Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali ke bona ba rutang ngoana hore a be le lerato

THAROLLO

Boitsoaro bo Botle

Boitsoaro bo Botle

Bashanyana ba bang ba neng ba kena sekolo sa boemo bo phahameng se Canada ba ile ba qosetsoa ho hlekefetsa e mong ka motabo nakong eo ba neng ba etile ka sekolo. Ka mor’a ketsahalo eo, ntate Leonard Stern o ile a ngola koranteng ea Ottawa Citizen a re: “Ho ruteha, ho kena sekolo sa boemo bo phahameng kapa ho rua ha ho etse hore bana ba itšoare hantle.”

Ntate Stern o ile a boela a re: “Le hoja mosebetsi oa batsoali e le ho ruta bana ho itšoara hantle, ba bangata ba ruta bana ba bona hore ntho ea bohlokoa ke ho ruteha le ho ba le chelete e ngata.”

Kaofela ha rona re lokela ho kena sekolo. Leha ho le joalo, se ke ke sa re thusa ho qoba ho etsa lintho tse mpe. Ebe ke hokae moo batho ba ka thusoang hore ba itšoare hantle?

SEKOLO SA MEKHOA E METLE

Bibele e tšoana le seipone. Ha re e bala, e re thusa ho bona hore na re hloka ho itokisa hokae. (Jakobo 1:​23-25) Ha e felle moo, e boetse e re thusa ho bopa khotso le ho utloana le batho ba bang. Ha re ithuta eona re ba le mamello, boitšoaro, lerato, mosa hape re ba batho ba molemo. Bibele e re lerato ke “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:​14) Le fapana joang le makhabane aa a mang? Bibele ha e le hlalosa e re:

  • “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, . . . le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”​—⁠1 Bakorinthe 13:​4-8.

  • “Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe.”​—Baroma 13:10.

  • “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”​—1 Petrose 4:8.

Hangata ha motho a e-na le batho bao a ba ratang, o ikutloa a sireletsehile. Lebaka ke hobane oa tseba hore ha ba na merero e mebe ka eena. Kahoo, ba ke ke ba mo utloisa bohloko ka boomo ka tsela leha e le efe.

Ha motho a rata e mong a ka ba a tela le lintho tseo a li ratang. Mohlala, ha ntate George a e-ba le setloholo ka morali oa hae, o ne a se rata haholo a bile a rata ho lula a e-na le sona. Bothata e ile ea e-ba hore mokhoenyana oa hae o ne a sa rate ha a lula le ngoana hobane o ne a tsuba. Kaha ntate George o ne a rata setloholo sena sa hae haholo, o ile a tlohela ho tsuba le hoja a ne a se a e-na le lilemo tse 50 a tsuba.

Ha re ithuta Bibele re ba le mamello, boitšoaro, lerato, mosa hape re ba batho ba molemo

Ha ho na motho ea hlahang a se a ntse a e-na le lerato. Batsoali ke bona ba rutang bana ho rata ka hore ha ba le nyane ba ba fepe, ba ba sireletse hape ba ba thuse ha ba utloile bohloko kapa ba kula. Batsoali ba molemo ba qoqa le bana ba bona ebile baa ba ruta. Ba boetse baa ba khalemela, ha ba etsa joalo ba thusa bana ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. Batsoali ba molemo ba behela bana ba bona mohlala, ebe bana ba hola ba batla ho tšoana le bona.

Ka bomalimabe, batsoali ba bang ha ba phethe mosebetsi ona oa bona. Na e se e le hore ke phetho ka bana ba bona? Qha! Le haeba motho a sa holisoa hantle lapeng, o ntse a ka fetoha le ha a se a le moholo. Sehloohong se latelang re tl’o bona mehlala ea batho bao ho neng ho nahanoa hore ba ke ke ba fetoha le ka mohla.