Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho itloaetsa ho sebetsa ka thata ho tšoana le ho ikoetlisa hobane ho tla u tsoela molemo hona joale le nakong e tlang

BAKENG SA BACHA

11 Ho Sebetsa ka Thata

11 Ho Sebetsa ka Thata

HO BOLELA’NG?

Batho ba khothetseng ha ba balehe mosebetsi. Empa ba thabela ho sebetsa le haeba ba etsa mosebetsi oo batho ba o khellang fatše, e le hore ba tsebe ho itlhokomela le ho thusa batho ba bang.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Re tlameha ho sebetsa ka thata re rata kapa re sa rate. Le hoja batho ba bangata ba le botsoa, ho sebetsa ka thata ho tla u tsoela molemo.—Moeklesia 3:13.

“Ke hlokometse hore ho sebetsa ka thata ho etsa hore ke be motlotlo ebile hoa nkhotsofatsa. Ke se ke bile ke rata ho sebetsa. Hape, motho ea tloaetseng ho sebetsa ka thata o iketsetsa lebitso le letle.”—Reyon.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo.”—Liproverbia 14:23.

U KA ETSA’NG?

Ho etsa lintho tse latelang ho tla u thusa hore u rate ho sebetsa.

Ithute ho etsa mosebetsi hantle. Sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo u o etsang, ebang ke oa sekolo, oa lapeng kapa oo u o etsang bakeng sa ho iphelisa. Ha u se u tloaetse ho etsa mosebetsi hantle, etsa lintho tse tla u thusa ho lula u o ntlafatsa. Ha u etsa joalo u tla thabela ho sebetsa.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena; a ke ke a ema ka pel’a batho feela ba tloaelehileng.”—Liproverbia 22:29.

Nahanela batho ba bang. Ha u itloaetsa ho sebetsa hantle mosebetsing oo u o fuoeng, u thusa batho ba bang. Mohlala, batsoali ba hao le bana beno ha ba na utloa u ba imetsa haeba u sebetsa ka thata ho ba thusa ka mosebetsi oa lapeng.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Itele. Ho e-na le hore u etse feela lintho tseo u kopuoeng ho li etsa, u ka ba oa etsa le mesebetsi e meng eo u sa kopuoang hore u e etse. Ha u etsa joalo, u tla bontša hore u holile kaha u tla be u etsa mosebetsi ka ho rata, eseng hobane feela ho itsoe u o etse.—Matheu 5:41.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ketso e molemo ea hao e se ke ea e-ba joalokaha eka ke ka ho qobelloa, empa e be ea boithatelo ba hao.”—Filemone 14.

U se ke oa fetelletsa lintho. Batho ba tloaetseng ho sebetsa ka thata ha ba botsoa, empa le teng ha se hore ha ba phomole. Le hoja ba rata ho sebetsa ka thata, ba boetse ba ipha nako ea ho phomola.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6.