Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Beerseba—Moo Seliba se Neng se Bolela Bophelo

Beerseba—Moo Seliba se Neng se Bolela Bophelo

Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng

Beerseba—Moo Seliba se Neng se Bolela Bophelo

“HO TLOHA Dane ho isa Beerseba.” Eo ke polelo e tloaelehileng ho babali ba Bibele. E hlalosa Iseraele eohle, ho tloha Dane, haufi le moeli o ka leboea, ho isa Beerseba, ka boroa. Khotso pusong ea Salomone e ile ea hlalosoa tjena: “Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feiga ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:25; Baahloli 20:1.

Leha ho le joalo, phapang lipakeng tsa Dane le Beerseba e ama ho fetang feela sebaka se lipakeng tsa tsona. Ka mohlala, Dane e ne e e-na le pula e ngata; metsi a ne a tšikhunya fatše ’me a etsa o mong oa mehloli ea Nōka ea Jordane, joalokaha ho bonoa setšoantšong ho elella ka ho le letona. Beerseba e ne e le e fapaneng hakaakang, kaha e ne e le sebakeng se omelletseng, lipakeng tsa lebōpo la leoatle le lefeella le ka boroa la Leoatle le Shoeleng.

Tikolohong ea Beerseba pula ea selemo le selemo e ne e le feela ea botebo ba limilimithara tse 150 ho isa ho tse 200. U tseba hoo, hlokomela setšoantšo se ka holimo sa leralla, kapa thabana, ea Beerseba. * Botala boo u bo bonang bo bontša hore setšoantšo sena se nkiloe ka mor’a ho na ha lipula tse seng kae tsa mariha, ha ka mor’a nakoana masimo a potolohileng Beerseba a le matala. Lithota tse haufi li ne li le—’me li sa ntse li—le ntle haholo bakeng sa lijalo tse lithollo.

Ka lebaka la hobane sebaka seo se ne se omelletse, tlaleho ea Bibele ka Beerseba e bua haholo ka liliba le litokelo tsa metsi. Motse ona o haufi le litsela kapa litselana tsa baeti ba tsamaeang ’moho lehoatateng tse haolang lefeella la lehoatata ka lehare ho elella ka boroa. Joalokaha u ka inahanela, batsamai ba fetang kapa ba emisang mona ba ne ba tla hloka metsi bakeng sa bona le liphoofolo tsa bona. Metsi ao a ne a sa runye fatše joaloka a Dane, empa a ne a ka khuoa lilibeng. Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu beʼerʹ le sebelisoa bakeng sa lemena kapa mokoti o chekiloeng bakeng sa ho kha metsi a mathang ka tlas’a lefatše. Beerseba e bolela “Seliba sa Kano” kapa, “Seliba sa ba Supileng.”

Abrahama le lelapa la hae e ne e le nako e telele ba lula Beerseba le mathōkong a eona, ’me ba ne ba tseba bohlokoa ba liliba. Ha lekhabunyane la Sara Agare le balehela lefeelleng, e ka ’na eaba le ne le rerile ho ea fumana metsi lilibeng kapa ho Maarabo a fallang a khang ho tsona—ba kang mosali enoa oa Learabo ea leqepheng le latelang, ka holimo, ea khang metsi selibeng se Hloahloeng ea Sinai. Hamorao ha Abrahama a lokela ho leleka Agare le mora oa hae oa mohlorisi, ka mosa o ile a ba fa metsi. Hang ha a fela ho ile ha etsahala joang? “Eaba Molimo o tutubolla mahlo a hae, ’me a bona seliba sa metsi; a ea a tlatsa sehoana, a noesa ngoana.”—Genese 21:19.

Ke kae moo Abrahama a neng a nkile metsi bakeng sa ho tlatsa sehoana sa Agare? Mohlomong selibeng seo a neng a se chekile, seo haufi le sona a neng a lemme sefate sa tamarisika. (Genese 21:25-33, BPN) Ho ka ’na ha thoe bo-rasaense joale ba bona ho nepahala ha khetho ea Abrahama ea tamarisika, kaha sefate sena se na le mahlaku a manyenyane haholo a lahleheloang ke mongobo o fokolang, ka hona se tlōkoma ho sa tsotellehe komello ea sebaka sena—Bona setšoantšo se ka tlaase.

Ho cheka ha Abrahama seliba ho ile ha boleloa mabapi le tsekisano ea hae le morena oa Mofilista. Seliba e ne e le lefa la bohlokoa ka lebaka la khaello e akaretsang ea metsi le mosebetsi o hlokahalang bakeng sa ho cheka seliba se tebileng. Ha e le hantle, morao koo ho ne ho bolela ho hatakela litokelo tsa setša sa motho ho sebelisa seliba ka ntle ho tumello.—Bapisa le Numere 20:17, 19.

Haeba u chakela Leralleng la Beerseba, o ka nyarela ka selibeng se tebileng mothipoloheng o ka boroa-bochabela. Ha ho motho ea tsebang hore na se ile sa qala ho chekoa neng moo letlapeng ’me eaba bokaholimo ba sona (bo bonoang ka tlaase) bo hahuoa ka majoe. Baepolli ba lintho tsa khale ba mehleng ena ba ile ba se fata ho fihla botebong ba limithara tse 30 ba ntse ba sa fihle botlaaseng ba sona. E mong oa bona o ile a re: “Ho ka ba ha beha motho tekong ea hore a fihlele qeto ea hore seliba sena e ne e le . . . ‘Seliba sa Kano’ moo Abrahama le Abimeleke ba ileng ba etsa selekane sa bona.”—Biblical Archaeology Review.

Kamoo ho bonahalang ka teng Beerseba hamorao mehleng ea Bibele e ile ea hōla, ea e-ba motse o matla o nang le heke e khōlō. Empa senotlolo se lebisitseng ho beng teng ha oona le katlehong ea oona e ne e le metsi a bohlokoa a tsoang selibeng se tebileng sa oona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bakeng sa ponahalo e khōloanyane ea Leralla la Beerseba, bona Almanaka ea 1993 ea Lipaki tsa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.