Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Fumana Morero Bophelong

O Ile a Fumana Morero Bophelong

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

O Ile a Fumana Morero Bophelong

JESU o re o tseba linku tsa hae. (Johanne 10:14) Haeba motho a na le pelo e ntle ’me a rata khotso le ho loka, motho eo o tla huleloa ho balateli ba Jesu. Motho ea joalo o tla fumana morero bophelong, joaloka mosali e mong Belgium. Pale ea hae ke ena:

“Ha Lipaki tsa Jehova li ne li kokota monyakong oa ntlo ea ka, ke ne ke tepelletse haholo maikutlong ’me ke nahana ho ipolaea. Ke ile ka rata seo Lipaki li se boletseng ka tharollo ea mathata a lefatše lena le kulang empa ke ne ke sa rate maikutlo a hore Molimo o tla nka karolo ho sena. Ke ne ke khaolitse ho ea kerekeng lilemo tse robeli tse fetileng, kaha ke ne ke hloile boikaketsi boo ke bo boneng moo. Leha ho le joalo, ha e le ho Lipaki, ke ile ka hlokomela ’nete e utloahalang ho seo li neng li se bolela ’me hape ka hlokomela hore ho thata ho phela ntle le Molimo.

“Ka bomalimabe, ka mor’a ho eteloa ke Lipaki ka makhetlo a seng makae, ke ile ka hlōleha ho kopana le tsona. Ke ile ka ikutloa ke saretsoe. Ke ne ke tsuba lipakete tse peli tsa lisakarete ka letsatsi ’me ka ba ka qalisa ho sebelisa lithethefatsi. Kaha ke ne ke batla ho buisana le ntate-moholo oa ka ea shoeleng, ke ile ka qala ho leka ho ba le tšebelisano le meea. Ke ile ka tšoha hakaakang ha ledemona le ntlhasela bosiu ke le mong ka lebaka la see! Sena se ile sa etsahala ka likhoeli tse ngata. Mantsiboea a mang le a mang ke ne ke tšosoa ke monahano oa ho ba mong.

“Joale, ka letsatsi le leng ke ne ke tsamaea feela ka morero oa ho otlolla maoto, ke tsamaea ka tsela e fapaneng le eo ke e tloaetseng, ’me ke ile ka fihla setšeng se seholo sa kaho. Ke ile ka makatsoa ke ho bona letšoele le leholo moo. Ha ke atamela, ke ile ka bona hore e ne e le Lipaki tsa Jehova mosebetsing oa ho haha Holo ea ’Muso. Ke ile ka hopola kamoo Lipaki li neng li nketela ka teng tlung ea ka ’me ka nahana kamoo ho neng ho tla thabisa ka teng haeba lefatše lohle le ne le ka phela joaloka batho bana.

“Ka sebele ke ne ke lakatsa hore Lipaki li khutlele lelapeng la ka, ka hona ke ile ka buisana le ba bang ba neng ba sebetsa holong. Ke ile ka rapela Molimo, ’me matsatsi a leshome hamorao monna ea ileng a kopana le ’na ka lekhetlo la pele o ne a le monyakong oa ntlo ea ka. O ile a etsa tlhahiso ea hore re ntšetse thuto ea Bibele pele, ’me ka thabo ke ile ka lumela. Hang feela o ile a ’memela ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ke ile ka amohela memo. Le ka mohla ke ne ke e-s’o bone pono e joalo! Ka nako e telele ke ne ke ile ka batla batho ba ratanang le ba thabileng. ’Me qetellong ke ne ke ba fumane!

“Ka mor’a moo ke ile ka ea libokeng tsohle. Libeke tse ka bang tharo hamorao, ka khaotsa tloaelo e mpe ea ho tsuba. Ka lahla libuka tsa ka tsa bolepi ba linaleli le lirekoto tsa ’mino oa bosatane, ’me ka qala ho lemoha hore bademona ba ne ba felloa ke taolo holim’a ka. Ke ile ka lokisa bophelo ba ka hore bo iphaphathe le litekanyetso tsa Jehova tsa Bibele, ’me ka mor’a likhoeli tse tharo ke ile ka qalisa ho bolela litaba tse molemo. Ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng. Matsatsi a mabeli ka mor’a ho kolobetsoa, ke ile ka qalisa ho ba pula-maliboho ea thusang.

“Ke leboha Jehova bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona. Qetellong bophelo ba ka bo na le morero. E, lebitso la Jehova ke qhobosheane e matla moo ke fumaneng setšabelo le tšireletso. (Liproverbia 18:10) Ka sebele ke ikutloa joaloka mopesaleme ha a ne a ngola Pesaleme ea 84:10: ‘Tsatsi le le leng le luloang mabaleng a ntlo ea hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a luloang hosele. Ho lula mathuleng a ntlo ea Molimo oa ka kea ho rata ho fetisa ho lula litenteng tsa bakhopo.’”

Mosali enoa ea pelo e bonolo o fumane morero bophelong. Ka hona mang le mang ea batlang Jehova ka pelo e ntle a ka fumana morero bophelong.