Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho mamela batsoali ba hao ho tšoana le ho patala sekoloto bankeng. Haeba u patala hantle, le ka moso ha u batla sekoloto u tla se fuoa

BAKENG SA BACHA

10 Ho Tšepahala

10 Ho Tšepahala

HO BOLELA’NG?

Motho ea tšepahalang o mamela melao eo a e filoeng, o phethahatsa litšepiso tsa hae ebile o lula a bua ’nete. Ha motho a tšepahala o etsa hore batsoali, metsoalle le bahiri ba hae ba mo tšepe.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Haeba u le motho ea tšepahalang, batho ba tla u tšepela lintho tse ngata.

“Ntho e tla u thusa hore batsoali ba hao ba u tšepe ke hore u bontše hore u na le boikarabelo ka linako tsohle.”—Sarai.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 Bakorinthe 13:5.

U KA ETSA’NG?

Haeba u batla ho tšepahala kapa u batla hore batho ba boele ba u tšepe, lintho tse latelang li ka u thusa.

Bua ’nete. Batho ba tla khaotsa ho u tšepa haeba u le motho ea leshano. Empa haeba u tloaetse ho bua ’nete ebile u sa pate liphoso tsa hao, ba tla u tšepa.

“Ho bonolo hore u bue ’nete ha lintho li u tsamaela hantle. Empa batho ba tla u tšepa le ho feta ha u bua ’nete ka phoso eo u e entseng le hoja e u hlahisa hampe.”—Caiman.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

Tšepahala. Litsebi li ile tsa etsa lipatlisiso naheng ea Amerika. Li ile tsa fumana hore e ’ngoe ea lintho tse kholo tseo boholo ba beng ba likhoebo ba li shebang ha ba hira batho, ke hore na baa tšepahala. Ho itloaetsa ho tšepahala hona joale ho tla u thusa leha u se u le moholo.

“Batsoali ba ka baa hlokomela hore ke na le boikarabelo ha ke etsa mosebetsi oo ba mphileng oona ba sa tlamehe ho ntšala morao. Ba ntšepa le ho feta ha ke lula ke bontša hore ke holile.”—Sarah.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ke tšepile hore u tla lumellana le sena, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang lintho tseo ke li bolelang.”—Filemone 21.

E-ba le mamello. Batho ba hlokomela kapele hore u ntse u hola, empa ho ka ba nka nako e telele pele ba hlokomela hore u se u holile kelellong le hore u na le boikarabelo. Kahoo, u lokela ho ba le mamello.

“U se ke oa lebella hore batsoali ba hao le batho ba bang ba u tšepe ka lebaka la ketso e le ’ngoe feela e lokileng eo u e entseng. Le hoja ho ka nka nako hore ba u tšepe, haeba u lula u bontša hore u na le boikarabelo, ba tla qetella ba se ba u tšepa.”—Brandon.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ikapese . . . tiisetso.”—Bakolose 3:12.