Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banyalani ba tla lula ba ratana haeba ba buisana ka tsela e bontšang hore baa hlomphana

BAKENG SA BANYALANI

3 Ho Hlomphana

3 Ho Hlomphana

HO BOLELA’NG?

Haeba banyalani ba hlomphana, ba tla lula ba ratana leha ho e-na le ntho eo ba sa lumellaneng ka eona. Buka e bitsoang Ten Lessons to Transform Your Marriage e re: “Ha banyalani ba hlomphana, motho ka mong a ke ke a tsekella hore ho etsoe ntho e batloang ke eena. Ho e-na le hoo, ba tla lula ba buisana ka lintho tseo ba sa lumellaneng ka tsona. Ha ba ntse ba buisana ba tla mamelana ka hloko, ba leke ho bona hore na ke’ng eo ba ka e etsang e tla ba tsoela molemo ba le babeli.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.

“Ha ke hlompha mosali oa ka, kea bontša hore o bohlokoa haholo ho ’na le hore ha ke batle ho etsa eng kapa eng e tla mo utloisa bohloko kapa e senye lenyalo la rona.”—Micah.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Haeba banyalani ba sa hlomphane, ba ka qetella ba tšoaeana liphoso, ba phoqana kapa ba tellana ha ba buisana. Litsebi li re ha ba etsa joalo, ho na le monyetla o moholo oa hore ba hlalane.

“Haeba u bua lintho tse mpe ka mosali oa hao kapa u soasoa ka eena, o tla qetella a utloile bohloko, a se a sa u tšepe ebile lenyalo la lona le tla senyeha.”—Brian.

U KA ETSA’NG?

ITLHAHLOBE

Qeta beke u shebile ka hloko hore na u tšoara molekane oa hao joang le hore na u bua le eena joang. Ka mor’a moo, ipotse lipotso tsena:

  • ‘Ke tšoaile molekane oa ka liphoso ka makhetlo a makae, ka mo babatsa ka a makae?’

  • ‘Ke ile ka etsa’ng e bontšang hore ke hlompha molekane oa ka?’

BUISANA LE MOLEKANE OA HAO

  • Ke lintho life tseo re ka li buang le tseo re ka li etsang tse tla re thusa ho hlomphana?

  • Ke lintho life tseo re li etsang le tseo re li buang tse etsang hore re utloe eka rea tellana?

LIKELETSO

  • Ngola litsela tse tharo tseo ka tsona u batlang hore molekane oa hao a u hlomphe. E-re le eena a etse joalo. Ka mor’a moo, bala lintho tseo a li ngotseng u be u sebeletse ho li etsa, ebe le eena o bala tseo u li ngotseng a be a sebeletse ho li etsa.

  • Ngola makhabane ao molekane oa hao a nang le ’ona. Ka mor’a moo, mo bolelle hore oa mo rata ka lebaka la makhabane ao.

“Ha ke etsa lintho tse bontšang hore ke nka molekane oa ka a le bohlokoa haholo le hore ke batla hore a lule a thabile, ke tla be ke mo hlompha. Ha ho hlokahale hore ke be ke etse letho le mohlolo. Hangata lintho tse nyane tseo ke mo etsetsang tsona le tseo ke li buang ke tsona tse bontšang hore ke fela ke mo hlompha.”—Megan.

Taba ea bohlokoa ke hore na molekane oa hao o bona u mo hlompha kapa u sa mo hlomphe, eseng hore na uena u bona eka oa mo hlompha.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.