Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 40

Ho Baka e le Kannete ho Bolela’ng?

Ho Baka e le Kannete ho Bolela’ng?

“Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong.”​—LUKA 5:32.

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. Ke’ng eo marena a mabeli a neng a fapane ka eona, hona re tl’o araba lipotso life?

 A RE ke re bueng ka marena a mabeli a phetseng mehleng ea khale. Morena e mong o ne a busa ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele, ha e mong eena a ne a busa ’muso oa meloko e ’meli oa Juda. Le hoja marena ana a phetse linakong tse sa tšoaneng, ho na le lintho tse ngata tseo a tšoanang ka tsona. Marena ana ka bobeli ha aa ka a mamela Jehova ’me a ile a etsa hore batho ba etse libe. A ne a rapela litšoantšo ebile a bolaea batho. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho eo banna bana ba babeli ba neng ba fapane ka eona. E mong oa bona o ile a tsoela pele a etsa lintho tse mpe ho fihlela a hlokahala empa e mong eena o ile a baka ’me a tšoareloa ka lebaka la lintho tse mpe tseo a ileng a li etsa. Banna bao e ne e le bo-mang?

2 E ne e le Akabe morena oa Iseraele le Manase morena oa Juda. Re ka ithuta ntho ea bohlokoa haholo ka pako ha re sheba phapang e teng pakeng tsa banna bana ba babeli. (Lik. 17:​30; Bar. 3:​23) Ho baka ho bolela’ng, hona re ka bontša joang hore re bakile? Re lokela ho fumana likarabo tsa lipotso tsena hobane re batla hore Jehova a re tšoarele ha re entse sebe. E le hore re li fumane, re tla bua ka marena ana a mabeli ’me re bone hore na re ka ithuta’ng linthong tseo a ileng a li etsa. Ka mor’a moo, re tla bona hore na Jesu o ile a ruta eng ka ho baka.

RE KA ITHUTA’NG MOHLALENG OA MORENA AKABE?

3. Akabe e ne e le morena ea joang?

3 Akabe e ne e le morena oa bosupa oa ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele. O ile a nyala Jezebele morali oa morena oa Sidone, e leng naha e ka leboea e neng e ruile. E ka ’na eaba lenyalo la bona le ile la etsa hore naha ea Iseraele e rue. Leha ho le joalo, le ile la senya kamano eo sechaba se neng se e-na le eona le Jehova le ho feta. Jezebele e ne e le morapeli oa Baale ’me o ile a susumelletsa Akabe hore a khothalletse borapeli boo bo nyonyehang bo neng bo akarelletsa botekatse ba tempele le ho etsa mahlabelo ka bana. Ha Jezebele e ne e le mofumahali, baprofeta bohle ba Jehova ba ne ba le kotsing. O ile a bolaea ba bangata ba bona. (1 Mar. 18:​13) Akabe o ile “a etsa ho hobe mahlong a Jehova ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho eena.” (1 Mar. 16:​30) Jehova o ne a bona lintho tseo Akabe le Jezebele ba li etsang. Leha ho le joalo, kaha Jehova o mohau, o ile a romela moprofeta Elia hore a lemose batho ba hae hore ba fetole litsela tsa bona pele a nka khato. Empa Akabe le Jezebele ba ile ba hana ho mamela.

4. Akabe o ile a bolelloa hore o tl’o fumana kotlo efe, hona o ile a itšoara joang?

4 Qetellong mamello ea Jehova e ile ea fela. O ile a romela Elia ho Akabe le Jezebele ho ba bolella ka kotlo eo a neng a tl’o ba fa eona. Lelapa la bona kaofela le ne le tla bolaoa. Mantsoe a Elia a ile a utloisa Akabe bohloko haholo. Ho makatsang ke hore monna eo ea ikhohomosang o ile a ‘ikokobetsa.’​—1 Mar. 21:​19-29.

Morena Akabe o ile a lahlela moprofeta oa Molimo teronkong ’me ntho eo e ne e bontša hore o ne a sa baka ka ho feletseng (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5, 6. Ke’ng e bontšang hore Akabe o ne a sa baka e le kannete?

5 Le hoja Akabe a ile a ikokobetsa ka nako eo, lintho tseo a ileng a li etsa ka mor’a moo li ile tsa bontša hore o ne a sa baka e le kannete. Ha aa ka a felisa borapeli ba Baale ’musong oa hae. Hape ha aa ka a khothalletsa batho hore ba rapele Jehova. Ho na le lintho tse ling tseo Akabe a ileng a li etsa tse bontšang hore o ne a sa baka.

6 Hamorao, Akabe o ile a kopa Morena Josafate oa Juda hore a mo thuse ho loantša Baasyria empa Josafate o ile a re ba qale ka ho botsa moprofeta oa Jehova hore na ba lokela ho etsa’ng pele ba ka ea ntoeng. Qalong Akabe o ne a sa batle ho etsa joalo. O ile a re: “Ho sa ntse ho e-na le monna a le mong eo ho ka botsoang Jehova ka eena; empa ka sebele ke mo hloile, kaha ha a profete lintho tse molemo malebana le ’na empa o profeta tse mpe.” Leha ho le joalo, ba ile ba botsa moprofeta Mikaia hore ba lokela ho etsa joang. Moprofeta oa Molimo o ile a feela a bolella Akabe lintho tse mpe tse neng li tla mo etsahalla. Ho e-na le hore Akabe ea neng a le khopo a bake ’me a kope hore Jehova a mo tšoarele, o ile a lahlela moprofeta eo teronkong. (1 Mar. 22:​7-9, 23, 27) Le hoja Akabe a ile a lahlela moprofeta eo oa Jehova teronkong, ha aa ka a khona ho thibela boprofeta boo hore bo phethahale. Ka mor’a moo, Akabe o ile a bolaoa ntoeng.​—1 Mar. 22:​34-38.

7. Jehova o ile a hlalosa Akabe joang ka mor’a hore a hlokahale?

7 Ka mor’a hore Akabe a hlokahale, Jehova o ile a bontša hore na o ikutloa joang ka eena. Ha Morena Josafate a khutla a sireletsehile ntoeng, Jehova o ile a romela moprofeta Jehu ho mo bolella hore o ne a fositse ka ho thusa Akabe. Moprofeta oa Jehova o ile a re: “Na ke ba khopo ba lokelang ho thusoa, ’me na ke ba hloileng Jehova bao u lokelang ho ba rata?” (2 Likron. 19:​1, 2) Joale nahana ka taba ena: Hoja Akabe a ne a bakile e le kannete, moprofeta eo o ne a ke ke a re ke monna ea khopo eo Jehova a mo hloileng. Le hoja Akabe a ile a bontša hore o bakile ho ea boholeng bo itseng, o ne a sa baka ka ho felletseng.

8. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Akabe ka ho baka?

8 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Akabe? Qalong Akabe o ile a ikokobetsa ha a utloa molaetsa oa Elia o neng o bontša hore lelapa la hae le ne le tl’o fumana kotlo. O ne a entse hantle empa hamorao liketso tsa hae li ile tsa bontša hore o ne a sa baka e le kannete. Kahoo, re ithuta hore ho baka ha ho bolele feela hore motho a bontše hore o utloile bohloko ka nakoana. A re boneng mohlala o mong o tla re thusa hore re utloisise hore na ho baka e le kannete ho bolela’ng.

RE KA ITHUTA’NG MOHLALENG OA MORENA MANASE?

9. Manase e ne e le morena ea joang?

9 Lilemo tse ka bang 200 hamorao, Manase e ile ea e-ba morena oa Juda. Ho ka etsahala hore libe tsa hae li ne li le mpe ho feta tsa Akabe. Bibele e re: “A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e kholo, ho mo siteloa.” (2 Likron. 33:​1-9) Manase o ile a hahela melimo ea bohata lialetare ’me a beha setšoantšo sa palo e halalelang se neng se tšoantšetsa molimotsana ka tempeleng ea Jehova. O ile a sebelisa boselamose, bonohe le boloi. O ile a boela a “tšolla mali a mangata haholo a hlokang molato.” O ile a bolaea batho ba bangata a ba a fetisa “bara ba hae mollong” e le hore a ka nyehela ho melimo ea bohata.​—2 Mar. 21:​6, 7, 10, 11, 16.

10. Jehova o ile a khalemela Manase joang, hona morena eo o ile a etsa’ng?

10 Joaloka Akabe, Manase o ile a ba manganga ’me a hana ho mamela litemoso tse tsoang ho baprofeta ba Jehova. “Qetellong Jehova a tlisa khahlanong le [Juda] balaoli ba lebotho la morena oa Assyria, kahoo ba hapa Manase likoting ’me ba mo tlama ka litlamo tse peli tsa koporo eaba ba mo isa Babylona.” Nakong eo a neng a tšoeroe naheng eo, ho bonahala Manase a ile a nahanisisa ka lintho tseo a li entseng. O ile “ana a ikokobetsa haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae.” O ile a ba a “nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae.” Ha e le hantle, Manase o ile “ana a mo rapela.” Lintho tseo monna enoa ea khopo a neng a li etsa li ne li bontša hore o ne a se a fetoha. O ile a qala ho bona Jehova e le “Molimo oa hae” ’me a tsoela pele ho mo rapela.​—2 Likron. 33:​10-13.

Morena Manase o ile a bontša hore o bakile ka ho feletseng ka hore a felise borapeli ba bohata (Sheba serapa sa 11) *

11. Ho ea ka 2 Likronike 33:​15, 16, Manase o ile a bontša joang hore o bakile e le kannete?

11 Ka mor’a nako Jehova o ile a araba lithapelo tsa Manase. O ile a bona hore Manase o fetohile ka lebaka la lintho tseo a neng a li rapella. Jehova o ile a mamela Manase ha a ne a mo kopa hore a mo tšoarele ’me a mo lumella hore e be morena hape. Manase o ile a sebetsa ka thata hore a bontše hore o bakile e le kannete. O ile a etsa ntho eo Akabe a sa kang a e etsa. O ile a fetola boitšoaro ba hae. O ile a hanyetsa borapeli ba bohata ’me a khothalletsa batho hore ba rapele Jehova. (Bala 2 Likronike 33:​15, 16.) Manase o ne a hloka ho ba sebete le ho ba le tumelo hobane ka lilemo tse ngata e ile ea e-ba mohlala o mobe ho lelapa la hae, bahlomphehi le sechaba sa hae. Leha ho joalo, ha Manase a se a holile, o ile a leka ho lokisa lintho tse ling tse mpe tseo a ileng a li etsa. Ho ka etsahala hore e ile ea e-ba mohlala o motle ho setloholo sa hae Josiase, eo hamorao e ileng ea e-ba morena ea molemo.​—2 Mar. 22:​1, 2.

12. Re ka ithuta’ng ka ho baka mohlaleng oa Manase?

12 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Manase? O ile a ikokobetsa a ba a rapela Jehova, a kopa hore a mo bontše mohau. Manase o ile a fetola boitšoaro ba hae. O ile a sebetsa ka thata ho lokisa mathata ao a ileng a a baka ’me a rapela Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo rapele. Mohlala oa Manase o thusa batho ba entseng lintho tse mpe haholo. O re bontša hore Jehova Molimo “o molemo ’me o itokiselitse ho tšoarela.” (Pes. 86:5) Jehova o tla tšoarela batho ba bakileng e le kannete.

13. Etsa mohlala o re thusang ho utloisisa ntho ea bohlokoa mabapi le ho baka.

13 Manase ha aa ka a soabela libe tsa hae feela. Re ithuta thuto ea bohlokoa ka ho baka mohlaleng oa hae. Nahana ka papiso ena: A re re u ea shopong u il’o reka likuku. Empa ho e-na le hore motho ea rekisang a u fe likuku, o u fa mahe. Na taba eo e ne e tla u khotsofatsa? Ho hang! Na ho ne ho tla ba le phapang haeba a ne a ka u hlalosetsa hore mahe ke a bohlokoa haholo ha likuku li bakoa? Kannete ho ne ho ke ke ha etsa phapang. Ka ho tšoanang, Jehova o lebeletse hore moetsalibe a bake ka ho feletseng. Haeba moetsalibe a soabela libe tsa hae, o etsa hantle hobane boikutlo boo ke ba bohlokoa ho bontša hore o bakile empa ha boa lekana. Ke’ng hape eo a hlokang ho e etsa? Re ithuta lintho tse ngata papisong e amang maikutlo eo Jesu a ileng a e etsa.

MOTHO EA BAKILENG E LE KANNETE A KA BONAHALA JOANG?

Ka mor’a hore mora ea lahlehileng a hlokomele hore o entse qeto e fosahetseng, o ile a tsamaea leeto le le telele ho khutlela lapeng (Sheba serapa sa 14 le 15) *

14. Papisong ea Jesu, mora ea neng a lahlehile o ile a qala ho bontša joang hore o bakile?

14 Jesu o ile a bua ka pale e amang maikutlo ea mora ea neng a lahlehile ho Luka 15:​11-32. Mora eo ha aa ka a mamela ntate oa hae, o ile a tloha lapeng ’me a ea “naheng e hole.” Ha a le moo o ile a inehella litakatso tsa nama. Leha ho le joalo, ha bophelo ba hae bo qala ho nyolosetsa, o ile a nahanisisa ka lintho tse mpe tseo a li entseng. O ile a hlokomela hore bophelo bo ne bo le monate ha a ntse a le ntlong ea ntate oa hae. Jesu o ile a re mora eo o ile a “hlaphoheloa kelellong.” O ile a etsa qeto ea ho khutlela lapeng ’me a kopa ntate oa hae hore a mo tšoarele. Ho ne ho le bohlokoa hore mora eo a hlokomele hore o entse liqeto tse ngata tse fosahetseng empa ho ne ho sa lekana. O ne a boetse a lokela ho fetola boitšoaro ba hae.

15. Mora ea lahlehileng eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae, o ile a bontša joang hore o bakile?

15 Mora ea lahlehileng o ile a bontša hore o baketse libe tsa hae e le kannete. O ile a tsamaea nako e telele ho ea lapeng. Ha a kopana le ntate oa hae o ile a re: “Ke sitetsoe leholimo le uena. Ha ke sa tšoaneloa ho bitsoa mora oa hao.” (Luka 15:​21) Taba ea hore mora eo o ile a bolela libe tsa hae, e bontša hore o ne a batla ho lokisa kamano ea hae le Jehova. Hape o ile a hlokomela hore boitšoaro ba hae bo ile ba utloisa ntate oa hae bohloko. O ne a ikemiselitse ho sebetsa ka thata hore a boele a be le kamano e ntle le ntate oa hae le ho tšoaroa joaloka e mong oa banna ba hiriloeng ba ntate oa hae. (Luka 15:​19) Papiso ena ha se pale feela e amang maikutlo. E ka thusa baholo ba phutheho haholo ha ba batla ho bona hore na motho o baketse libe tsa hae e le kannete.

16. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore baholo ba tsebe hore na motho o bakile e le kannete?

16 Ha ho bonolo hore baholo ba tsebe hore na motho ea entseng sebe se tebileng o se a bakile e le kannete. Hobane’ng? Baholo ha ba tsebe se ka pelong ea motho, kahoo ba itšetlehile ka bopaki boo ba tla bo fumana ba hore na motho eo o se a fetotse tsela eo a ikutloang ka eona ka sebe seo a se entseng. Maemong a mang, e ka ’na eaba motho o entse sebe se tebileng hoo baholo ba sebetsang taba ea hae ba ka ’nang ba se kholisehe hantle hore o bakile e le kannete.

17. (a) Ke mohlala ofe o bontšang hore ho soabela phoso ha hoa lekana ho bontša hore motho o bakile? (b) Ho ea ka 2 Bakorinthe 7:​11, motho o lokela ho etsa’ng ho bontša hore o bakile e le kannete?

17 Nahana ka mohlala ona. Mora oa bo rona o etsa bofebe ka makhetlo a mangata ka lilemo tse ngata. Ho e-na le hore a kope thuso, o patela mosali oa hae, metsoalle le baholo lintho tseo a ntseng a li etsa empa qetellong oa senoleha. Ha baholo ba mo bolella hore ba na le bopaki ba lintho tseo a ntseng a li etsa, oa lumela hore o li entse ebile o bonahala eka o li soabetse empa hoo ha hoa lekana. Baholo ba sebetsang taba eo ba lokela ho ba le bopaki bo fetang boo. Ha se hore motho eo o ile a etsa sebe se tebileng hanngoe hobane a ile a hloleha ho etsa qeto e nepahetseng empa o ile a se etsa ka lilemo. Ha aa ka a ithaopela ho bolela libe tsa hae empa o ile a pepeseha. Kahoo, baholo ba tla lokela ho bona bopaki bo kholisang ba hore o fetotse tsela eo a nahanang ka eona, a ikutloang ka eona le boitšoaro ba hae. (Bala 2 Bakorinthe 7:​11.) Ho ka ’na ha nka nako e telele hore motho eo a etse liphetoho tse hlokahalang. A ka ’na a tlosoa ka phuthehong ea Bokreste ka nakoana.​—1 Bakor. 5:​11-13; 6:​9, 10.

18. Motho ea khaotsoeng a ka bontša joang hore o bakile e le kannete, hona ho tla etsahala’ng ka mor’a moo?

18 E le hore motho ea khaotsoeng a bontše hore o bakile e le kannete, o lokela ho tla libokeng kamehla ’me a mamele keletso ea baholo ea hore a rapele le ho bala Bibele kamehla. Hape o tla etsa ka hohle hore a qobe maemo a ileng a etsa hore a etse sebe. Haeba a sebetsa ka thata hore a lokise kamano ea hae le Jehova, a ka kholiseha hore Jehova o tla mo tšoarela ’me baholo ba tla mo thusa hore a khutlisetsoe ka phuthehong. Ha baholo ba batla ho bona hore na mofosi o bakile e le kannete, ba sebetsana le boemo ba hae ka tsela e fapaneng hobane baa tseba hore maemo ha a tšoane ’me ba qoba ho ahlola ka ho hloka toka.

19. Ho baka e le kannete ho bolela’ng? (Ezekiele 33:​14-16)

19 Re se re ithutile hore ho baka e le kannete ha ho bolele feela ho kopa tšoarelo ka sebe seo re se entseng. Empa ho akarelletsa hore mofosi a fetole tsela eo a nahanang le ho ikutloa ka eona le ho etsa lintho tse bontšang hore o bakile. Ho etsa joalo ho bolela ho khaotsa ho etsa lintho tse mpe le ho mamela melao ea Jehova hape. (Bala Ezekiele 33:​14-16.) Motho ea entseng sebe o lokela ho ameha haholo ka ho lokisa setsoalle sa hae le Jehova.

THUSA BAETSALIBE HORE BA BAKE

20, 21. Re ka thusa motho ea entseng sebe se tebileng joang?

20 Jesu o ile a hlalosa karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea hae ha a re: “Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong.” (Luka 5:​32) Le rona re lokela ho ikemisetsa ho etsa joalo. Re lokela ho etsa’ng haeba re tseba hore motsoalle oa rona o entse sebe se tebileng?

21 Re tla be re beha motsoalle oa rona kotsing haeba re leka ho pata sebe sa hae. Ha ho mohla re tla atleha ho pata sebe hobane Jehova o shebile. (Liprov. 5:​21, 22; 28:​13) U ka thusa motsoalle oa hao ka ho mo hopotsa hore baholo ba batla ho mo thusa. Haeba a sa bolelle baholo ka sebe sa hae, u lokela ho ba bolella sona. Ka ho etsa joalo u tla be u bontša hore u batla ho mo thusa. Taba ena ke ea bohlokoa hobane a ka lahleheloa ke kamano ea hae le Jehova.

22. Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?

22 Ho thoe’ng haeba motho a entse sebe se tebileng ka nako e telele hoo baholo ba entseng qeto ea hore o lokela ho khaoloa? Na taba eo e bolela hore ha baa mo bontša mohau? Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka tsela eo Jehova a bontšang baetsalibe mohau ha a ba khalemela le hore na re ka mo etsisa joang.

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

^ ser. 5 Ho baka e le kannete ha ho bolele feela ho kopa tšoarelo ka sebe seo re se entseng. Sehloohong sena re tl’o ithuta ka mehlala e tla re thusa ho utloisisa hore na ho baka ho bolela’ng, e leng mohlala oa Morena Akabe, Morena Manase le mora ea lahlehileng eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae. Re tl’o boela re ithute ka lintho tseo baholo ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba lokela ho etsa qeto ea hore na motho ea entseng sebe se tebileng o bakile e le kannete.

^ ser. 60 LITŠOANTŠO: Morena Akabe o koatile ’me o laela balebeli ba hae hore ba lahlele moprofeta oa Jehova e leng Mikaia teronkong.

^ ser. 62 LITŠOANTŠO: Morena Manase o laela basebetsi ba hae hore ba senye litšoantšo tseo a ileng a li beha ka tempeleng.

^ ser. 64 LITŠOANTŠO: Mora ea lahlehileng o khathetse ka mor’a ho tsamaea nako e telele ’me o ikutloa a imolohile ha a bona hore o haufi le ho fihla lapeng.