Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova

Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova

Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova

“Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.”—BAROMA 12:1.

1. Bibele e re’ng mabapi le bohlokoa bo lekanyelitsoeng ba mahlabelo tlas’a Molao oa Moshe?

“KAHA Molao o na le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng bona boleng ba sebele ba lintho tseo, le ka mohla batho ka mahlabelo a tšoanang ao ba a nyehelang ka mokhoa o tsoelang pele selemo le selemo ba ke ke ba etsa hore ba atamelang e be ba phethahetseng.” (Baheberu 10:1) Moo, polelong e le ’ngoe e hlaheletseng, moapostola Pauluse o tiisa hore mahlabelo ’ohle a neng a nyeheloa tlas’a Molao oa Moshe e ne e se a bohlokoa bo tšoarellang bakeng sa poloko ea motho.—Bakolose 2:16, 17.

2. Ke hobane’ng ha e se ha lefeela ho leka ho utloisisa boitsebiso bo qaqileng bo ka Bibeleng bo mabapi le linyehelo le mahlabelo a Molao?

2 Na see se bolela hore boitsebiso bo Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele mabapi le linyehelo le mahlabelo hase ba bohlokoa ho Bakreste kajeno? Ha e le hantle, nakong e batlang e feta selemo, batho ba ngolisitseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ba sa tsoa bala libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. Ba bang ba lekile ka matla ho bala le ho utloisisa makolopetso ’ohle. Na boiteko bohle ba bona e bile ba lefeela? Ka sebele ho ke ke ha e-ba joalo, hobane “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa taeo ea rōna, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Joale, potso ke ena, Ke “taeo” efe le “matšeliso” tseo re ka li fumanang boitsebisong bo Molaong bo mabapi le linyehelo le mahlabelo?

Bakeng sa Taeo ea Rōna le Matšeliso

3. Re na le tlhoko efe ea motheo?

3 Le hoja ho sa hlokahale hore re nyehele mahlabelo a sebele ka tsela e bontšitsoeng ke Molao, re sa ntse re hloka haholo seo mahlabelo ka tekanyo e itseng a se etselitseng Baiseraele, e leng hore libe tsa rōna li tšoareloe le hore re thabele mohau oa Molimo. Kaha ha re sa nyehela mahlabelo a sebele, re ka fumana melemo e joalo joang? Ka mor’a ho bontša likhaello tsa mahlabelo a liphoofolo, Pauluse o re: “Ha [Jesu] a kena lefatšeng o re: ‘Sehlabelo le nyehelo ha ua ka ua li batla, empa u ile ua ntokisetsa ’mele. Ha ua ka ua amohela linyehelo tse chesitsoeng tse feletseng le nyehelo ea sebe.’ Joale ka re, ‘Bona! ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na) ho etsa thato ea hao, Uena Molimo.’”—Baheberu 10:5-7.

4. Pauluse o sebelisa Pesaleme ea 40:6-8 joang ho Jesu Kreste?

4 Ha a qotsa ho Pesaleme ea 40:6-8, Pauluse o bontša hore Jesu ha aa ka a tlela ho ntšetsa pele “sehlabelo le nyehelo,” “linyehelo tse chesitsoeng tse feletseng le nyehelo ea sebe,” tseo kaofela nakong eo Pauluse a neng a ngola ka eona li neng li se li sa amoheloe ke Molimo. Ho e-na le hoo, Jesu o tlile ka ’mele o lokisitsoeng ke Ntate oa hae oa leholimo, o neng o lumellana ka hohle-hohle le oo Molimo a ileng a o lokisa ha A ne a bōpa Adama. (Genese 2:7; Luka 1:35; 1 Bakorinthe 15:22, 45) E le Mora oa Molimo ea phethahetseng, Jesu o ne a phetha karolo ea “peo” ea mosali, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Genese 3:15. O ne a tla nka mehato ea ho ‘khoba hlooho ea Satane,’ le hoja Jesu ka boeena a ne a tla ‘longoa serethe.’ Ka tsela ena, Jesu e ile ea e-ba tsela eo Jehova a e lokiselitseng poloko ea moloko oa batho, eo banna ba tumelo ba ’nileng ba talima ho eona ho tloha mehleng ea Abele.

5, 6. Ke tsela efe e phahameng eo Bakreste ba ka atamelang Molimo ka eona?

5 Ha Pauluse a bua ka karolo ena e khethehileng eo Jesu a e phethileng, o re: “Ea sa kang a tseba sebe [Molimo] o ile a mo etsa hore e be sebe bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka ha Molimo ka eena.” (2 Bakorinthe 5:21) Polelo e reng “o ile a mo etsa hore e be sebe” e ka boela ea fetoleloa e le ‘o entsoe hore e be nyehelo ea sebe.’ Moapostola Johanne o re: “Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:2) Kahoo, le hoja Baiseraele ba ne ba e-na le mekhoa ea nakoana ea ho atamela Molimo ka mahlabelo a bona, Bakreste ba na le motheo o phahameng oa ho tla ho Molimo—sehlabelo sa Jesu Kreste. (Johanne 14:6; 1 Petrose 3:18) Haeba re sebelisa tumelo sehlabelong sa thekollo seo Molimo a faneng ka sona ’me re Mo mamela, le rōna re ka tšoareloa libe ’me ra thabela mohau oa Molimo le tlhohonolofatso. (Johanne 3:17, 18) Na seo hase mohloli oa matšeliso? Leha ho le joalo, re ka bontša joang hore re na le tumelo sehlabelong sa thekollo?

6 Ka mor’a ho hlalosa hore Bakreste ba na le motheo o phahameng bakeng sa ho atamela Molimo, moapostola Pauluse o lokolisa mekhoa e meraro eo ka eona re ka bontšang tumelo ea rōna le kananelo bakeng sa tokisetso ea Molimo e lerato, joalokaha re bala ho Baheberu 10:22-25. Le hoja keletso ea Pauluse e ne e tobisitsoe haholo-holo ho ba nang le “tsela ea ho kena sebakeng se halalelang”—ke hore, Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le pitso ea leholimo—ka sebele ho hlokahala hore moloko oohle oa batho o ele hloko mantsoe a Pauluse a bululetsoeng haeba ba batla ho rua molemo sehlabelong sa Jesu sa poelano.—Baheberu 10:19.

Nyehelang Mahlabelo a Hloekileng le a Hlokang Litšila

7. (a) Baheberu 10:22 e bontša joang se neng se etsoa sehlabelong? (b) Ke’ng se neng se tlameha ho etsoa ho tiisa hore sehlabelo sea amoheleha ho Molimo?

7 Taba ea pele, Pauluse o phehella Bakreste: “A re atameleng ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo, kaha lipelo tsa rōna li fafalitsoe hore li tlohe letsoalong le khopo le ’mele ea rōna e hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng.” (Baheberu 10:22) Ha ho pelaelo hore puo e sebelisitsoeng mona e bontša se neng se etsoa sehlabelong sa sebele tlas’a Molao. Sena sea lokela hobane e le hore sehlabelo se amohelehe, se ne se tlameha ho nyeheloa ka sepheo se nepahetseng ’me e be sa ntho e hloekileng e hlokang litšila. Phoofolo ea sehlabelo e ne e khethoa mohlapeng, ke hore oa liphoofolo tse hloekileng, ’me e le “e phetseng hantle,” e se nang sekoli. Haeba sehlabelo e ne e le sa nonyana, e ne e lokela ho khethoa ho maebana-khoroana kapa maebana. Haeba ho ne ho sebelitsoe tumellanong le seo, “e [ne e] tla amoheloa ka mosa bakeng sa hore a koahele libe tsa hae.” (Levitike 1:2-4, 10, 14; 22:19-25) Nyehelo ea lijo-thollo e ne e se na tomoso, eo e leng pontšo ea tšenyeho; e ne e ke ke ea tšeloa ka lero le nang le tsoekere, e leng seo mohlomong se bolelang lero la litholoana, le nang le tšekamelo ea ho lomosa. Ha ho ne ho nyeheloa mahlabelo—a liphoofolo kapa a lijo-thollo—aletareng, a ne a nōkoa ka letsoai hobane le thibela ho bola.—Levitike 2:11-13.

8. (a) Ho ne ho hlokoa eng ho motho ea etsang nyehelo? (b) Re ka tiisa joang hore borapeli ba rōna boa amoheleha ho Jehova?

8 Ho thoe’ng ka motho ea etsang nyehelo? Molao o ne o bontša hore mang kapa mang ea tlang ka pel’a Jehova o ne a lokela ho hloeka le ho hloka litšila. Motho ea neng a silafetse ka lebaka leha e le lefe o ne a tlameha hore a qale ka ho nyehela nyehelo ea sebe kapa ea molato ho tsosolosa boemo ba hae bo hloekileng ka pel’a Jehova e le hore nyehelo ea hae ea secheso kapa sehlabelo se kopanetsoeng e ka amoheleha ho Eena. (Levitike 5:1-6, 15, 17) Ka lebaka leo, na re utloisisa bohlokoa ba hore kamehla re be le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova? Haeba re batla hore borapeli ba rōna bo amohelehe ho Molimo, re lokela ho potlakela ho lokisa litlōlo leha e le life tsa melao ea Molimo. Re lokela ho potlakela ho amohela mekhoa eo Molimo a faneng ka eona bakeng sa thuso—“banna ba baholo ba phutheho” le “sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna,” e leng Jesu Kreste.—Jakobo 5:14; 1 Johanne 2:1, 2.

9. Phapang e ka sehloohong pakeng tsa mahlabelo a etsetsoang Jehova le a etsetsoang melimo ea bohata ke efe?

9 Ha e le hantle, khatiso e etsoang tabeng ea bohloeki bo feletseng, e ne e le phapang e ka sehloohong pakeng tsa mahlabelo a neng a nyeheloa ho Jehova le ao batho ba lichaba ba neng ba potolohile Iseraele ba neng ba a nyehela ho melimo ea bohata. Buka e ’ngoe ea litšupiso ha e bua ka tšobotsi ena ea mahlabelo a Molaong oa Moshe e re: “Re ka ’na ra hlokomela hore ha a na kamano le bonohe kapa limakatso; ha a na maikutlo a feteletseng a bolumeli, ho ikhaola litho kapa botekatse bo halalelang, litšebeletso tsa kemolo tsa ho khotsofatsa nama le tsa boitšoaro bo hlephileng li haneloa ka ho feletseng; ha a na mahlabelo a batho; ha a na pha-balimo.” Sena sohle se hulela tlhokomelo tabeng e le ’ngoe: Jehova oa halalela, ’me ha a khothalletse leha e le ho lumella sebe kapa bobolu ba mofuta ofe kapa ofe. (Habakuke 1:13) Borapeli boo a bo etsetsoang le mahlabelo li tlameha ho hloeka le ho hloka litšila nameng, boitšoarong le moeeng.—Levitike 19:2; 1 Petrose 1:14-16.

10. Tumellanong le keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baroma 12:1, 2, re lokela ho itlhahlobisisa joang?

10 Ha ho talingoa sena, re tlameha ho itlhahlobisisa likarolong tsohle tsa bophelo e le hore re kholisehe hore tšebeletso ea rōna ho Jehova ea amoheleha ho eena. Le ka mohla re se ke ra nahana hore hafeela re e-ba le karolo e itseng libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong, ha ho tsotellehe hore na re etsa eng bophelong ba rōna ba lekunutung. Hape ha rea lokela ho ikutloa hore ho kopanela mesebetsing ea Bokreste ka tsela e itseng ho re lokolla tlhokahalong ea ho boloka melao ea Molimo likarolong tse ling tsa bophelo ba rōna. (Baroma 2:21, 22) Re ke ke ra lebella tlhohonolofatso ea Molimo le mohau haeba re lumella ntho efe kapa efe e sa hloekang kapa e litšila mahlong a hae hore e silafatse monahano oa rōna kapa liketso. Hopola mantsoe a Pauluse: “Ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana. ’Me le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:1, 2.

Nyehela Mahlabelo a Thoriso ka Pelo Eohle

11. Ke’ng se akarelletsoang poleloaneng e reng “polelo ea phatlalatsa,” e boletsoeng ho Baheberu 10:23?

11 Ha a ngolla Baheberu, Pauluse o ile a tsoela pele ho lebisa tlhokomelo karolong ea bohlokoahali ea borapeli ba ’nete, a re: “A re tšoareng ka tieo polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna re sa thekesele, kaha oa tšepahala ea tšepisitseng.” (Baheberu 10:23) Poleloana e reng “polelo ea phatlalatsa” ha e le hantle e bolela “ho ipolela” ’me Pauluse o boela o bua ka “sehlabelo sa thoriso.” (Baheberu 13:15) Sena se re hopotsa ka mofuta oa sehlabelo seo banna ba kang Abele, Noe le Abrahama ba ileng ba se nyehela.

12, 13. Moiseraele o ne a ela hloko eng ha a ne a nyehela nyehelo ea secheso, ’me re ka etsa eng ho bontša moea oona oo?

12 Ha Moiseraele a ne a nyehela sehlabelo sa secheso, o ne a se etsa “ka boithatelo ka pel’a Jehova.” (Levitike 1:3, NW) Ka sehlabelo se joalo, ka boithatelo o ne a etsa polelo ea phatlalatsa, kapa a ela hloko litlhohonolofatso tse ngata tsa Jehova le mosa oa hae o lerato ho batho ba hae. Hopola hore tšobotsi e khethehileng ea sehlabelo sa secheso e ne e le hore nyehelo kaofela e ne e jelloa aletareng—letšoao le loketseng la boinehelo bo feletseng. Ka ho tšoanang, re bontša tumelo ea rōna sehlabelong sa thekollo le teboho ea rōna bakeng sa tokisetso eo ha ka boithatelo le ka pelo eohle re nyehela ho Jehova “sehlabelo [sa rōna] sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo.”

13 Le hoja Bakreste ba sa nyehele mahlabelo a sebele—a liphoofolo kapa a meroho—ba na le boikarabelo ba ho fana ka bopaki ba litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa ba Jesu Kreste. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Na u sebelisa menyetla ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo phatlalatsa e le hore batho ba eketsehileng ba ka tseba lintho tse tsotehang tseo Molimo a li boloketseng batho ba mamelang? Na ka ho rata u sebelisa nako ea hao le matla ho ruteng ba thahasellang le ho ba thusa ho ba barutuoa ba Jesu Kreste? Ho kopanela ha rōna tšebeletsong ka cheseho, joaloka monko o khathollang oa nyehelo ea secheso, ho khahlisa Molimo haholo.—1 Bakorinthe 15:58.

Thabela Botsoalle le Molimo le Batho

14. Mantsoe a Pauluse ho Baheberu 10:24, 25 a lumellana joang le taba ea nyehelo e kopanetsoeng?

14 Qetellong, Pauluse o lebisa tlhokomelo kamanong ea rōna le Bakreste-’moho le rōna ha re ntse re rapela Molimo. “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Lipoleloana ‘ho susumelletsana leratong le mesebetsing e metle,’ “ho bokana ha rōna hammoho” le ‘ho khothatsana’ kaofela li re hopotsa ka seo nyehelo e kopanetsoeng Iseraeleng e neng e se etsetsa batho ba Molimo.

15. Re bona ho tšoana hofe pakeng tsa nyehelo e kopanetsoeng le liboka tsa Bokreste?

15 Poleloana “linyehelo tse kopanetsoeng” ka linako tse ling e fetoleloa e le “linyehelo tsa khotso.” Lentsoe la Seheberu bakeng sa “khotso” mona, le ka bongateng, mohlomong le bolela hore ho kopanela mahlabelong a joalo ho fella ka khotso le Molimo le khotso le barapeli-’moho le rōna. Mabapi le sehlabelo se kopanetsoeng, setsebi se seng sea hlokomela: “Ka sebele ena e ne e le nako ea botsoalle bo thabisang le Molimo oa Selekane, eo ka eona A neng a theohela boemong bo tlaase hore e be Moeti oa Baiseraele lijong tsa sehlabelo, esita le joalokaha kamehla E ne e e-ba Moamoheli oa bona Boeting.” Sena se re hopotsa ka tšepiso ea Jesu: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng hammoho ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.” (Matheu 18:20) Ka linako tsohle ha re e-ba teng sebokeng sa Bokreste, re rua molemo botsoalleng bo hahang, taeong e khothatsang le mohopolong oa hore Morena oa rōna Jesu Kreste o na le rōna. Sena se etsa hore seboka sa Bokreste e be ketsahalo e thabisang le e matlafatsang tumelo e le kannete.

16. Re nahanne ka sehlabelo se kopanetsoeng, ke’ng se etsang hore liboka tsa Bokreste li thabise ka ho khetheha?

16 Sehlabelong se kopanetsoeng, mafura ’ohle—a koahetseng mala, liphio, karolo e leketlileng sebeteng le sehlana, hammoho le mohatla o mafura oa nku—li ne li nyeheloa ho Jehova ka ho chesoa, ho etsoa hore li kubelle aletareng. (Levitike 3:3-16) Ho ne ho nkoa hore mafura ke karolo ea phoofolo e nonneng ka ho fetisisa le e molemohali. Ho a nyehela aletareng ho ne ho tšoantšetsa ho fa Jehova se molemohali. Se etsang hore liboka tsa Bokreste li thabise ka ho khethehileng ke hore hase feela hore re fumana taeo empa re boetse re rorisa Jehova. Re etsa sena ka ho nka karolo—ka hore ka boikokobetso le ka boiteko bo matlahali—re bine ho tloha pelong, re mamele ka hloko re be re fane ka litlhaloso ha ho khoneha. Mopesaleme o ile a hooa: “Bokang Jehova! Binelang Jehova sefela se secha, a ’ne a rokoe phuthehong ea bakhethoa ba hae.”—Pesaleme ea 149:1.

Re Letetsoe ke Litlhohonolofatso Tse Ngata Haholo Tse Tsoang ho Jehova

17, 18. (a) Solomone o ile a etsa sehlabelo sefe se seholo khakolong ea tempele e Jerusalema? (b) Batho ba ile ba hlohonolofatsoa ka lintho life tšebeletsong ea khakolo ea tempele eo?

17 Khakolong ea tempele ea Jerusalema, khoeling ea bosupa ea selemo sa 1026 B.C.E., Morena Solomone o ile a nyehela “sehlabelo se seholo ka pel’a Jehova,” se entsoeng ka “sehlabelo sa secheso le nyehelo ea lijo-thollo le likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a kopanetsoeng.” Ho ekelletsa ho se neng se nyeheloa nyehelong ea lijo-thollo, ketsahalong eo ho ile ha etsoa sehlabelo sa likhomo tse 22 000 le linku tse 120 000.—1 Marena 8:62-65NW.

18 Na u ka nahana ka litšenyehelo le mosebetsi o amehang tšebeletsong e khōlō hakaalo? Empa, litlhohonolofatso tseo Baiseraele ba neng ba li fumana ka sebele li ne li feta litšenyehelo hōle. Qetellong ea mekete ena ea thabo, Solomone “a re sechaba se tsamaee; sa qala ho hlohonolofatsa morena le ho ea malapeng a sona, se thabile ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong ka lebaka la molemo oohle oo Jehova a neng a o etselitse mohlanka oa hae Davida le sechaba sa hae sa Iseraele.” (1 Marena 8:66, NW) Ka sebele, joalokaha Solomone a ile a beha taba, “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22NW.

19. Re ka etsa eng ho amohela litlhohonolofatso tse khōlō tse tsoang ho Jehova hona joale le ka ho sa feleng?

19 Re phela nakong eo ka eona “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla” se nketsoeng sebaka ke “boleng ba sebele ba lintho tseo.” (Baheberu 10:1) Jesu Kreste, karolong ea hae e le Moprista ea Phahameng e moholo ea tšoantšetsoang ke oa boholo-holo, o se a kene leholimong ka bolona ’me a hlahisitse molemo oa mali a hae bakeng sa ho koahela libe tsa bohle ba sebelisang tumelo sehlabelong sa hae. (Baheberu 9:10, 11, 24-26) Motheong oa sehlabelo seo se seholo le ka ho nyehela ka pelo eohle ho Molimo mahlabelo a rōna a thoriso a hloekileng le a hlokang litšila, le rōna re ka tsoela pele re ‘thabile ’me re ikutloa re nyakaletse lipelong,’ re lebeletse litlhohonolofatso tse ngata ho Jehova.—Malakia 3:10.

U ka Araba Joang?

• Re ka fumana taeo efe le matšeliso boitsebisong bo Molaong mabapi le mahlabelo le linyehelo?

• Ntho ea pele e hlokahalang bakeng sa hore sehlabelo se amohelehe ke efe, ’me e bolela’ng ho rōna?

• Re ka nyehela eng e tšoanang le nyehelo ea secheso ea boithatelo?

• Liboka tsa Bokreste li ka tšoantšoa ka litsela life le nyehelo e kopanetsoeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jehova o ile a fana ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu bakeng sa poloko ea moloko oa batho

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Hore Jehova a amohele tšebeletso ea rōna, re lokela ho lokoloha litšileng tsa mofuta ofe kapa ofe

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Re lumela molemo oa Jehova phatlalatsa ha re kopanela tšebeletsong