Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lokisa Setsoalle sa Hao le Jehova

Lokisa Setsoalle sa Hao le Jehova

SELEMO le selemo bahlanka ba bangata ba Jehova bao e leng linku tse ratehang, ba khutlisetsoa ka phuthehong ea Bokreste. A k’o nahane thabo e bang teng leholimong ha a le mong a khutlela ka phuthehong. (Luka 15:​7, 10) Haeba u khutliselitsoe ka phuthehong, u ka kholiseha hore Jesu, mangeloi le Jehova ba thabile hore u se u khutletse ka phuthehong. Ke ’nete hore ha u ntse u lokisa setsoalle sa hao le Jehova, u ka ’na oa kopana le liteko. Tse ling tsa liteko tseo ke life, hona u ka li hlola joang?

KE LITEKO LIFE TSEO U TLA KOPANA LE TSONA?

Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ntse ba ikutloa ba nyahame le ka mor’a hore ba khutlele ka phuthehong. Mohlomong le uena u ikutloa joaloka Morena Davida. Esita le ka mor’a hore a tšoareloe liphoso tsa hae, o ile a re: “Liphoso tsa ka tse ngata li ile tsa mphihlela.” (Pes. 40:​12; 65:3) Ka mor’a hore motho a khutlele ho Jehova, a ka ’na a ikutloa a ntse a le molato kapa a soabile ka lilemo tse ngata. Morali oa bo rona Isabelle ea ileng a khaoloa ka lilemo tse fetang tse 20 o re: “Ho ne ho le thata ho lumela hore Jehova a ka ntšoarela.” * Ho nyahama ho ka etsa hore setsoalle sa hao le Jehova se boele se fokole. (Liprov. 24:​10) Leka ka hohle hore ntho eo e se ke ea u etsahalla.

Ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha hore ba ke ke ba khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang e le hore ba lule ba e-na le setsoalle se matla le Jehova. Ka mor’a hore mora oa bo rona Antoine a khutlisetsoe ka phuthehong o ile a re: “Ke ne ke utloa eka ke lebetse ntho e ’ngoe le ’ngoe eo ke neng ke ithutile eona le ho e etsa ha ke ne ke le Paki.” Ka lebaka la ho ba le maikutlo ao, ba bang ba ka ’na ba qeaqea ho sebeletsa Jehova haholoanyane.

Ka mohlala, nahana ka motho ea neng a rata ntlo ea hae ebe e senyeha ka lebaka la sefefo, a ka ’na a ikutloa a ferekane ha a nahana hore na e tl’o mo hloka nako le matla a makae hore a e lokise. Ka tsela e tšoanang, haeba setsoalle sa hao le Jehova se ile sa senyeha ka lebaka la ho etsa sebe, u ka ’na oa ikutloa eka u lokela ho sebetsa ka thata e le hore u se lokise hape. U ka thusoa keng?

Jehova o re: “Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rona.” (Esa. 1:​18) U se u sebelitse ka thata ho ‘lokisa litaba’ le Jehova ’me u ananela boiteko boo u bo entseng. Kaha u khutletse ho Jehova, taba eo e a mo thabisa ebile e bontša hore Satane o leshano.​—Liprov. 27:11.

Ka ho khutlela ho Jehova u se u ntse u atametse haufi le eena ’me le eena o u tšepisa hore o tla atamela haufi le uena. (Jak. 4:8) Batho baa thaba ha ba bona u khutlela ka phuthehong empa ho na le ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e etsa. U lokela ho sebetsa ka thata hore u lule u rata Jehova, e leng Motsoalle le Ntate oa hao. U ka bontša joang hore oa mo rata?

IPEHELE LINTHO TSEO U KA KHONANG HO LI FINYELLA

Leka ho etsa lintho tseo ho tla ba bonolo ho li finyella. Mohlomong u ntse u hopola lithuto tsa motheo tseo u ithutileng tsona ka Jehova le litšepiso tsa hae ka Paradeise. E le hore u be Mokreste ea matla hape, u ntse u hloka ho qeta nako u e-na le bara le barali ba bo rona, u ea tšebeletsong ea tšimo le libokeng kamehla. Leka ho etsa lintho tsena tse latelang:

Lula u rapela. Ntate oa hao Jehova oa tseba hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho mo rapela haeba u ntse u ikutloa u le molato ka ntho e mpe eo u ileng oa e etsa. (Bar. 8:​26) Ho ntse ho le joalo, ‘phehella thapelong’ u bolelle Jehova hore u batla ho ba motsoalle oa hae. (Bar. 12:​12) Ha mora oa bo rona Andrej a hopola kamoo a neng a ikutloa kateng, o re: “Letsoalo la ka le ne le ntšetšetha ebile ke ne ke soabile. Empa kamehla ka mor’a hore ke rapele, ke ne ke utloa ho re kokololo ’me ke e-ba le khotso ea kelello.” Haeba u sa tsebe hore na u ka re’ng ha u rapela, u ka thusoa ke ho bala lithapelo tsa Morena Davida ea ileng a baka, tse tlalehiloeng ho Pesaleme ea 51 le ea 65.

Ithute Bibele kamehla. Ho ithuta Bibele kamehla ho tla etsa hore tumelo ea hao e be matla hape u tla lula u rata Jehova. (Pes. 19:​7-11) Mora oa bo rona Felipe o re: “Lebaka le ileng la etsa hore ke utloise Jehova bohloko ke hobane ke ne ke se ke sa bale Bibele kamehla. Kaha ke ne ke sa batle ho pheta phoso e tšoanang ’me ke utloise Jehova bohloko, ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele kamehla hape.” Le uena u ka bala Bibele kamehla. Haeba u sa tsebe hore na u qale kae ho ithuta Bibele u le mong, kopa hore motho e mong ea nang le tsebo e eketsehileng a u thuse.

Etsa setsoalle le bara le barali ba bo rona. Batho ba bang ba khutlelang ka phuthehong, ba tšoenyeha ka hore ba bang ba ke ke ba ba amohela. Ha morali oa bo rona Larissa a lumellana le taba ena o re: “Ke ne ke soabile haholo. Ke ile ka ikutloa eka ke utloisitse phutheho bohloko ’me ke ile ka ba le boikutlo bona ka nako e telele.” Kahoo, kholiseha hore baholo le bara le barali ba bo rona ba nang le tsebo e eketsehileng, ba batla ho u thusa hore u be motsoalle oa Jehova hape. (Sheba lebokose le re’ng, “ Lintho Tseo Baholo ba ka li Etsang”) Ba thabetse hore ebe u khutletse ka phuthehong ’me ba batla hore le uena u thabe.​—Liprov. 17:17.

Ke’ng e ka u thusang hore u be haufi le Bakreste-’moho? E-ba teng libokeng tsohle le tšebeletsong ea tšimo le bara le barali ba bo rona. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Morabo rona Felix o re: “Bara le barali ba bo rona ba ne ba thabetse hore ebe ke khutletse ka phuthehong. Ke ile ka ikutloa ke amohelehile. Ba ile ba nthusa hore ke ikutloe ke le karolo ea phutheho hape, hore Jehova o ntšoaretse le hore nka tsoela pele ke sebeletsa Jehova.”​—Sheba lebokose le reng, “ U ka Etsa’ng?

U SE KE OA TELA

Satane o tla tsoela pele ho tlisa mathata a kang lifefo tse matla ho leka ho u nyahamisa ha u ntse u lokisa setsoalle sa hao le Jehova. (Luka 4:​13) Ikemisetse hona joale ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova.

Ha Jehova a tšepisa linku tsa hae o re: “E lahlehileng ke tla e batla, ’me e hlahlathetseng ke tla e khutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa ’me e kulang ke tla e matlafatsa.” (Ezek. 34:​16) Jehova o se a thusitse batho ba bangata hore ba lokise setsoalle sa bona le eena. Kahoo, e se eka u ka kholiseha hore Jehova o batla hore u lule u matlafatsa setsoalle sa hao le eena.

^ ser. 4 Mabitso a hlahang sehloohong sena a fetotsoe.