Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Tla Felisa Pefo?

Ke Mang ea Tla Felisa Pefo?

Ke Mang ea Tla Felisa Pefo?

KA September 1999, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan, o ile a amohela ka mofuthu baemeli ba neng ba tlile ’mokeng oa bo54 oa selemo le selemo oa Seboka se Akaretsang. Joalokaha ho tlalehiloe ho The Toronto Star, o ile a lebisa phephetso ho baeta-pele ba lefatše, a re: “Ho na le batho ba bangata ba hlokang ho fetang feela mantsoe a kutloelo-bohloko a mokhatlo oa machaba. Ba hloka boitlamo ba sebele le bo tsoelang pele ho ba thusa ho felisa pefo e ba potolohileng le ho ba kenya tseleng e sireletsehileng e lebisang naleng.”

Na Machaba a Kopaneng le litho tsa ’ona a ka ba le “boitlamo ba sebele le bo tsoelang pele” bo hlokahalang ho felisa pefo? Ha a qotsoa tlalehong eona eo ea Star, Mopresidente oa United States, Bill Clinton, o itse: “Ka mor’a tšollo ena eohle ea mali ea lekholong lena la lilemo, rea tseba hore ho bonolo ho bua ho re ‘ho ke ke ha etsahala hape,’ empa ho thata haholo ho etsa hore ho be joalo.” O ile a eketsa: “Ho tšepisa lintho tse ngata haholo e ka ba ho sehlōhō joaloka ho se tsotelle hakaalo.”

Hoo e ka bang lilemong tse 2 500 tse fetileng, moprofeta Jeremia o ile a re ka boiteko ba batho: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23, NW) Ebe joale ho na le tšepo efe ea hore pefo e tla ke e fele?

Joalokaha re bala ho Esaia 60:18 (NW), Molimo o ile a fana ka tiisetso: “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.” Boprofeta boo bo phethahetse ka lekhetlo la pele ha Molimo a khutlisetsa sechaba sa hae se neng se le botlamuoeng naheng ea habo sona. Bo boetse bo na le phethahatso e khōlō eo re ka e thabelang. Jehova Molimo ha a ‘tšepise lintho tse ngata haholo.’ E le Ea Holimo-limo le ’Mōpi oa moloko oa batho, o boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho felisa ‘pefo e re potolohileng.’ Tlas’a ’Muso oa Molimo, khotso e tla rena. Pefo e tla be e feletse ruri!—Daniele 2:44.