Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bothata ha boa lokela ho okoloa ka holimo feela

BATHO BA LEKILE

Sesosa sa Mathata

Sesosa sa Mathata

Na u nahana hore batho ba ka etsa hore re lule re sireletsehile? Re lokela ho tseba hantle hore na mathata a rona a bakoa ke eng e le hore re ka ba le tharollo.

Mohlala, ntate Tom o ne a le sepetlele a kula eaba qetellong oa hlokahala. Ngaka ea sepetleleng seo e re ha ho motho ea ileng a itšoenya ka ho batla hore na hantle bothata ba ntate Tom ke bofe. Ho bonahala eka lingaka tse neng li mo thusa pele li ne li mo fa meriana feela ho kokobetsa bohloko.

Ka tsela e tšoanang, batho ba leka ho felisa mathata empa ha ba khone ho felisa sesosa sa ’ona. Ka mohlala, babusi ba etsa melao, ba beha lik’hamera hohle ebile ba etsa hore ho be le mapolesa a mangata e le hore ba loantše tlolo ea molao. Le hoja mekhoa eo e sebetsa, ha e khone ho felisa mathata hobane boitšoaro ba batho bo susumetsoa ke menahano, maikutlo le lintho tseo ba li batlang.

Ntate Daniel ea lulang naheng e ’ngoe e Amerika Boroa eo moruo oa eona o putlameng o re: “Bophelo bo kile ba tloha bo le monate, ho se mohla re tšohang hore re tla utsoetsoa. Empa hona joale lintho li fetohile. Ha moruo o oela, batho ba hlahisa sebopeho sa bona, baa bontša hore ba meharo, ha ba hlomphe batho ba bang le lintho tsa bona ebile ha ba ba tsotelle.”

Ntate e mong ea bitsoang Elias ea neng a lula Bochabela bo Hare o ile a baleha ka lebaka la ntoa eaba hamorao o ithuta Bibele. O re: “Malapa a mangata le bo-ralipolotiki ba bangata ba kenang kereke ba ne ba khothalletsa bashanyana ho loana e le hore e be bahale. Bashanyana bohle ba ne ba rutoa taba ena ho sa tsotellehe hore na ba kena kereke hokae kapa na ke ba mokha ofe. Kannete ke ntho e bohloko ho tšepa batho.”

Keletso ea Bibele:

  • “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.”​—Genese 8:21.

  • “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?”​—Jeremia 17:9.

  • ‘Pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata le linyefolo.’​—Matheu 15:19.

Ha ho na motho ea ka etsang hore batho ba se ke ba utloisana bohloko. Ho fapana le hoo, batho ba ntse ba ba khopo ho ea pele joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng. (2 Timothea 3:​1-5) Hore batho ba rutehile kapa ba khona ho buisana le ha ba le libakeng tse fapaneng ha ho fetole letho. Ebe ke’ng e re sitisang ho lula re sireletsehile ebile re na le khotso lefatšeng? Kapa ke ntho eo re ke keng ra e khona ho hang? Hona na ho ka etsahala hore re sireletsehe re be re phele ka khotso?

NA RE KA KHONA?

Esita le haeba ka mohlolo batho ba ne ba ka etsa lintho tse nepahetseng, re ne re ke ke ra sireletseha lefatšeng. Lebaka ke hobane ha rea bopeloa ho busa batho ba bang.

Taba ke hore motho a ke ke a ‘tsamaisa mehato ea hae.’ (Jeremia 10:​23) Molimo ha aa re bopela hore re ipuse. Ho ipusa le ho batla ho busa batho ba bang ho tšoana hantle le ho batla ho phela ka metsing kapa sepaka-pakeng e leng lintho tse ke keng tsa khoneha.

Ha rea bopeloa ho busa batho ba bang joalokaha re sa bopeloa ho phela ka metsing

Mohlala, batho ha ba rate ho laeloa hore na ba phele joang. Ha ba batle ho ahloloa ha ba entse phoso, ho bolelloa hore na ba holise bana joang kapa ho bolelloa hore na ba ntše mpa kapa che. Batho ba qabanngoa ke lintho tse kang tsena. Ntho eo Bibele e e buang ke ’nete le hoja ho le thata ho e amohela. Ha se ntho e ka etsahalang hore motho a be le matla a ho laola ba bang ebe lintho li tsoela pele hantle. Ebe tharollo ke efe?

Molimo ke eena feela ea ka khonang ho re thusa kaha ke eena ea re bopileng. Oa re tsotella le hoja batho ba bangata ba nahana hore ha a na taba le rona. Bibele e re thusa ho tseba hore na o ikutloa joang ka rona. E boetse e re thusa ho itseba. Ha re e bala re tla tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba hlaheloa ke mathata. Rafilosofi e mong oa Mojeremane o re: “Batho le mebuso ha ba s’o ithute historing e le hore ba bone hore na ba ka lokisa hokae.”

KELETSO EA BIBELE EA RE SIRELETSA

Jesu o kile a re: “Bohlale bo pakoa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.” (Luka 7:​35) E ’ngoe ea likeletso e hlaha ho Esaia 2:​22 e reng: “Molemong oa lona, tlohelang motho oa lefatše, . . . etsoe a ka eloa hloko motheong oa eng?” Keletso ena e re thusa hore re se ke ra kholoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e tšepisang. Ntate Kenneth ea lulang toropong e ’ngoe e Amerika Leboea e tummeng ka tlolo ea molao o re: “Bo-ralipolotiki ba bangata ke barui ba litšepiso empa ha ho le e ’ngoe eo ba e phethang. Taba ena e nkholisa hore lintho tseo Bibele e li buang ke ’nete.”

Ntate Daniel eo re buileng ka eena pejana o re: “Letsatsi le letsatsi kea hlokomela hore motho ha aa etsetsoa hore a buse . . . Taba ea hore ebe motho o na le chelete e ngata ha e bolele hore o tla lula a phela hamonate. Bophelo ba batho ba bangata bo bosula le hoja ba e-na le chelete.”

Makasineng ena re tla bona kamoo Bibele e re thusang hore re se ke ra lumela litšepiso tse ke keng tsa phethahala le ho lula re e-na le tšepo.