SEHLOOHO SE KA NTLE
U ka Itšireletsa Joang Khahlanong le Mafu?
’Mele ea rōna e loantšana le mafu a kotsi letsatsi le letsatsi. Lintho tse kang baktheria le likokoana-hloko lia re kulisa. * U ke ke ua hlokomela ha ’mele oa hao o ntse o loantša likokoana-hloko tsena kaha o li loantša le pele li ka baka mafu kapa matšoao a ’ona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling likokoana-hloko li ka u kulisa ebe u lokela ho matlafatsa masole a hao a ’mele ka hore u noe meriana.
Ka lilemo tse ngata, batho ba ne ba sa tsebe kotsi e bakoang ke likokoana-hloko. Eaba ka 1801 ho ea ho 1900, bo-rasaense baa hlokomela hore likokoana-hloko li baka mafu ’me seo sa etsa hore batho ba khone ho itšireletsa khahlanong le ’ona. Ho tloha ka nako eo, bafuputsi ba khonne ho fokotsa palo ea batho ba tšoeroeng ke mafu a tšoaetsanoang a kang sekholopane (smallpox) le pholio. Leha ho le joalo, morao tjena mafu a kang feberu, a khutlile. Hobane’ng? Nahana ka mabaka ana:
-
Selemo le selemo batho ba limilione ba etela linaheng tse ling ’me hangata ba jala likokoana-hloko tse bakang mafu. Buka e ’ngoe e buang ka mafu e re: “Ho bonolo hore batho ba tsamaeang ka sefofane ba tsoang libakeng tse fapa-fapaneng lefatšeng, ba jale mafu a tšoaetsanoang.”
-
Likokoana-hloko tse ling li hlōla meriana. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re: “Haufinyane ho tla ba le nako eo mafu a tloaelehileng a tla hana ho phekoleha . . . ’me a bolaee batho.”
-
Hangata lintoa le bofutsana li etsa hore mebuso e thatafalloe ke ho laola mafu a ntseng a ata.
-
Batho ba bangata ha ba tsebe hore na ba etse’ng e le hore ba thibele mafu.
Le hoja ho e-na le lintho tse ngata hakaalo tse ka re kulisang, ho na le seo u ka se etsang e le hore u itšireletse hammoho le ba lelapa la hao. Sehlooho se latelang se tla bontša hore esita le linaheng tse futsanehileng, ho na le lintho tse bonolo tseo u ka li etsang.
^ par. 3 Boholo ba likokoana-hloko ha li bake mafu. Lihlooho tse latelang li bua ka likokoana-hloko tse ka u kulisang.