Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela

Selelekela

Ruta Ngoana oa Hao Lithuto Tsena Tse Tšeletseng

U batla hore ngoana oa hao e be motho ea joang ha a hola:

  • Ea khonang ho itšoara?

  • Ea ikokobelitseng?

  • Ea mamellang?

  • Ea nang le boikarabello?

  • Ea nkelang lintho hloohong?

  • Ea tšepahalang?

Ho ke ke ha iketsahalla feela hore bana ba be le makhabane ana. Ba hloka hore u ba thuse.

Makasine ena e bua ka lithuto tse tšeletseng tseo u ka li rutang bana ba hao e le hore ba tle ba be le bokamoso bo chabileng.