Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Lipaki tsa Jehova li amohela lihlahisoa leha e le life tsa meriana tse entsoeng ka mali?

Karabo e tobileng ke hore Lipaki tsa Jehova ha li amohele mali. Re lumela ka tieo hore molao oa Molimo tabeng ea mali o ke ke oa fetoloa hore o lumellane le maikutlo a feto-fetohang. Leha ho le joalo, ho hlaha khang e ncha hobane joale mali a ka aroloa ho ba metsoako e meholo e mene le likaroloana tsa metsoako eo. Ha Mokreste a etsa qeto ea ho amohela kapa ho se amohele metsoako e joalo, o lokela hore a se ke a sheba feela melemo le likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. O lokela ho ameha ka hore na Bibele e re’ng le hore na phello e ka ’na ea e-ba efe kamanong ea hae le Molimo ea Matla ’Ohle.

Likhang tse ka sehloohong tse lokelang ho rarolloa li bonolo. E le thuso bakeng sa ho bona hore na ke hobane’ng ha ho le joalo, nahana ka mehlala e meng ea Bibele, ea histori le ea bongaka.

Jehova Molimo o ile a bolella Noe, moholo-holo oa rōna bohle hore mali a tlameha ho tšoaroa e le ntho e khethehileng. (Genese 9:3, 4) Hamorao, melao ea Molimo ho Baiseraele e ile ea bontša khalalelo ea mali: “Ekare ha motho oa ntlo ea Iseraele, leha e le oa balichaba ba ikahetseng har’a lōna, a ka ja mali afe le afe, ke tla tjamela motho eo ea jang mali.” Ka ho hana molao oa Molimo, Moiseraele o ne a ka silafatsa ba bang; kahoo Molimo o ile a eketsa: “Ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo.” (Levitike 17:10, bapisa le NW.) Hamorao, sebokeng se neng se le Jerusalema, baapostola le banna ba hōlileng ba ile ba laela hore re lokela ho ‘ila mali.’ Ho etsa joalo ke habohlokoa joaloka ho ila borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.—Liketso 15:28, 29.

‘Ho ila’ ho ne ho bolela eng nakong eo? Bakreste ba ne ba sa je mali, ebang a sa le mokelikeli kapa a se a hoamme; leha e le hore ba ne ba ka ja nama ea phoofolo e sa ntšoang mali. Ho ne ho boetse ho haneloa lijo tse tšetsoeng mali, tse kang lisoseje tsa mali. Ho ja mali ka tsela leha e le efe ho tsena e ne e tla ba ho tlōla molao oa Molimo.—1 Samuele 14:32, 33.

Batho ba bangata mehleng ea boholo-holo ba ne ba ke ke ba tšoenngoa ke ho ja mali, joalokaha re ka bona lingoliloeng tsa Tertullian (oa lekholong la bobeli le la boraro a lilemo C.E.). Ha Tertullian a araba liqoso tsa bohata tsa hore Bakreste ba ja mali, o ile a bolela merabe e neng e tiisa litumellano ka ho ja mali. O ile a boela a bolela hore “ha ho etsoa pontšo ka lebaleng la lipapali, [ba bang] ba nyoretsoeng meharo ba ne ba khakeletsa mali a ntseng a chesa a ba molato . . . e le pheko ea sethoathoa sa bona.”

Mekhoa eo (esita le haeba Baroma ba bang ba ne ba e etsa ka mabaka a bophelo) e ne e fosahetse bakeng sa Bakreste, ’me Tertullian o ile a ngola: “Esita le mali a liphoofolo ha re a kenye lijong tsa rōna tse tloaelehileng.” Baroma ba ne ba sebelisa lijo tse nang le mali ho leka botšepehi ba Bakreste ba sebele. Tertullian o ile a eketsa: “Joale, kea le botsa, ke hobane’ng e re ha le kholisehile [hore Bakreste] ba tla hana mali a liphoofolo ka tšabo ebe le nahana hore ba meharo ea mali a batho?”

Kajeno, ke batho ba ’maloa feela ba ka nahanang hore khang e tabeng ea melao ea Molimo ea Matla ’Ohle haeba ngaka e etsa tlhahiso ea hore ba amohele mali. Le hoja Lipaki tsa Jehova ka sebele li batla ho tsoela pele li phela, re tlamehile ho utloa molao oa Jehova ka mali. See se bolela’ng ha ho talingoa mokhoa oa hona joale oa bongaka?

Ha litšelo tsa mali a feletseng li ntse li tloaeleha ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa bona hore sena se hanana le molao oa Molimo—’me re sa ntsane re lumela seo. Leha ho le joalo, mekhoa ea ho phekola e fetohile ha nako e ntse e feta. Kajeno, litšelo tse ngata hase tsa mali a feletseng empa ke tsa motsoako o mong o moholo oa mali: (1) lisele tse khubelu; (2) lisele tse tšoeu; (3) liplatelete; (4) plasma, e leng lero la mali. Ho itšetlehile ka boemo ba mokuli, lingaka li ka ’na tsa laela hore a fuoe lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, liplatelete, kapa lero la mali. Tšelo ea metsoako ena e meholo ea mali e fana ka monyetla oa hore paente e le ’ngoe ea mali e aroleloe bakuli ba eketsehileng. Lipaki tsa Jehova li lumela hore ho amohela mali a feletseng kapa metsoako eo e meholo ke tlōlo ea molao oa Molimo. Ntho ea bohlokoa ke hore ho khomarela ha tsona boemong bona bo thehiloeng Bibeleng ho li sirelelitse likotsing tse ngata, tse akarelletsang maloetse a kang hepatitis le AIDS a ka tšoaetsanoang ka mali.

Leha ho le joalo, kaha mali a ka ntlafatsoa hore a se ke a fella feela e le metsoako eo e meholo, lipotso lia hlaha mabapi le likaroloana tse nkoang metsoakong ena e meholo ea mali. Likaroloana tse joalo li sebelisoa joang, ’me Mokreste o lokela ho nahanela eng ha a etsa qeto mabapi le tsona?

Mali a rarahane. Esita le lona lero la mali—leo karolo ea lona ea 90 lekholong e leng metsi—le na le li-hormone, matsoai, li-enzyme le limatlafatsi tse ngata, ho akarelletsa le liminerale le tsoekere. Lero la mali le na le lihaha-’mele tse kang albumin, lihoamisa-mali, le lisireletsi tse loantšang maloetse. Litsebi li arola lihaha-’mele tse ngata tsa lero la mali ’me lia li sebelisa. Ka mohlala, sehoamisa-mali VIII se ’nile sa fuoa batho ba tsoang mokola habonolo. Kapa haeba motho a sa sireletseha maloetseng a itseng, lingaka li ka ’na tsa fana ka liente tsa gamma globulin (karoloana ea mali e nang le lisireletsi), e ntšitsoeng lerong la mali a batho ba neng ba se ba sireletsehile maloetseng ana. Lihaha-’mele tse ling tsa lero la mali li sebelisetsoa ho phekola, empa taba e boletsoeng ka holimo e bontša kamoo motsoako o moholo oa mali (e leng lero la mali) o ka sebetsoang hore ho fumanoe likaroloana tsa oona. *

Feela joalokaha lero la mali e ka ba mohloli oa likaroloana tse fapa-fapaneng, metsoako e meng e meholo (lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, liplatelete) li ka ntlafatsoa tsa aroloa likarolo tse nyenyane. Ka mohlala, lisele tse tšoeu tsa mali e ka ’na ea e-ba mohloli oa metsoako e laolang tšireletso ea ’mele le metsoako e meholo ea tšireletso ea ’mele, e sebelisetsoang ho phekola kankere le mafu a mang a bakoang ke tšoaetso e bakoang ke likokoana. Liplatelete li ka sebetsoa hore ho ntšoe metsoako e folisang maqeba. Ke hona ho ntseng ho etsoa meriana e meng eo (bonyane qalong) e sebelisang lintho tse nkiloeng metsoakong ea mali. Phekolo e joalo hase hore e tšela metsoako eo e meholo ea mali; hangata e sebelisa likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali kapa likarolo tsa likaroloana tseo. Na Bakreste ba lokela ho amohela likaroloana tsee phekolong ea meriana? Re ke ke ra bolela. Bibele ha e re qaqisetse, kahoo Mokreste o lokela ho etsa qeto ea hae e etsoang ka hloko ka pel’a Molimo.

Ba bang ba ne ba tla hana ntho leha e le efe e nkiloeng maling (esita le likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali tse reretsoeng ho sireletsa ’mele maloetseng ka nakoana). Ke kamoo ba utloisisang taelo ea Molimo e reng, ‘le ile mali.’ Ba beha lebaka la hore molao oa hae ho Baiseraele o ne o hloka hore mali a ntšitsoeng sebōpuoeng se itseng a ‘tšolleloe fatše.’ (Deuteronoma 12:22-24) Ke hobane’ng ha seo se loketse? Ha e le hantle, ha ho lokisoa gamma globulin, lihoamisa-mali tse entsoeng ka mali, le lihlahisoa tse ling tse joalo, ho hloka hore mali a bokelloe ’me a bolokoe. Ka lebaka leo, Bakreste ba bang ba hana lihlahisoa tse joalo, feela joalokaha ba hana litšelo tsa mali a feletseng kapa tsa metsoako e mene e meholo ea mali. Boemo bona bo tšepahalang le bo etsoang ka hloko bo lokela ho hlomphuoa.

Bakreste ba bang ba etsa qeto e fapaneng. Le bona ba hana tšelo ea mali a feletseng, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, liplatelete, kapa lero la mali. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba lumella ngaka ho ba phekola ka karoloana ea se ntšitsoeng karoloaneng ea motsoako o moholo oa mali. Le hona mona ho ka ’na ha e-ba le ho se tšoane. Mokreste e mong a ka ’na a amohela ente ea gamma globulin, empa a ka ’na a amohela kapa a hana ente e nang le ho hong ho nkiloeng liseleng tse khubelu kapa tse tšoeu. Leha ho le joalo, ka kakaretso ke eng e ka lebisang Bakreste ba bang hore ba etse qeto ea hore ba amohela likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali?

Ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 1, 1990, ho ile ha boleloa hore lihaha-’mele tsa lero la mali (e leng karoloana ea motsoako o moholo oa mali) li tloha maling a mosali oa moimana li fetele phallong ea mali ea lesea le ka popelong ea hae e arohileng ho ea hae. Ka tsela eo ’mè o fetisetsa lisireletsi ho ngoana oa hae, o mo fa matla a bohlokoa a hore a itšireletse maloetseng. Ka thōko, ha lisele tse khubelu tsa lesea le ka popelong li felloa ke nako ea bophelo, karolo ea tsona e tsamaisang oksijene ea fetoha. Karolo e ’ngoe ea eona e fetoha bilirubin, e fetang le pōpelong, e fetela ka ho ’mè, ebe e tsoa le litšila tsa ’mele oa hae. Bakreste ba bang ba etsa qeto ea hore kaha likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali li ka fetela ho motho e mong ka tsela ena ea tlhaho, ba ka amohela likaroloana tse itseng tse nkiloeng lerong kapa liseleng tsa mali.

Na ’nete ea hore maikutlo le liqeto tse etsoang ka hloko li ka ’na tsa fapana e bolela hore taba ee hase ea bohlokoa? Che. E tebile. Leha ho le joalo, ho na le ’nete ea motheo tabeng ena. Taba e ka holimo e bontša hore Lipaki tsa Jehova li hana tšelo ea mali a feletseng le ea metsoako ea ’ona e meholo ea mali. Bibele e laela Bakreste hore ba “ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.” (Liketso 15:29) Ho feta moo, tabeng ea likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali, Mokreste e mong le e mong o tlameha ho iketsetsa qeto e lumellanang le letsoalo la hae ka mor’a ho e nahanisisa ka hloko le ka thapelo.

Batho ba bangata ba ka rata ho amohela phekolo leha e le efe eo ho bonahalang e folisa ka potlako esita le ha phekolo eo ho tsebahala hore e kotsi bophelong, joalokaha e le ’nete ka lihlahisoa tsa mali. Mokreste ea tšepahalang o leka ho ba le pono e batsi le e se nang leeme eseng feela ka lintho tse bonahalang. Lipaki tsa Jehova li ananela boiteko ba ho fana ka tlhokomelo ea bongaka ea boemo bo phahameng, ’me li bapisa likotsi le melemo tsa phekolo leha e le efe. Leha ho le joalo, tabeng ea lihlahisoa tse entsoeng ka mali, li sekaseka ka hloko seo Molimo a se bolelang hape li sekaseka kamano ea tsona le Monehi-Bophelo oa rōna.—Pesaleme ea 36:9.

Ke tlhohonolofatso e kaakang hore Mokreste a be le kholiseho e kang ea mopesaleme ea ileng a ngola: “Jehova Molimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le khanya, ba tsamaeang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong. Jehova . . . ho lehlohonolo motho ea u tšepang!”—Pesaleme ea 84:11, 12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 15, 1978 (oa Senyesemane), le October 1, 1994. Lifeme tsa litlhare li qapile lihlahisoa tsa maiketsetso tse sa etsoang ka mali le tseo ngaka e ka laelang hore li sebelisoe ho e-na le hore ho sebelisoe likaroloana tsa metsoako e meholo ea mali tse neng li sebelisoa nakong e fetileng.

[Lebokose le leqepheng la 30]

LIPOTSO TSE KA BOTSOANG NGAKA

Haeba u tobane le tšebetso ea ho buuoa kapa phekolo e ka ’nang ea akarelletsa sehlahisoa sa mali, botsa:

Na basebetsi bohle ba bongaka ba amehang baa tseba hore, joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke laela hore ho se be le tšelo ea mali (mali a feletseng, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, liplatelete, kapa lero la mali) eo ke e fuoang tlas’a maemo leha e le afe?

Haeba moriana leha e le ofe o laetsoeng ke ngaka e ka ’na eaba o entsoe ka lero la mali, lisele tse khubelu kapa tse tšoeu, kapa liplatelete, botsa:

Na moriana o entsoe ka o mong oa metsoako e mene e meholo ea mali? Haeba ho joalo, na u ka hlalosa hore o entsoe ka eng?

Ho ka ’na ha sebelisoa moriana o mokae ho oo o nkiloeng maling, hona ka tsela efe?

Haeba letsoalo la ka le ntumella ho amohela karoloana ea motsoako ona, ho na le likotsi life tse amehang ka moriana oo?

Haeba letsoalo la ka le ntšusumelletsa ho hana karoloana ea motsoako ona, ke phekolo efe e ’ngoe e ka ’nang ea sebelisoa?

Ka mor’a ho nahanisisa taba ena ka ho eketsehileng, nka u tsebisa neng qeto ea ka?