Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hatisa Lingoliloeng tsa Bibele Tlas’a Thibelo

Ho Hatisa Lingoliloeng tsa Bibele Tlas’a Thibelo

Ho Hatisa Lingoliloeng tsa Bibele Tlas’a Thibelo

JOALOKAHA HO BOLETSE MALCOLM G. VALE

“Hatisa buka Children.” Ke ile ka amohela taelo ena e makatsang e tsoang ho molebeli oa lekala oa Lipaki tsa Jehova Australia nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, hang ka mor’a ho lokolloa ha buka eo kopanong e neng e tšoaretsoe St. Louis, Missouri, U.S.A., ka August 10, 1941. Ke hobane’ng ha taelo eo e ne e makatsa?

MOSEBETSI oa rōna oa boboleli o ile oa thibeloa ka molao ka January 1941, ka hona ho tsoela pele ka khatiso esita le ka tsela e fokolang e ne e tla ba phephetso e khōlō. Ntle ho moo, buka Children e ne e e-na le maqephe a 384 ’me e na le litšoantšo ka mebala e felletseng. Thepa ea rōna ea khatiso e ne e hloka ho ntlafatsoa, pampiri e ne e haella, ’me basebetsi ba ne ba sa koetlisetsoa ho hlahisa libuka tse sekoahelo se thata.

Pele ke hlalosa kamoo re ileng ra atleha ho hatisa tlas’a thibelo, e re ke u bolelle kamoo ho tlileng ka teng hore ke sebetse ’moho le ofisi ea lekala ea Australia ke le molebeli oa mesebetsi ea khatiso.

Qaleho ea Bophelo ba Ka

Ntate o ne a e-na le khoebo ea khatiso motseng o ruileng oa Ballarat, Victoria, moo ke hlahetseng teng ka 1914. Ka hona ke ile ka ithutela khoebo ea ho hatisa khatisong ea Ntate. Ke ne ke boetse ke ameha mesebetsing ea Kereke ea Chache, ke binela sehlopha sa kereke le ho letsa litšepe tsa kereke. Ke bile ka ba le tebello ea ho ruta sekolong sa Sontaha, empa ke ne ke e-na le pelaelo ka sena.

Lebaka e ne e le hobane ke ne ke e-na le lipelaelo tse tebileng ka lithuto tse itseng tsa kereke. Tsena li ne li akareletsa Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, le ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, ’me ha ho le ea mong ea ileng a ’neha likarabo tse khotsofatsang. Ho ne ho boetse ho ’makatsa hore e be nako le nako, moruti oa rōna o ne a bua ka bohale ka sehlopha se senyenyane sa bolumeli se neng se ipitsa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha motse oa batho ba 40 000 o ne o ka ameha hakaalo ka sehlopha se sa reng letho joalo.

Sontaha se seng, ke ne ke eme ka ntle ho kereke ka mor’a tšebeletso ea mantsiboea ha sehlopha sa banana ba tsoang Kerekeng ea Methodist e haufinyane se feta ka tsela. Ke ile ka qala setsoalle le e mong oa bona. Lebitso la hae e ne e le Lucy, ’me hamorao o ile a ’memela ho ea habo ho ea kopana le batsoali ba hae. Nahana kamoo ke ileng ka makala ka teng ha ke hlokomela hore ’mè oa hae, Vera Clogan, e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Re ile ra ba le lipuisano tse ngata tse susumetsang tsa Bibele, ’me seo a ileng a se bua se ne se utloahala.

Kapele, ’na le Lucy re ile ra nyalana, ’me ka 1939 re ne re lula Melbourne, motse-moholo oa Victoria. Le hoja Lucy a ne a se a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke ntse ke e-s’o etse qeto. Leha ho le joalo, ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka September selemong seo, ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka seo ke ithutileng sona Mangolong. Ho thibeloa ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka January 1941 ka sebele ho ile ha nthusa hore ke etse qeto. Ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo ’me hang ka mor’a moo ke ile ka kolobetsoa.

Liphetoho tse Khōlō Bophelong ba Rōna

Nakong eo, re ne re hirile mokatong o motle Melbourne. Leha ho le joalo, nako e khutšoaane ka mor’a moo re ile ra memeloa ho fallela ntlong e nang le Lipaki tse ling tse ngatanyana. Re ile ra rekisa thepa eohle ea rōna ea ka tlung ntle le thepa ea phaposi ea ho robala ’me ra fallela moo ho thoeng ke lehae la bo-pula-maliboho. Ke ile ka tsoela pele ho sebetsa ke le mohatisi ’me ka hona ka khona ho etsa tlatsetso ho koahela litšenyehelo tsa lintho tse hlokahalang lehaeng. Banna ba bang le bona ba ile ba etsa ka ho tšoanang. Ka lebaka leo, basali ba rōna, ba ne ba ka kopanela mosebetsing oa boboleli ka nako e tletseng, ’me rōna banna re ne re e-ba le bona mosebetsing oa boboleli le libokeng tsa Bokreste nakong ea mantsiboea le mafelo-beke.

Kapele ka mor’a moo, ’na le mosali oa ka re ile ra amohela lengolo le tsoang ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower le re memelang ho tla Sydney. Re ile ra rekisa thepa ea rōna ea phaposi ea ho robala ’me ra lefa melato e seng mekae eo re neng re e-na le eona, empa hore re fumane chelete ea ho lefella terene e eang Sydney, re ile ra tlameha ho rekisa reng ea Lucy ea tebeletso!

Ka lebaka la lithibelo nakong ea ntoa le thibelo ea mosebetsi e neng e sa tsoa kenngoa tšebetsong, ho ne ho se Libibele kapa lingoliloeng tsa Bibele tse neng li ka amoheloa ho tsoa mose ho maoatle. Ka lebaka lena ofisi ea lekala ea Australia e ile ea etsa qeto ea ho theha mosebetsi oa ho hatisa ka sekhukhu e le ho etsa hore lijo tsa moea li ’ne li be teng, ’me ke ile ka memeloa ho hlokomela mosebetsi oo. Ke ile ka ba le tokelo ea ho sebetsa le monna oa Lesekoche, George Gibb, ea sebelelitseng lefapheng la khatiso lekaleng la Australia ka lilemo tse ka bang 60. * Ke nakong eo ke ileng ka amohela taelo e reng: “Hatisa buka Children.”

Ho Fumana Thepa ea Khatiso Hape

Liphihlelo tse ngata tseo re bileng le tsona lilemong tseo tsa ntoa e bile tse hlasimollang, ka linako tse ling e le tse tšosang. Ka mohlala, e le hore re qalise mesebetsi ea rōna ea khatiso, re ne re hloka thepa. Seo pele re neng re se sebelisetsa ho hatisa ka tsela e fokolang lilemong tsa pele ho ntoa e ne e le matsohong a ba boholong ’musong, ’me joale mohaho oa khatiso oa Mokhatlo o ne o notletsoe ’me o lebetsoe. Ke joang re neng re tla ntšetsa thepa eo ka ntle ho e isa libakeng tse loketseng tsa ho hatisa ka sekhukhu?

Balebeli ba hlometseng, ba sebetsang ka ho phomotsana, ba ne ba lebela mehaho ea Mokhatlo ka lihora tse 24 ka letsatsi. Leha ho le joalo, lerako le leng la a ka morao le ne le ikhohlile ka setša sa seporo sa literene se neng se sebelisoa seoelo. Ka hona bosiu, basebetsi ba bang ba Bethele ba sebete ba sebelisa mekhoa e re hopotsang ka Ezekiele 12:5-7, ba ile ba kena ka lerako ba tlosa litene tse ling. Hang ha ba le ka hare, ba ne ba khutlisetsa litene tseo lerakong e le ho qoba hore ho se ke ha hlokomeloa se etsahetseng. Ka ho etsa liphutuho tsena tsa bosiu ka nako e ka etsang libeke tse peli, ka hloko ba ile ba qhaqholla mochine oa khatiso o monyenyane, oa Linotype, le mechine e meng e ’maloa. Joale ka mokhoa o khutsitseng ba ile ba ntšetsa likotoana tseo kantle, balebeli ba ntse ba le teng!

Hamorao ra fumana thepa e eketsehileng ho tsoa mehloling e meng, ’me kapele mesebetsi ea ho hatisa ka sekhukhu e ne e tsoela pele ka matla libakeng tse fapaneng ho phatlalla le Sydney. Ka hona, re ile ra khona ho hatisa le ho tlama e seng feela buka Children empa hape le libuka tse khōlō The New World, “The Truth Shall Make You Free,” le The Kingdom Is At Hand, hammoho le li-Yearbook of Jehovah’s Witnesses bakeng sa 1942, 1943, 1944, le 1945. Ho phaella moo, nakong ea thibelo lilemong tseo tsa ntoa, Lipaki tsa Jehova ho phatlalla le Australia ha ho mohla li kileng tsa hloka tokollo le e ’ngoe ea Molula-Qhooa. Sena se ile sa re tiisetsa ka tsela ea botho haholo hore ha ho mohla letsoho la Jehova le leng lekhutšoanyane.—Esaia 59:1.

Ho Sebetsana le Liketelo tse sa Lebelloang

Nakong ea tlhahlobo e matla ea lingoliloeng nakong ea ntoa, mekhatlo ea khatiso ea khoebo hangata e ne e eteloa e sa lebella ke basebeletsi ba ’muso ba neng ba hlahloba se hatisoang. Ka hona, e ’ngoe ea likhatiso tsa rōna tsa sekhukhu e ne e kentsoe mokhoa o bohlale oa ho fana ka temoso e leng konopo e fatše e neng e fihleloa habonolo ke motho ea amohelang baeti. E ne e re feela ha motho eo a neng a sa mo tsebe kapa ea neng a belaelloa hore ke mohlahlobi a nyoloha litepising, o ne a tobetsa konopo.

Ha ho ne ho toboketsoa konopo, e ne e le pono e makatsang ho bona batho ba tsoa ka lifensetere ka ’nģa tsohle! Basebetsi ba neng ba ngolisitsoe ka molao e le bahiruoa ba ne ba sala e le hore ka potlako ba koahele lipampiri leha e le life tse hatisitsoeng tsa limakasine tsa Molula-Qhooa kapa lingoliloeng tsa Bibele tseo ho neng ho sebetsanoa le tsona. Ho etsa sena, ba ne ba sebelisa lipampiri tse hatisitsoeng tsa mokhatlo tse lekanang ka boholo le tsa likhatiso tse ling tse neng li lokisetsoa bakeng sa bareki ba khoebo.

Nakong ea ketelo e ’ngoe e joalo, bahlahlobi ba babeli ba ile ba hlahloba likhatiso tsa libuka tsa li-comic, tse neng li ntse li le lipampiring tse khōlō, empa tlas’a tsona ho ne ho e-na le lipampiri tsa limakasine tsa Molula-Qhooa tse neng li hatisitsoe bosiung bo fetileng. Khatisong e ’ngoe e neng e le karolong e ’ngoe ea motse, re ne re hatisa lintho tsa khoebo motšehare ’me re ne re hatisa Molula-Qhooa bosiu le ka mafelo-beke.

Ho Tlatsa Litlhoko tsa Rōna tsa Pampiri

Ho fumana pampiri bakeng sa ho hatisa e ne e le bothata bo boholo. Leha ho le joalo, mekhatlo e meng e meholo ea khatiso e neng e sa hloke thomello e felletseng ea pampiri ea eona ka lebaka la khoebo e theohileng nakong ea ntoa ’me e ne e ikemiselitse ho rekisa pampiri e salang—ka ho hlakileng, ka mehla e le ka theko e phahameng haholo, leha ho le joalo. Ketsahalong e ’ngoe, re ile ra amohela pampiri ho tsoa mohloling o mong.

Sekepe se nkang lithōtō se tlang Australia se ne se laetse thepa e ngata ea pampiri e sootho, empa sekepe seo se ile sa robeha leoatleng ’me metsi a ile a kenella boholong ba pampiri eo. Thepa eo eohle e ile ea fantisoa ka hore e fuoe motho ea ka e rekang ka theko e kaholimo ho ea ba bang, ’me ho makaleng ha rōna ho ne ho se eo re qothisanang lehlokoa le eena. Sena se ile sa re nolofalletsa ho e reka ka theko e tlaase haholo. Re ile ra aneha pampiri eo letsatsing, ka hona ra sireletsa e ngata hore e se senyehe, ’me joale ra e khaola likoto tse loketseng bakeng sa mochine oa rōna oa ho hatisa.

Re ne re tla sebelisa pampiri e sootho joang? Re ile ra etsa qeto, ’me ka nepo ha e-ba joalo, ea hore babali ba libuka tsa li-comic ba ne ba tla ’ne ba thabele metlae leha e le pampiring ea ’mala. Ka hona re ile ra sebelisa pampiri e tšoeu eo re neng re e beheletse ka thoko bakeng sa libuka tsa li-comic ho hatisa Molula-Qhooa le boitsebiso bo bong ba Mokhatlo.

Karolo ea Bohlokoa ea Basali

Lilemong tsa ntoa, basali ba bangata ba Bakreste Australia ba ile ba ithuta mesebetsi ea ho tlama libuka. Thapameng e ’ngoe ea mocheso oa lehlabula o ntšang koena bolibeng, ba bang ba bona ba ne ba sebetsa ba le bang ka karacheng e nyenyane eo re neng re e hirile seterateng se ka morao motseng oa toropo ea Sydney. Ka mabaka a tšireletso, ba ile ba koala lifensetere tsohle le mamati. Lipitsa tsa bōka li ne li ntša mosi o chesang, le o nkhang, ’me mocheso oo e ne e le o ke keng oa mamelloa. Ka hona ba ile ba hlobola ’me ba sala ka liphahlo tsa ka hare feela.

Hang hang, motho o ile a kokota monyako. Bo-khaitseli ba Bakreste ba ile ba botsa hore na ke mang, ’me ofisiri ea ’muso ea lefapha la basebetsi e ile ea arabela. E ne e tsoa lefapheng le neng le na le matla nakong ea ntoa a ho laela batho ho ea sebetsa sebakeng leha e le sefe moo ho neng ho hlokahala hore ho sebetsoe. Bo-khaitseli ba ile ba arabela ba hoelelitse hore ba ne ba ke ke ba mo bulela hona hoo kaha ba ne ba ntse ba sebetsa ba apere liaparo tsa ka hare ka lebaka la mocheso.

Ofisiri e ile ea khutsa ho se hokae; joale ea hoeletsa hore e na le taetsano e ’ngoe hona sebakeng seo. E ile ea bolela hore e tla khutla ka letsatsi le hlahlamang ho tla etsa tlhahlobo ea eona. Hang-hang basali ba Bakreste ba ile ba re letsetsa thelefono, ’me re ile ra romela teraka bosiung boo ho laela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mosebetsi oa ho tlama libuka o neng o etsoa ka eona, re li isa sebakeng se seng.

Boholo ba batho ba neng ba ameha khatisong ea rōna ea sekhukhu e ne e le ba se nang phihlelo ea mosebetsi oa ho hatisa, ka hona se ileng sa finyelloa se ile sa etsa hore ke hloke pelaelo kelellong ea ka hore moea oa Jehova o ne o fana ka thuso le tataiso e hlokahalang. E bile tokelo e khōlō ho ’na le mosali oa ka, Lucy, ea neng a sebetsa moo ho tlangoang libuka, ho ba karolo ea tšebetso eo eohle.

Mosebetsi oa rōna o ne o tsamaisoa joang linakong tseo tse lekang? Molebeli oa lekala oa Lipaki tsa Jehova ea neng a hlokometse mosebetsi ka nakoana o ne a fuoe taelo e tsoang ’musong e mo behelang meeli, e neng e mo hloka hore a lule toropong e ka bang lik’hilomithara tse 100 ho tloha Sydney. Taelo eo e ne e mo thibela ho tsamaea lik’hilomithara tse robeli ho tloha bohareng ba toropo. Peterole e ne e fanoa ka ho lekana koloing ka ’ngoe e-ba lilithara tse ’nè feela ka khoeli. Empa baena ba ile ba qapa mokhoa o bohlale o tsejoang e le sehlahisa-khase—moqomo oa lesenke o ka etsang halofo ea tone ka boima, o ne o behoa ka morao holim’a koloi. Mashala a patsi a ne a besetsoa ka har’a moqomo ona, ho hlahisa carbon monoxide bakeng sa ho etsa mafura. Masiu a mangata beke ka ’ngoe, ’na le baena ba bang ba ikarabellang re ne re tsamaea ka mokhoa ona ho ea kopana le molebeli lebopong la nōka e psheleng toropong ea moo a neng a thibeletsoe teng. Ka hona re ne re ka bua litaba tse ngata pele re hotetsa sehlahisa-khase hape le ho khutlela Sydney lihoreng tsa hoseng e sa le ka malungoa-lungoana.

Qetellong, taba ea thibelo ho Lipaki tsa Jehova e ile ea hlahisoa ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Australia. Moahloli o ile a bolela hore thibelo eo e ne e le “tšebeliso e mpe ea matla a bolaoli, e susumelitsoeng ke monahano o potlakileng, le e hatellang” ’me a tlosa molato ka ho felletseng ho Lipaki tsa Jehova oa ketso leha e le efe e khahlanong le ho tsoa ’muso ka tlaase. Lekhotla le Phahameng kaofela le ile la tšehetsa qeto ena, hoo joale re neng re ka ntšetsa pele mesebetsi ea rōna ea ’Muso ka molao pepeneneng.

Likabelo le Litlhohonolofatso tse Eketsehileng

Ka mor’a ntoa ba bangata ba neng ba sebelitse tšebetsong ea rōna ea ho hatisa ka sekhukhu ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Hamorao ba bang ba bona ba ile ba ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se New York. ’Na le Lucy ka ho tšoanang re ne re e-na le pakane eo likelellong tsa rōna, empa joale re ile ra fetoha batsoali ba lesea la ngoananyana ’me ka etsa qeto ea ho khutlela mosebetsing oa ho hatisa. Re ile ra rapela Jehova hore a re thuse ho bea lithahasello tsa ’Muso pele ka mehla, ’me o ile a re thusa. Ke ile ka ameha kabelong e ’ngoe ea tšebeletso ka tsela e latelang.

Ke ile ka fumana molaetsa oa thelefono o tsoang ho Lloyd Barry, eo hona joale a sebeletsang e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York. Nakong eo e ne e le molebeli ea tsamaeang Sydney. O ile a mpotsa hore na ke hlokometse letsatsi la kopano ea rōna e latelang. Ha ke arabela ka hore e, o ile a re: “Re batla hore u hlokomele litokisetso tsa lijo.”

Ke maketse ka motsotsoana, ka monyebe ke ile ka re: “Empa le ka mohla ha ke e-s’o etse ntho e kang eo bophelong ba ka.”

O ile a arabela ka bosoasoi a re: “Moena, ke nako e loketseng ea hore u ithute!” Ke ile ka fela ka ithuta, ’me ka tsoela pele ho ba le tokelo ea ho hlokomela tšebeletso ea lijo, esita le likopanong tse khōlō ka lilemo tse fetang 40.

Ho theosa le lilemo, feme ea rōna ea khoebo ea ho hatisa e ile ea hōla, ’me sena se ne se hloka hore re etse maeto a khoebo a mangata a ho ea mose ho maoatle. Ka mehla ke ne ke etsa hore maeto ana a thulane le likopano tsa machaba tse tšoaretsoeng Motseng oa New York kapa leha e le kae feela United States. Sena se ile sa mpha monyetla oa ho qeta nako ke e-na le bao e neng e le balebeli mafapheng a fapa-fapaneng a kopano, haholo-holo la tšebeletso ea lijo. Ka hona, ha ke khutletse Australia, ke ne ke khona ho sebeletsa litlhoko likopanong tsa rōna hamolemonyana.

Ha re ntse re hōla lilemong, ka linako tse ling ’na le Lucy re ee re ipotse hore na ebe re ka be re finyeletse ho hongatanyana hoja re ne re ile ra hlaha hamoraonyana. Ka lehlakoreng le leng, hore e be ke ile ka hlaha ka 1914 ’me eena ka 1916, re ho nka e le tokelo e babatsehang hore e be re bone ha boprofeta ba Bibele bo senoleha ka pel’a mahlo a rōna. ’Me re leboha Jehova ka tlhohonolofatso eo re bileng le eona ho ithuteng le batho ba bangata le ho ba thusa ho ithuta ’nete le ho ba bona hona joale ba mo sebeletsa e le basebeletsi ba kolobelitsoeng. Thapelo ea rōna ke hore re tsoele pele ho mo sebeletsa ka ho sa feleng, re mo nke ka ho sa feleng e le Morena ’Musi e moholo oa bokahohle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Sheba Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 15, 1978, maqephe 24-7.

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Mohaho oa khatiso oa Bethele Strathfield, 1929-73

George Gibb o eme pel’a o mong oa mechine e ileng ea ntšetsoa ka ntle ho ntlo ea khatiso ka lebota le ka morao