Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BA ATLEHILE

Pale ea Ricardo le ea Andres

Pale ea Ricardo le ea Andres

Haeba re ithuta Bibele re tla atleha ho fetola tsela eo re phelang ka eona. Ricardo le Andres ke mehlala ea taba ena.

RICARDO: Ke qalile ho tsamaea le sehlopha sa linokoane ke sa le monyane haholo, ke le lilemo li 15. Ba ne ba e-na le tšusumetso e mpe ho ’na. Ke ne ke batla ho qeta lilemo tse 10 ke le teronkong. Mohlomong u ka ’na oa utloa e le bohlanya. Empa moo ke neng ke phela teng, batho ba ne ba hlomphuoa ha ba tsoa teronkong. Kahoo, le ’na ke ne ke batla ho tšoana le bona.

Ho ne ho se na ntho eo ba e etsang eo ’na ke sa e etseng. Ke ne ke sebelisa lithethefatsi, ke etsa thobalano ebile ke rata ho loana. Bosiung bo bong ha re ntse re thunyana le batho ba bang, ke ne ke bona hantle hore ke tl’o shoa, empa ka lehlohonolo ke ile ka pholoha. Ka mor’a moo, ke ile ka nahanisisa ka bophelo ba ka eaba ke qeta le maikutlo a ka hore ke lokela ho fetoha. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe hore na ke tla qala hokae le hore na ke mang ea tla nthusa.

Boholo ba batho bao ke amanang le bona ba ne ba e-na le mathata a mangata ebile ba sa thaba. Empa malome e mong oa ka le lelapa la hae ba ne ba lula ba thabile. E ne e le batho ba hantle ba bile ba rata Molimo. Ba ne ba kile ba mpolella hore lebitso la Molimo ke Jehova. Kahoo, ka mor’a ketsahalo eane ea ho thunyana, ke ile ka rapela, ka kopa Jehova hore a nthuse. Letsatsing le hlahlamang, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tla lapeng. Le hoja ke ne ke maketse, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le tsona.

Ho e-s’o ee kae ke ile ka ba le bothata ba metsoalle. Batho bao ke neng ke tloaelane le bona ba ne ba batla hore ke tsoele pele ke le motsoalle oa bona. Ke ile ka hana le hoja ho ne ho se bonolo. Ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ke ithuta Bibele. Bophelo ba ka bo ile ba fetoha, hona joale ke lula ke thabile. Ha ke ikoahlaee hore ebe ke entse qeto ena.

Ke hopola ka lekhetlo le leng ke joetsa Jehova hore ke ne ke batla ho qeta lilemo tse 10 teronkong e le hore batho ba ka ntlhompha. Eaba ke kopa hore a mphe bonyane lilemo tse 10 mosebetsi oa ka e le ho ruta batho ka eena. Kannete o arabetse thapelo ea ka kaha hona joale ke se ke e-na le lilemo tse 17 ke etsa mosebetsi oo. Ntho e monate ke hore ha kea ka ka kena le teronkong.

Boholo ba batho bao ke neng ke tloaelane le bona pele ba teronkong ha ba bang bona ba se ba bile ba hlokahetse. Ha ke tsebe hore na nka be ke le hokae ha e ne e se ka malome le lelapa la hae. Ba ne ba ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo ho sa tsotellehe hore na batho ba re’ng. Hona joale ke ba hlompha le ho feta batho ba tsoang teronkong. Hape ke leboha Jehova haholo kaha o nthutile hore na ke lokela ho phela joang.

ANDRES: Ke holetse sebakeng se tletseng batho ba lemaletseng lithethefatsi, ba utsoang, ba bolaeang le ba hoebang ka ’mele. Ntate oa ka e ne e le lekhoba la joala le lithethefatsi. ’Mè le Ntate ba ne ba lula ba loana le ho qhoelisana ka mantsoe.

Ke qalile ho noa le ho sebelisa lithethefatsi ke sa le monyane haholo. Boholo ba nako ke ne ke lula ke le seterateng ke rekisa lintho tseo ke li utsoitseng. Ntate o ile a leka ho ba motsoalle oa ka ka hore a nthute ho mokola lithethefatsi le ho li rekisa. Li ne li tsamaea ebile li etsa chelete e ngata. Kaha ke ne ke le mohlola-a-li-etsa, ka lekhetlo le leng ke ile ka ahloleloa lilemo tse hlano teronkong ka lebaka la teko ea polao.

Hoseng ho hong batšoaruoa kaofela ba ile ba mengoa hore ba tl’o mamela Lipaki Tsa Jehova ha li bua ka Bibele. Ka re le ’na nke ke hlahe. Ba ne ba bua lintho tse hlakileng, ke ha ke tla qala ho ithuta Bibele le bona. Ba ne ba otla sepekere hloohong, ba bua melao ea Molimo hantle kamoo e leng kateng.

Ke ile ka hlokomela hore ke hloka thuso e le hore ke fetohe, haholo-holo hobane batšoaruoa-’moho le ’na ba bang ba ne ba sa rate ha ke ithuta. Eaba ke kopa hore Jehova a mphe matla le bohlale ’me ha aa ka a ntšoetsa. Ka mor’a moo ke ile ka ba sebete hoo ke neng ke bua le batšoaruoa-’moho le ’na ka Bibele le hoja ba bang ba bona ba ne ba sa batle ha ke etsa joalo.

Ha e se e le nako ea ho ea hae, ke ne ke utloa ke tšohile hore na bophelo ba ka bo tl’o ba joang, eka nka se tsoe teronkong. Ha ke se ke tsamaea, batšoaruoa ba bang ba ne ba nqenehetse, ba bang ba bile ba re: “O tsamaee hantle hle monna!”

Ke tšerema mangole ha ke nahana hore na nka be ke le hokae hoja ka se ke ka ithuta Bibele. Kannete ke leboha Molimo ha a sa ka a ntlohela. *

^ ser. 15 Mehlala e meng ea batho ba ileng ba fetoloa ke Bibele e hlaha ho jw.org/st. Kena ho LITHUTO TSA BIBELE > KHOTSO LE THABO.