Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno

Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno

Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno

“Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka.”—MATTHEU 24:9.

1. Ke eng e lokelang ho ba letšoao le khethollang la Bokreste?

HO IKAROLA lefatšeng e ne e le letšoao le khethollang Bakreste ba pele. Ha Kreste a rapela Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, o ile a re ka barutuoa ba hae: “Ke ba file lentsoe la hao, ’me lefatše le ba hloile, kahobane e se ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:14) Ha a bitselitsoe ka pele ho Ponse Pilato, Jesu o ile a bolela: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Johanne 18:36) Ho ikarola lefatšeng ha Bokreste ba pele ho tiisoa ke Mangolo a Segerike a Bakreste le bo-rahistori.

2. (a) Na ho ne ho tla ba le ho fetoha ha kamano e pakeng tsa balateli ba Jesu le lefatše ka mor’a nako? (b) Na ’Muso oa Jesu o ne o lokela ho tla ka ho fetoloa ha lichaba?

2 Na Jesu hamorao o ile a senola hore ho tla ba le phetoho kamanong e pakeng tsa balateli ba hae le lefatše le hore ’Muso oa hae o ne o tla tla ka hore lefatše le fetohele Bokresteng? Che. Ha ho letho leo balateli ba Jesu ba ileng ba bululeloa ho le ngola ka mor’a lefu la hae le neng le fana leha e le ka maikutlo a ntho e joalo. (Jakobo 4:4 [e ngotsoeng pejana ho 62 C.E.]; 1 Johanne 2:15-17; 5:19 [e ngotsoeng hoo e ka bang ka 98 C.E.]) Ho fapana le hoo, Bibele e amahanya “ho ba teng” ha Jesu le “ho tla” ho neng ho tla latela ka matla a ’Muso le “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” ho finyellang tlhōrōng ka “bofelo” ba eona, kapa timetso. (Mattheu 24:3, 14, 29, 30, NW; Daniele 2:44; 7:13, 14) Pontšong eo Jesu a ileng a fana ka eona ea pa·rou·siʹa ea hae, kapa ho ba teng, o ile a re ka balateli ba hae ba ’nete: “Le tla neeloa ho tšoenngoa, le tla bolaoa, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka.”—Mattheu 24:9.

Bakreste ba ’Nete Kajeno

3, 4. (a) Encyclopedia ea K’hatholike e hlalosa Bakreste ba pele joang? (b) Lipaki tsa Jehova le Bakreste ba pele ba hlalosoa joang ka mantsoe a tšoanang?

3 Ke sehlopha sefe sa bolumeli kajeno se ikhapetseng botumo ba ho tšepahala melao-motheong ea Bokreste le ho ikarola lefatšeng lee, seo litho tsa sona li hlouoeng ’me li hlorisoang? Ke mokhatlo ofe oa Bokreste oa lefatše lohle o lumellanang litšobotsing tsohle le litlaleho tsa histori tsa Bakreste ba pele? Mabapi le bana, New Catholic Encyclopedia e re: “Sechaba sa Bakreste ba pele, le hoja pele se ne se talingoa e le sehlotšoana se seng feela sa bokhelohi tikolohong ea Bajode, se ile sa ipaka se khethehile lithutong tsa sona tsa bolumeli, ’me haholo-holo chesehong ea litho tsa sona, tse neng li sebeletsa e le lipaki tsa Kreste ‘Judea eohle le Samaria eohle esita le ho isa lipheletsong tsa lefatše’ (Liketso 1.8).”—Moqolo 3, leqephe 694.

4 Hlokomela lipolelo “se ne se talingoa e le sehlotšoana se seng feela sa bokhelohi,” “se khethehile lithutong tsa sona,” “chesehong . . . e le lipaki.” Joale hlokomela kamoo encyclopedia e tšoanang e hlalosang Lipaki tsa Jehova: “Sehlotšoana sa bokhelohi sa . . . Lipaki se kholisehile ka ho tebileng hore bofelo ba lefatše bo tla tla nakong ea lilemo tse seng kae feela. Tumelo ena e hlakileng e bonahala e le ’ona matla a maholo a susumetsang cheseho ea tsona e sa khathaleng. . . . Tlamo ea sehlooho ea setho se seng le se seng sa sehlotšoana sena sa bokhelohi ke ho pakela Jehova ka ho tsebahatsa ’Muso oa Hae o atamelang. . . . Li nka Bibele e le oona feela mohloli oa tsona oa tumelo le molao oa boitšoaro . . . Ho ba Paki ea ’nete motho o tlameha ho ruta ka mokhoa o nang le katleho ka tsela e ’ngoe e itseng.”—Moqolo 7, maqephe 864-5.

5. (a) Lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li ikhetha lintlheng life? (b) Fana ka mehlala e bontšang hore litumelo tsa Lipaki tsa Jehova li tumellanong le Mangolo.

5 Lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li ikhetha lintlheng life? New Catholic Encyclopedia e bolela tse seng kae: “[Lipaki tsa Jehova] li nyatsa thuto ea Boraro-bo-bong hobane e le borapeli ba litšoantšo ba bohetene . . . Li talima Jesu e le Paki ea Jehova e phahameng ka ho fetisisa, ‘molimo [a god]’ (kamoo li fetolelang Johanne 1.1), a le ka tlaase ho Jehova feela. . . . O ile a shoa e le motho ’me a tsosoa e le Mora oa moea ea sa shoeng. Matšoenyeho a hae le lefu ke theko eo a ileng a e lefa ho boela a fumanela moloko oa batho tokelo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ka sebele, ‘bongata bo boholo’ (Ap 7.9) ba Lipaki tsa ’nete bo na le tšepo ea Paradeise e lefatšeng; ke ba 144 000 feela ba tšepahalang (Ap 7.4; 14.1, 4) ba ka thabelang khanya ea leholimo le Kreste. Ba khopo ba tla timetsoa ka ho feletseng. . . . Kolobetso—eo Lipaki li e etsang ka ho qoelisa . . . [ke] ponahatso ea ka ntle ea boinehelo ba tsona tšebeletsong ea Jehova Molimo. . . . Lipaki tsa Jehova li hapile thahasello ka ho hana ho enteloa mali methapong . . . Boitšoaro ba tsona ba lenyalo le ba likamano tsa botona le botšehali bo tiile.” Lipaki tsa Jehova li ka ikhetha maemong ana, empa boemo ba tsona lintlheng tsena tsohle bo theiloe ka ho tiileng Bibeleng.—Pesaleme ea 37:29; Mattheu 3:16; 6:10; Liketso 15:28, 29; Ba-Roma 6:23; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 8:6; Tšenolo 1:5.

6. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa boloka boemo bofe? Hobane’ng?

6 Buka eo ea Roma e K’hatholike e phaella ho bolela hore ka 1965 (selemo seo kamoo ho bonahalang ka teng e leng seo sehlooho sena se ileng sa ngoloa ka sona) “Lipaki li ne li sa italime e le karolo ea tikoloho eo li neng li phela ho eona.” Kamoo ho bonahalang ka teng mongoli oa eona o ne a nahana hore ha nako e ntse e e-ea ’me Lipaki tsa Jehova li ntse li eketseha ’me li nka “litšobotsi tse eketsehileng tsa kereke ho fapana le tsa sehlotšoana sa bokhelohi,” li ne li tla fetoha karolo ea lefatše lena. Empa ha hoa ba joalo. Kajeno, ho na le Lipaki tse imenang hane ho feta ka 1965, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa boloka boemo ba tsona mabapi le lefatše lena li sa thekesele. “Hase ba lefatše,” joalokaha Jesu e ne e se “oa lefatše.”—Johanne 17:16.

Ba Ikarotse Empa ha ba na Lehloeo

7, 8. Joaloka Bakreste ba pele, ke eng e tšoanang ka Lipaki tsa Jehova kajeno?

7 Ha Robert M. Grant a qotsa boitšireletso ba Bakreste ba pele bo boletsoeng ke mosireletsi oa tumelo oa lekholo la bobeli la lilemo Justin Martyr, o ile a ngola bukeng ea hae Early Christianity and Society: “Haeba Bakreste ba ne ba amehile ka ho phethola mebuso ba ne ba tla lula ba ipatile hore ba finyelle pakane ea bona. . . . Ke balekane ba moemphera ba ka sehloohong morerong oa khotso le khutso.” Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova kajeno li tsejoa lefatšeng ka bophara e le baahi ba ratang khotso le ba laolehileng. Mebuso, ea mefuta eohle, ea tseba hore ha ea lokela ho tšoha Lipaki tsa Jehova ka letho.

8 Mongoli oa lihlooho tsa likoranta tse hlahisang maikutlo a bahlophisi oa Amerika Leboea o ile a ngola: “Ke mohopolo o leeme le o tletseng pelaelo o ka lumelang hore Lipaki tsa Jehova ke tšokelo tsamaisong efe kapa efe ea bopolotiki; ha ba na maikutlo a ho phethola ’muso ka sekhukhu ’me ba rata khotso joalokaha sehlopha sa bolumeli se lokela.” Jean-Pierre Cattelain bukeng ea hae L’objection de conscience (Conscientious Objection), oa ngola: “Lipaki li ikokobeletsa ba boholong ka ho feletseng ’me ka kakaretso li utloa melao; li lefa lekhetho la tsona ’me ha li batle ho belaela, ho fetola, kapa ho senya mebuso, hobane ha li itšoenye ka liketsahalo tsa lefatše lena.” Cattelain o phaella ka hore ke feela ha ’Muso oa Naha o batla bophelo ba tsona, tseo li bo nehetseng ka ho feletseng ho Molimo, moo Lipaki tsa Jehova li hanang ho mamela. Tabeng ena li tšoana haufi-ufi le Bakreste ba pele.—Mareka 12:17; Liketso 5:29.

Ho Utloisisoa Hampe ke Babusi

9. Mabapi le ho ikarola lefatšeng, ke phapang efe e ikhethang e teng pakeng tsa Bakreste ba pele le Mak’hatholike a mehleng ee?

9 Baemphera ba bangata ba Roma ba ne ba na le kutloisiso e fosahetseng ka Bakreste ba pele ’me ba ne ba ba hlorisa. Ha e bontša lebaka la seo, The Epistle to Diognetus, eo ba bang ba nahanang hore e ngotsoe lekholong la bobeli la lilemo C.E., ea bolela: “Bakreste ba phela lefatšeng, empa ha ba itsoakanye le lefatše.” Ka lehlakoreng le leng, Mokhatlo oa Bobeli oa Vatican, ho Dogmatic Constitution on the Church, o ile oa bolela hore Mak’hatholike a lokela ho “batla ’muso oa Molimo ka ho kenella litabeng tsa lefatše” le ho “sebeletsa khalaletso ea lefatše ba le ka hare.”

10. (a) Bakreste ba pele ba ne ba talingoa joang ke babusi? (b) Hangata Lipaki tsa Jehova li talingoa joang, ’me li itšoara joang?

10 Rahistori E. G. Hardy o bolela hore baemphera ba Roma ba ne ba nka Bakreste ba pele e le “batho ba nang le cheseho e feteletseng ba batlang ba nyatseha.” Rahistori oa Lefora Étienne Trocmé o bua ka “nyeliso eo liofisiri tse latelang meetlo tsa Bagerike le Baroma li neng li tšoara seo li neng li se talima e le sehlotšoana sa bokhelohi se sa tloaelehang haholo sa Bochabela [Bakreste].” Ngollano pakeng tsa Pliny e Monyenyane, ’musi oa Moroma oa Bithynia, le Moemphera Trajan e bontša hore babusi bao ka kakaretso ba ne ba sa tsebe boemo ba ’nete ba Bokreste. Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova hangata li utloisisoa hampe ’me ebile li hlouoe ke babusi ba lefatše. Leha ho le joalo, sena ha se makatse kapa ho nyahamisa Lipaki.—Liketso 4:13; 1 Petrose 4:12, 13.

“Hohle ho Buuoa Khahlanong le Sona”

11. (a) Ke lintho life tse ileng tsa boleloa ka Bakreste ba pele, ’me ho ’nile ha thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa nke karolo lipolotiking?

11 Ho ile ha thoe ka Bakreste ba pele: “Ha e le mabapi le sehlotšoana sena sa bokhelohi rea tseba hore hohle ho buuoa khahlanong le sona.” (Liketso 28:22, NW) Lekholong la bobeli la lilemo C.E., Celsus oa mohetene o ile a bolela hore Bokreste bo ne bo ipiletsa ho batho ba se nang thuso sechabeng. Ka ho tšoanang ho ’nile ha boleloa hore Lipaki tsa Jehova “haholo-holo, li tsoa har’a batho ba futsanehileng sechabeng.” Rahistori oa kereke Augustus Neander o ile a tlaleha hore “Bakreste ba ne ba tšoantšoa le banna ba shoeleng lefatšeng, ’me ba se nang thuso maemong ’ohle a bophelo; . . . ’me ho ile ha botsoa, hore na morero oa bophelo e tla ba ofe, haeba bohle ba ne ba tšoana le tsona?” Hobane Lipaki tsa Jehova ha li nke karolo lipolotiking, le tsona hangata li qosoa ka hore ke batho ba se nang thuso sechabeng. Empa ke joang e ka bang batšehetsi ba lipolotiki ’me ka nako e tšoanang ea e-ba babuelli ba ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea moloko oa batho? Lipaki tsa Jehova li nka mantsoe a moapostola Pauluse ka ho teba: “U nke karolo ho utloeng bohloko joaloka lesole le molemo la Kreste Jesu. Ha ho lesole le tšebeletsong le tšoarehang lithahasellong tsa sechaba, kaha sepheo sa lona ke ho khotsofatsa ea le khethileng.”—2 Timothea 2:3, 4, Revised Standard Version, Ecumenical Edition.

12. Ke ntlheng efe ea bohlokoa ea ho ikarola eo Lipaki tsa Jehova li tšoanang le Bakreste ba pele?

12 Moprofesa K. S. Latourette bukeng ea hae A History of Christianity, oa ngola: “E ’ngoe ea litaba tseo Bakreste ba pele ba neng ba sa utloane le lefatše la Bagerike le Baroma ka eona e ne e le ho nka karolo ntoeng. Lilemong tsa pele tse makholo a mararo ha ho buka ea Bokreste e ’nileng ea pholoha ho tla fihla nakong ea rōna e neng e tšehetsa ho nka karolo ha Bakreste ntoeng.” Buka ea Edward Gibbon The History of the Decline and Fall of the Roman Empire e re: “Ho ne ho ke ke ha etsahala hore Bakreste, ka ntle ho ho latola tšebeletso e halalelang haholo, ba ka nka karolo ea masole, bo-’maseterata, kapa mahosana.” Ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova li nka boemo bo tiileng ba ho se nke lehlakore ’me li latela melao-motheo ea Bibele e behiloeng ho Esaia 2:2-4 le Mattheu 26:52.

13. Ke qoso efe e lebisitsoeng ka matla ho Lipaki tsa Jehova, empa linnete li bontša eng?

13 Lira tsa Lipaki tsa Jehova li li qosa ka ho qhala malapa. Ke ’nete, ho na le liketsahalo tsa ho arohana ha malapa ha setho se seng kapa litho tse eketsehileng e e-ba Lipaki tsa Jehova. Jesu o ile a bolela esale pele hore sena se tla etsahala. (Luka 12:51-53) Leha ho le joalo, lipalo li bontša hore manyalo a qhalanang ka lebaka lena ke mekhelo. Ka mohlala, har’a Lipaki tsa Jehova Fora, lelapa le le leng ho a mararo le na le molekane oa lenyalo eo eseng Paki. Leha ho le joalo, tekanyo ea tlhalo har’a manyalo ana a kopaneng e tlaase ho feta karolelano ea sechaba. Hobane’ng? Baapostola Pauluse le Petrose ba ile ba fana ka keletso e bohlale, e bululetsoeng ho Bakreste ba nyalaneng le ba sa lumelang, ’me Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho latela mantsoe a bona. (1 Ba-Korinthe 7:12-16; 1 Petrose 3:1-4) Haeba lenyalo la molekane ea lumetseng le ea sa lumelang le qhalana, hoo e batlang e e-ba ka linako tsohle bohato ba pele bo hlaha ho molekane eo eseng Paki. Ka lehlakoreng le leng, manyalo a likete tse ngata a ’nile a bolokoa ke hore balekane ba lenyalo e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova ’me ba qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona.

Ke Bakreste, Eseng ba Lumelang ho Boraro-bo-bong

14. Ke qoso efe e ileng ea lebisoa ho Bakreste ba pele, ’me ke hobane’ng ha e makatsa?

14 Hoa makatsa hore ebe ’Musong oa Roma, e ’ngoe ea lintho tseo Bakreste ba pele ba ileng ba qosoa ka eona ke ho se lumele hore Molimo o teng. Dr. Augustus Neander oa ngola: “Ba latolang melimo, ba sa lumeleng hore Molimo o teng, . . . e ne e le lebitso le tloaelehileng leo Bakreste ba neng ba khethoa ka lona har’a batho.” Ho makatsa hakaakang hore Bakreste, ba neng ba rapela ’Mōpi ea phelang eseng melimo e mengata, ba ka bitsoa ba sa lumeleng hore Molimo o teng ke bahetene ba rapelang hoo ‘eseng melimo, empa e le mosebetsi oa matsoho a batho, lifate le majoe.’—Esaia 37:19.

15, 16. (a) Ke eng seo batho ba bang ba bolumeli ba ’nileng ba se bolela ka Lipaki tsa Jehova, empa see se phahamisa potso efe? (b) Ke eng e bontšang hore Lipaki tsa Jehova ke Bakreste e le ka ’nete?

15 Ho makatsang ka ho tšoanang ke taba ea hore kajeno ba bang ba boholong Bokreste-’mōtoaneng baa hana hore Lipaki tsa Jehova ke Bakreste. Hobane’ng? Hobane Lipaki li qhela thuto ea Boraro-bo-bong. Ho latela tlhaloso e leeme ea Bokreste-’mōtoana, “Bakreste ke ba amohelang Kreste e le Molimo.” Ho fapana le sena, buka e hlalosang mantsoe ea morao tjena e hlalosa lebitso “Mokreste” e le “motho ea lumelang ho Jesu Kreste ’me a latela lithuto tsa hae” ’me “Bokreste” e le “bolumeli bo theiloeng lithutong tsa Jesu Kreste le tumelong ea hore e ne e le mora oa Molimo.” Ke sehlopha sefe se tšoaneloang ke tlhaloso eo haholoanyane?

16 Lipaki tsa Jehova li amohela bopaki ba Jesu ba hore na e ne e le mang. O ile a re: “Ke Mora oa Molimo,” eseng, “Ke Molimo Mora.” (Johanne 10:36; bapisa le Johanne 20:31.) Li amohela polelo e bululetsoeng ea moapostola Pauluse mabapi le Kreste: “Eo, le hoja a ne a le sebōpehong sa Molimo, a sa kang a nahana hore ho lekana le Molimo ke ntho e lokelang ho nanabeloa.” * (Ba-Filippi 2:6, The New Jerusalem Bible) Buka The Paganism in Our Christianity e re: “Jesu Kreste ha aa ka a bolela thuto e joalo [Boraro-bo-bong bo lekanang], ’me Testamenteng e Ncha ha ho moo lentsoe ‘Boraro-bo-bong’ le hlahang. Kereke e ile ea amohela khopolo eo lilemo tse makholo a mararo ka mor’a lefu la Morena oa rōna; ’me motheo oa thuto eo ke oa bohetene ka ho feletseng.” Lipaki tsa Jehova li amohela thuto ea Bibele ka Kreste. Ke Bakreste, eseng ba lumelang ho Boraro-bo-bong.

Ha ho na ho Sebeletsa ho Momahana le Malumeli a Mang

17. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa sebelisane le boiteko ba ho momahanya bolumeli, kapa tumelo e kopanetsoeng?

17 Lipelaelo tse ling tse peli tse etsoang khahlanong le Lipaki tsa Jehova ke hore li hana ho nka karolo mehatong ea ho momahana le malumeli a mang ’me li etsa se bitsoang “ho sokolla batho ka likhoka.” Lithohako tsena ka bobeli li ile tsa lebisoa le ho Bakreste ba pele. Bokreste-’mōtoana, ka K’haholike ea bona, Orthodox, le likarolo tsa Boprostanta, ntle le pelaelo ke karolo ea lefatše lena. Joaloka Jesu, Lipaki tsa Jehova “hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14, NW) Ke joang li ka ikopanyang ka mehato ea tumelo e kopanetsoeng le mekhatlo ea bolumeli e phahamisang boitšoaro le litumelo tseo eseng tsa Bokreste?

18. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa tšoauoa phoso bakeng sa ho bolela hore ke tsona feela tse tsamaeang bolumeling ba ’nete? (b) Le hoja Mak’hatholike a Roma a lumela hore bolumeli ba oona ke ba ’nete, ha a na eng?

18 Ke mang eo ka ho loketseng a ka tšoaeang Lipaki tsa Jehova phoso ha li lumela hore, ho tšoana le Bakreste ba pele, ke tsona feela tse tsamaeang bolumeling bo le bong ba ’nete? Esita le Kereke e K’hatholike, le hoja ka boikaketsi e bolela hore e sebelisana le mehato ea ho momahanya malumeli, ea bolela: “Re lumela hore bolumeli bona bo le bong ba ’nete bo tsoela pele ho ba teng Kerekeng e K’hatholike le ea Baapostola, eo Morena Jesu a e tšepetseng mosebetsi oa ho e atolosetsa bathong bohle ha a ne a re ho baapostola: ‘E-eang ke hona ’me le etse barutuoa ba lichaba tsohle.’” (Vatican Council II, “Declaration on Religious Liberty”) Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang ka teng tumelo e joalo ha ea lekana ho tlatsa Mak’hatholike cheseho e sa khathaleng ea ho etsa barutuoa.

19. (a) Ke eng eo Lipaki tsa Jehova li ikemiselitseng ho e etsa, ’me e le ka morero ofe? (b) Ke eng e tla hlahlobisisoa sehloohong se latelang?

19 Lipaki tsa Jehova li na le cheseho e joalo. Li ikemiselitse ho tsoela pele li paka hafeela Molimo a ntse a batla hore li etse joalo. (Mattheu 24:14) Ho paka ha tsona ho tletse cheseho empa hase ha likhoka. Ho susumetsoa ke lerato la moahelani, eseng lehloeo la moloko oa batho. Li tšepa hore ho tla pholosoa karolo e khōlō ea moloko oa batho. (1 Timothea 4:16) Joaloka Bakreste ba pele, li leka ka matla ho ‘lula ka khotso le batho bohle.’ (Ba-Roma 12:18) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa kamoo li etsang sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 Bakeng sa ho seka-sekoa ha temana ena mabapi le thuto ea Boraro-bo-bong, bona Molula-Qhooa (ka Senyesemane), June 15, 1971, maqephe 355-6.

Ho Ikhopotsa

◻ Ke eng se neng se khetholla Bakreste ba pele, ’me Lipaki tsa Jehova li tšoana le bona joang?

◻ Ke mabakeng afe moo Lipaki tsa Jehova li bontšang hore ke baahi ba lokileng?

◻ Babusi ba ne ba talima Bakreste ba pele joang, ’me na ho na le phapang kajeno?

◻ Tumelo ea Lipaki ea hore li tšoere ’nete e li susumeletsa ho etsa eng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho paka hafeela Molimo a batla ha li etsa joalo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Pilato o ile a re: “Bonang, Monna”—Eena eo e neng e se karolo ea lefatše.—Johanne 19:5

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

“Ecce Homo” by A. Ciseri: Florence, Galleria d’Arte Moderna / Alinari/Art Resource, N.Y.