Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Phethahetseng Hase Toro Feela Tjee!

Bophelo bo Phethahetseng Hase Toro Feela Tjee!

Bophelo bo Phethahetseng Hase Toro Feela Tjee!

Lefatše le phethahetseng—ho uena le bolela’ng? Nahana feela ka mokhatlo oa batho oo ho oona ho se nang tlōlo ea molao, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, tlala, bofuma kapa ho hloka toka. Bohle ba thabela ho phela hantle maikutlong le ’meleng. Ha ho na masoabi kapa ho hloka thabo hobane lefu le lona le felisitsoe. Na ke ho utloahalang ho labalabela lefatše le joalo?

BA NTSE ba sa hlokomoloha tsoelo-pele ea saense le theknoloji, batho ba bangata ha ba hlile ha ba lumele hore bohlale ba motho kapa tsebo li tla etsa hore ho be le lefatše le phethahetseng leo ho lona bohle ba tla phela ka khotso le thabo. Ka lehlakoreng le leng, ho ke ke ha latoloa hore motho o na le tšekamelo ea ho batla ho ntlafatsa le ho lokisa ho se phethahale. Ha e le hantle, takatso feela tjee e matla e ke ke ea thusa ba se nang matlo le mafutsana, leha e le hore e tla phekola ba holofetseng le ba kulang ba labalabelang ho phomola mahlomoleng a bona. Lefatše le phethahetseng le ke ke la tlisoa feela tjee ke bokhoni ba batho ba ho qapa lintho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tlokotsi le khatello tsa hona joale, ho na le mabaka a tiileng a ho lumela hore lefatše leo u ka le bitsang le phethahetseng le hlile le haufi haholo.

Ha u nahana ka bophelo bo phethahetseng, bo ka ’nang ba tla kelellong ea hao ke ba Jesu Kreste. Jesu e ne e se eena motho feela ea phethahetseng ea kileng a phela lefatšeng. Adama le Eva, ba neng ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, ba ile ba thabela bophelo bo phethahetseng paradeiseng. Leha ho le joalo, ba ile ba lahleheloa ke tokelo ena e babatsehang ka lebaka la ho fetohela Ntat’a bona oa leholimo. (Genese 3:1-6) Leha ho le joalo, ’Mōpi o kentse ka ho batho takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Moeklesia 3:11 (NW) e tiisa seo, e re: “[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”

Le hoja ho se phethahale le sebe li kentse moloko oa batho bophelong ba “lefeela” le “bokhobeng ba ho bola,” hlokomela mantsoe ana a tšelisang a moapostola Pauluse: “Tebello e nang le taba-tabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:19-21) Bibele e hlakisa hore litokisetso tsa Molimo tsa ho tsosolosetsa batho bophelong bo phethahetseng li fumaneha ka Jesu Kreste.—Johanne 3:16; 17:3.

Ho phaella tšepong ena e babatsehang ea nako e tlang, bohle re na le monyetla oa ho tsoela pele moeeng, re etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale le hona joale.

Leka ho ba le Kahlolo e Molemo

Jesu Kreste o ne a nka taba ea phetheho e le ea bohlokoa hoo a ileng a re ho letšoele le leholo la bamameli: “Le lokela ho ba ba phethahetseng, joalokaha Ntate oa lōna oa leholimo a phethahetse.” (Matheu 5:48) Na Jesu o ne a hlile a lebelletse hore re hloke sekoli tsamaisong ee e khopo ea hona joale? Che. Ka sebele re lokela ho loanela ho hlaolela litšoaneleho tsa ho fana ka seatla se bulehileng, mosa le ho rata batho ba bang, empa hangata re hlōleha ho etsa se nepahetseng. Esita le moapostola e mong oa Jesu o ile a ngola: “Haeba re bolela libe tsa rōna, oa tšepahala hape o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa ho se lokeng hohle. Haeba re re: ‘Ha rea etsa sebe,’ re mo etsa ea leshano, ’me lentsoe la hae ha le eo ho rōna.”—1 Johanne 1:9, 10.

Leha ho le joalo, re ka ntlafatsa tsela eo re inkang ka eona le eo re tšoarang ba bang ka eona, ra qoba ho etsa lintho ka mokhoa o feteletseng. Ke mang ea ka fumanang taelo e molemo ea ho hlaolela botho bo se nang leeme le bo nahanelang ho feta e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele? Ho hlaolela litšoaneleho tse kang thabo le ho etsa lintho ka teka-tekano ho tla re thusa ho sebelisana le ba bang mosebetsing, ho sebelisana le balekane ba rōna ba lenyalo le ho sebelisana le batsoali ba rōna kapa bana ba rōna. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Ka mehla thabang Moreneng. Hang hape ka sebele ke tla re, Le thabe! Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna a ho tsejoe ke batho bohle.”—Bafilippi 4:4, 5.

Melemo ea ho ba le Kahlolo e Molemo

Ha u e-na le kahlolo e molemo linthong tseo u li lebellang ’me u qoba boikutlo ba ho itlhokofatsa le ho ipherekanya ka ho lebella phetheho, u itsoela molemo le ho tsoela ba bang molemo. Ho tseba moo matla a hao a fellang teng ho akarelletsa ho talima lintho ka tsela ea sebele le ho ba le kahlolo e molemo ka seo u batlang ho se etsa. Hopola, Molimo o re bōpile hore re phele lefatšeng le hore re khotsofatsoe ke mosebetsi o nang le morero o re tsoelang molemo le ho tsoela ba bang molemo.—Genese 2:7-9.

Haeba u motho ea ipehelang lipakane tse u imelang, ke hobane’ng ha u sa retelehele ho Jehova ka thapelo? Ho fumana mohau oa Molimo ho tla u fa phomolo e khōlō. Jehova o tseba pōpeho ea rōna le boemo ba rōna ba ho se phethahale, kahoo, o na le kahlolo e molemo ebile ho mo khahlisa ha ho thata. Mopesaleme oa re tiisetsa: “Joalo ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōptjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pesaleme ea 103:13, 14) Ke ho thabisang hakaakang hore ebe Molimo o sebetsana le batho ka tsela e mohau joalo! O tseba mefokolo ea rōna, empa o ntse a re nka re le ba bohlokoa joaloka bana ba ratoang.

Ho e-na le ho phehella boikutlo ba ho lebella phetheho, ke bohlale hakaakang ho hlaolela ho ba le temoho ea moea le pono e se nang leeme! Ho feta moo, re ka kholiseha hore ha ho ea ka thibelang Jehova ho phethahatsa morero oa hae oa ho phahamisetsa moloko oa batho phethehong tlas’a ’Muso oa Molimo. Empa ho phethahala ha motho ho bolela’ng?

Bophelo bo Phethahetseng bo Molemo ho Feta Boikutlo ba ho Lebella Phetheho

Ho phethahala ha ho bolele ho ba le boikutlo ba ho lebella phetheho. Ba tla fuoa tokelo ea ho phela Paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo ka sebele e ke ke ea e-ba batho ba batlang lintho ka mokhoa o feteletseng le ba iketsang baloki. Tlhokahalo e ’ngoe ea ho pholoha matšoenyeho a maholo ke kananelo e tlohang botebong ba pelo ka sehlabelo sa thekollo, e kang e boleloang ke bongata bo boholo ba machaba bo hlalosoang ke moapostola Johanne, ha a re: “Poloko re e kolota Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.” (Tšenolo 7:9, 10, 14) Baphonyohi bohle ba matšoenyeho a maholo a atamelang ba tla leboha hore Kreste o ile a ithaopela ho ba shoela le bohle ba sebelisang tumelo ho eena. Sehlabelo sa hae se lerato se rala motheo oa ho ba lopolla ka ho sa feleng ho se phethahaleng le mefokolong ea bona.—Johanne 3:16; Baroma 8:21, 22.

Bophelo bo phethahetseng bo tla ba joang? Ho e-na le tlhōlisano le takatso e matla ea boithati ea ho rata botumo, lerato le mosa har’a batho li tla etsa hore bophelo e be bo thabisang, li felisa ho tšoenyeha le ho inyatsa. Leha ho le joalo, bophelo bo phethahetseng bo ke ke ba tena kapa hona ho ba ntho e le ’ngoe. Lentsoe la Molimo ha le fane ka makolopetso ’ohle ka Paradeise empa ka sebele le hlalosa hore na re lebelle bophelo ba mofuta ofe: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana, ’me ba lahleheloa ke bona.”—Esaia 65:21-23.

Ho e-na le ho ipotsa hore na ’Muso o tla lokisetsa boithabiso, libaka tsa ho reka, theknoloji kapa lipalangoang tsa mofuta ofe, ak’u inahanele u thabela phethahatso ea mantsoe ana: “Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula joang joalo ka khomo, lerōle e be lijo tsa noha; li ke ke tsa khathatsa, leha e le ho senya thabeng ea ka eohle e halalelang: ho bolela Jehova.” (Esaia 65:25) Bophelo bo phethahetseng bo tla fapana hakaakang le boo u bo latsoang kajeno! Haeba u e-ba har’a bao ba nkoang ba tšoaneleha hore ba phele ka nako eo, u tla ba le lebaka la ho kholiseha hore Ntat’ao ea lerato oa leholimo o tla thahasella uena le lelapa la hao. “U ikhahlisetse ho Jehova, ’me o tla u nea se batloang ke pelo ea hao.”—Pesaleme ea 37:4.

Bophelo bo phethahetseng hase toro feela tjee. Morero o lerato oa Jehova mabapi le moloko oa batho o tla phethahala ka ho feletseng. Uena le lelapa la hao le ka ba har’a ba tla phahamisetsoa ho ba batho ba phethahetseng le ba phelang ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Bibele e bolela esale pele: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Re ka ntlafatsa tsela eo re inkang ka eona le eo re tšoarang ba bang ka eona, ra qoba boikutlo ba ho lebella phetheho le ho batla lintho tse feteletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke hobane’ng ha u sa inahanele u se u thabela maemo a khotso le ho loka Paradeiseng?