U Ka Etsa’ng Hore U Thabe?
Tšoarela
’Mè Patricia o re: “KE HOLETSE LELAPENG LEO HO NENG HO ROHAKANOA HO BILE HO TJOLIETSANOA. Ke ne ke se motho ea tšoarelang. Esita le ha ke se ke le moholo, ha motho a nkutloisitse bohloko ke ne ke mo koatela haholo hoo ke neng ke sitoa le ho bo hlotha. Ke ne ke qeta matsatsi a mangata ke lula ke nahana ka phoso eo a e entseng.” Ha motho a lula a halefile, ho hang a ke ke a thaba kapa hona ho phela hantle ’meleng le kelellong. Liphuputso li bontša hore batho ba sa tšoareleng . . .
-
Ba itšenyetsa likamano tse ntle tseo ba nang le tsona le batho ba bang ebe ba qetella ba setse e le metoai-toai
-
Hangata e ba lifela-peloana, ba tšoenyeha habonolo ebile ba imeloa haholo kelellong
-
Ba sitoa ho thaba hobane ba lula ba nahana ka liphoso tsa batho ba ba utloisitseng bohloko
-
Ba tšetšethoa ke letsoalo hobane ba utloa hore baa fosa ka ho se tšoarele batho ba ba sitetsoeng
-
Ba tšoenyeha haholo ebile ba kotsing ea ho tšoaroa ke mafu a kang lefu la pelo, phallo ea mali le serame sa masapo ebile ba ka tšoaroa ke hlooho hangata *
HO TŠOARELA. Ho tšoarela ha se ho tlolisa phoso mahlo, ho etsa eka phoso eo ha se letho kapa ho etsa eka ha oa utloa bohloko ka lebaka la eona. Empa ha u tšoarela motho e mong, u mo leballa phoso ea hae, u khaotsa ho mo koatela ka lebaka la eona ebile ha u nahane ka ho iphetetsa. U khetha ho mo tšoarela hobane ntho ea bohlokoa ho uena ke hore u bope khotso le motho ea u sitetsoeng hobane u mo rata.
Motho ea tloaetseng ho tšoarela o boetse oa bontša hore o nahanela batho. Oa utloisisa hore batho kaofela ke baetsalibe. (Baroma 3:23) Le Molimo oa utloisisa hore re baetsalibe. Ke kahoo ka Bibeleng a reng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.
Kaha lerato ke “tlamo e phethahetseng ea bonngoe,” re tla be re bontša hore re rata batho haeba re ba tšoarela. (Bakolose 3:14) Kahoo, ha re itloaetsa ho tšoarela . . .
-
Re tla phelisana ka khotso le batho, re be mosa ho bona ’me re ba nahanele leha ba re sitetsoe
-
Re tla ba le letsoalo le khutsitseng re be re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong
-
Re ke ke ra tšoenyeha haholo kapa ra halefela batho
-
Re ke ke ra imeloa haholo kelellong
ITŠOARELE. Makasine ea Disability & Rehabilitation e re le hoja ho ka ba thata haholo hore re itšoarele, ho etsa joalo ho tla re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ke’ng e ka re thusang hore re itšoarele?
-
Ha rea lokela ho nahana hore re tla etsa lintho hantle ka linako tsohle, empa re lokela ho amohela hore re tla lula re etsa liphoso.—Moeklesia 7:20
-
Re lokela ho ithuta liphosong tsa rona e le hore re tle re se ke ra li pheta
-
Re lokela ho ba le mamello hobane ho ka nka nako ho tlohella mekhoa e meng e fosahetseng eo re nang le eona.—Baefese 4:23, 24
-
Ho etsa setsoalle le batho ba mosa, ba re khothatsang, ba re tiisang ’moko le ba sa tšabeng ho re toba ho tla re thusa haholo.—Liproverbia 13:20
-
Haeba re utloisitse motho bohloko, re lokela ho lumela hore re entse phoso ’me re kope tšoarelo hang-hang. Ha re etsa joalo, re tla thaba.—Matheu 5:23, 24
BIBELE E TLA RE THUSA
’Mè Patricia eo ho builoeng ka eena qalong, o ile a qetella a se a tloaetse ho tšoarela ka mor’a hore a ithute Bibele. O re: “Hona joale ke utloa ke imolohile kaha joale ha ke sa le bohale joaloka pele. Ha ke sa lula ke utloile bohloko kapa hona ho utloisa batho bohloko ka ho se ba tšoarele. Likeletso tsa Bibele li nthutile hore Molimo oa re rata ebile o batla hore re thabe.”
Ntate e mong ea bitsoang Ron o re: “Nke ke ka khona ho laola batho hore ba se ke ba etsa lintho tse tla nkutloisa bohloko, empa nka khona ho ithiba hore ke se ke ka halefa ha ba nkutloisitse bohloko. Kahoo, ke ne ke lokela ho khaotsa ho halefela batho ha ba ntšitetsoe haeba ke batla ho ba le khotso le bona. Ke ile ka qala ho bona hore ke ne nke ke ka thaba le ho halefa ka nako e le ’ngoe. Hona joale ke na le letsoalo le khutsitseng.”
^ ser. 8 Litaba tsena li hlaha websaeteng ea Mayo Clinic le ea Johns Hopkins hammoho le makasineng ea Social Psychiatry and Psychiatric Epidemiology.