Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ka Etsa’ng Hore U Thabe?

Lintho Tse Tla U Thusa Hore U Thabe

Lintho Tse Tla U Thusa Hore U Thabe

NA U MOTHO EA THABILENG? Haeba ho joalo, ke eng e etsang hore u thabe? Na ke tumelo ea hao, mosebetsi oa hao kapa ho ba ’moho le lelapa la hao? Mohlomong ho na le ntho eo u e lebeletseng ka tjantjello e etsang hore u thabe, e kang ho fumana mosebetsi, ho reka koloi kapa ho qeta sekolo.

Batho ba bangata ba nahana hore ba ka thaba ha ba fihletse litoro tsa bona kapa ba fumane ntho eo ba neng ba e batla. Na ba lula ba thabile ka lebaka la lintho tsee? Hangata li ba thabisa ka nakoana, e leng ho ka etsang hore ba nyahame.

Thabo ha se boikutlo boo motho a bang le bona hobane feela a e-na le chelete. Empa ke boikutlo boo motho a nang le bona ka linako tsohle ho sa tsotellehe hore na o na le eng kapa hore na maemo a hae a joang.

Kahoo, thabo ea sebele ha se ea nakoana empa motho o ba le eona bophelo bohle. Hape motho a ke ke a re a ka thaba hafeela a ka fumana chelete kapa ha maemo a hae a fetoha.

Ho etsa mohlala, a re bapise ho thaba le bophelo bo botle. Ha re batla ho phela hantle ’meleng, re ja lijo tse nepahetseng re be re ikoetlise. Ka tsela e tšoanang, ha re batla ho thaba re lokela ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng.

Ke lintho life tse ka re thusang hore re thabe? Li ngata, empa makasine ena e tla bua haholo ka tse latelang:

  • KHOTSOFALA U BE U FANE

  • LEKA HO PHELA HANTLE

  • RATA BATHO

  • TŠOARELA

  • TSEBA HORE NA U PHELELA’NG

  • E-BA LE TŠEPO

Buka e ’ngoe eo batho ba bangata ba ratang likeletso tsa eona, e re: “Ho thaba ba se nang molato litseleng tsa bona.” (Pesaleme ea 119:1) Makasineng ena re tl’o ithuta hore na re ka etsa’ng hore re thabe.