Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1921​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

1921​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

“KE MOSEBETSI ofe o potlakileng oo re lokelang ho o etsa selemong see?” Molula-Qhooa oa January 1, 1921 o ile oa botsa Liithuti Tsa Bibele potso ena. Karabo ea potso eo e ne e qotsitsoe lengolong la Esaia 61:​1, 2, e neng e ba hopotsa ka mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo. “Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo . . . , ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rona.”

BABOLELI BA SEBETE

Liithuti Tsa Bibele li ne li lokela ho ba sebete e le hore li etse mosebetsi oa boboleli. Mosebetsi oa tsona e ne e le ho bolella batho ba bonolo “litaba tse molemo” le ho bolella batho ba khopo ka “letsatsi la phetetso.”

Mora oa bo rona J. H. Hoskin ea neng a lula Canada, o ile a bolela litaba tse molemo ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso. Maqalong a selemo sa 1921, o ile a kopana le moruti oa kereke ea Wesele. Mora oa bo rona Hoskin o ile a qalisa moqoqo oa hae ka ho re: “Re lokela ho lumellana ka Mangolo empa haeba re sa lumellane linthong tse ling, re lokela ho qetella moqoqo oa rona re ntse re e-na le khotso.” Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Mora oa bo rona Hoskin o hopola se ileng sa etsahala, o re: “Re buile nako e seng kae feela eaba moruti eo o khahlela lemati hoo ke neng ke nahana hore khalase ea lemati e ne e tla pshatleha.”

Moruti eo o ile a mo omanya a re: “Ke hobane’ng ha u sa bue le bahetene?” Mora oa bo rona Hoskin o ile a itholela eaba ha a ntse a tsamaea oa ipotsa hore na ebe o ntse a sa bue le mohetene na.

Letsatsing le latelang ha moruti eo a ntse a rera kerekeng ea hae, o ile a bua Mora oa bo rona Hoskin hampe. Mora oa bo rona Hoskin o re: “Moruti eo o ile a bolella litho tsa kereke ea hae hore ke motho ea leshano ho feta batho ba motseng oo kaofela ebile ke lokela ho bolaoa.” Ho sa tsotellehe taba eo, o ile a tsoela pele a bolella batho ba bangata litaba tse molemo. O re: “Ha ke e-s’o thabele mosebetsi oa boboleli hakaalo. Hape batho ba bang ba ne ba re: ‘Rea tseba hore u etsa mosebetsi oa Molimo.’ Ba ne ba boela ba ithaopela ho mpha lintho tseo ke neng ke li hloka.”

BORAPELI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE

E le ho thusa batho hore ba utloisise Bibele haholoanyane, Liithuti Tsa Bibele li ne li hatisa makasine oa The Golden Age * o neng o e-na le lipotso tse arajoang ke Bibele. Makasineng oo ho ne ho e-na le lipotso tsa Bibele bakeng sa bacha tseo batsoali ba neng ba ka buisana le bana ba bona ka tsona. Batsoali ba ne ba “botsa bana ba bona lipotso tsena ’me ba ba thusa hore ba fumane likarabo ka Bibeleng.” Ho ne ho e-na le lipotso tse ling tse ba rutang ka Bibele tse kang, “Bibele e na le libuka tse kae?” Le “Na Mokreste e mong le e mong o lokela ho lebella hore o tla hlorisoa ka tsela e itseng?” Lipotso tsena li ne li hlomella bana hore e be baboleli ba sebete.

Ho ne ho boetse hape ho e-na le lipotso tsa Bibele le likarabo bakeng sa batho ba neng ba e-na le tsebo e eketsehileng ka Bibele. Likarabo li ne li fumaneha bukeng ea pele ea Studies in the Scriptures. Babali ba bangata ba ile ba ithuta lintho tse ngata ho tsoa lipotsong tseo empa ka li 21 tsa December 1921, makasine oa The Golden Age o ile oa tsebisa hore lipotso tseo ha li sa tla hlola li e-ba teng. Ke hobane’ng ha ho entsoe phetoho eo?

BUKA E NCHA!

Buka ea The Harp of God

Karete e bontšang moo u lokelang ho bala teng

Likarete tse nang le lipotso

Bara ba bo rona ba etellang pele ba ile ba hlokomela hore baithuti ba Bibele ba bacha ba ne ba hloka ho ithuta ’nete ea Bibele ka tsela e hlophisehileng. Kahoo, ka November 1921 buka e ncha ea The Harp of God e ile ea lokolloa. Batho ba neng ba nka buka eo ba ne ba boela ba ngolisa hore ba kenele lenaneo la ho ithuta Bibele ba le bang la The Harp Bible Study Course. Lenaneo lena la ho ithuta u le mong le ne le thusa batho hore ba utloisise hore “Molimo o ne a batla hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng.” Lenaneo leo le ne le hlophisitsoe ka tsela efe?

Ha motho a ne a nka buka eo, o ne a boetse a fumana le karete e nyane e mo bolellang hore na a bale maqephe afe bukeng eo. Ebe bekeng e latelang, o fumana karete e ’ngoe hape e nang le lipotso mabapi le lintho tseo a li balileng. Qetellong ea karete eo ho ne ho ngotsoe maqephe a latelang ao a neng a lokela ho a bala bukeng.

Lenaneo lena le ne le nka libeke tse 12 ’me moithuti o ne a fumana karete beke le beke e rometsoeng ke phutheho e haufi. Hangata mosebetsi ona oa ho romela likarete o ne o etsoa ke batho ba seng ba holile kapa ba neng ba se ba sa khone ho etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Ka mohlala, morali oa bo rona Anna K. Gardner oa Millvale Pennsylvania, U.S.A., o re: “Ha buka ea The Harp of God e lokolloa, e ile ea thusa ausi oa ka Thayle haholo ea neng a e-na le bothata ba ho tsamaea hore le eena a khone ho etsa ho eketsehileng hobane o ne a khona ho romela likarete tse nang le lipotso beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Ha motho a ne a se a qetile lenaneo la ho ithuta Bibele a le mong, ho ne ho romeloa motho ho tsoa phuthehong hore a mo etele le ho mo thusa hore a ithute Bibele ka ho eketsehileng.

Morali oa bo rona Thayle Gardner o lutse holim’a wheelchair

MOSEBETSI O LARILENG KA PELE

Ha selemo se fela, Mora oa bo rona J. F. Rutherford o ile a romela lengolo liphuthehong. O ile a re: “Mosebetsi oa ’Muso o fihlile le libakeng tse hole ’me o thusitse batho ba bangata ho feta selemo le ha e le sefe pele.” Eaba o eketsa ka ho re: “Empa mosebetsi o mongata o ntse o lokela ho etsoa. Kahoo, khothalletsang ba bang hore le bona ba inoese ka nkho mosebetsing ona.” Liithuti Tsa Bibele li ile tsa kenya seo tšebetsong hang-hang. Ka selemo sa 1922 li ile tsa phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka sebete ho feta leha e le neng pele.

^ ser. 9 Makasine oa The Golden Age o ile oa fuoa lebitso la Consolation ka selemo sa 1937 eaba ka 1946 o bitsoa Tsoha!