Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kile oa Ipotsa

Na U Kile oa Ipotsa
  • Hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa felise lintho tse bohloko tse re hlahelang empa a re rata?

  • Hore na ehlile ke ’nete hore re phela mehleng ea bofelo?

  • Hore na lintho tse hlahang ka Bibeleng tse buang ka ’Muso oa Molimo li tla phethahala?

  • Hore na Bibele e ka u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

Kaha Molimo oa re rata, o re file likarabo tsa lipotso tsena le tse ling tse ngata. Haeba u batla ho fumana likarabo tseo, kena websaeteng ea rona ea www.pr418.com/st, e etselitsoeng ho thusa batho ho ithuta Bibele.

Websaeteng ena u tla fumana livideo, libuka, limakasine le lintho tse ling tse ngata ho akareletsa le Bibele. Lintho tsena kaofela ha li rekisoe.