Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pholoso Sehlekehlekeng sa Robinson Crusoe

Pholoso Sehlekehlekeng sa Robinson Crusoe

Pholoso Sehlekehlekeng sa Robinson Crusoe

ROBINSON CRUSOE ke se seng sa lihlekehleke tse tharo Leoatleng la Pacific tse etsang sehlopha sa lihlekehleke se bitsoang Juan Fernández, lik’hilomithara tse ka bang 640 ho tloha lebōpong la Chile. * Sehlekehleke sena se nang le lisekoere-k’hilomithara tse 93 se fumane lebitso lena bukeng ea lipale e tsebahalang ea lekholong la bo18 la lilemo e bitsoang Robinson Crusoe, e ngotsoeng ke mongoli oa Lenyesemane Daniel Defoe. Kamoo ho bonahalang kateng, buka ena ea lipale e thehiloe maetong a kotsi a monna oa Scotland, Alexander Selkirk, ea ileng a lula a le mong sehlekehlekeng sena ka lilemo tse ka bang ’nè.

Karolo ea letšoao la lehong sehlekehlekeng sena e re: “Sebakeng sena, letsatsi le leng le le leng ka lilemo tse fetang tse ’nè, mosesisi oa likepe oa Scotland Alexander Selkirk o ile a batlisisa ho isa moo mahlo a bonang ho fella teng bakeng sa ho fumana sekepe sa pholoso se neng se tla mo lokolla sebakeng seo a neng a le ’notši ho sona.” Qetellong, Selkirk o ile a pholosoa ’me a khutlisetsoa naheng ea habo, lefatšeng le neng le se le sa mo khotsofatse ka mor’a hore a iphelele paradeiseng ea hae e nyenyane. Ho tlalehoa hore hamorao o ile a re: “Sehlekehleke sa ka se ratehang! Hoja ha kea u siea!”

Ha nako e ntse e feta, sehlekehleke sena se ile sa sebelisoa e le sebaka sa kotlo ea batlōli ba molao, se nang le batho ba neng ba entse “litlōlo tsa molao khahlanong le tumelo” ea Kereke e K’hatholike. E bile phetoho e khōlō hakaakang ho tloha sehlekehlekeng sa paradeise seo Selkirk a neng a se tseba! Leha ho le joalo baahi ba kajeno ba sehlekehleke sena ba thabela khutso e sieo likarolong tse ngata tsa lefatše. Mokhoa oa bophelo o iketlileng, o tloaelehileng litsong tse ngata tsa lihlekehlekeng, o etsa hore ho be bonolo ho qalisa moqoqo le hoo e batlang e le e mong le e mong.

Ka molao, Robinson Crusoe e na le baahi ba ka bang 500, empa boholo ba nako har’a selemo, ho ba le batho ba ka bang 400 feela sehlekehlekeng. Lebaka le leng ke hobane bo-’mè ba bang le bana ba bona ba lula motse-moholo oa Chile ha likolo li butsoe, ba khutlela sehlekehlekeng feela nakong ea likhoeli tsa phomolo hore ba be ’moho le litho tse ling tsa lelapa.

Ho sa tsotellehe tikoloho e ntle e kang ea serapa ea Robinson Crusoe, baahi ba bang ba sehlekehlekeng sena ba ikutloa ba e-na le lekhalo moeeng ’me ba batla likarabo. Ba bang ba ikutloa eka ba hloka ho pholosoa moeeng.

Pholoso ea Moea

Mosebetsi o joalo oa pholoso ea moea o qalile hoo e ka bang ka 1979. Mosali ea neng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova Santiago, Chile, o ile a fallela sehlekehlekeng sena ’me a qala ho ruta ba bang seo a ithutileng sona. Hamorao moholo e mong oa phutheho ea neng a etetse sehlekehleke sena ka mabaka a botho o ile a makala ha a fumana sehlopha se senyenyane sa liithuti tsa Bibele se hatelang pele moeeng ka thuso ea mosali eo. Ha moholo enoa a boela a etela sehlekehleke sena likhoeli tse tharo hamorao, tichere ena e ka thōko ea Bibele le liithuti tsa eona tse peli ba ne ba loketse ho kolobetsoa, kahoo moholo eo o ile a ba kolobetsa. Hamorao e mong oa Bakreste bana ba sa tsoa kolobetsoa o ile a nyaloa ’me eena hammoho le monna oa hae, ba tsoela pele ho batla ba bang ba hlokang ho pholosoa moeeng. Monna oa hae o ile a etella pele ho hahoeng ha Holo ea ’Muso e nyenyane, e ntseng e sebeletsa sehlopha se senyenyane sehlekehlekeng sena. Hamorao, ka mabaka a moruo, ba ile ba tloha Robinson Crusoe ’me ba fallela phuthehong e Chile bohareng, moo ba ntseng ba sebeletsa Jehova teng ka mafolofolo.

Butle-butle, sehlopha se senyenyane se sehlekehlekeng sena se ile sa ’na sa hōla ha ba bang ba ntse ba pholosoa bolumeling ba bohata. Leha ho le joalo, kaha liithuti li lokela ho ea motse-moholo bakeng sa thuto ea tsona ea sekolo se phahameng, sehlopha se ile sa fokotseha ’me ha sala barali babo rōna ba babeli le ngoanana a le mong e monyenyane. Sehlopha se hōla nakong ea phomolo ha bo-’mè ba bang ba khutlela sehlekehlekeng. Sena se matlafatsa Bakreste bana ba bararo ba ka thōko ba lulang mona selemo sohle. Ka lebaka la mosebetsi o boima oa barali bana babo rōna, Lipaki tsa Jehova li tsebahala haholo Robinson Crusoe. Ke ’nete hore baahi ba bang sehlekehlekeng sena ba khahlanong le mosebetsi oa bona ’me ba leka ho susumelletsa ba bang hore ba hane molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, peō ea ’nete ea Bibele e jetsoeng lipelong tse tiileng e tsoela pele ho mela.

Ho Matlafatsa ba Pholositsoeng

Hang ka selemo molebeli ea tsamaeang o etela sehlekehleke sena. Ho joang ho etela Lipaki tse seng kae tse lulang sehlekehlekeng see se hōle? Molebeli e mong oa potoloho o hlalosa ketelo ea hae ea pele Robinson Crusoe:

“Leeto leo e bile le hlollang. Le qalile ka 7:00 hoseng ha re tloha Valparaiso ’me re tsamaea ka koloi ho ea Boema-fofane ba Cerrillos, Santiago. Re ile ra palama sefofane se senyenyane se nkang bapalami ba supileng. Ka mor’a ho fofa ka lihora tse peli le metsotso e 45, re ile ra bonela hōjana tlhōrō ea thaba e hlahellang holim’a maru. Ha re atamela, sehlekehleke se ile sa bonahala—e le letlapa le khahlehang bohareng ba leoatle. Se ne se bonahala eka se phaphametse ka metsing, joaloka sekepe se lahlehileng leoatleng.

“Ha re fihla fatše, sekepe se ile sa re isa motseng. Mona le mane ho ne ho e-na le matlapa a etsang lihlekehleke tse nyenyane tseo liqibi tse nang le letlalo la boea tsa Juan Fernández li phomolang ho ’ona. Liqibi tse nang le letlalo la boea ke mofuta o sirelelitsoeng hobane palo ea tsona e fokotsehile haholo. Ka tšohanyetso, ho na le ntho e ileng ea fofa haufi le sekepe pele e nyamela hape ka leoatleng. E ne e le tlhapi e fofang, eo mapheoana a eona a kolohaneng a tšoanang le mapheo. Ho bonahala e ne e thabela ho qhomela ka ntle ho metsi bakeng sa ho tšoasa likokoanyana. Ho hlakile hore ka linako tse ling motšoasi enoa le eena oa tšoasoa; ho qhoma ha hae ho ka ’na ha hapa tlhokomelo ea liphoofolo tse ling tse phelang ka ho ja tse ling tse lutseng e le malala-a-laotsoe ho e metsa ha e theohela ka metsing.

“Qetellong, ra fihla motseng oa San Juan Bautista (Mohalaleli Johanne Mokolobetsi). Ho ne ho e-na le baahi ba sehlotšoana ba sehlekehlekeng sena ba emeng boema-kepe, ba emetse baeti ba bona kapa ba mpa ba le bohele-hele ka hore na ebe ke mang ea fihlang ka nako eo. Re ile ra khahloa ke pono e ntle—thaba e ntle e matsutla e bitsoang El Yunque (Tšetlo), eo e kang e koahetsoe ka velvete e botala bo loileng, ’me ka morao e le sepakapaka se seputsoa se hlakileng se likalikelitsoeng ke maru a masoeu.

“Ka mor’a nakoana re ile ra hlokomela sehlopha sa barali babo rōna ba Bakreste le bana ba bona ba re emetse boema-kepe. E ne e le nako ea phomolo, kahoo sehlopha se ne se le seholo ho feta kamoo ho tloaelehileng kateng. Ka mor’a ho lumelisana ka mofuthu, re ile ra isoa ntlong e ntle eo re neng re tla e bitsa lehae la rōna ka nako ea beke.

“E bile beke e khethehileng haholo, ’me re ile ra hlokomela hore e ne e tla feta kapele. Ho ne ho hlokahala hore re sebelise nako ea rōna hamolemo. Hona letsatsing leo, ka mor’a lijo tsa motšehare feela, re ile ra etela seithuti sa Bibele seo haufinyane se neng se tla fetoha morali oabo rōna oa moea ’me e be karolo ea paradeise ea moea ea Molimo. Thabo ea sona e ne e khaphatseha le hoja se ne se batla se tšohile. Se ne se le haufi le ho finyella pakane ea sona eo e leng khale se lebeletse hore e phethahale ea hore se kolobetsoe. Re ile ra hlahloba boitsebiso bo itseng bo hlokahalang le sona e le hore se ka tšoaneleha ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo. Ka letsatsi le latelang, se ile sa kopanela mosebetsing oa boboleli ka lekhetlo la pele. Ka letsatsi la boraro, re ile ra qala ho hlahloba lipotso tsa kolobetso le sona. Se ile sa kolobetsoa pele beke eo e fela.

“Liboka tse ileng tsa tšoaroa har’a beke li ne li tšehelitsoe hantle, palo-khōlō ea ba bileng teng e bile 14. Letsatsi le leng le le leng ho ne ho e-na le litokisetso bakeng sa tšebeletso ea tšimo, maeto a ho boela, lithuto tsa Bibele, le maeto a bolisa. E bile khothatso e kaakang ho barali babo rōna ba phethang mosebetsi oa bona ba le bang selemo sohle!”

Ho thata haholo hore banna ba sehlekehlekeng seo ba amohele ’nete, mohlomong ka lebaka la mosebetsi oa bona o boima oa boipheliso. Mosebetsi o ka sehloohong ke oa ho tšoasa li-lobster, e leng mosebetsi o hlokang boitelo bo boholo. Leeme le boetse le susumelletsa ba bangata hore ba se ke ba arabela hantle. Leha ho le joalo, ho tšeptjoa hore baahi ba eketsehileng ba sehlekehlekeng sena, banna le basali, ba tla arabela nakong e tlang.

Ho fihlela joale, batho ba leshome ba se ba pholositsoe sehlekehlekeng ka hore ba tsebe ’nete le merero ea Jehova Molimo. Ba bang ba bona ba se ba tlohile sehlekehlekeng ka mabaka a sa tšoaneng. Empa ebang ba sala sehlekehlekeng kapa che, pholoso ea bona ea moea e ipakile e le ea bohlokoa ho feta pholoso ea Alexander Selkirk. Hona joale ba paradeiseng ea moea ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. Barali babo rōna ba lulang sehlekehlekeng le bana ba bona ba na le tikoloho e kang ea serapa, empa ho fetang hona ke hore ba na le tebello ea ho phela nakong ea ha lefatše lohle e tla be e le paradeise ea sebele.

Mosebetsi oa Pholoso o Tsoela Pele

Ho latela sebaka seo se leng ho sona, sehlotšoana sena sa Lipaki tsa Jehova se Robinson Crusoe se phela hōle le bara le barali ba bang babo sona ba moea. Leha ho le joalo, ha se ikutloe se lahliloe, joaloka monna oa Scotland Selkirk. Se atametsoa haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ke lingoliloeng tse sa khaotseng tsa puso ea Molimo, livideo tsa likopano tseo se li romelloang ke lekala la Chile la Mokhatlo oa Watch Tower hararo ka selemo le ketelo ea selemo le selemo ea molebeli oa potoloho. Kahoo se tsoela pele ho ba karolo e mafolofolo ea ‘mokhatlo oohle oa bara ba motho lefatšeng.’—1 Petrose 5:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Ka molao sehlekehleke sena se bitsoa Más a Tierra.

[Limmapa/Setšoantšo se leqepheng la 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CHILE

Santiago

SEHLEKEHLEKE SA ROBINSON CRUSOE

San Juan Bautista

El Yunque

LEOATLE LA PACIFIC

SEHLEKEHLEKE SA SANTA CLARA

[Setšoantšo]

Ha sehlekehleke se hlahella, motho o bona letlapa le leholo bohareng ba leoatle

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Map of Chile: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Thaba e ntle e matsutla e bitsoang El Yunque (Tšetlo)

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Motse oa San Juan Bautista (Mohalaleli Johanne Mokolobetsi)

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lihlekehleke tse nyenyane e ba libaka tseo liqibi tse nang le letlalo la boea le litau tsa leoatle li phomolang ho tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Re ile ra fofa ka sefofane se senyenyane ho tloha Santiago, Chile

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lebōpo la leoatle le matsutla la Sehlekehleke sa Robinson Crusoe

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Holo ea ’Muso e nyenyane sehlekehlekeng