Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
NAKO ha e ntse e tsamaea ’Muso oa Roma, e leng moo Bokreste ba mehleng ea pele bo qalileng teng, o ile oa oa. Borahistori ba bangata ba bolela hore ho oa ha ’muso ona e ne e boetse e le nako ea tlhōlo e feletseng ea Bokreste holim’a bohetene. Ha mobishopo oa Chache E. W. Barnes a bontša ka pono e fapaneng, o ile a ngola: “Ha tsoelo-pele ea boholo-holo e oa, Bokreste bo ile ba khaotsa ho ba tumelo e hlaheletseng ea Jesu Kreste: bo ile ba fetoha samente ea bohlokoa e kopanyang sechaba lefatšeng le hlokang bonngoe.”—The Rise of Christianity.
Pele ho nako eo ea ho oa, nakong ea lekholo la bobeli, la boraro le la bone la lilemo C.E., histori e tlaleha hore ka litsela tse ngata ba neng ba ipolela hore ba latela Jesu ba ile ba ipoloka ba arohile lefatšeng la Baroma. Empa tlaleho ena e boetse e senola ho tsoela pele ha bokoenehi thutong, boitšoarong le tlhophisong feela joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba boletse e sa le pele. (Mattheu 13:36-43; Liketso 20:29, 30; 2 Ba-Thessalonika 2:3-12; 2 Timothea 2:16-18; 2 Petrose 2:1-3, 10-22) Qetellong ho ile ha sekisetsoa le lefatše la Greece le Roma, ’me ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba amohela bohetene ba lefatše (joaloka mekete ea lona le borapeli ba lona ba molimotsana oa ’mè le molimo oa boraro-bo-bong), filosofi ea lona (joaloka tumelo ea sephefumolohi se sa shoeng), le mokhoa oa lona oa tsamaiso e hlophisitsoeng (joalokaha sena se bonoa ponahalong ea sehlopha sa baruti). Ebile mofuta ona o senyehileng oa Bokreste o ileng oa hohela matšoele-tšoele a batho feela ba tloaelehileng ’me o ile oa fetoha matla ao baemphera ba Maroma ba lekileng ho a felisa empa hamorao oa amoheloa le ho leka ho o sebelisa molemong oa bona.
Ho Hlōloa ke Lefatše
Rahistori oa kereke Augustus Neander o ile a bontša likotsi tse amehang kamanong ena e ncha mahareng a “Bokreste” le lefatše. O ile a ngola hore haeba Bakreste ba ile ba etsa ho ikarola ha bona lefatšeng sehlabelo, “liphello e ne e tla ba pherekano ea kereke le lefatše . . . moo kereke e neng e tla lahleheloa ke bohloeki ba eona, ’me le hoja e ne e bonahala e hlōla, eona ka sebele e ne e tla hlōloa.”—General History of the Christian Religion and Church, Moqolo 2, leqephe 161.
Sena ke sona se hlileng sa etsahala. Mathoasong a lekholo la bone la lilemo, moephera oa Moroma Constantine o ile a leka ho sebelisa bolumeli ba “Bokreste” ba mehleng ea hae ho kopanya ’muso oa hae o neng o arohana. Ho fihlela kajeno, o ile a neha malumeli a ipolelang e le a Bokreste tokoloho ’me a fetisetsa litokelo tse ling tsa boprista ba bohetene sehlopheng sa bona sa baruti. The New Encyclopædia Britannica e re: “Constantine o ile a etsa hore kereke e ikhule lefatšeng bakeng sa ho amohela boikarabelo ba sechaba le ho thusa mokhatlo oa sechaba oa bahetene hore o ikhule kerekeng.”
Bolumeli ba Naha
Ka mor’a Constantine, Moemphera Julian (361-363 C.E.) o ile a etsa boiteko ba ho hanyetsa Bokreste le ho tsosolosa bohetene. Empa o ile a hlōleha, ’me lilemo tse ka bang 20 hamorao, Moemphera Theodosius I o ile a thibela bohetene ’me a qalisa “Bokreste” ba Boraro-bo-bong e le bolumeli ba Naha ba ’Muso oa Roma. Ka ho nepahetseng rahistori oa Fora Henri Marrou o ile a ngola: “Ho ea qetellong ea puso ea Theodosius, Bokreste, kapa ka ho toba litaba, Bok’hatholike ba orthodox [bo nang le lithuto tse amoheloang], bo ile ba fetoha bolumeli ba lefatše lohle la Roma bo lumeletsoeng ka molao.” Bok’hatholike ba orthodox bo nketse Bokreste ba ’nete sebaka ’me bo fetohile “karolo ea lefatše.” Bolumeli bona ba Naha bo ne bo fapane haholo le bolumeli ba balateli ba pele ba Jesu bao a ileng a re ho bona: “Ha le karolo ea lefatše.”—Johanne 15:19, NW.
Rahistori le rafilosofi oa Fora Louis Rougier o ngotse: “Ha Bokreste bo ntse bo saballa, bo ile ba feta har’a liphetoho tse makatsang ho fihlela moo bo neng bo se bo sa hlokomeloe teng. . . . Kereke ea boholo-holo ea mafutsana, e neng e phela ka menehelo e etsoang ka boithatelo ho ba hlokang, e ile ea fetoha kereke ea bahlōli e ileng ea lumellana le ba boholong nakong eo e hlōlehang ho ba laola.”
Mathoasong a lekholo la bohlano la lilemo C.E., “Mohalaleli” oa Roma e K’hatholike Augustine o ile a ngola buka ea hae e khōlō The City of God. Bukeng eo o hlalositse metse e ’meli, “motse oa Molimo le oa lefatše.” Na sena se ile sa sebeletsa ho matlafatsa karohano mahareng a Mak’hatholike le lefatše? Che eseng ka sebele. Moprofesa Latourette o re: “Ka botšepehi Augustine o ile a hlokomela [hore] metse ena e ’meli, oa lefatšeng le oa leholimong, e kopa-kopane.” Augustine o ile a ruta hore “’Muso oa Molimo o qalile ho ba teng lefatšeng lena ha ho theoa kereke [e K’hatholike].” (The New Encyclopædia Britannica, Macropædia, Moqolo 4, leqephe 506) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na morero oa pele oa Augustine e ne e le ofe, likhopolo tsa hae li bile le phello e ileng ea etsa hore Kereke e K’hahtolike e kenelle lipolotiking tsa lefatše ka ho tebileng haholoanyane.
’Muso o Arohaneng
Ka 395 C.E., ha Theodosius I a e-shoa, ’Muso oa Roma o ile oa aroloa likarolo tse peli ka molao. ’Muso o ka Bochabela, kapa Byzantium, motse-moholo oa eona o bile Constantinople (eo pele e neng e le Byzantium, eo hona joale e leng Istanbul), ’me ’Muso o ka Bophirima, motse-moholo oa eona (ka mor’a 402 C.E.) o bile Ravenna, Italy. Ka baka leo, Bokreste-’mōtoana bo ile ba arohana litsekana lipolotiking le bolumeling. Mabapi le kamano mahareng a Kereke le Naha, kereke ’Musong o ka Bochabela e ile ea latela khopolo ea Eusebius oa Caesarea (ea neng a busa le Constantine e Moholo). Ka ho hlokomoloha molao-motheo oa Bokreste oa ho ikarola lefatšeng, Eusebius o ile a nahana hore haeba moemphera
le ’muso li fetoha tsa Bokreste, Kereke le Naha e tla ba mokhatlo o le mong oa Bokreste, moo moemphera a tla sebetsa joaloka moemeli oa Molimo lefatšeng. Hangata, kamano ena mahareng a Kereke le Naha e ’nile ea lateloa ka makholo a lilemo ke likereke tsa Orthodox tsa Bochabela. Timothy Ware eo e leng mobishopo oa Orthodox bukeng ea hae The Orthodox Church o bontšitse phello: “Bochaba e bile mohloli oa tšenyo oa Orthodox makholong a ho qetela a leshome a lilemo.”Ka Bophirima moemphera oa ho qetela oa Roma o ile a tlosoa teroneng ka 476 C.E. ke lichaba tsa Majeremane tse hlaselang. Sena se ile sa tšoaea ho fela ha ’Muso oa Roma o ka Bophirima. Ka lebaka la boemo ba lipolotiki bo ileng ba latela, The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho ile ha theoa ’muso o mocha: Kereke ea Roma, e leng kereke ea mobishopo oa Roma. Kereke ena e ile ea lumela hore ke eona mohlahlami oa ’Muso oa Roma o felileng.” Encyclopedia ena e tsoela pele ka hore: “Bapapa ba Roma . . . ba ile ba atolosa ho ipolela ha kereke e le ea ’muso ho tšela meeli ea kereke le naha ’me ea ntšetsa pele ntho e bitsoang khopolo ea lisabole tse peli, ea bolela hore Kreste ha aa ka a neha mopapa matla a moea feela holim’a kereke empa hape o mo nehile matla a ho laola mebuso ea lefatše.”
Likereke tsa Sechaba tsa Prostanta
Ho theosa le Mehla e Bohareng, malumeli a Orthodox le Roma e K’hatholike a tsoetse pele ho ameha ka ho tebileng lipolotiking, mererong ea lefatše le lintoeng. Na Nchafatso ea Prostanta ea lekholong la bo16 la lilemo e ile ea tšoaea ho khutla ha Bokreste ba ’nete, bo ikarotseng lefatšeng?
Che. Rea bala ho The New Encyclopædia Britannica: “Banchafatsi ba Prostanta bao e leng balateli ba Luther, Calvin, le Machache a lineano . . . ba ile ba sala ba khomaretse lipono tsa Augustine ka matla, hobane ba ne ba ikutloa ba e-na le kamano e khethehileng le bolumeli. . . . Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tse tharo tse ka sehloohong tsa Maprostanta a lineano lekholong la bo16 Europe . . . li ile tsa fumana tšehetso e tsoang ho ba boholong Saxony [Jeremane bohareng], Switzerland, le Engelane ’me tsa sala li le boemong bo tšoanang ba botsoalle kaha naha e ne e laola kereke mehleng ea pele.”
Ho e-na le ho khutlela Bokresteng ba ’nete, Nchafatso e ile ea tlisa lethathamo la likereke tsa sechaba kapa tsa naha tse ileng tsa lumellana le linaha tsa bopolotiki le ho li tšehetsa ka mafolo-folo lintoeng tsa tsona. Ha e le hantle, likereke tsa K’hatholike le tsa Prostanta li ile tsa hlohlelletsa lintoa tsa bolumeli. Arnold Toynbee bukeng ea hae An Historian’s Approach to Religion o ile a ngola mabapi le lintoa tse joalo: “Li ile tsa bonahatsoa ke Mak’hatholike le Maprostanta Fora, Netherlands, Jeremane, le Ireland, ’me mekha ea nchafatso ea Prostanta Engelane le Scotland, ka mokhoa o sehlōhō e ile ea leka ho hatella e meng ka likhoka ka ho e loantša ka libetsa.” Liqhoebeshano tsa mehleng ea joale tse arohanyang Ireland le naha eo pele e neng e le Yugoslavia li bontša hore likereke tsa Roma e K’hatholike, tsa Orthodox le tsa Boprostanta li sa ntse li ameha ka ho tebileng litabeng tsa lefatše lena.
Na sena sohle se bolela hore Bokreste ba ’nete, bo ikarotseng lefatšeng, ha bo sa le teng lefatšeng? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
KAMOO “BOKRESTE” BO FETOHILENG BOLUMELI BA NAHA
HA HO mohla Bokreste bo neng bo reretsoe ho ba karolo ea lefatše lena. (Mattheu 24:3, 9; Johanne 17:16) Leha ho le joalo, libuka tsa histori li re bolella hore lekholong la bone la lilemo C.E., “Bokreste” bo ile ba fetoha bolumeli ba Naha ba ’Muso oa Roma ka molao. See se etsahetse joang?
Ho tloha ho Nero (54-68 C.E.) ho fihlela lekholong la boraro la lilemo C.E., baemphera bohle ba Roma ka mafolo-folo ka bobona ba ile ba hlorisa Bakreste kapa ba lumella ho hlorisoa ha bona. Gallienus (253-268 C.E.) e bile eena moemphera oa pele oa Roma ea ileng a ntša taelo e matlafatsang leeme lena. Esita le nakong eo, Bokreste e ne e le bolumeli bo nyatsuoang hohle ’musong oo. Ka mor’a Gallienus, tlhoriso e ile ea tsoela pele ’me pusong ea Diocletian (284-305 C.E.) le bahlahlami ba hae ba haufi-ufi, e ile ea tota le ho feta.
Phetoho ea bohlokoa e ile ea fihla mathoasong a lekholo la bone la lilemo ’me e ile ea fihla le se bitsoang tšokoloho ea ho ea Bokresteng ha Moemphera Constantine I. Mabapi le “tšokoloho” ena, buka ea boitsebiso ea Sefora Théo—Nouvelle encyclopédie catholique (Théo—New Catholic Encyclopedia) e re: “Constantine o ile a ipolela hore ke moemphera oa Mokreste. Ha e le hantle, o ile a kolobetsoa ha a se a le makhatheng a lefu.” Leha ho le joalo, ka 313 C.E., Constantine le moemphera hammoho le eena, Licinius, ba ile ba ntša taelo e tšoanang e fanang ka tokoloho ea bolumeli ho Bakreste le bahetene. New Catholic Encyclopedia e re: “Ho fetisetsa ha Constantine tokoloho ea bolumeli ho Bakreste, e leng se neng se bontša hore Bokreste bo ne bo hlokomeloa ka molao e le religio licita [bolumeli ba molao] ka ntle ho bohetene, e ne e le ketso ea phetoho e khōlō.”
Leha ho le joalo, The New Encyclopædia Britannica ea bolela: “Eena [Constantine] haa ka a etsa Bokreste bolumeli ba ’muso.” Rahistori oa Lefora Jean-Rémy Palanque, eo e leng setho sa Mokhatlo oa Fora, oa ngola: “Leha ho le joalo, Naha ea Roma . . . e ile ea sala e le ea bohetene ka molao. ’Me ha Constantine a khomarela bolumeli ba Kreste, ha a ka felisa boemo boo.” Bukeng The Legacy of Rome, Moprofesa Ernest Barker o itse: “[Tlhōlo ea Constantine] ha ea ka ea fella ka ho hlomamisoa ha Bokreste joaloka bolumeli ba Naha hang-hang. Constantine o ne a khotsofalletse feela hore Bokreste bo tsejoe e le bo bong ba borapeli ba sechaba ba ’muso. Lilemo tse 70 tse latelang mekete ea boholo-holo ea lineano tsa bohetene e ne etsoa ka molao Roma.”
Kahoo mothating ona “Bokreste” e ne e le bolumeli bo lumeletsoeng ka molao ’Musong oa Roma. Ke neng ho latela kutloisiso e feletseng ea tlhaloso ena, bo fetohileng bolumeli ba Naha bo lumeletsoeng ka molao? Rea bala ho New Catholic Encyclopedia: “Leano la [Constantine] le ile la ntšetsoa pele ke bahlahlami ba hae ka ntle ho Julian [361-363 C.E.], eo ho hlorisa ha hae Bakreste ho ileng ha fela ka tšohanyetso ha a e-shoa. Qetellong, karolong e qetelang ea lekholo la bo4 la lilemo, Theodosius e Moholo [379-395 C.E.] o ile a etsa Bokreste bolumeli bo lumeletsoeng ka molao ba ’Muso ’me a hatella borapeli ba sechaba ba bohetene.”
Ho tiisa le ho senola hantle seo bolumeli bona ba Naha bo bocha bo neng bo le sona, setsebi sa Bibele le rahistori F. J. Foakes Jackson o ngotse: “Pusong ea Constantine Bokreste le ’muso oa Roma li ne li kene selekaneng. Pusong ea Theodosius li bile tsa kopanngoa. . . . Ho tloha nakong eo ho ea pele tlotla ea K’hatholike e ne e lokela ho bolokeloa ba rapelang Ntate, Mora le Moea o Halalelang ka ho ba neha tlotla e lekanang. Leano lohle la bolumeli ba moemphera enoa le ile la lebisoa mona, hore Tumelo ea K’hatholike e be bona bolumeli bo le bong feela ba molao ba Maroma.”
Jean-Rémy Palanque o ngotse: “Theodosius, ha a ntse a loantša bohetene, o ile a fana ka tšehetso Kerekeng [e K’hatholike] ea orthodox; molao oa hae oa 380 C.E. o ile oa laela hore bafo bohle ba hae ba amohele tumelo ea Mopapa Damasus le ea mobishopo [oa Boraro-bo-bong] oa Alexandria ’me o bile oa amoha ba sa lumellaneng le eena tokoloho ea borapeli. Lekhotla le leholo la Constantinople (381) le ile la boela la thibela lithuto tsohle tse sa lumellaneng le kereke ’me moemphera o ile a tiisa hore ha ho mobishopo ea neng a tla tšehetsa lithuto tse joalo tse neng li sa lumelloe ke kereke. Bokreste ba Nicaea [ba Boraro-bo-bong] ka sebele bo ile ba fetoha bolumeli ba Naha . . . Kereke e ile ea momahana le Naha ’me ea thabela tšehetso ea eona e khethehileng.”
Kahoo, hase Bokreste ba mehleng ea baapostola bo silafalitsoeng bo ileng ba fetoha bolumeli ba Naha ba ’Muso oa Roma. Ke Bok’hatholike ba Boraro-bo-bong ba lekholong la bone la lilemo, bo qobeletsoeng ka matla ke Moemphera Theodosius I le ho sebelisoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike, eo nakong e fetileng le hona joale e leng karolo ea lefatše lena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Emperor Theodosius I: Real Academia de la Historia, Madrid (Foto Oronoz)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Scala/Art Resource, N.Y.