Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lumela Seo U ke Keng Ua se Bona?

Na U Lumela Seo U ke Keng Ua se Bona?

Na U Lumela Seo U ke Keng Ua se Bona?

HA E mong a re, ‘Ke lumela feela seo nka se bonang,’ ha a bue ntho ea sebele. Ha e le hantle, bohle re lumela lintho tseo re ke keng ra li bona.

Ka mohlala, e ka ’na eaba sekolong u ile ua etsa teko e reretsoeng ho bontša hore makenete e na le matla a khoheli. E ka ’na ea etsoa tjena: U fafatsa mafoforetsane a tšepe holim’a pampiri. Ebe u beha pampiri ena holim’a makenete. Ha pampiri eo e sisinngoa, ka tsela e kang ke ea mohlolo, mafoforetsane a tšepe a thelehela lintlheng tsa makenete ’me a ipōpa ho latela sebōpeho sa matla a khoheli a makenete eo. Haeba u ile ua etsa seo, na u ile oa hla oa bona matla a khoheli a makenete? Che, empa phello ea oona mafoforetsaneng a tšepe e bonahala ka ho totobetseng, e u fa bopaki bo kholisang ba hore matla a khoheli a teng.

Re amohela ntle ho pelaelo lintho tse ling tseo re ke keng ra li bona. Ha re boha setšoantšo se setle se entsoeng ka pente kapa se betliloeng, ha re belaelle hore ho na le moetsi oa litšoantšo tse pentiloeng kapa tse betliloeng. Kahoo ha re nahana ka botebo ka phororo ea metsi kapa ha re sheba ho likela ha letsatsi, na ha rea lokela hore bonyane re susumelletsehe ho nahana hore ho na le monyetla oa hore oo ke mosebetsi oa Moqapi kapa Moetsi e Moholo oa lintho?

Lebaka la Hore ba Bang ba se ke ba Lumela

Ke ntho e sa lumellaneng hore batho ba bang ba ile ba khaotsa ho lumela ho Molimo ka lebaka la seo ba ileng ba se rutoa kerekeng. Ho bile joalo ka monna e mong oa Norway ea ileng a bolelloa hore Molimo o chesa ba khopo liheleng tsa mollo. Monna enoa o ne a sitoa ho utloisisa hore na ke Molimo oa mofuta ofe ea neng a ka hlorisa batho ka tsela eo, eaba o khaotsa ho lumela hore Molimo o teng.

Leha ho le joalo, hamorao monna eo o ile a lumela ho hlahloba Bibele, a thusoa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a makatsoa ke ho tseba hore Bibele ha e rute hore ba khopo ba tla hlokofatsoa liheleng tsa mollo. Bibele e tšoantša lefu le boroko. Lebitleng, ha re utloe bohloko; ha re utloe letho ho hang. (Moeklesia 9:5, 10) Monna eo o ile a boela a ithuta hore batho bao Molimo a ba ahlolang ka hore ba khopo hoo ba ke keng ba baka, ba tla hlola lebitleng ka ho sa feleng. (Matheu 12:31, 32) Bafu ba bang bona ba tla tsosoa ka nako ea Molimo e loketseng, ba e-na le tebello ea ho fumana bophelo bo sa feleng maemong a Paradeise. (Johanne 5:28, 29; 17:3) Tlhaloso ena e ne e utloahala. E ne e lumellana le polelo ea Bibele ea hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Monna enoa ea tšepahalang o ile a tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me, ka nako ea teng, a rata Molimo oa Bibele.

Ba bang ba hana boteng ba ’Mōpi ea lerato ka lebaka la ho ata ha matšoenyeho le ho hloka toka. Ba lumellana le monna e mong oa Sweden ea kileng a supa maholimong eaba oa botsa: “Ke joang ho ka thoeng ho na le Molimo ea matla ’ohle le ea seatla se bulehileng holimo moo ha tlaase moo teng ho e-na le bobolu le bokhopo bo bongata hakaale?” Kaha ho ne ho se motho ea ka arabang potso ea hae, le eena o ile a latola boteng ba Molimo. Hamorao o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a ithuta hore Lentsoe la Molimo le fana ka karabo e khotsofatsang ea potso ena e ’nileng ea botsoa ka nako e telele, Ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse bokhopo? *

Monna enoa ea tšepahalang o ile a ithuta hore ho ba teng ha bokhopo ka bohona ha bo bolele hore Molimo ha a eo. Ka mohlala: Motho a ka ’na a etsa thipa e tla sebelisetsoa ho seha nama. Moreki a ka ’na a reka thipa eo eaba o e sebelisetsa ho bolaea ho fapana le ho seha nama ka eona. ’Nete ea hore thipa eo e sebelisitsoe hampe, ho hang ha e hanyetse hore ho na le moetsi oa thipa. Ka tsela e joalo, ’nete ea hore lefatše ha lea sebelisoa tumellanong le morero oo le neng le o reretsoe ha e bolele hore ha lea ba le ’Mōpi.

Bibele e ruta hore mosebetsi oa Molimo o phethahetse. Ho eena ‘ha ho na bokhopo, o lokile, o khabane.’ (Deuteronoma 32:4) Molimo o fa batho limpho tse molemo, empa limpho tse ling li sebelisitsoe hampe, ho baka mahlomola a mangata. (Jakobo 1:17) Leha ho le joalo, Molimo o tla felisa mahlomola. Ka mor’a moo, “ba bonolo ba tla rua lefatše, . . . ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:11, 29.

Monna oa Sweden eo ho builoeng ka eena pejana o ile a susumelletseha ho nka khato ha a bona mahlomola a batho ba bang. Ka sebele, kameho ea hae e mofuthu ka batho ba bang e tiisa boteng ba Molimo. Joang?

Bakeng sa batho ba bangata, ntho feela e nkang sebaka sa ho lumela ho Molimo ke ho lumela khopolo ea hore lintho li iphetotse. Ba lumelang khopolo ena ba ruta hore “ho phela ba matla”—hore batho le liphoofolo ba tlameha ho hlōlisana le mefuta ea bona e le hore ba phele. Ba matla baa phela; ba fokolang baa shoa. Ba re ke kamoo ka tlhaho boemo ba lintho bo leng kateng. Empa haeba e le “ka tlhaho” hore ba fokolang ba shoe e le hore ba suthele ba matla sebaka, re ka hlalosa joang ’nete ea hore, joaloka monna eane oa Sweden, batho ba bang ba matla ba susumelletseha ho nka khato ha ba bona mahlomola a batho ba bang?

Ho Tseba Molimo

Re ke ke ra bona Molimo hobane ha a na ’mele oa nama. Leha ho le joalo, Molimo o batla hore re mo tsebe. Tsela e ’ngoe eo re ka mo tsebang ka eona ke ka ho tloaelana le eena ka ho hlokomela mesebetsi ea hae e sa tloaelehang—litšoantšo “tse entsoeng ka pente” le “tse betliloeng” tsa pōpo. Ho Baroma 1:20, Bibele e re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng.” E, feela joalokaha ho lekolisisa setšoantšo se entsoeng ka pente kapa se betliloeng ho ka thusa motho ho lemoha botho ba moetsi oa sona, ho thuisa ka mesebetsi e hlollang ea Molimo ho ka u thusa ho tloaelana hamolemo le botho ba hae.

Ke ’nete hore re ke ke ra fumana likarabo tsa lipotso tsohle tse tšoenyang bophelong ka hore feela re shebe mesebetsi ea Molimo ea pōpo. Empa re ka araba lipotso tse joalo ka ho batlisisa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. E bile ka ho bala Bibele ka likelello tse seng leeme banna ba babeli bao ho builoeng ka bona pejana ba ileng ba fihla qetong ea hore Molimo o teng le hore o tsotella se re etsahallang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le mabaka a etsang hore Molimo a lumelle bokhopo, ka kōpo bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolong ea 8, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA