Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlōla Boikutlo ba ho Lebella Phetheho?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlōla Boikutlo ba ho Lebella Phetheho?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlōla Boikutlo ba ho Lebella Phetheho?

Na kamehla u loanela ho etsa se molemo ka ho fetisisa? Ho hlakile hore ho etsa joalo, ho ka u thusa ka litsela tse ngata le ho thusa ba u potolohileng. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba fetelelitse litaba haholo ’me ba fetohile ba nang le boikutlo ba ho lebella phetheho. See se fana ka maikutlo afe?

HA E le hantle, moelelo o mong oa poleloana e reng “boikutlo ba ho lebella phetheho” ke “tšekamelo ea ho nka hore ntho leha e le efe e sa phethahalang ha e amohelehe.” Mohlomong u kile ua kopana le batho ba nang le tšekamelo e joalo. U ka bona hore lintho tse feteletseng tseo ba li batlang ho ba bang li ka baka mathata a mangata, tsa tsoala moea oa ho se khotsofale le ho nyahama. Batho ba bangata ba se nang leeme baa hlokomela hore boikutlo ba ho lebella phetheho ka tsela ea ho batla lintho tse feteletseng le tse sa nahaneleng litabeng tsohle tsa bophelo ha bo hlile ha bo lakatsehe. Bo lokela ho hlōloa. Leha ho le joalo, bothata ke hore tabeng ea maikutlo a rōna kapa tšekamelo eo re nang le eona, ho ka ’na ha e-ba thata ho hlokomela hore motho o sekametse boikutlong ba ho lebella phetheho, kahoo ke phephetso ho bo hlōla.

Nelson o na le boikarabelo bo bongata le mathata a mangata ao a lokelang ho a rarolla. Kamehla o hlahloba lipalo, ’me ntho e tlang pele ho eena ke hore a bone tema. Boikutlo ba ho lebella phetheho bo atisa ho bonoa e le ntho e hlokahalang mesebetsing e batlang tlhōlisano. Le hoja ba bangata ba ka ’na ba ananela bokhoni ba Nelson, boikutlo ba hae ba ho lebella phetheho bo mo bakela mathata a ho kula, a kang a ho opeloa ke hlooho le ho imeloa kelellong. Na u tšoana le Nelson?

Bana le bona ba angoa ke boikutlo ba ho lebella phetheho. Bongoaneng, Rita oa Rio de Janeiro, o ne a rata ho kena sekolo. O ne a leka hore a se ke a bonahala a rata maemo, empa o ne a ferekana haeba a sa fumane limmaraka tse ka holimo-limo. Rita o re: “Ho tloha bongoaneng, ke ne ke ipapisa le ba bang ba neng ba e-na le nako e ngata, ha ’na kamehla ke imetsoe kelellong ke bile ke potlaketse ho etsa lintho. Ha ho mohla ke neng ke ikutloa ke e-na le nako ea ho phomola kaha ke ne ke lula ke lokela ho etsa hona le hoane.”

Ha e sa le mosetsanyana, Maria o ne a ee a lle ha a sitoa ho toroea hantle joaloka ba bang. Ho feta moo, ha a ntse a batla tsela e phethahetseng ea ho bina joaloka khalala, o ne a atisa ho imeloa kelellong le ho tšoenyeha ho e-na le ho thabela ho letsa seletsa kapa ho bina. Ngoanana e mong oa Brazil, Tânia, ea neng a leka ho ba masene le ho qoba tlhōlisano, o ile a lumela hore o ne a ntse a ipehela litekanyetso tse mo phahametseng haholo, sekolong le lapeng. O ne a ikutloa hore batho ha ba na ho mo rata haeba mosebetsi oa hae o sa phethahala. Ho feta moo, ka linako tse ling Tânia o ne a lebella lintho tse feteletseng ho ba bang, e leng ho neng ho mo etsa hore a ikutloe a saretsoe a bile a soabile.

Le hoja bohlale, ho khothala le boikutlo ba khotsofalo e le tsa bohlokoa, ho ipehela lipakane tse sa finyelleheng ho ka tlisa boikutlo bo sa rateheng, bo kang ba ho tšaba ho hlōleha. Batsoali kapa ba bang ba ka beha tekanyetso ea phetheho mosebetsing oa sekolo kapa lipapaling eo bana ba fumanang ho le thata ho e finyella. Ka mohlala, ’mè oa Ricardo o ne a lebelletse ho hongata ho eena, a batla hore e be ngaka, a bapale piano a be a bue lipuo tse ngata. Na ua hlokomela hore pono ena, ha e feteletsoa, e mema mathata kapa masoabi?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Boikutlo ba ho Lebella Phetheho?

Mosebetsi oa boleng bo phahameng ka ho fetisisa, ho finyella litekanyetso tse phahameng tsa ho nepa le bokhabane, li hlokoa haholo. Kahoo, batho ba lokela ho hlōlisana mesebetsing. Lebaka le leng le etsang hore ba bang ba ikitlaetse haholoanyane ke ho tšaba ho lahleheloa ke mosebetsi. Basebetsi ba bang ba fetoha ba tšoanang le moatlelete ea itleketlang hore a etse rekoto e ncha. Joale, ha a tobana le tlhōlisano e matla, a ka ’na a susumelletsoa hore a ikoetlise ka ho eketsehileng, mohlomong a sebelisa lik’hemik’hale tse itseng hore a intlafatse—a tšepa—hore o tla hlōla. Ha boikutlo ba ho lebella phetheho bo nka sebaka sa ho phehella bokhabane ka mokhoa o motle, bo bakela batho ho “susumetsoa ke ho tšaba ho hlōleha” kapa “ho susumetsoa ke ho ba oa pele.”—The Feeling Good Handbook.

Ke ’nete hore ba bang ba ikutloa hore kamehla seo ba ka se etsang mesebetsing ea bonono kapa lipapaling se ka ntlafatsoa. Ho ntse ho le joalo, ho latela Dr. Robert S. Eliot, “boikutlo ba ho lebella phetheho ke ho lebella ntho eo ho seng mohla e tla etsahala.” Oa phaella: “Bo hlahisoa ke boikutlo ba ho ba molato, ho ikemela le ho tšaba ho tšehoa.” Kahoo, mantsoe a Morena Solomone ea bohlale ke ’nete hakaakang: “Ke bone hobane mokhathala oohle le mesebetsi eohle e metle ea batho e ntse e hlahisa mōna le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 4:4.

U ka etsa’ng haeba ho bonahala u e-na le tšekamelo ea boikutlo ba ho lebella phetheho? Na ke ’nete hore ha u itukubetsa ka matla, ke hona ha u soetseha le ho feta? Na u ka rata hore u se ke ua ba ea thata haholo empa u be ea khatholohileng haholoanyane? Ho phethahala ho bolela eng? Na u labalabela ho sebelisa bokhoni ba hao ka ho feletseng empa u ntse u qoba boikutlo ba ho lebella phetheho? Haeba batho ba sa phethahalang ba ka sebelisa bokhoni boo ba bo filoeng ke Molimo ho sibolla lintho molemong oa ba bang, nahana feela hore na moloko oa batho o ka finyella eng tlas’a maemo a phethahetseng le tataiso ea Molimo!

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Batsoali le ba bang ba ka ’na ba batla lintho tse phethahetseng, tseo bana ba ke keng ba li finyella