Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bohle le Bara ba Motho”

“Bohle le Bara ba Motho”

“Bohle le Bara ba Motho”

“Le se ke la bitsoa Rabi, kaha o mong mosuoe oa lōna, athe lōna bohle le bara ba motho.”—MATHEU 23:8.

1. Ke habohlokoa hore re nahane ka taba efe?

ASA botse hampe, mosali e mong oa Mokreste linaheng tsa Bochabela o ile a botsa moromuoa ea tsoang Australia a re: “Ho moromuoa le mosebeletsi oa Bethele, ke mang ea tšoaneloang ke tlhompho e eketsehileng?” O ne a batla ho tseba hore na ke ofe ea lokelang ho hlomphuoa ho feta e mong, moromuoa ea tsoang naheng e ’ngoe kapa mosebeletsi ea sebeletsang ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e sebakeng sa habo. Moromuoa o ile a makatsoa ke potso ena e hlokang molato, e bonahatsang tloaelo ea ho ameha haholo ka maemo. Leha ho le joalo, potso ea hore na ke mang e moholo, e bakoa ke takatso ea ho tseba hore na batho ba na le matla le tšusumetso e kae.

2. Re lokela ho nka barapeli-’moho le rōna joang?

2 Ho ameha ka sena ho hang hase ntho e ncha. Esita le barutuoa ba Jesu ba ile ba pheha khang ba sa khaotse mabapi le hore na e moholo ke ofe. (Matheu 20:20-24; Mareka 9:33-37; Luka 22:24-27) Le bona ba ne ba e-tsoa moo ho nang le tloaelo ea ho ameha haholo ka maemo, e leng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda ea lekholong la pele la lilemo. A nahanne ka sechaba se joalo, Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae a re: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha o mong mosuoe oa lōna, athe lōna bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) Setsebi sa Bibele Albert Barnes se bolela hore tlotla ea bolumeli e joaloka “Rabi,” e bolelang “Mosuoe,” “e na le ho hlahisa boikhohomoso le bophahamo ho ba e fuoang, ’me e hlahisa mohono le ho nyenyefatsoa ho ba se nang eona; ’me boikutlo le tšekamelo e bakoang ke eona e fapane le ‘ho ipeha fatše ha Kreste.’” Ha e le hantle, Bakreste ba qoba ho bitsa baholo ba leng har’a bona “Moholo Semanya-manyane,” ba sebelisa lentsoe “moholo” e le tlotla e rorisang ka mokhoa o tlōlisang. (Jobo 32:21, 22) Ka lehlakoreng le leng, baholo ba phethahatsang keletso ea Jesu ba hlompha litho tse ling tsa phutheho, joalokaha Jehova a hlompha barapeli ba tšepahalang le Jesu Kreste a hlompha balateli ba tšepahalang.

Mohlala oa Jehova le Jesu

3. Jehova o ile a hlompha libōpuoa tsa hae tsa moea joang?

3 Le hoja Jehova e le “Ea Phahameng ka ho Fetisisa,” o ile a hlompha libōpuoa tsa hae ho tloha tšimolohong ka ho li akarelletsa mesebetsing ea hae. (Pesaleme ea 83:18, NW) Ha Jehova a ne a bōpa motho oa pele, o ile a kopanyelletsa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le “mosebetsi ea hloahloa” mosebetsing oo. (Liproverbia 8:27-30, NW; Genese 1:26) Jehova o bile a mema mangeloi a hae a leholimo hore a bolele hore na Morena Akabe ea khopo a timetsoe joang ha A se a entse qeto ea ho mo timetsa.—1 Marena 22:19-23.

4, 5. Jehova o hlompha libōpuoa tsa hae tsa batho joang?

4 Jehova o busa e le ’Musi Morena oa bokahohle. (Deuteronoma 3:24) Ha ho hlokahale hore a rerisane le batho. Leha ho le joalo, ka puo ea tšoantšetso oa inama e le hore a ba ele hloko. Mopesaleme o ile a bina: “Ke mang ea tšoanang le Jehova, Molimo oa rōna? O ahile nģalong tse holimo-limo; o inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng. O tsosa ea malimabe lerōleng.”—Pesaleme ea 113:5-8.

5 Pele Jehova a timetsa Sodoma le Gomora, o ile a mamela lipotso tsa Abrahama ’me a phethahatsa seo Abrahama a neng a se nka e le toka. (Genese 18:23-33) Le hoja Jehova a ne a se a tseba phello ea seo Abrahama a se kōpang, o ile a mamela Abrahama ka ho se fele pelo ’me a amohela mokhoa oa hae oa ho beha mabaka.

6. Phello e bile efe ha Jehova a bontša tlhompho ha Habakuke a botsa potso?

6 Hape Jehova o ile a mamela Habakuke, ea ileng a botsa: “Jehova, ke tla hooeletsa ho le hokae, u sa nkutloe?” Na Jehova o ile a nka potso eo e le ho phephetsa matla a hae a ho laela? Che, o ile a nka lipotso tsa Habakuke li loketse, ’me kapele ka mor’a moo o ile a senola morero oa hae oa ho hlahisa Bakalde hore ba phethise kahlolo. O ile a kholisa moprofeta hore ‘kahlolo ena e boletsoeng esale pele ruri e tla etsahala.’ (Habakuke 1:1, 2, 5, 6, 13, 14; 2:2, 3) Ka ho nka seo Habakuke a amehileng ka sona e le sa bohlokoa le ka ho mo araba, Jehova o ile a hlompha moprofeta eo. Ka lebaka leo, moprofeta ea ferekaneng o ile a tsoha molota ’me a nyakalla, a tšepile Molimo oa poloko ea hae ka ho feletseng. Sena se bonahala bukeng e bululetsoeng ea Habakuke e matlafatsang ho tšepa ha rōna Jehova kajeno.—Habakuke 3:18, 19.

7. Ke hobane’ng ha karolo eo Petrose a ileng a e phetha ka Pentekonta ea 33 C.E. e le ea bohlokoa?

7 Jesu Kreste ke mohlala o mong o motle oa ho bontša ba bang tlhompho. Jesu o ne a boleletse barutuoa ba hae hore “mang kapa mang ea ntatolang ka pel’a batho, le ’na ka sebele ke tla mo latola ka pel’a Ntate.” (Matheu 10:32, 33) Leha ho le joalo, bosiung boo a ekiloeng ka bona, barutuoa ba hae kaofela ba ile ba mo siea, ’me moapostola Petrose a mo latola ka makhetlo a mararo. (Matheu 26:34, 35, 69-75) Jesu o ile a talima ka nģ’ane ho ponahalo ea ka ntle ’me a ela hloko maikutlo a Petrose a ka hare, pako ea hae e tebileng. (Luka 22:61, 62) Matsatsi a 51 feela hamorao, Kreste o ile a siela moapostola enoa ea bakileng seriti ka ho lumella hore a emele barutuoa ba Jesu ba 120 ka letsatsi la Pentekonta ’me a sebelise senotlolo sa pele ho “linotlolo tsa ’muso.” (Matheu 16:19; Liketso 2:14-40) Petrose o ile a fuoa monyetla oa ho ‘khutla ’me a matlafatse barab’abo.’—Luka 22:31-33.

Ho Abela Litho Tsa Lelapa Tlhompho

8, 9. Ka ho abela mosali oa hae tlhompho, monna a ka etsisa Jehova le Jesu joang?

8 Banna le batsoali ba etsa hantle ka ho etsisa Jehova le Jesu Kreste ha ba sebelisa matla a ho laela ao ba a filoeng ke Molimo. Petrose o ile a eletsa: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali.” (1 Petrose 3:7) Ak’u inahane u nkile sejana sa letsopa se hlokang tlhokomelo e khōlō, seo ka ho hlakileng se pshatlehang habonolo ho feta sa lehong. Na u ke ke ua ba hlokolosi haholoanyane? Monna a ka etsa sena ka ho etsisa Jehova, a mamele maikutlo a mosali oa hae ha a etsa qeto litabeng tsa lelapa. Hopola hore Jehova o ile a ipha nako ea ho behelana mabaka le Abrahama. Kaha monna ha aa phethahala, a ka ’na a hlōleha ho bona taba ka mahlakoreng ’ohle. Kahoo na e ke ke ea e-ba bohlale hore a hlomphe mosali oa hae ka hore a nahanele maikutlo a hae?

9 Linaheng tseo ho tsona matla a monna a ho laela a nketsoeng holimo, monna o tlameha ho hopola hore e ka ’na eaba mosali oa hae o tlameha ho hlōla mokoallo o thata pele a ntša maikutlo a hae a ka hare. Etsisa tsela eo Jesu Kreste a ileng a sebelisana le barutuoa ba hae ka eona, bao e leng karolo ea monyaluoa oa hae oa ka moso, ha a sa le lefatšeng. O ne a ba baballa, a nahanela mefokolo ea bona ea nama le ea moea le pele ba bolela litlhoko tsa bona. (Mareka 6:31; Johanne 16:12, 13; Baefese 5:28-30) Ho phaella moo, iphe nako ea ho hlokomela seo mosali oa hao a u etsetsang sona le seo a se etsetsang lelapa la lōna, ’me u bontše kananelo ka mantsoe le ka liketso. Jehova le Jesu ba ile ba ananela, ba babatsa, ’me ba hlohonolofatsa ba tšoanelehang. (1 Marena 3:10-14; Jobo 42:12-15; Mareka 12:41-44; Johanne 12:3-8) Ka mor’a hore monna oa hae e be e mong oa Lipaki tsa Jehova, mosali e mong oa Mokreste naheng e ’ngoe ea Bochabela o ile a re: “Ha re tsamaea monna oa ka o ne a tloaetse ho tsamaela pele, a ntšiea ke kakatetse mejaro eohle. Hona joale ke eena ea tšoarang thoto ’me o bontša kananelo ka seo ke se etsang lapeng!” Ho bua mantsoe a bontšang kananelo ea sebele le hona ho etsa hore mosali oa hao a ikutloe hore o nkoa e le oa bohlokoa.—Liproverbia 31:28.

10, 11. Batsoali ba ka ithuta eng mohlaleng oa Jehova o motle ha a sebelisana le sechaba sa Iseraele sa marabele?

10 Ha batsoali ba sebelisana le bana ba bona, haholo-holo haeba ho hlokahala khalemelo, ba lokela ho etsisa mohlala oa Molimo. “Jehova a ’na a omela Iseraele le Juda” hore ba furalle litsela tsa bona tse mpe, empa ba ile ba ’na ‘ba satalatsa melala ea bona.’ (2 Marena 17:13-15) Baiseraele ba bile “ba leka ho mo thetsa ka melomo ea bona; ba leka ho mo bolella leshano ka maleme a bona.” Batsoali ba bangata ba ka ’na ba ikutloa hore ka linako tse ling bana ba bona ba itšoara ka tsela e kang eo. Baiseraele ba ile ba “leka Molimo” le ho mo fosetsa, ba mo utloisa bohloko. Leha ho le joalo, Jehova “o ne a le mohau; o ne a koahela phoso ’me a sa tlise pheliso.”—Pesaleme ea 78:36-41NW.

11 Jehova o bile a kōpa Baiseraele ka tieo: “Le tle, re lokise litaba . . . Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joalo ka krimsone, li tla soeufala joalo ka lehloa.” (Esaia 1:18) Le hoja Jehova a ne a sa etsa phoso, o ile a mema sechaba seo sa marabele hore se tle ’me ba lokise litaba. Ke boikutlo bo botle hakaakang boo batsoali ba ka bo etsisang ha ba sebelisana le bana ba bona! Ha ho hlokahala, ba siele seriti ka hore u mamele maikutlo a bona, ’me u behelane mabaka le bona hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho fetoha.

12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho hlompha bana ba rōna ho feta Jehova? (b) Ho hlokahala eng hore re tle re siele bana ba rōna seriti ha re ba khalemela?

12 Ho hlakile hore ka linako tse ling bana ba hloka khalemelo e matla. Batsoali ba ke ke ba batla ho tšoana le Eli, ea ‘ileng a hlompha bara ba hae ho feta Jehova.’ (1 Samuele 2:29) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore bana ba bone hore khalemelo e fanoa ka lebaka la lerato. Ba lokela ho lemoha hore batsoali ba bona ba hlile baa ba rata. Pauluse o eletsa bo-ntate: “Le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Nakong ea ha ho sebelisoa matla a ntate a ho laela, ho hatisoa ntlha ea hore ho hlokahala hore ntate a nahanele seriti sa bana ba hae ka ho se ba halefise kahobane a le bohale bo feteletseng. E, ho nahanela seriti sa bana ho hloka nako le boiteko ka lehlakoreng la batsoali, empa litholoana tsa ho etsa joalo li tšoaneloa ke boitelo bohle bo amehang.

13. Pono ea Bibele ke efe ka ba hōlileng ka lapeng?

13 Ho bontša tlhompho ho litho tsa lelapa ho feta feela ho siela mosali oa hao le bana ba hao seriti. Maele a Sejapane a re: “Ha u se u hōlile, utloa bana ba hao.” Maele ana a bolela hore batsoali ba hōlileng ba lokela ho qoba ho tlōla moeli oa matla a bona a ho laela a botsoali le hore ba lokela ho ela hloko se boleloang ke bana ba bona ba hōlileng. Le hoja ho le tumellanong le Mangolo hore batsoali ba hlomphe bana ba bona ka ho ba mamela, bana ha baa lokela ho bontša boikutlo bo hlokang tlhompho ho litho tse hōlileng tsa lelapa. Liproverbia 23:22 e re: “U se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” Morena Solomone o ile a phethahatsa maele ana ’me a hlompha ’m’ae ha a ne a tla ho eena bakeng sa ho etsa kōpo e matla. Solomone o ile a re ho behoe terone ka letsohong le letona la terone ea hae ’me a mamela seo ’m’ae ea tsofetseng, Bathe-sheba, a neng a tlil’o mo bolella sona.—1 Marena 2:19, 20.

14. Re ka hlompha litho tsa phutheho tse hōlileng joang?

14 Lelapeng la rōna le ekelitsoeng la moea, re boemong bo botle ba ho ‘etella pele’ tabeng ea ho bontša tlhompho ho litho tsa phutheho tse hōlileng. (Baroma 12:10) E ka ’na eaba ha li sa khona ho etsa lintho tse ngata joalokaha li ne li etsa linakong tse fetileng, ’me sena se ka ’na sa li nyahamisa. (Moeklesia 12:1-7) Paki e ’ngoe e hōlileng ea motlotsuoa e neng e sa khone ho theoha liphateng sepetlele e kile ea hlalosa ho nyahama ho joalo ha e re: “Ke tatetse hore ke shoe ’me ke boele mosebetsing.” Bakeng sa ba joalo ba hōlileng, ho ba bontša kamohelo le tlhompho tse ba loketseng ho ka thusa. Baiseraele ba ile ba laeloa: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng.” (Levitike 19:32) Bontša ho nahanela ka ho etsa hore ba hōlileng ba ikutloe ba hlokoa ba bile ba ananeloa. ‘Ho ema’ ho ka akarelletsa ho lula fatše le ho ba mamela ha ba pheta seo ba se finyeletseng lilemong tse ngata tse fetileng. Sena se tla siela ba hōlileng seriti ’me se entše bophelo ba rōna ba moea.

‘Ho Bontšeng Tlhompho Etellang Pele’

15. Baholo ba ka etsa eng ho siela litho tsa phutheho seriti?

15 Litho tsa phutheho lia matlafala ha baholo ba li behela mohlala o motle. (1 Petrose 5:2, 3) Ho sa tsotellehe kemiso ea bona e maphathaphathe, baholo ba tsotellang ba nka bohato ba pele hore ba atamele bacha, lihlooho tsa malapa, bo-’mè ba se nang balekane, bo-’mè ba lelapa le batho ba hōlileng, ebang ba na le mathata kapa che. Baholo ba mamela se boleloang ke litho tsa phutheho ’me baa li babatsa ka seo li khonang ho se etsa. Moholo ea hlokolosi ea bolelang hore o ananela seo mora kapa morali oabo rōna a se etsang o etsisa Jehova, ea ananelang libōpuoa tsa hae tse lefatšeng.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka hore baholo hammoho le ba bang ka phuthehong ba lokeloa ke tlhompho?

16 Ka ho etsisa Jehova, baholo ba beha mohlala o motle ka ho sebelisa keletso ea Pauluse: “Leratong la bara ba motho e-bang le boikutlo bo bonolo e mong bakeng sa e mong. Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele.” (Baroma 12:10) Sena se ka ’na sa e-ba boima ho baholo ba lulang linaheng tseo ho tsona batho ba tloaetseng ho khethollana ka maemo a bona. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Bochabela, ho na le mantsoe a mabeli bakeng sa “mor’abo rōna,” le leng le bontša tlhompho ’me le leng ke le tloaelehileng feela. Ho fihlela haufinyane tjena, litho tsa phutheho li ne li bitsa baholo le batho ba hōlileng li sebelisa lentsoe le bontšang tlhompho, ’me li sebelisa lentsoe le tloaelehileng ha li bitsa ba bang. Leha ho le joalo li ile tsa khothalletsoa hore li sebelise lentsoe le tloaelehileng ka linako tsohle hobane joalokaha Jesu a boleletse barutuoa ba hae, “bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) Le hoja mohlomong khethollo e tjena e ka ’na ea se ke ea totobala joalo linaheng tse ling, ho hlokahala hore kaofela ha rōna re lemohe tšekamelo ena ea botho ea ho khethollana ka maemo.—Jakobo 2:4.

17. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho atameleha? (b) Baholo ba ka etsisa Jehova ka litsela life ha ba sebetsana le litho tsa phutheho?

17 Ke ’nete hore Pauluse o ile a re khothalletsa hore re nke baholo ba bang “ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli,” empa e ntse e le barab’abo rōna. (1 Timothea 5:17) Haeba re khona ho ‘atamela ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang’ ea ’Musi oa Bokahohle, na ha rea lokela ho nolofalloa ke ho atamela baholo, ba etsisang Jehova? (Baheberu 4:16; Baefese 5:1) Balebeli ba ka lekanyetsa hore na ba atameleha hakae ka ho hlahloba hore na ba bang ba tla ho bona hangata hakae ho tla batla keletso kapa ho etsa litlhahiso. Ithute tseleng eo Jehova a kenyelletsang ba bang ka eona mererong ea hae. O siela ba bang seriti ka ho aba boikarabelo. Le haeba litlhahiso tse ling tse fanoeng ke Paki e ’ngoe li ka bonahala li sa sebetse, baholo ba lokela ho ananela kameho e bontšitsoeng. Hopola kamoo Jehova a ileng a sebetsana le lipotso tsa Abrahama tse phenya-phenyang le mohoo oa Habakuke oa mahlomola kateng.

18. Ke joang baholo ba ka etsisang Jehova ha ba khutlisetsa tseleng ba hlokang thuso?

18 Bakreste-’moho ba bang ba hloka ho khutlisetsoa tseleng. (Bagalata 6:1) Leha ho le joalo, ke ba bohlokoa mahlong a Jehova, ba tšoanela ho sieloa seriti. Paki e ’ngoe e ile ea re: “Ha motho ea fanang ka keletso a ntlhompha, ke ikutloa ke lokolohile ho mo atamela.” Batho ba bangata ba arabela hantle keletsong ha ba sieloa seriti. Ho ka ’na ha hlokahala nako e eketsehileng, empa ho mamela ba nkileng mohato o fosahetseng ho ba nolofalletsa hore ba amohele keletso leha e le efe e hlokahalang. Hopola kamoo Jehova a ileng a beha mabaka le Baiseraele khafetsa ka lebaka la ho ba utloela bohloko. (2 Likronike 36:15; Tite 3:2) Keletso e fanoang ka kutloelo-bohloko le qenehelo e tla ama lipelo tsa ba hlokang thuso.—Liproverbia 17:17; Bafilippi 2:2, 3; 1 Petrose 3:8.

19. Re lokela ho nka batho ba sa lumeleng seo Bakreste ba se lumelang joang?

19 Ho hlompha ba bang ho fetela le ho bao e ka ’nang ea e-ba barab’abo rōna ba moea nakong e tlang. Batho ba joalo ba ka ’na ba lieha ho amohela molaetsa oa rōna hona joale, empa ho ntse ho hlokahala hore re se ba felle pelo ’me re ba siele seriti joalokaha e le batho. Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Na ha rea lokela ho ba le pono ea Jehova? Ha re nahanela batho ka kakaretso, re ka betla tsela ea ho fana ka bopaki haeba kamehla re leka ho ba le moea oa boahelani. Ho hlakile hore re qoba botsoalle bo ka ’nang ba kopanyelletsa lintho tse kotsi moeeng. (1 Bakorinthe 15:33) Leha ho le joalo, re bontša “mosa oa botho,” ha re khese batho ba sa lumeleng seo re se lumelang.—Liketso 27:3.

20. Mohlala oa Jehova le Jesu Kreste o lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

20 E, Jehova le Jesu Kreste ba nka e mong le e mong oa rōna a tšoaneloa ke tlhompho. E se eka kamehla re ka hopola hore na ba etsa lintho joang ’me ka ho tšoanang re etelle pele ho bontšaneng tlhompho. Kamehla e se eka re ka hopola mantsoe a Morena oa rōna Jesu Kreste: “Bohle le bara ba motho.”—Matheu 23:8.

U ne U Tla Araba Joang?

• U lokela ho nka barapeli-’moho joang?

• Mohlala oa Jehova le oa Jesu o u susumelletsa hore u hlomphe ba bang joang?

• Banna le batsoali ba hlompha ba bang joang?

• Ho nka Bakreste-’moho e le barab’abo bona ho susumelletsa baholo ho etsa’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Hlompha mosali oa hao ka mantsoe a bontšang kananelo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Siela bana ba hao seriti ka ho ba mamela

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Tšoara litho tsa phutheho ka tlhompho