Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 42

Na u Kholisehile Hore u Fumane ’Nete?

Na u Kholisehile Hore u Fumane ’Nete?

“Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.”​—1 BATHES. 5:21.

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ferekane?

 HO NA le malumeli a mangata haholo a ipitsang a Bokreste a reng a rapela Molimo ka tsela e nepahetseng. Ha se feela batho ba bangata ba ferekaneng hakana. Kahoo baa ipotsa, “Na ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete kapa malumeli ’ohle a amoheleha ho Molimo?” Na re kholisehile hore lintho tseo re li rutang ke ’nete le hore tsela eo Lipaki Tsa Jehova li sebeletsang Jehova ka eona mehleng ee ke eona feela e amohelehang ho eena? Na ho ka khoneha hore re kholisehe ka taba ee? A re ke re inoeseng ka nkho.

2. Ho ea ka 1 Bathesalonika 1:​5, ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a kholisehile hore o fumane ’nete?

2 Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore o fumane ’nete. (Bala 1 Bathesalonika 1:5.) Kholiseho ea hae e ne e sa thehoa holim’a maikutlo a hae feela. Pauluse e ne e le moithuti ea hloahloa oa Lentsoe la Molimo. O ne a lumela hore “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Tim. 3:​16) O ile a ithuta’ng? Ka Mangolong, Pauluse o ile a fumana bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, e leng taba eo baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ileng ba iphapanyetsa eona. Baeta-pele bao ba bolumeli ba baikaketsi ba ne ba bolela hore ba ruta batho ka Molimo empa mesebetsi ea bona e ne e ba latola. (Tite 1:​16) Ho fapana le bona, Pauluse ha aa ka a khetha hore na ke likarolo life tsa Lentsoe la Molimo tseo a ka li lumelang. O ne a ikemiselitse ho ruta le ho mamela “morero oohle oa Molimo.”​—Lik. 20:27.

3. Na re lokela ho ba le likarabo tsa lipotso tsohle pele re ka kholiseha hore re fumane ’nete? (Bala le lebokose le reng “ Mesebetsi ea Jehova le Menahano ea Hae e ‘Mengata ho Feta Kamoo Nka e Phetang.’ ”)

3 Batho ba bang ba lumela hore bolumeli ba ’nete bo lokela ho araba lipotso tsohle esita le tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Empa na taba ee ea utloahala? A re ke re bueng ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba ‘nepisise lintho tsohle’ empa a boela a lumela hore le eena ho na le lintho tseo a neng a sa li utloisise. (1 Bathes. 5:​21) O ile a re: “Re na le tsebo e sa fellang . . . re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe.” (1 Bakor. 13:​9, 12) Pauluse o ne a sa utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ho joalo le ka rona. Empa o ile a utloisisa lintho tsa bohlokoa ka Jehova. Lintho tseo a neng a li tseba li ne li lekane ho mo kholisa hore o fumane ’nete.

4. Re ka kholiseha joang hore re fumane ’nete, hona sehlooho see se tl’o bua ka eng mabapi le Bakreste ba ’nete?

4 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka kholisehang hore re fumane ’nete ke ka hore re bapise tsela eo Jesu a neng a sebeletsa Jehova le eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona mehleng ena. Sehloohong sena re tl’o bona hore Bakreste ba ’nete (1) ha ba rapele litšoantšo, (2) ba hlompha lebitso la Jehova, (3) ba rata ’nete le hore (4) ba ratana ho tsoa pelong.

HA RE RAPELE LITŠOANTŠO

5. Re ithuta’ng ho Jesu mabapi le tsela e nepahetseng ea ho rapela Molimo, hona re ka sebelisa lintho tseo a re rutileng tsona joang?

5 Kaha Jesu o ne a rata Jehova haholo, o ne a rapela eena feela ha a ne a le leholimong esita le ha a le lefatšeng. (Luka 4:8) O ile a ruta barutuoa ba hae ntho e tšoanang. Ha ho le ka mohla Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba sebelisa litšoantšo borapeling. Kaha Jehova ke Moea, ha ho na ntho leha e le efe eo motho a ka e etsang e ka tšoanang le eena. (Esa. 46:5) Na batho ba iketsetsang litšoantšo tsa batho bao ba ba nkang e le bahalaleli ebe baa li rapela ba etsa phoso? Molaong oa bobeli ho e leshome Jehova o ile a re: “U se ke oa iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebopeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng . . . U se ke oa li inamela kapa oa hlohlelletsoa hore u li sebeletse.” (Ex. 20:​4, 5) Mantsoe ao a hlakile ho batho ba batlang ho thabisa Molimo.

6. Lipaki Tsa Jehova li etsisa bo-mang tabeng ea borapeli mehleng ee?

6 Batho ba ithutang histori baa lumela hore Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba sebeletsa Molimo feela. Ka mohlala, buka e ’ngoe ea histori e bontša hore Bakreste bao ba mehleng ea pele ba ne ba sa batle ho utloa letho ka litšoantšo borapeling ba bona. Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova li etsisa Bakreste bao ba mehleng ea pele. Ha re rapele litšoantšo tsa bahalaleli kapa mangeloi esita le Jesu le eena ha re mo rapele. Ha re lumelise folakha kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore re rapele ’muso. Ho sa tsotellehe hore na batho ba tla leka hore re etse’ng, re ikemiselitse ho mamela mantsoe a Jesu a re’ng: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela.”​—Mat. 4:10.

7. Ke lintho life tseo ka ho khetheha li khethollang Lipaki Tsa Jehova ho malumeli a mang?

7 Mehleng ena, batho ba bangata ba rata ho mamela baruti ba tummeng. Ka linako tse ling ho rata baruti bao haholo ho ka qetelletse ho entse hore batho bao ba ba rapele. Batho ba bangata ba ea likerekeng tsa bona, ba reka libuka tsa bona hape ba fana ka chelete e ngata e tšehetsang lintho tseo baruti bao ba li etsang. Ba bang ba mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang. Tsela eo batho bana ba ratang baruti ba bona ka eona, ba ba thabela joalokaha eka ba bona Jesu. Ho fapana le hoo, barapeli ba ’nete ba Jehova ha ba na baruti. Le hoja re mamela ba etellang pele, re mamela taelo ea Jesu e hlakileng e re’ng: “Lona bohle le bara ba motho.” (Mat. 23:​8-10) Ha re rapele batho, ebang ke baruti kapa baeta-pele ba lipolotiki hape ha re ba tšehetse. Ho feta moo, ha re ikamahanye le lefatše. Maemong ana ’ohle, re hlaha re fapane le malumeli a mangata a ipitsang a Bokreste.​—Joh. 18:36.

RE HLOMPHA LEBITSO LA JEHOVA

Bakreste ba ’nete ba motlotlo ho bolella batho ba bang ka Jehova (Sheba serapa sa 8-10) *

8. Re tseba joang hore Jehova o batla hore lebitso la hae le halaletsoe le be le tsejoe ke bohle?

8 Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a rapela a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Jehova o ile a arabela thapelo eo ka boeena ka ho bua a le leholimong a tšepisa hore o tla halaletsa lebitso la hae. (Joh. 12:​28) Jesu o ile a tlotlisa lebitso la Ntate oa hae tšebeletsong eohle ea hae. (Joh. 17:​26) Kahoo, hoa utloahala hore ebe Bakreste ba ’nete le bona ba ka ba motlotlo hore ba sebelise lebitso la Molimo le ho le tsebisa batho ba bang.

9. Bakreste ba mehleng ea pele ba ile ba bontša joang hore ba hlompha lebitso la Molimo?

9 Nakoana ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, Jehova o ile a “lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Lik. 15:​14) Bakreste bao ba mehleng ea pele ba ne ba le motlotlo ho sebelisa lebitso la Molimo le ho le tsebisa batho ba bang. Ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo mosebetsing oa boboleli le ha ba ne ba ngola libuka tsa Bibele. * Ba ile ba paka hore ke bona feela ba tsebisang batho lebitso la Molimo.​—Lik. 2:​14, 21.

10. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Lipaki Tsa Jehova li tsebahatsa lebitso la Jehova?

10 Na Lipaki Tsa Jehova li tsebahatsa lebitso la Jehova? A re ke re bone. Mehleng ena, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba entse boiteko bohle hore ba pate taba ea hore Molimo o na le lebitso. Ba tlositse lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele ’me maemong a mang ba le thibetse hore le se ke la sebelisoa le litšebeletsong tsa bona tsa kereke. * Na ho na le motho ea ka iphapanyetsang ’nete ea hore Lipaki Tsa Jehova ke tsona feela tse hlomphang lebitso la Molimo ka tsela eo le lokelang ho hlomphuoa ka eona? Re tsebisa batho lebitso la Molimo ho feta bolumeli leha e le bofe bo bong. Kahoo, re leka ka hohle hore re phelele lebitso la rona la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:​10-12) Re hatisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka likopi tse ka holimo ho limilione tse 240 ’me e sebelisa lebitso la Jehova libakeng tseo le tlositsoeng ho tsona liphetolelong tse ling tsa Bibele. Hape re hatisitse lingoloa tse thehiloeng Bibeleng tse tsebahatsang lebitso la Jehova ka lipuo tse ka holimo ho sekete.

RE RATA ’NETE

11. Bakreste ba pele ba ile ba bontša joang hore ba rata ’nete?

11 Jesu o ne a rata ’nete, e leng litaba tse amanang le Molimo le merero ea hae. O ile a phela tumellanong le ’nete eo a ba a tsebisa batho ba bang ka eona. (Joh. 18:​37) Balateli ba ’nete ba Jesu le bona ba ne ba rata ’nete haholo. (Joh. 4:​23, 24) Esita le moapostola Petrose o ile a bua ka Bokreste e le “tsela ea ’nete.” (2 Pet. 2:2) Ka lebaka la hobane ba ne ba rata ’nete haholo, Bakreste ba pele ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa bolumeli, meetlo le maikutlo a batho a neng a sa lumellane le ’nete eo. (Bakol. 2:8) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba ’nete mehleng ena ba leka ka matla ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng” ka hore ba etse bonnete ba hore tumelo ea bona le tsela eo ba phelang ka eona e lumellana le Lentsoe la Jehova.​—3 John 3, 4.

12. Ho etsahala’ng ha ba etellang pele ba hlokomela hore tsela eo re utloisisang lintho ka eona e tlameha ho ntlafatsoa, hona ke hobane’ng ha ba etsa liphetoho tseo?

12 Mehleng ena, batho ba Molimo ba lumela hore ha ba na tsebo e feletseng ea Bibele. Ka linako tse ling, ba ne ba etsa liphoso ha ba hlalosa Bibele kapa ha ba fana ka litaelo tsa hore na mokhatlo o tlameha ho tsamaisoa joang. Taba eo ha e re makatse. Mangolo a hlakisa taba ea hore tsebo e nepahetseng e hlaka le ho feta ha nako e ntse e ea. (Bakol. 1:​9, 10) Jehova o senola ’nete butle-butle ’me re lokela hore re ikemisetse ho mo letela ka mamello ha re ntse re emetse hore leseli la ’nete le eketsehe. (Liprov. 4:​18) Ha ba etellang pele ba hlokomela hore tsela eo re utloisisang taba e itseng ka eona e lokela ho ntlafatsoa kapa ho hlakisoa, ha ba qea-qee ho etsa liphetoho. Leha ho le joalo, likereke tse ngata mehleng ena li etsa liphetoho ho khahlisa litho tsa tsona kapa hore li amoheloe ke lefatše. Empa liphetoho tse etsoang ke mokhatlo oa Jehova li etselitsoe ho thusa batho hore ba atamele haufi le Molimo le ho mo sebeletsa ka tsela eo Jesu a neng a mo sebeletsa ka eona. (Jak. 4:4) Liphetoho tse etsoang ha li etsoe ho ipapisitsoe le hore na lefatše le fetohile hakae kapa batho ba rata’ng empa li etsoa hobane re se re utloisisa Bibele haholoanyane. Re ikotla sefuba ka ’nete!​—1 Bathes. 2:​3, 4.

RE RATANA HO TSOA PELONG

13. Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba tsebahala ka eng ea bohlokoa ka ho fetisisa, hona Lipaki Tsa Jehova li e bontša joang mehleng ee?

13 Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba tsebahala ka lerato ho feta makhabane a mang ’ohle. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.” (Joh. 13:​34, 35) Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova lia ratana ebile li na le bonngoe lefatšeng lohle. Ha ho na mokhatlo o tšoanang le oa rona hobane rona rea ratana ho sa tsotellehe hore na re ba morabe ofe kapa re tsoa linaheng life. Re bona bopaki bo totobetseng ba lerato leo ha re le libokeng le likopanong tse nyane le tse kholo. Bopaki boo bo matlafatsa kholiseho eo re nang le eona ea hore borapeli ba rona bo amoheloa ke Jehova.

14. Ho ea ka Bakolose 3:​12-14, ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ho bontša hore re ratana ho tsoa pelong?

14 Mangolo a re khothalletsa hore re “bontšane lerato le matla haholo.” (1 Pet. 4:8) Tsela e ’ngoe eo ka eona re bontšang hore rea ratana ke ka ho tšoarelana le ho mamellana mefokolo ea rona. Re boetse re leka ho batla menyetla ea ho fana le ho mema bohle malapeng a rona esita le bao ho ka etsahalang hore ba ile ba re utloisa bohloko. (Bala Bakolose 3:​12-14.) Ha re bontša lerato le joalo re tla be re paka hore re feela re le Bakreste ba ’nete.

“TUMELO E ’NGOE”

15. Ke ka litsela life hape re etsisang mokhoa oo Bakreste ba pele ba neng ba sebeletsa Jehova ka oona?

15 Re etsisa mokhoa oo Bakreste ba pele ba neng ba rapela Jehova ka oona le ka litsela tse ling hape. Ka mohlala, tsela eo mokhatlo oa rona o hlophisitsoeng ka eona e tšoana hantle le eo baapostola ba neng ba hlophisitsoe ka eona. Re na le bapotolohi, baholo le bahlanka ba sebeletsang joaloka bona. (Bafil. 1:1; Tite 1:5) Hape re hlompha melao ea Jehova e mabapi le thobalano, lenyalo, ho sebelisa mali le ho sireletsa phutheho ho baetsalibe ba sa bakeng.​—Lik. 15:​28, 29; 1 Bakor. 5:​11-13; 6:​9, 10; Baheb. 13:4.

16. Re ithuta’ng ho Baefese 4:​4-6?

16 Jesu o ile a re batho ba bangata ba tla ipolela hore ke barutuoa ba hae empa liketso tsa bona li tla ba latola. (Mat. 7:​21-23) Mangolo le ’ona a ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba bangata ba tla ba le “ponahalo ea boinehelo ba bomolimo” feela. (2 Tim. 3:​1, 5) Empa Bibele e hlakisa taba ea hore ho na le “tumelo e [le] ’ngoe” feela eo Molimo a e amohelang.​—Bala Baefese 4:​4-6.

17. Ke-bo mang ba latelang Jesu mehleng ee ba bile ba e-na le tumelo e le ’ngoe?

17 Ke bo-mang ba sebeletsang Molimo ka tsela eo a e amohelang mehleng ee? Ke Lipaki Tsa Jehova. Hobane re hlahlobile bopaki ’me re bone mohlala oa Jesu oa hore na borapeli ba ’nete bo lokela ho ba joang le hore Bakreste ba pele ba ile ba latela mohlala oo. Kannete re motlotlo hore ebe re batho ba Jehova le hore ebe re tseba ’nete ka eena le merero ea hae. E se eka re ka tsoela pele re ikholisa hore re fumane ’nete.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

^ ser. 5 Sehloohong sena re tl’o hlahloba mohlala oo Jesu a re behetseng oona ka hore na bolumeli ba ’nete bo lokela ho ba joang, re be re bone hore na barutuoa ba hae ba ile ba mo etsisa joang. Re tl’o boela re bone hore Lipaki Tsa Jehova li latela mohlala oo oa bolumeli ba ’nete joang mehleng ena.

^ ser. 9 Bala lebokose le reng, “Na Bakreste ba Pele ba ne ba Sebelisa Lebitso la Molimo?” ho Molula-Qhooa oa July 1, 2010 leq. 6.

^ ser. 10 Mohlala, ka 2008 Mopapa Benelict oa bo-16 o ile a laela hore lebitso la Molimo ha lea lokela ho sebelisoa litšebeletsong tsa kereke ea K’hatholike, lifeleng esita le thapelong.

^ ser. 63 SETŠOANTŠO: Mokhatlo oa Jehova o hatisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse ka holimo ho 200 e le hore batho ba ka bala Bibele e nang le lebitso la Molimo ka puo ea bona.