala tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a qeta matsatsi a 40 lefeelleng. (Luka 4:1, 2) Ha Jesu a ntse a le sebakeng seo se khutsitseng, o ne a ka rapela Ntate oa hae Jehova le ho nahanisisa ka thato ea Hae mabapi le eena. Taba eo e ile ea thusa Jesu hore a itokisetse liteko tseo haufi a neng a tl’o kopana le tsona. U ka fumana molemo joang mohlaleng oa Jesu? Haeba lapeng le bangata, e ka ’na eaba ha se kamehla ho leng bonolo ho fumana sebaka se khutsitseng ka tlung. Boemong boo, u ka ’na oa batla sebaka se khutsitseng ka ntle. Ke seo morali oa bo rona Julie a se etsang ha a batla ho qeta nako le Jehova ka hore a mo rapele. Eena le monna oa hae ba lula ntlong e nyane France ’me ha ho bonolo hore a be mong le hore ho se ke ha e-ba le letho le mo sitisang. Morali oa bo rona Julie o re: “Letsatsi le leng le le leng ke ea phakeng. Ke ba mong ha ke le moo ’me ke khona ho bua le Jehova hantle ho se letho le ntšitisang.”

9. Le hoja Jesu a ne a phathahane, o ile a bontša joang hore o nka setsoalle sa hae le Jehova e le sa bohlokoa?

9 Bophelo ba Jesu bo ne bo le maphathaphathe. Batho ba bangata ba ne ba mo latela hohle moo a eang teng ’me ba batla hore a qete nako le bona. Ka lekhetlo le leng, “motse oohle [o ile] oa bokana hona monyako” ho tla mo bona. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore o ba le nako ea ho rapela Jehova. Pele letsatsi le chaba, o ile a ea “sebakeng se thoko” moo a neng a ka qeta nako le Ntate oa hae.​—Mar. 1:32-35.

10, 11. Ho ea ka Matheu 26:40, 41, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba etse’ng, empa ho ile ha etsahala’ng?

10 Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng ha tšebeletso ea hae e se e ntse e tla fela, o ile a boela a batla sebaka se ka thoko ho ea rapela le ho nahanisisa. O ile a fumana sebaka seo serapeng sa Gethesemane. (Mat. 26:36) Ha a le moo, o ile a bolella barutuoa ba hae ntho ea bohlokoa ka thapelo.

11 Nahana ka se ileng sa etsahala. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, e ne e le bosiu haholo. Mohlomong e ne e le ka mor’a 12 bosiu. Jesu o ile a re baapostola ba ‘lule ba lebetse’ ha eena a il’o rapela. (Mat. 26:37-39) Ha Jesu a ntse a rapela, baapostola ba hae ba ile ba ea le sephume sa boroko. Ha a ba fumana ba robetse, o ile a ba khothalletsa hape hore ba ‘lule ba lebetse ’me ba rapele ba sa khaotse.’ (Bala Matheu 26:40, 41.) Jesu o ile a hlokomela hore ba ne ba tšoenyehile haholo ba bile ba khathetse. Ka kutloelo-bohloko, o ile a hlokomela hore “nama ea fokola.” Ho ntse ho le joalo, ka makhetlo a mang a mabeli, Jesu o ile a ea ho ea rapela ’me ha a khutla o ile a fumana baapostola ba hae ba robetse ho e-na le hore ba rapele.​—Mat. 26:42-45.

Rapela ka nako eo u sa khathalang haholo (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka etsa’ng haeba re tšoenyehile kapa re khathetse haholo hoo re sitoang ho rapela?

12 Khetha nako e nepahetseng. Ka linako tse ling, re ka tšoenyeha kapa ra khathala hoo re sitoang le ho rapela. Haeba u kile oa ikutloa joalo, ha u mong. Boemong boo u ka etsa’ng? Batho ba bang ba neng ba tloaetse ho rapela Jehova bosiu, ba bone ho le molemo ho rapela pele e e-ba bosiu ha ba e-s’o ka ba khathala. Ba bang ba hlokometse hore ba khona ho rapela hantle ha ba le boemong bo itseng, ka mohlala ha ba lutse kapa ba khumame. Empa u ka etsa’ng haeba u tšoenyehile haholo kapa u nyahame hoo u sa khoneng ho rapela? Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. U ka kholiseha hore Ntate oa rona o tla utloisisa hobane o mohau.​—Pes. 139:4.

Qoba ho araba melaetsa le li-imeile ka nako ea liboka (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Lisebelisoa tsa elektronike li ka re sitisa joang ha re leka ho rapela, ho ithuta le ha re le libokeng?

13 Ha u ithuta u se ke oa lumella letho ho u sitisa. Thapelo ha se eona feela tsela ea ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova. Lintho tse ling tse ka re thusang ho atamela ho Molimo ke ho ithuta Lentsoe la hae le ho ea libokeng. Na ho na le ntho e ’ngoe eo u ka e etsang e le hore u sebelise nako ea ho ithuta le ea liboka hantle? Ipotse, ‘Ke lintho life tse ka ntšitisang ha ke le libokeng kapa ha ke ntse ke ithuta?’ Na u sitisoa ke batho ba u letsetsang, li-imeile kapa melaetsa e kenang fonong kapa sesebelisoeng leha e le sefe sa elektronike? Mehleng ena, batho ba bangata ba na le lisebelisoa tsena. Bafuputsi ba bang ba re ho thata ho beha maikutlo tabeng e itseng haeba fono e le teng pel’a rona. Setsebi se seng se re: “Ha u khone ho beha kelello ea hao nthong eo u ntseng u e etsa, u ntse u nahana ka ntho e ’ngoe.” Pele kopano e qala, hangata re kopuoa ho beha lisebelisoa tsa rona tsa elektronike boemong boo li ke keng tsa sitisa batho ba bang. Re ka etsa se tšoanang ka lisebelisoa tsa rona tsa elektronike e le hore li se ke tsa re sitisa ha re ithuta, re rapela le ha re le libokeng.

14. Bafilipi 4:6, 7 e re Jehova o tla u thusa joang hore kelello ea hao e se ke ea lelera?

14 Kopa hore Jehova a u thuse hore kelello ea hao e se ke ea lelera. Ha u hlokomela hore u ntse u nahana ka lintho tse ling ha u ithuta kapa u le libokeng, kopa Jehova hore a u thuse. Haeba ho e-na le ntho e u tšoenyang ho ka ’na ha e-ba thata ho beha kelello ea hao Lentsoeng la Molimo. Empa ho bohlokoa ho etsa joalo. Rapella khotso e tla lebela pelo ea hao le ‘matla a hao a kelello.’​—Bala Bafilipi 4:6, 7.

NAKO EO RE E QETANG LE JEHOVA E RE TSOELA MOLEMO

15. Ke molemo ofe oo re o fumanang ha re qeta nako le Jehova?

15 Haeba u ipha nako ea ho bua le Jehova, ho mo mamela le ho nahana ka eena, u tla fumana molemo o moholo. Joang? Ntlha ea pele, u tla etsa liqeto tse bohlale. Bibele e re tiisetsa hore “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liprov. 13:20) Kahoo haeba u qeta nako le Mohloli oa bohlale e leng Jehova, u tla ba bohlale le ho feta. U tla utloisisa hantle hore na u ka mo khahlisa joang le hore na ke joang u ka qobang ho etsa liqeto tse ka mo utloisang bohloko.

16. Ho qeta nako le Jehova ho re thusa joang hore re be matichere a hloahloa?

16 Ntlha ea bobeli, u tla ba tichere e hloahloa. Ha re ithuta Bibele le motho, ntho e ka sehloohong eo re e batlang ke ho mo thusa hore e be motsoalle oa Jehova. Ha re rapela Jehova le ho ithuta ka eena hangata, re tla mo rata le ho feta. Ha re mo rata haholo, re tla khona ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba mo rate. Nahana ka mohlala oa Jesu. O ile a bua ka Ntate oa hae ka tsela e amang maikutlo ’me ho etsa joalo ho ile ha thusa barutuoa ba hae hore ba rate Jehova.​—Joh. 17:25, 26.

17. Ke hobane’ng ha re ka re ho rapela le ho ithuta ho matlafatsa tumelo ea rona?

17 Ntlha ea boraro, tumelo ea hao e tla matlafala. Nahana hore na ho etsahala’ng haeba u kopa Molimo hore a u tataise, a u tšelise kapa a u tšehetse. Kamehla ha Jehova a arabela lithapelo tseo, tumelo ea hao ea matlafala. (1 Joh. 5:15) Ke’ng hape e ka matlafatsang tumelo ea hao? Ke ho ithuta. Hopola hore “tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Bar. 10:17) Leha ho le joalo, e le hore re tle re be le tumelo e matla, re hloka ho etsa ho fetang feela ho ithuta. Ebe re hloka ho etsa’ng hape?

18. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho nahanisisa.

18 Re lokela ho nahanisisa ka ntho eo re ithutang eona. Nahana ka ntho e ileng ea hlahela mongoli oa Pesaleme ea 77. O ne a nyahame hobane o ne a utloa eka Jehova ha a sa amohela sechaba sa Iseraele ho akarelletsa le eena. Hape o ne a se a sa bo hlothe bosiu ka lebaka la ho tšoenyeha ka taba eo. (Litemana 2-8) O ile a etsa’ng? O ile a re ho Jehova: “Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Temana ea 12) Ke ’nete hore mopesaleme o ne a tseba hantle lintho tseo Jehova a li etselitseng batho ba hae nakong e fetileng. Empa o ne a ntse a ipotsa: “Na Molimo o lebetse ho bontša mohau, kapa na o thibile mehauhelo ea hae ka bohale?” (Temana ea 9) O ile a nahanisisa ka liketso tsa Jehova le hore o ne a ile a bontša mohau le qenehelo nakong e fetileng. (Temana ea 11) Qetello ea seo e bile efe? Mopesaleme o ile a kholiseha hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. (Temana ea 15) Ka tsela e tšoanang, tumelo ea hao e tla matlafala ha u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a seng a li etselitse batho ba hae le tseo a seng a u etselitse tsona.

19. Molemo o mong oa ho qeta nako le Jehova ke ofe?

19 Ntlha ea bone e bile e le ea bohlokoa ka ho fetisisa, ke hore u tla rata Jehova le ho feta. Lerato ke lona le ka sehloohong le tla u susumelletsa ho mamela Jehova, ho itella eena e le hore u mo thabise le ho mamella liteko leha e le life. (Mat. 22:37-39; 1 Bakor. 13:4, 7; 1 Joh. 5:3) Ha ho na ntho ea bohlokoa ho feta ho ba le setsoalle se haufi le Jehova.​—Pes. 63:1-8.

20. U tla etsa’ng hore u be le nako ea ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa?

20 Hopola hore ho ithuta, ho rapela le ho nahanisisa ke karolo ea borapeli ba rona. Etsisa Jesu ka hore u batle libaka tse thotseng moo u ka qetang nako le Jehova. Qoba litšitiso tse sa hlokahaleng. Kopa Jehova hore a u thuse ho beha kelello Lentsoeng la hae. Haeba u sebelisa nako ea hao hantle hona joale, Jehova u tla u putsa ka hore a u fe bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha.​—Mar. 4:24.

PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova

^ ser. 5 Jehova ke motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo. Re nka setsoalle sa rona le eena e le sa bohlokoa ’me re batla ho mo tseba hantle. Feela joalokaha ho nka nako ho tseba motho, le ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova ho nka nako. Kaha bophelo bo maphathaphathe, re ka etsa nako ea ho atamela ho Ntate oa rona oa leholimo joang, hona ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo joang?