Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Bophelo?

Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Bophelo?

KE HOBANE’NG HA HO HLOMPHA BOPHELO HO LE BOHLOKOA?

Ha u etsa lintho tse behang bophelo ba hao le ba batho ba bang kotsing, sena se bontša hore ha u hlomphe bophelo ba hao kapa ba batho ba bang.

  • Ho tsuba ho ka u bakela kankere ’me ha etsa hore ho be thata hore ’mele oa hao o e loantše. Batho ba bangata ba bolailoe ke kankere ea matšoafo hobane ba ne ba tsuba kapa motho ea haufi le bona o ne a tsuba.

  • Ha ho e-ba le moferefere oa ho thunyana, batho ba bangata baa tšoenyeha. Tlaleho ea Univesithi ea Stanford e United States e re: “Lipatlisiso li bontša hore le hoja bana ba bang ba sa ka ba lemala nakong ea meferefere e etsahalang likolong empa ba sala ba e-na le mathata maikutlong le kelellong ka lilemo tse ngata.”

  • Batho ba khannang ba tahiloe kapa ba sebelisitse lithethefatsi ba beha bophelo ba batho ba bang ba khannang kotsing, esita le ba batho ba tsamaeang ka maoto. Ha batho ba sa hlomphe bophelo, sena se ka beha le bophelo ba batho ba se nang molato kotsing.

U KA BONTŠA JOANG HORE U HLOMPHA BOPHELO?

Itlhokomele ’meleng. Tlohella lintho tse ka behang bophelo ba hao kotsing, joaloka ho tsuba, vaping, ho noa haholo kapa ho sebelisa lithethefatsi. Ho etsa lintho tsena ho ka bontša hore ha u hlomphe bophelo ba hao le ba batho ba pel’a hao, ba akarelletsang ba lelapa.

“A re itlhoekiseng ’meleng.”—2 Bakorinthe 7:1.

Ameha ka tšireletseho ea hao le ea batho ba bang. Etsa bonnete ba hore ntlo ea hao e lula e le maemong a matle, e le ho qoba lintho tse ka behang bophelo ba batho kotsing. Khanna hantle u be u etse bonnete ba hore koloi ea hao e lula e le maemong a matle. U se ke oa lumella batho ba bang hore ba u susumeletse ho etsa lintho tse ka u ntšang kotsi kapa tsa ntša batho ba bang kotsi ha esita le ho le bolaea.

“Haeba u haha ntlo, u etse le lebota le lekhutšoanyane ho potoloha marulelo a hao e le hore uena le ba lelapa la hao le se ke la e-ba le molato oa mali hobane motho a oele a le ho eona.”—Deuteronoma 22:8. a

E-ba motho ea mosa. Ha re hlompha bophelo, re tla ba mosa ho batho ba tsoang merabeng le linaheng tse ka ntle esita le ba sa etseng lintho joaloka rona. Khethollo le lehloeo ke tsona lintho tse ka sehloohong tse etsang hore ho be le lintoa tse ngata hakana lefatšeng.

“Lehloeo, bohale, ho etsa lerata le halefile le lipuo tse hlabang hammoho le lintho tsohle tse mpe li se ke tsa e-ba teng har’a lona. Empa le bontšane mosa.”—Baefese 4:​31, 32.

LIPAKI TSA JEHOVA LI ETSA’NG HO BONTŠA HORE LI HLOMPHA BOPHELO?

Lipaki Tsa Jehova li khothaletsa batho hore ba amehe ka ho ba le bophelo bo botle. Ha re ntse re ithuta Bibele le batho, ba ile ba hlokomela hore Bibele e ka ba thusa ho tlohella mekhoa e ka behang bophelo ba bona kotsing, e joaloka ho noa haholo, ho tsuba esita le ho sebelisa lithethefatsi.

Ha re etsa liprojeke tsa rona tsa kaho re latela melao eohle ea tšireletseho. Baithaopi ba ahang libaka tsa rona tsa borapeli hammoho le meaho e meng eo re e sebelisang, ba rupeloa ka thata hore na ba ka etsa’ng ho qoba likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Meaho ea rona e hlahlojoa ka makhetlo a mangata ho etsa bonnete ba hore e ntse e le maemong a matle, ho latela melao ea tšireletseho ea sebakeng seo e leng ho sona.

Re thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa. Likhoeling tse 12 tse fetileng, re ile ra thusa likoluoeng tse ka bang 200 tse bileng teng likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ’me ra sebelisa chelete e ka etsang lidolara tse limilione tse 12 ho thusa batho ba anngoeng ke likoluoa tsena.

Ka selemo sa 2014 ha lefu la Ebola le ne le hlasela Linaha Tse Bophirimela ho Afrika le ka 2018 ha le ne le hlasela Democratic Republic of Congo, re ile ra ruta batho hore na ba ka etsa’ng hore ba se ke ba tšoaetsoa ke lefu lena. Re ile ra romela baemeli ba rona hore ba buisane le batho ka sehlooho se reng “Ho Mamela ho Pholosa Bophelo.” Re ile ra etsa libaka tseo batho ba ka hlapelang matsoho ho tsona pele ba ka kena libakeng tsa rona tsa borapeli ’me ra hlalosa bohlokoa ba ho hlapa matsoho le ho nka mehato e meng ea ho itšireletsa hore ba se ke ba tšoaetsoa ke lefu lena.

Naheng ea Sierra Leone ho ile ha lebohuoa Lipaki Tsa Jehova seea-le-moeeng ka hore li ile tsa thusa Lipaki-’moho le batho bao eseng Lipaki hore ba qobe ho tšoaetsoa ke lefu lena la Ebola.

Moo ho hlapeloang matsoho teng ka selemo sa 2014 ha lefu la Ebola le ne le hlasetse naha ea Liberia

a Ha batho ba lulang Bochabela bo Hare ba ne ba aha matlo a bona, ba ne ba sebelisa keletso ena ho sireletsa ba malapa a bona esita le batho ba bang.