Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlompha ba Filoeng Matla a ho U Laela

Hlompha ba Filoeng Matla a ho U Laela

Hlompha ba Filoeng Matla a ho U Laela

“Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna, le tšabe Molimo, le be le tlhompho bakeng sa morena.”—1 PETROSE 2:17.

1, 2. Kajeno batho ba nka matla a ho laela joang? Hobane’ng?

KA HO hlomoha ’mè e mong o re: “Bana ba na le litokelo tsohle. Batsoali ha ba sa hlomphuoa.” Stikara se bampareng ea koloi se re “Phephetsa Matla a ho Laela.” Tsena ke lintho tse peli har’a tse ngata tse bontšang boemo bo atileng kajeno, joalokaha e tlameha ebe ua tseba. Ka kakaretso ho hlokela batsoali, matichere, bahiri, le ba boholong ’musong tlhompho ho tloaelehile lefatšeng lohle.

2 Ba bang ba ka ’na ba bontša ho se tsotelle ba re, ‘Ba nang le matla a ho laela ha ba tšoanelehe hore ke ba hlomphe.’ Ka linako tse ling, seo ke ’nete. Re utloa litaba tse kenang lenyelenyele ka ba boholong ’musong ba bontšang bobolu, bahiri ba meharo, matichere a sa tšoaneleheng le batsoali ba hlekefetsang. Hoa thabisa hore ke Bakreste ba fokolang ka palo ba nang le pono e joalo ka ba nang le matla a ho laela ka phuthehong.—Matheu 24:45-47.

3, 4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlompha ba nang le matla a ho laela?

3 Joaloka Bakreste re na le “lebaka le qobellang” hore re hlomphe ba nang le matla a ho laela lefatšeng. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba “ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela, kaha ha ho matla a ho laela haese ka Molimo; ba leng teng ba nang le matla a ho laela ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” (Baroma 13:1, 2, 5; 1 Petrose 2:13-15) Pauluse o boetse a bontša lebaka le loketseng la ho utloa ba nang le matla a ho laela ka lapeng: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng. Lōna bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena ke se khahlisang haholo Moreneng.” (Bakolose 3:18, 20) Baholo ba phutheho baa tšoaneleha hore re ba hlomphe hobane ‘moea o halalelang o ba behile hore e be balebeli, ho lisa phutheho ea Molimo.’ (Liketso 20:28) Re hlompha batho ba nang le matla a ho laela kahobane re hlompha Jehova. Ha ho pelaelo hore kamehla ho hlompha matla a Jehova a ho laela ho tla pele bophelong ba rōna.—Liketso 5:29.

4 Re nahanne ka matla a Jehova a ho laela a phahameng ka ho fetisisa, a re nahaneng ka mehlala ea ba bang ba sa kang ba hlompha ba nang le matla a ho laela le ba bang ba ileng ba ba hlompha.

Ho se Hlomphe ho Lebisa ho ho se Amoheloe

5. Mikale o ile a bontša boikutlo bofe bo se nang tlhompho ho Davida, ’me see se ile sa fella ka eng?

5 Historing ea Morena Davida, re ka bona kamoo Jehova a talimang ba shebelang tlaase matla a ho laela a fanoeng ke Molimo kateng. Ha Davida a etsa hore areka ea selekane e tlisoe Jerusalema, mosali oa hae Mikale o ile a bona “morena Davida a tlolaka, a hobela pel’a Jehova, ’me a mo nyelisa ka pelong ea hae.” Mikale o ne a lokela ho hlokomela hore Davida hase hlooho ea lelapa feela empa hape ke morena oa naha. Leha ho le joalo, o ile a ntša maikutlo a hae ka ho phoqa: “Morena oa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontšeng ea makhabunyane a bahlanka ba hae, joalo ka ha ho ka hlobola motho oa lefeela!” Ka lebaka la sena Mikale ha aa ka a ba le bana.—2 Samuele 6:14-23.

6. Jehova o ile a talima ho se hlomphe ha Kora batlotsuoa ba Hae joang?

6 Mohlala o totobetseng oa ho se hlomphe boeta-pele ba puso ea Molimo bo khethiloeng ke Molimo ke oa Kora. Joaloka setloholo sa Kehathe, o ne a e-na le tokelo e khōlō hakaakang ea ho sebeletsa Jehova tabernakeleng! Ho sa tsotellehe seo o ile a nyatsa-nyatsa Moshe le Arone, baeta-pele ba Molimo ba tlotsitsoeng ba Baiseraele. Kora o ile a iketsa khokanyana-phiri le marenana a mang a Iseraele ’me ba bolella Moshe le Arone sefahla-mahlo: “Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova na?” Jehova o ile a talima boikutlo ba Kora le batšehetsi ba hae joang? Molimo o ile a nka ketso ea bona e le ho hlompholla Jehova ka boeena. Ha ba qeta ho bona bohle ba neng ba le ka lehlakoreng la bona ba metsoa ke lefatše, Kora le marenana a 250 ba ile ba felisoa ka mollo o tsoang ho Jehova.—Numere 16:1-3, 28-35.

7.Na ‘baapostola ba lokileng ho tlōla’ ba ne ba e-na le lebaka la ho nyatsa matla a Pauluse a ho laela?

7 Phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le ba hlomphollang matla a ho laela a puso ea Molimo. ‘Baapostola ba lokileng ho tlōla’ phuthehong ea Korinthe ba ne ba e-na le boikutlo bo se nang tlhompho ho Pauluse. Ba ne ba nyatsa bokhoni ba hae ba ho bua, ba re: “Ho ba teng ha hae ka boeena hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” (2 Bakorinthe 10:10; 11:5) Ebang Pauluse e ne e le sebui se hlaheletseng kapa che, o ne a tšoaneloa ke tlhompho joalokaha e ne e le moapostola. Empa na ka sebele puo ea Pauluse e ne e eiseha? Lipuo tsa hae tsa phatlalatsa tse tlalehiloeng ka Bibeleng li fana ka bopaki ba kamoo e neng e le sebui se kholisang kateng. Ke kahoo, ka lebaka la puisano ea hae e khutšoanyane le Heroda Agrippa II, eo e neng e le “setsebi . . . litsekong har’a Bajuda,” Pauluse a ileng a susumelletsa morena eo hore a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa ho lumela ho ba Mokreste”! (Liketso 13:15-43; 17:22-34; 26:1-28) Leha ho le joalo, baapostola ba lokileng ho tlōla Korinthe ba ile ba mo qosa ka hore puo ea hae ea eiseha! Jehova o ile a talima boikutlo ba bona joang? Molaetseng o eang ho balebeli phuthehong ea Efese, Jesu Kreste o ile a babatsa ba ileng ba hana ho huleloa thōko ke ‘ba reng ke baapostola, empa e se bona.’—Tšenolo 2:2.

Tlhompho ho sa Tsotellehe ho se Phethahale

8. Davida o ile a bontša joang hore o hlompha matla a ho laela ao Jehova a a fileng Saule?

8 Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea ba ileng ba hlompha batho ba nang le matla a ho laela, le hoja bana ba ne ba sebelisa matla a bona a ho laela hampe. Davida ke mohlala o mong o motle joalo. Morena Saule, eo a neng a mo sebeletsa, o ile a ba mōna ka lebaka la seo Davida a neng a se finyella ’me a leka ho mo bolaea. (1 Samuele 18:8-12; 19:9-11; 23:26) Leha ho le joalo, le hoja a bile le menyetla ea ho bolaea Saule, Davida o ile a re: “Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho mong a ka, motlotsuoa oa Jehova, ka isa letsoho la ka ho eena, etsoe e le motlotsuoa oa Jehova.” (1 Samuele 24:3-6; 26:7-13) Davida o ne a tseba hore Saule o fositse, empa o ile a tlohella Jehova hore a mo ahlole. (1 Samuele 24:12, 15; 26:22-24) Ha aa ka a nyefola Saule ho ba bang kapa ha a bua le eena.

9. (a) Davida o ile a ikutloa joang ha a tujoa ke Saule? (b) Re ka paka joang hore tlhompho ea Davida ho Saule e ne e le ea sebele?

9 Na Davida o ile a ba mahlomoleng ha a ne a tujoa? Davida o ile a hoeletsa ho Jehova: “Batho ba sehlōho ba batla bophelo ba ka.” (Pesaleme ea 54:3) O ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova: “Ntoele ho bao e leng lira ho ’na, Molimo oa ka! . . . Banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe. Leha ke se na molato, ba matha ba ntlhomeletse. Falimeha, u tle ho ’na, u talime!” (Pesaleme ea 59:1-4) Na u kile ua ikutloa ka tsela e joalo—hore ha ho phoso eo u e etselitseng motho ea nang le matla a ho laela, leha ho le joalo o u setse-setse morao? Davida ha aa ka a hlōleha ho bontša tlhompho ho Saule. Ha Saule a shoa, ho e-na le hore Davida a nyakalle, o ile a qapa koli-ea-malla: “Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba khahleha ho pheleng ha bona . . . ba ne ba le lebelo ho feta lintsu, ba le matla ho feta litau. Oho, baroetsana ba Iseraele, llelang Saule.” (2 Samuele 1:23, 24) Ke mohlala o motle hakaakang oa ho bontša tlhompho ea sebele ho motlotsuoa oa Jehova, le hoja Saule a ne a foselitse Davida!

10. Pauluse o ile a fana ka mohlala ofe o motle oa ho hlompha matla a ho laela a fanoeng ke Molimo a sehlopha se busang, hona seo se ile sa fella ka eng?

10 Le nakong ea Bokreste re fumana mehlala e hlaheletseng ea ba hlomphang matla a ho laela a fanoeng ke Molimo. Nka Pauluse ka mohlala. O ile a bontša tlhompho bakeng sa liqeto tsa sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste sa lekholong la pele la lilemo. Ketelong ea Pauluse ea ho qetela Jerusalema, sehlopha se busang se ile sa mo eletsa hore a itlhoekise ho latela moetlo e le hore a bontše ba bang hore ha a khahlanong le Molao oa Moshe. Pauluse a ka be a itse: ‘Nakong e fetileng bara bana babo rōna ba ile ba ntaela hore ke tlohe Jerusalema ha bophelo ba ka bo ne bo sokeloa. Joale ba se ba batla hore ke bonahatse phatlalatsa hore ke hlompha Molao oa Moshe. Ke ngoletse le Bagalata ke ba eletsa hore ba se ke ba boloka Molao. Haeba ke e-ea tempeleng, ba bang ba ka ’na ba nka ketso ea ka hampe, ba nahana hore ke lumellana le ba leng sehlopheng sa ba bolotseng.’ Leha ho le joalo, ho hlakile hore Pauluse ha aa ka a nahana ka tsela eo. Kaha ho ne ho sa amehe ho sekisetsa melao-motheo ea Bokreste, o ile a hlompha keletso ea sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo ’me a sebetsa tumellanong le eona. Phello e bile hore hang-hang Pauluse o ile a lokela ho pholosoa mokhoping oa Bajuda, ’me hamorao a qeta lilemo tse peli chankaneng. Qetellong, thato ea Molimo e ile ea etsoa. Pauluse o ile a paka ka pel’a ba boholong Sesarea eaba o isoa Roma ka litšenyehelo tsa ’muso hore a e’o paka ka pel’a Sesare ka boeena.—Liketso 9:26-30; 21:20-26; 23:11; 24:27; Bagalata 2:12; 4:9, 10.

Na U Bontša Tlhompho?

11. Re ka bontša tlhompho ho ba nang le matla a ho laela lefatšeng joang?

11 Na u bontša ba nang le matla a ho laela tlhompho e ba loketseng? Bakreste ba laeloa hore ba ‘fe bohle tse ba lokelang, . . . ea batlang tlhompho, tlhompho e joalo.’ Ka sebele, ho ikokobeletsa ha rōna “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ha ho kopanyelletse feela ho lefa makhetho a rōna empa ho kopanyelletsa hore re hlomphe ba nang le matla a ho laela ka boitšoaro ba rōna le ka puo ea rōna. (Baroma 13:1-7) Re itšoara joang ha re tobane le ba boholong pusong bao mohlomong ba hatellang? Motseng oa Chiapas, Mexico, ba nang le matla a ho laela motseng o mong ba ne ba nkile masimo a malapa a 57 a Lipaki tsa Jehova hobane Bakreste bana ba ne ba sa kopanele meketeng e itseng ea bolumeli. Libokeng tse ileng tsa tšoaroa ho rarolla qaka ena, Lipaki, li hloekile ebile li apere hantle, ka linako tsohle li ne li bua ka seriti le tlhompho. Nako e fetang selemo hamorao, ho ile ha etsoa qeto e li emelang. Boitšoaro ba tsona bo ile ba etsa hore bashebelli ba bang ba li hlomphe hoo le bona ba ileng ba batla ho fetoha Lipaki tsa Jehova!

12. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore mosali a be le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae ea sa lumelang?

12 U ka bontša ho hlompha matla a ho laela a fanoeng ke Molimo ka lapeng joang? Ka mor’a ho tšohla mohlala oa Jesu oa ho utloisoa bohloko ke bobe, moapostola Petrose o ile a re: “Ka mokhoa o tšoanang, lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka haptjoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2; Baefese 5:22-24) Mona Petrose o hatisa bohlokoa ba hore mosali a ipehe ka tlaase ho monna oa hae ka “tlhompho e tebileng,” le hoja banna ba bang ba ka ’na ba etsa ho fokolang hore ba tšoaneloe ke tlhompho e joalo. Boikutlo ba mosali bo bontšang tlhompho bo ka hapa pelo ea monna oa hae ea sa lumelang.

13. Basali ba ka hlompha banna ba bona joang?

13 Moelelong oa litemana tsena, Petrose o lebisa tlhokomelo ea rōna mohlaleng oa Sara, eo monna oa hae Abrahama, e neng e le mohlala o hlaheletseng oa tumelo. (Baroma 4:16, 17; Bagalata 3:6-9; 1 Petrose 3:6) Na basali ba nang le banna ba lumetseng ba lokela ho ba fa tlhompho e fokolang ho feta eo basali ba nang le banna ba sa lumelang ba e fang banna ba bona? Ho thoe’ng haeba u sa lumellane le monna oa hao tabeng e itseng? Jesu o fane ka keletso e ka sebelisoang ka tsela e akaretsang: “Haeba e mong ea matleng a ho laela a u qobella tšebeletsong bakeng sa maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Na u hlompha monna oa hao ka hore u lumellane le seo a se batlang? Haeba sena se bonahala se le thata haholo, arolelana maikutlo a hao le eena ka taba ena. U se ke ua nka hore o tseba kamoo u ikutloang kateng. Empa ha u mo tsebisa seo u se batlang, etsa joalo ka mokhoa o bontšang tlhompho. Bibele ea re eletsa: “Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:6.

14. Ho bontša batsoali tlhompho ho akarelletsa eng?

14 Ho thoe’ng ka bana? Lentsoe la Molimo lea laela: “Bana, le mamele batsoali ba lōna kopanong le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso.” (Baefese 6:1-3) Hlokomela hore ho mamela batsoali ba hao ho nkoa ho tšoana le ho ‘hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao.’ Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “hlompha” le bolela “ho ananela” kapa “ho nka ntho e tšoaneloa ke moputso.” Kahoo, ho mamela ho hloka ho fetang feela hore ka lekhonono u phethe litaelo tsa batsoali tse ka ’nang tsa bonahala li sa utloahale ho uena. Molimo o batla hore u ananele batsoali ba hao haholo ’me u nke tataiso ea bona e le ea bohlokoa.—Liproverbia 15:5.

15. Bana ba ka tsoela pele ho hlompha batsoali ba bona joang esita leha ba ikutloa hore batsoali ba bona ba entse phoso?

15 Ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba atisa ho etsa ntho e etsang hore ho be thaba ho ba hlompha? Leka ho sheba litaba ka tsela eo ba li shebang ka eona. Na ha baa ‘u tsoala’ ’me ba u fa lintho tse hlokahalang? (Liproverbia 23:22) Na ha ba susumetsoe ke hobane ba u rata? (Baheberu 12:7-11) Bua le batsoali ba hao ka tsela e bontšang tlhompho, u hlalose maikutlo a hao ka bonolo. Le haeba ba arabela ka tsela eo u sa e rateng, ithibe hore u se ke ua bua le bona ka tsela e sa bontšeng tlhompho. (Liproverbia 24:29) Hopola kamoo Davida a ileng a ’na a hlompha Saule kateng esita leha morena a ne a fapohile keletso ea Molimo. Kōpa Jehova hore a u thuse hore u sebetsane le maikutlo a hao. Davida o itse: “Le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona! Molimo ke setšabelo sa rōna.”—Pesaleme ea 62:8; Lillo tsa Jeremia 3:25-27.

Hlompha ba Eteletseng Pele

16. Re ka ithuta eng mehlaleng ea mesuoe ea bohata le mangeloi?

16 Baholo ba phutheho ba khethiloe ke moea o halalelang, leha ho le joalo ba ntse ba sa phethahala ’me ba etsa liphoso. (Pesaleme ea 130:3; Moeklesia 7:20; Liketso 20:28; Jakobo 3:2) Ka lebaka leo, ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba ikutloa ba sa khotsofatsoe ke baholo. Re lokela ho itšoara joang haeba re ikutloa hore ho hong ha ho tsamaisoe ka nepo ka phuthehong, kapa mohlomong ho bonahala eka ha ho tsamaee ka nepo? Hlokomela phapang pakeng tsa mesuoe ea bohata ea lekholong la pele la lilemo le mangeloi: “Ba iteta sefuba, ba ngangella thato ea bona, ha ba [mesuoe ea bohata] thothomelle ba khanyang empa ba bua ka ho nyefola, athe mangeloi, le hoja a le maholo ka matla le bonatla, ha a tlise qoso khahlanong le bona ka mantsoe a nyefolang, a sa etse joalo ka lebaka la ho hlompha Jehova.” (2 Petrose 2:10-13) Le hoja mesuoe ea bohata e ile ea bua ka mantsoe a nyefolang ka “ba khanyang”—e leng baholo ba neng ba filoe matla a ho laela phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo—mangeloi ha aa ka a bua ka mantsoe a nyefolang ka mesuoe ea bohata e neng e baka likhaohano har’a bara babo rōna. Kaha mangeloi a boemong bo phahameng ’me a na le toka ho feta batho, a ne a lemoha se etsahalang ka phuthehong. Empa “ka lebaka la ho hlompha Jehova,” a ile a tlohella Molimo hore e be eena ea ahlolang.—Baheberu 2:6, 7; Jude 9.

17. Tumelo ea hao e ameha joang ha u sebetsana le mathata ao ho ’ona u ikutloang hore baholo ba fositse?

17 Esita le haeba ho hong ho sa sebetsoe ka tsela eo ho lokelang ho sebetsoa ka eona, na ha rea lokela ho ba le tumelo ho Jesu Kreste joalokaha e le Hlooho e phelang ea phutheho ea Bokreste? Na ha a lemohe se etsahalang phuthehong ea hae ea lefatšeng lohle? Na ha rea lokela ho hlompha tsela eo a sebetsanang le boemo ka eona ’me re hlokomele hore o na le matla a ho laola litaba? Ka sebele, ‘re bo-mang hore re be ba ahlolang baahelani ba rōna?’ (Jakobo 4:12; 1 Bakorinthe 11:3; Bakolose 1:18) Ke hobane’ng ha u sa bolelle Jehova se u tšoenyang ka thapelo?

18, 19. U lokela ho etsa joang haeba u ikutloa hore moholo o entse phoso?

18 Ka lebaka la ho se phethahale ha botho, ho ka ’na ha hlaha litšitiso le mathata. Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo moholo a fosang ka tsona, a etsa hore ba bang ba tšoenyehe. Ho etsa ha rōna lintho ka lepotla-potla tlas’a maemo a joalo ho ke ke ha fetola boemo. Ho ka ’na ha mpefatsa bothata feela. Ba nang le temoho ea moea ba tla letela Jehova hore a otlolle lintho ’me a fane ka taeo leha e le efe e hlokahalang ka nako ea hae le ka tsela ea hae.—2 Timothea 3:16; Baheberu 12:7-11.

19 Ho thoe’ng haeba u ikutloa u tšoenyehile ka lebaka la taba e itseng? Ho e-na le ho e bua le ba bang ka phuthehong, ke hobane’ng ha u sa atamele baholo ka tlhompho hore ba u thuse? Hlalosa kamoo u amehileng kateng, u sa tšoaee liphoso. Ba ‘utloele bohloko’ ka linako tsohle, ’me u ba hlomphe ha u ba bolella makunutu. (1 Petrose 3:8) U se ke ua phoqa, empa u tšepe ho hōla ha bona tsebong ea Bokreste. Ananela khothatso leha e le efe ea Mangolo eo ba ka ’nang ba fana ka eona ka mosa. ’Me haeba ho bonahala hore ho hlokahala mehato e meng ea khalemelo, kholiseha hore Jehova o tla tataisa baholo hore ba etse se molemo le se nepahetseng.—Bagalata 6:10; 2 Bathesalonika 3:13.

20. Re tl’o hlahloba eng sehloohong se latelang?

20 Leha ho le joalo, ho boetse ho na le ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e hlahloba mabapi le ho hlompha ba nang le matla a ho laela. Na ba nang le matla a ho laela ha baa lokela ho hlompha ba behiloeng tlhokomelong ea bona? A re hlahlobeng sena sehloohong se latelang.

U ne U Tla Araba Joang?

• Re na le lebaka lefe le utloahalang la ho hlompha ba nang le matla a ho laela?

• Jehova le Jesu ba talima ba sa hlompheng matla a ho laela a fanoeng ke Molimo joang?

• Re na le mehlala efe e metle ea ba ileng ba hlompha ba filoeng matla a ho laela?

• Re ka etsa joang haeba ba nang le matla a ho re laela ba bonahala ba fositse?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Sara o ne a hlompha matla a ho laela a Abrahama ka ho tebileng ’me o ne a thabile

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mikale o ile a hlōleha ho hlompha matla a ho laela a Davida joaloka hlooho ea lelapa le morena

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

“Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho . . . motlotsuoa oa Jehova, ka isa letsoho la ka ho eena”

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ke hobane’ng ha u sa bolelle Jehova se u tšoenyang lithapelong tsa hao?