Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 43

Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae

Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae

“ ‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka.”​—ZAK. 4:6.

PINA EA 40 Molimo oa Hao ke Mang?

SELELEKELA *

1. Re le Bakreste ba kolobelitsoeng, re lokela ho etsa’ng?

NA U kolobelitsoe? Haeba ho joalo, u bontšitse phatlalatsa hore u na le tumelo ho Jehova le hore u ikemiselitse ho mo sebeletsa u le ka har’a mokhatlo oa hae. * Leha ho le joalo, tumelo eo u nang le eona ho Jehova e lokela ho lula e ntse e matlafala. Hape u lokela ho lula u ikholisa hore Jehova o fela a laola mokhatlo oa hae mehleng ena.

2-3. Fana ka mehlala e bontšang makhabane a bonahalang tseleng eo Jehova a tsamaisang mokhatlo oa hae ka eona.

2 Mehleng ena tsela eo Jehova a tsamaisang mokhatlo oa hae ka eona ea re bontša hore na o na le makhabane afe, hore na morero oa hae ke ofe le hore na melao ea hae ke efe. A re ke re hlahlobeng makhabane a Jehova a mararo ao re a bonang ka har’a mokhatlo oa hae.

3 Ntlha ea pele, “Molimo ha a leeme.” (Lik. 10:​34) Jehova o ile a fana ka Mora oa hae ‘e le thekollo bakeng sa bohle’ hobane a re rata. (1 Tim. 2:6; Joh. 3:​16) Jehova o sebelisa batho ba hae ho hasa litaba tse molemo ho batho bohle ba batlang ho mamela, e le hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba ka fumana melemo e tlisoang ke lefu la Jesu. Ntlha ea bobeli, Jehova ke Molimo ea ratang khotso le ho hlophiseha. (1 Bakor. 14:​33, 40) Ka hona, batho ba mo rapelang ba mo sebeletsa ba e-na le khotso ba bile ba hlophisehile. Ntlha ea boraro, Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esa. 30:​20, 21) Ke kahoo mokhatlo oa hae o sebetsang ka thata ho ruta batho Lentsoe la hae ka phuthehong le ho batho ba bang kaofela. Makhabane aa a mararo a Jehova a ile a bonahala joang ka phuthehong ea pele ea Bokreste? Mehleng ee a bonahala joang ka har’a mokhatlo oa Jehova? Hona moea o halalelang o ka u thusa joang ha u ntse u sebeletsa Jehova u le ka har’a mokhatlo oa hae?

MOLIMO HA A LEEME

4. Ho Liketso 1:​8, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho etsa’ng, hape ke’ng e neng e tla ba thusa?

4 Mehleng ea Bakreste ba pele. Molaetsa oo Jesu a neng a o phatlalatsa o ile oa fa batho bohle tšepo. (Luka 4:​43) O ile a laela barutuoa ba hae ho ntšetsa pele mosebetsi oo a o qalileng, e leng oa ho ruta batho “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Bala Liketso 1:8) Empa mosebetsi ona ba ne ba ke ke ba o khona ka matla a bona. Ba ne ba tla hloka moea o halalelang oo Jesu a neng a ba tšepisitse oona, oo Bibele e reng ke “mothusi.”​—Joh. 14:​26; Zak. 4:6.

5-6. Moea o halalelang o ile oa thusa barutuoa ba Jesu joang?

5 Barutuoa ba Jesu ba ile ba fuoa moea o halalelang ka letsatsi la Pentekonta selemong sa 33 mehleng ea baapostola. Moea oo o ile oa ba thusa hore ba qalelle ho ruta batho molaetsa oa ’Muso hang-hang ’me ka nako e sa feliseng pelo feela, batho ba likete ba ile ba amohela molaetsa oo. (Lik. 2:​41; 4:4) Ha barutuoa ba hlorisoa, ha baa ka ba tlakasela eaba ba se ba tlohella ho etsa mosebetsi oa boboleli empa ba ile ba kopa Jehova ho ba thusa. Ba ile ba rapela ba re: “U etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Ka mor’a moo ba ile ba tlala moea o halalelang eaba ba tsoela pele ho “bolela lentsoe la Molimo ka sebete.”​—Lik. 4:​18-20, 29, 31.

6 Barutuoa ba Jesu ba ne ba e-na le mathata a mang hape. Ka mohlala, likopi tsa Mangolo a halalelang li ne li fokola. Ba ne ba se na lingoliloeng tse ba thusang ho utloisisa Lentsoe la Molimo tse kang tseo re nang le tsona mehleng ena. Hape batho bao ba neng ba tlameha ho ba bolella molaetsa oa ’Muso ba ne ba bua lipuo tse ngata tse fapaneng. Empa le har’a mathata ao, barutuoa bao ba chesehang ba ile ba etsa ntho eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea khoneha. Ka lilemo tse 30 feela, ba ile ba hasa molaetsa oa ’Muso “popong eohle e tlas’a leholimo.”​—Bakol. 1:​6, 23.

7. Bahlanka ba Jehova ba phetseng lilemo tse ka holimo ho tse lekholo tse fetileng ba ile ba thusoa ke’ng ho tseba hore na Molimo o batla ba etse’ng, hona ba ile ba etsa’ng?

7 Mehleng ena. Jehova o ntse a tsoela pele ho tataisa le ho fa batho ba hae matla a ho etsa thato ea hae. Ntho e kholo eo a ba tataisang ka eona ke Lentsoe la hae Bibele e ileng ea ngoloa ka thuso ea moea o halalelang. Ka Bibeleng ho na le tlaleho ea mosebetsi oa boboleli oo Jesu a ileng a o etsa le taelo eo a e fileng barutuoa ba hae ea hore ba ntšetse pele mosebetsi oo a o qalileng. (Mat. 28:​19, 20) Ho tloha khale koana ka July 1881, Molula-Qhooa o ile oa bua mantsoe ana: “Jehova ha aa ka a re khetha e le hore re ka tlotloa ke batho kapa ra hafa ka nkatana empa o re khethetse hore re sebelise ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona ho hasa molaetsa oa ’Muso.” Bukana ea To Whom the Work Is Entrusted, e hatisitsoeng ka 1919 e ile ea re: “Mosebetsi ona o mongata, empa ke oa Morena ’me o tla re fa matla a hore re o etse.” Bara bana ba bo rona ba ile ba ikakhela ka setotsoana ka sebete sohle mosebetsing ona feela joaloka Bakreste ba phutheho ea pele. Ba ne ba kholisehile hore moea o halalelang o tla ba thusa ho bolella batho bohle litaba tse molemo. Le rona re kholisehile hore moea o halalelang o tla re thusa.

Haesale mokhatlo oa Jehova o hasa litaba tse molemo ka ho sebelisa lintho tse ka li fihlisang ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang (Sheba serapa sa 8 le 9)

8-9. Mokhatlo oa Jehova o sebelisitse mekhoa efe e le ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho hasa molaetsa oa ’Muso?

8 Haesale Mokhatlo oa Jehova o hasa litaba tse molemo ka ho sebelisa lintho tse ka fihlisang molaetsa oo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. O ’nile oa sebelisa lintho tse kang lingoliloeng, video ea “Photo-Drama of Creation,” likeramafono, likoloi tse nang le lipikara, li-ea-le-moea, ebile morao tjena ho se ho sebelisoa lik’homphieutha le Inthanete. Mokhatlo oa Molimo o boetse o fetolela lingoliloeng ka lipuo tse ngata ho feta kamoo o ’nileng oa etsa pele. Hobane’ng? E le hore batho kaofela ba ka fumana molaetsa oa ’Muso ka lipuo tsa bona. Jehova ha a leeme, o ile a ba a bolela hore litaba tse molemo li tla hasoa ‘sechabeng se seng le se seng le molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng.’ (Tšen. 14:​6, 7) O batla hore motho e mong le e mong a fumane molaetsa oa ’Muso.

9 Mokhatlo oa Jehova o etsa’ng ho isa molaetsa oa ’Muso ho batho ba sa fumaneheng habonolo, mohlomong hobane ba lula matlong a sirelelitsoeng ka thata? Mokhatlo oa Jehova o ile oa qala ho sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho hasa molaetsa oa ’Muso phatlalatsa, e le hore batho ba kang bana ba sa fumaneheng habobebe malapeng a bona ba ka fumana molaetsa ona ba le bangata. Ka mohlala, ka 2001 Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho sebelisoa litoroli le litafole tsa lingoliloeng naheng ea Fora, eaba hamorao mokhoa ona o sebelisoa libakeng tse ling. Mokhoa ona o ile oa hlahisa litholoana tse ntle. Ka 2011 ho ile ha thakholoa letšolo le lecha naheng ea Amerika ho se seng sa libaka tse phetheselang ka ho fetisisa tsa toropo ea New York. Selemong seo letšolo leo le qalileng ka sona, ho ile ha tsamaisoa libuka tse 102 129 le limakasine tse 68 911. Hape batho ba 4 701 ba ile ba kopa ho khanneloa thuto ea Bibele. Hoa bonahala hore Jehova o ne a tšehetsa mosebetsi ona ka moea o halalelang. Kahoo Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore litoroli le litafole tsa lingoliloeng li sebelisoe lefatšeng lohle.

10. Re ka etsa’ng e le hore re ntlafatse bokhoni ba rona ba ho bolela le ho ruta batho molaetsa oa ’Muso?

10 U ka etsa’ng? Ha re le libokeng Jehova o re rupella ho bolella batho litaba tse molemo, kahoo sebelisa thupelo eo ka botlalo. E-ea tšimong hangata le sehlopha sa tšimo seo u oelang ho sona. Bara le barali beno ba sehlopheng se le seng le uena ba ka u thusa hore u ntlafatse bokhoni ba hao ba ho bolela le ho ruta litaba tse molemo ba be ba u khothatse ka mohlala oa bona o motle. Leha ho le thata, u se ke oa khaotsa ho bua le batho ka Bibele. Lengolo la sehlooho le re hopolitse hore ha re etse thato ea Molimo ka matla a rona, empa ka matla a moea o halalelang. (Zak. 4:6) Etsoe mosebetsi ona oo re o etsang ha e le hantle ke oa Molimo.

JEHOVA O RATA KHOTSO LE HO HLOPHISEHA

11. Sehlopha se busang se neng se le Jerusalema se ile sa etsa’ng e le hore batho ba Molimo ba lule ba hlophisehile?

11 Mehleng ea Bakreste ba pele. Sehlopha se busang se Jerusalema se ne se sebetsa se ipopile ngatana-’ngoe ho etsa hore ho lule ho e-na le khotso le tlhophiso har’a batho ba Molimo. (Lik. 2:​42) Mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 49 mehleng ea baapostola, Bakreste ba bangata ba ne ba sa utloane ka taba ea lebollo. Kahoo sehlopha se busang se ile sa lulela taba eo fatše se tataisoa ke moea o halalelang. Haeba Bakreste ba ne ba ka tsoela pele ba sa utloane ka taba ena, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ka be o ile oa boholoa ke lintja. Le hoja baapostola le banna ba baholo e ne e le Bajuda, ha baa ka ba susumetsoa ke meetlo ea Bajuda kapa ke batho ba neng ba e hatella. Empa ba ile ba batla tataiso ka Lentsoeng la Molimo, hape ba kopa Molimo ho ba thusa ka moea o halalelang. (Lik. 15:​1, 2, 5-20, 28) Ho ile ha qetella ho etsahetse’ng? Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea bona hobane phutheho e ile ea momahana ea ba le khotso, le mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele.​—Lik. 15:​30, 31; 16:​4, 5.

12. Mehleng ee ke’ng e bontšang hore mokhatlo oa Jehova o hlophisehile ebile o na le khotso?

12 Mehleng ena. Mokhatlo oa Jehova o thusitse bahlanka ba hae hore ba lule ba e-na le khotso ba bile ba hlophisehile. Khale koana ka 1895, makasine ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ea November 15 e ne e e-na le sehlooho se reng: “Ka Mokhoa o Hlomphehang le ka Tlhophiso.” Se ne se thehiloe Lengolong la 1 Bakorinthe 14:​40. Sehlooho seo se ile sa re: “Baapostola ba ile ba ngolla phutheho ea pele ea Bokreste lintho tse ngata tse amanang le tlhophiso . . . Ho bohlokoa hore re mamele ka hloko ‘lintho tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng . . . ho re laea.’” (Bar. 15:4) Khotso le tlhophiso tse neng li le teng ka phuthehong ea pele ea Bokreste li ntse li le teng le hona joale ka har’a mokhatlo oa Jehova. Mohlala, haeba u ea Thutong ea Molula-Qhooa phuthehong e ’ngoe kapa naheng e ’ngoe, u ea moo u se u ntse u tseba hore na thuto eo e il’o tšoaroa joang le hore na ho tl’o baloa sehlooho sefe. Hang-hang feela oa phutholoha. Ha ho letho le ka etsang hore batho ba momahane tjena ha e se moea oa Molimo feela!​—Sof. 3:9.

13. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona ha re shebile Jakobo 3:17?

13 U ka etsa’ng? Jehova o batla hore batho ba hae ba ‘boloke bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’ (Baef. 4:​1-3) Ka hona ipotse: ‘Na ke tlatsetsa hore ho be le bonngoe le khotso ka phuthehong? Na ke mamela ba etellang pele? Na ke motho ea tšepahalang, haholo-holo haeba ke e-na le boikarabelo boo ke bo fuoeng ka phuthehong? Na ke motho ea bolokang nako? Na ke rata ho thusa batho ba bang ebile ke ikemiselitse ho ba sebeletsa?’ (Bala Jakobo 3:​17.) Haeba u hlokomela hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa, rapela Jehova hore a u fe moea o halalelang. Ha u lumella moea oo ho fetola botho ba hao le liketso tsa hao, Bakreste-’moho le uena ba tla u rata ebile ba tla u ananela.

JEHOVA OA RE KOETLISA LE HO RE HLOKOMELA

14. Ho ea ka Bakolose 1:​9, 10, Jehova o ile a sebelisa’ng ho rupela Bakreste ba pele?

14 Mehleng ea Bakreste ba pele. Jehova o rata ho ruta batho ba hae. (Pes. 32:8) O batla hore ba mo tsebe, ba mo rate ba be ba phele ka ho sa feleng e le bana ba hae bao a ba ratang. Thuto eo Jehova a re fang eona ke eona feela e tla etsa hore lintho tsena li etsahale. (Joh. 17:3) Jehova o ile a sebelisa phutheho ea Bakreste ba pele hore a rupele batho ba hae. (Bala Bakolose 1:​9, 10.) Moea o halalelang, e leng “mothusi” eo Jesu a neng a mo tšepisitse, o ile oa etsa tsoho la monna. (Joh. 14:​16) O ile oa thusa barutuoa ba Jesu hore ba utloisise Lentsoe la Molimo, hape o ile oa ba hopotsa lintho tse ngata tseo Jesu a ileng a li bua le ho li etsa, tseo hamorao li ileng tsa ngoloa ka har’a Likosepele. Tsebo ena e ile ea etsa hore Bakreste ba phutheho ea pele ba matlafale tumelong le hore ba rate Molimo, Mora oa hae le Bakreste-’moho le bona le ho feta.

15. Ke lintho life tse u bontšitseng hore Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae e hlahang ho Esaia 2:​2, 3?

15 Mehleng ena. Jehova o ile a bolela ho tloha khale hore “karolong e qetellang ea matsatsi” batho ba lichaba tsohle ba tla phallela thabeng ea hae ea tšoantšetso e le hore ba rupeloe ka litsela tsa hae. (Bala Esaia 2:​2, 3.) Rea bona hore boprofeta boo boa phethahala. Borapeli ba ’nete bo phahametse hole mefuta eohle ea borapeli ba bohata. Jehova o fa batho ba hae matletse-tletse a lijo. (Esa. 25:6) O sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho re fa lijo ka bongata bo thibang letsatsi ebile li tla ka mefuta e mengata e fapaneng. Ke lingoliloeng, lipuo, lipopae le livideo. (Mat. 24:​45) Re ikutloa ka tsela e tšoanang hantle le ea Elihu motsoalle oa Jobo ea ileng a re: “Ke morupeli ofe ea tšoanang le [Molimo]?”​—Jobo 36:22.

U ikholise hore Lentsoe la Molimo ke ’nete u be u le sebelise bophelong ba hao (Sheba serapa sa 16) *

16. U ka etsa’ng e le hore thupelo e tsoang ho Jehova e u tsoele molemo?

16 U ka etsa’ng? Moea oa Molimo o tla u thusa hore u sebelise lintho tseo u li balang le ho ithuta tsona Lentsoeng la Molimo. U rapele joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” (Pes. 86:​11) Tsoela pele ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse ling tseo mokhatlo oa Jehova o fanang ka tsona. Empa sepheo sa hao e se ke ea e-ba hore u be le tsebo feela. U ikholise hore Lentsoe la Molimo ke ’nete u be u le sebelise bophelong ba hao. Moea oa Jehova o ka u thusa ho etsa joalo. Hape u khothatse Bakreste-’moho le uena. (Baheb. 10:​24, 25) Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa joalo? Hobane ke bana beno. Kopa Molimo hore a u fe moea o halalelang e le hore o u thuse ho fana ka likarabo tse tsoang pelong ha u le libokeng le hore u etse sohle se matleng a hao ho ipabola ha u fuoe kabelo libokeng. Ha u etsa tjena u tla be u bontša Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste hore u rata “linku” tsa bona.​—Joh. 21:​15-17.

17. U ka etsa’ng ho bontša hore u tšehetsa mokhatlo oa Jehova ka botšepehi?

17 Haufinyane mokhatlo ona oa Jehova oo a o tataisang ka moea oa hae e tla ba oona feela o tla sala o eme lefatšeng mona. Kahoo etsa sohle se matleng a hao ho sebelisana ’moho le oona. Bontša hore u rata batho kaofela joaloka Molimo ka hore u bolelle motho e mong le e mong eo u kopanang le eena litaba tse molemo. Bontša hore u motho oa khotso le ea hlophisehileng ka hore u kenye letsoho hore phutheho e momahane. Hape u mamele Jehova Morupeli e Moholo ka hore u amohele thuto eohle eo a fanang ka eona. Ha u ka etsa joalo, u ke ke oa otloa ke letsoalo ha lefatše lena la Satane le ea le habile bofelong. Empa u tla ema ka phatla e phahameng har’a batho ba sebeletsang Jehova ka botšepehi ba le ka har’a mokhatlo oa hae.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

^ ser. 5 Na u kholisehile hore Jehova o tsamaisa mokhatlo oa hae mehleng ee? Sehloohong sena re tl’o hlahloba hore na Jehova o ile a tataisa phutheho ea pele ea Bokreste joang le hore na mehleng ena o tsoela pele ho tataisa batho ba hae joang.

^ ser. 1 TLHALOSO: Mokhatlo oa Jehova o na le karolo e leholimong le karolo e lefatšeng. Sehloohong sena ha ho buuoa ka mokhatlo ho buuoa ka karolo e lefatšeng.

^ ser. 52 TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka mor’a hore morali’abo rona oa pula-maliboho a shebelle livideo tse bontšang Bakreste ba sebeletsang Jehova ba le linaheng tse ling moo tlhoko ea bahoeletsi e leng kholo, le eena o utloa a batla ho ba etsisa. O qetella a se a fihletse morero oa hae oa ho sebeletsa Jehova a le sebakeng seo ho sona ho hlokahalang bahoeletsi ba bangata.