Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ra Leba Lihlekehlekeng Tsa Pacific—Ho ea Sebetsa!

Ra Leba Lihlekehlekeng Tsa Pacific—Ho ea Sebetsa!

Ra Leba Lihlekehlekeng Tsa Pacific—Ho ea Sebetsa!

LIBAKA tsa ho emela lifofane boema-fofaneng ba Brisbane le Sydney, Australia, li ne li luma ke thabo e fetang e tloaelehileng. Sehlopha sa batho ba 46 se ne se loketse ho fofa ho ea Samoa e chesang haholo ho ea kopana le ba bang ba 39 ba tsoang New Zealand, Hawaii le United States. Thoto ea bona e ne e le e sa tloaelehang ka ho fetisisa—boholo e ne e le lisebelisoa, tse kang lihamore, lisakha, liboro—e se lintho tseo ho tloaelehileng hore motho a li nke ha a nka leeto la ho ea sehlekehlekeng se setle sa Pacific. Empa ha ho pelaelo hore mosebetsi oa bona o ne o sa tloaeleha.

Ba ne ba itefelletse leeto, ’me ba le mothating oa ho ea qeta libeke tse peli e le baithaopi ba sa lefuoeng morerong oa ho haha o laoloang ke Ofisi ea Boenjiniere ea Sebaka e ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Australia. Morero ona, o tšehetsoang ka menehelo ea boithatelo, o ama ho haha Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, mahae a baromuoa le mehaho ea makala kapa ea phetolelo bakeng sa liphutheho tse hōlang ka potlako tsa Lipaki tsa Jehova tse lihlekehlekeng tsa Pacific. A re tsebeng basebetsi ba bang, ba neng ba le lihlopheng tsa kaho ea Liholo tsa ’Muso linaheng tsa habo bona.

Max, oa Cowra New South Wales, Australia, eena ke seruleli. O nyetse ’me o na le bana ba bahlano. Arnold ke oa Hawaii. Eena le mosali oa hae ba na le bara ba babeli, ’me e boetse ke pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. Joaloka Max, Arnold o sebetsa e le moholo phuthehong ea habo. Ho totobetse hore banna bana—joaloka ba bangata ba morerong ona—ha baa ithaopa hobane ba e-na le nako. Ho e-na le hoo, bona le malapa a bona ba bona tlhokahalo, ’me ba batla ho etsa seo ba ka se khonang ho thusa.

Basebetsi ba Machaba ba Koala Sekheo sa Bohlokoa

Sebakeng se seng moo ho neng ho hlokahala tsebo ea bona le tšebeletso ke Tuvalu, e leng sechaba sa Pacific sa batho ba ka bang 10 500 ba sehlopheng se hōle sa lihlekehleke tse nyenyane tse robong tse haufi le equator ’me li le ka leboea-bophirimela ho Samoa. Lihlekehleke tsena tse nyenyane, se seng le se seng boholo ba sona ka karolelano e ka ba lisekoere-k’hilomithara tse 2,5. Ka 1994, Lipaki tse 61 tsa moo li ne li hloka ka potlako Holo ea ’Muso e ncha le ofisi e khōloanyane ea phetolelo.

Karolong ena ea Pacific e chesang le e mongobo, mehaho e lokela ho lokisetsoa le ho hahuoa hore e se ke ea senngoa ke lifefo tse matla le maholiotsoana. Empa ho na le leqeme la thepa e ntle ea mohaho lihlekehlekeng tsena. Tharollo e ne e tla ba eng? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ho qala ka masenke a rulelang le libalaka ho fihlela thepeng ea ntlo le likharetene, likotlolo tsa matloana le melongoana ea lishaoara, haesita le likurufu le lipekere—li ile tsa romelloa ka lik’hontheinara tsa thepa ho tloha Australia.

Pele thepa e fihla, sehlopha se senyenyane se qalang mosebetsi se ile sa lokisa setša eaba se rala motheo. Ka mor’a moo basebetsi ba machaba ba ile ba tla ho tla haha, ho penta le ho kenya thepa.

Ho sa lebelloa, mosebetsi ona oohle oa Tuvalu, o ile oa tsosa lehloeo la moruti oa moo ea ileng a phatlalatsa seea-le-moeeng hore Lipaki li haha “Tora ea Babele”! Leha ho le joalo, linnete e ne e le life? Graeme, ea sebetsang e le moithaopi, o re: “Ha batho ba neng ba haha Tora ea Babele ea Bibele ba fumana hore ba ne ba se ba sa utloane kahobane Molimo a ne a ferekantse puo ea bona, ba ile ba tlameha ho tlohela morero oa bona oa kaho ’me ba siea tora e sa fela.” (Genese 11:1-9) “Ha ho joalo ha ho sebeletsoa Jehova Molimo. Ho sa tsotellehe ho se tšoane ka puo le setso, merero ena ea kaho e phethoa kamehla.” Ho bile joalo le ka ona, o ile oa phethoa ka libeke tse peli feela. Ka sebele, batho ba 163, ho akarelletsa mosali oa tona-khōlō, ba ile ba ba teng moketeng oa nehelo.

Doug, motsamaisi oa morero ona oa kaho, ha a nahana ka phihlelo ena, o re: “E bile thabo ho sebetsa le baithaopi ba tsoang linaheng tse ling. Re na le litsela tse fapaneng tsa ho etsa lintho, mabitso a thepa a fapaneng, haesita le mekhoa e fapaneng ea ho metha, empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ileng ea baka mathata.” Kaha o se a bile mererong e joalo e ’maloa, oa eketsa: “Sena se hatisa kelellong ea ka hore ka tšehetso ea Jehova, batho ba hae ba ka emisa mohaho kae kapa kae lefatšeng lena, ho sa tsotellehe hore na sebaka se ka ba thōko kapa sa e-ba le mathata hakae. Ha ho pelaelo hore re na le banna ba bangata ba nang le tsebo, empa ke moea oa Jehova o atlehisang.”

Moea oa Molimo o boetse o susumetsa malapa a Lipaki a lihlekehlekeng hore a fane ka lijo le marobalo, tseo, ho ba bangata, e leng boitelo. Ba amoheloang ka mofuthu joalo ba ho ananela ka botebo. Ken, oa Melbourne, Australia, o ne a sebelitse morerong o joalo French Polynesia. O re: “Re tlile re le bahlanka, empa re ile ra tšoaroa joaloka marena.” Moo ho khonehang, Lipaki tsa moo le tsona li kenya letsoho mosebetsing oa ho haha. Lihlekehlekeng tsa Solomon, basali ba ne ba luba konkreite—ka matsoho. Banna le basali ba 100 ba ile ba hloa lithaba tse motlepere ’me ba theola lithane tse fetang 40 tsa lehong. Bacha le bona ba ile ba kenya letsoho. Mosebetsi e mong oa New Zealand oa hopola: “Ke hopola mora e mong oabo rōna e monyenyane oa sehlekehlekeng ea neng a nka mekotla ea samente e ’meli kapa e meraro ka nako. O ne a bokella lehlabathe letšehare lohle ha ho chesa le ha pula e e-na.”

Ho ba le molemo o itseng ha Lipaki tsa sebaka seo ho hahoang ho sona li kopanela mosebetsing. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea Samoa ea tlaleha: “Barab’abo rōna ba lihlekehlekeng ba ithutile mahlale a mesebetsi ea matsoho ao ba ka a sebelisang ho haha Liholo tsa ’Muso le ho etsa mosebetsi oa ho lokisa le oa ho tsosolosa ka mor’a maholiotsoana. A ka ba thusa le ho fumana mosebetsi sechabeng seo ho sona ba bangata ba thatafalloang ke ho etsa joalo.”

Morero oa Kaho o Fana ka Bopaki bo Botle

Colin o ne a le Honiara ’me a bona ha ho hahuoa Holo ea Kopano ea Lihlekehleke tsa Solomon. A khahliloe, o ile a ngolla ofisi ea moo ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower: “Kaofela ba ntsoe-leng ’me ha ho ea halefelang ba bang, hape ke lelapa le le leng.” Nakoana ka mor’a moo, ha a khutlela motseng oa habo Aruligo, e bohōle ba lik’hilomithara tse 40, eena le lelapa la hae ba ile ba ikahela Holo ea ’Muso. Eaba ba romela molaetsa o mong ofising: “Holo ea rōna ea ’Muso, e bileng e nang le sethala, e lokile, na re ka ba le liboka moo?” Li ile tsa lokisetsoa ka potlako, ’me batho ba fetang 60 ba ba teng kamehla.

Moeletsi oa European Union o ile a bona mohaho oa Tuvalu. O ile a re ho mosebetsi e mong: “Ke lumela hore bohle ba le bolella ntho e le ’ngoe empa ho ’na ke mohlolo o totobetseng!” Mosali ea sebetsang moo ho laoloang lithelefono o ile a botsa moithaopi e mong ea etileng: “Ho tla joang hore ebe le thabile tjee kaofela? Mocheso o mona o tabola hlooho!” Ho ne ho se mohla ba kileng ba bona Bokreste bo sebelisoa ka tsela e atlehileng le e bontšang boitelo hakaalo.

Boitelo bo se Nang Boikoahlao

Ho 2 Bakorinthe 9:6 Bibele e re: “Ea jalang ka bongata o tla boela a kotule ka bongata.” Basebetsi, malapa a bona le liphutheho tsa habo bona ba tsoela pele ho jala haholo ha ba thusa Lipaki tsa habo bona Pacific. Ross, moholo oa Kincumber, haufi le Sydney, o re: “Phutheho ea heso e ile ea ntlatsa ka chelete e fetang karolo ea boraro ea chelete ea ho lefella sefofane, ’me soare sa ka se neng se tsamaile le ’na le sona, se ile sa ntlatsa ka $500 [R1 900].” Mosebetsi e mong o ile a lefella leeto ka ho rekisa koloi ea hae. E mong eena o ile a rekisa setša. Kevin eena o ne a hloka R3 500 e eketsehileng, kahoo o ile a etsa qeto ea ho rekisa maeba a hae a 16 a nang le lilemo tse peli. Ka thuso ea motsoalle, o ile a fumana moreki ea ileng a mo fa eona R3 500 bakeng sa ’ona!

Danny le Cheryl ba ile ba botsoa: “Na see se ne se tšoanela tefello ea sefofane le meputso e oetseng tse etsang kakaretso ea $6 000 [R23 000]?” Ba ile ba araba: “Hantle haholo! Le haeba e ne e le chelete eo habeli, e ne e tla tšoaneleha ho feta.” Alan, oa Nelson, New Zealand, o ile a eketsa, a re: “Ka litšenyehelo tsa ka tsa ho ea Tuvalu, nka be ke ile Europe ka ba ka salloa ke chelete e ’ngoe. Empa na nka be ke amohetse litlhohonolofatso, kapa ke fumane metsoalle e mengata hakaale ea limelo tse sa tšoaneng, kapa ke etselitse motho e mong ho hong ho e-na le ho iketsetsa? Che! Le hoja seo e le ’nete, eng kapa eng eo ke e fileng barab’eso ba lihlekehlekeng, bona ba mpuselelitse se fetang moo haholo.”

Ntlha e ’ngoe e lebisang katlehong ea morero ona ke tšehetso ea malapa. Leha basali ba bang ba khona ho tsamaea le banna ba bona haesita le ho thusa mohahong, ba bang ba na le bana ba kenang sekolo bao ba ba hlokomelang kapa ho na le khoebo ea lelapa eo ba e hlokomelang. Clay o itse: “Hore mosali oa ka a ithaopele ho hlokomela bana le lelapa ha ke le sieo, e bile boitelo bo boholo ho feta ba ka.” Ha ho pelaelo hore banna bohle ba ileng ba sitoa ho tsamaea le basali ba bona le bona ba ne ba tla thoholetsa seo ka pelo eohle!

Esale ho phethoa mohaho oa Tuvalu, basebetsi ba baithaopi ba hahile Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, mahae a baromuoa le liofisi tsa phetolelo Fiji, Tonga, Papua New Guinea, New Caledonia le libakeng tse ling. Mehaho e mengata, ho akarelletsa e meng ea libaka tsa Asia Boroa-bochabela, ke hona e ntseng e etsetsoa lipolane. Na ho tla ba le basebetsi ba lekaneng?

Ho totobetse hore hoo e ke ke ea e-ba bothata. Ofisi ea lekala ea Hawaii e ngola sena: “Mona, e mong le e mong ea bileng le karolo mererong ea ho haha ea machaba o kōpile hore a hopoloe ha ho lokisetsoa o mong. Kapele feela ha ba khutlela hae, ba qala ho o bolokela chelete.” Ke eng e ka sitisang morero ho atleha haeba tlhohonolofatso e enneng ea Jehova e kenella boinehelong bo etsoang ka boitelo joalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Thepa ea morero ona

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Sehlopha sa basebetsi mohahong

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ha merero eo ea kaho e phethoa, re ile ra thabela se finyelletsoeng ke moea oa Molimo