Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsela Feela ea ho Felisa Lehloeo

Tsela Feela ea ho Felisa Lehloeo

Tsela Feela ea ho Felisa Lehloeo

“Moo tšabo e leng teng lehloeo le teng. . . . Re hloea seo re se tšabang ’me moo lehloeo le leng teng, tšabo e ipatile teng.”

—Cyril Connolly, Mohlahlobisisi Le Mohlophisi Oa Lingoliloeng.

LITSEBI tse ngata tsa litaba tsa kahisano li lumela hore lehloeo le metse ka botebo ho batho empa ba sa hlokomele. “Boholo ba lona e ka ’na eaba le bile le khoakhoathetse,” le fetohile karolo ea motho, kamoo ho boletseng setsebi se seng sa litaba tsa puso.

Hoa utloahala hore ebe liithuti tsa botho ba batho li etsa liqeto tse joalo. Li ithuta feela banna le basali ba tsoaletsoeng “bokhopong” le “sebeng,” kamoo tlaleho e bululetsoeng ea Bibele e bolelang kateng. (Pesaleme ea 51:5) Esita le ’Mōpi ka boeena, ha a ne a kala motho ea sa phethahalang lilemong tse likete tse fetileng, o ile “a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle.”—Genese 6:5.

Leeme, khethollo le lehloeo leo li le bakang ke tholoana ea ho se phethahale ha motho le boithati ba hae. (Deuteronoma 32:5) Ka masoabi, ha ho mokhatlo oa motho kapa ’muso, ho sa tsotellehe leano la oona, o seng o kile oa atleha ho etsa molao oa ho fetola pelo ea motho litabeng tse joalo. Moqolotsi oa litaba linaheng lisele, Johanna McGeary, o ile a re: “Ho sebelisoa ha sepolesa sa machaba, ho sa tsotellehe hore na se matla hakae, ho ke ke ha felisa lehloeo le entseng hore mali a tšolohe Bosnia, Somalia, Liberia, Kashmir [le] Caucasus.”

Leha ho le joalo, pele re batla pheko, re tlameha ho ba le kutloisiso ea motheo ea sesosa sa liketso tsena tse bonahatsang lehloeo.

Lehloeo le Rotetsoa ke Tšabo

Lehloeo le tla ka libōpeho tsa mefuta-futa. Andrew Sullivan oa sengoli o ile a akaretsa taba ena ka bokhabane, a re: “Ho na lehloeo le bakoang ke tšabo, le lehloeo le teng hobane motho a ikutloa hore oa telloa; ho na le lehloeo la ho batla ho bontša matla, le lehloeo le tsoaloang ke ho hloka matla; ho na le boiphetetso, hape ho na le lehloeo le bakoang ke mohono. . . . Ho na le lehloeo la bahatelli, le lehloeo la ba hateletsoeng. Ho na le lehloeo le kekelang butle-butle, le lehloeo le felang. Ho boetse ho na le lehloeo le bontšoang ka bohale, le lehloeo leo ho seng mohla le qholotsang.”

Ha ho pelaelo hore mabaka a mang a ka sehloohong a hlohlelletsang likhohlano tsa lehloeo mehleng ena ea rōna ke a kahisano le a moruo. Leeme le matla le lehloeo le bontšoang ka bohale li atisa ho fumanoa libakeng tseo ho tsona sehlopha se jang mafureng e leng se senyenyane ka palo. Hape, lehloeo le atisa ho ba teng moo mokhoa oa ho phela oa karolo e itseng ea sechaba o sokeloang ke ho kena ha melata ka bongata.

Ba bang ba ka ikutloa hore matsoa-ntle ana a tla ba amoha mesebetsi, a sebeletse meputso e tlaase, kapa a tla etsa hore theko ea thepa e theohe. Hore na tšabo eo ea utloahala kapa che, ke taba e ’ngoe. Tšabo ea ho lahleheloa ke maruo le tšabo ea hore litekanyetso tsa sechaba kapa tsa mokhoa oa ho phela li tla senyeha ke mabaka a matla a bakang leeme le lehloeo.

Bohato ba pele ba ho felisa lehloeo e lokela ho ba bofe? Ho fetola boikutlo.

Ho Fetola Boikutlo

McGeary o ile a lemoha hore, “phetoho ea ’nete e ka tsoa feela boikhethelong ba batho ba amehang.” Ebe boikhethelo ba batho bo ka fetoloa joang? Liketsahalo li bontšitse hore tšusumetso e matla ka ho fetisisa, e susumetsang ka ho fetisisa le e tšoarellang ka ho fetisisa khahlanong le ho hōla ha lehloeo e tsoa Lentsoeng la Molimo, Bibele. Lebaka ke hobane “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.”—Baheberu 4:12.

Ke ’nete hore ho felisoa ha leeme le lehloeo ha ho itlise, leha e le hore ho etsahala ka ho panya ha leihlo. Empa ho ka etsoa. Jesu Kreste, mosusumetsi e moholo oa lipelo le motsosi oa matsoalo, o ne a tseba ho susumetsa batho hore ba fetohe. Ba bangata ba atlehile ho latela keletso e bohlale ea Jesu Kreste: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.”—Matheu 5:44.

Tumellanong le lithuto tsa hae, Jesu o ile a akarelletsa Matheu sehlopheng sa metsoalle ea hae eo a neng a e tšepa ka ho fetisisa, e ne e le molekhetho hape e le ea khesoang sechabeng sa Bajuda. (Matheu 9:9; 11:19) Ho feta moo, Jesu o ile a qalisa tsela ea borapeli bo hloekileng e neng e tla qetella e akarelelitse likete tsa Balichaba ba neng ba khetholotsoe ebile ba hloiloe. (Bagalata 3:28) Batho ba neng ba e-tsoa lefatšeng le neng le tsejoa mehleng eo e ile ea e-ba balateli ba Jesu Kreste. (Liketso 10:34, 35) Batho bana ba ile ba tsejoa ka lerato le fetisisang la bona. (Johanne 13:35) Ha batho ba tletseng lehloeo ba ne ba tlepetsa ka majoe morutuoa oa Jesu Setefane hore a shoe, mantsoe a hae a ho qetela e bile a reng: “Jehova, u se ke ua ba balla sebe sena.” Setefane o ne a batlela ba mo hloileng se molemohali.—Liketso 6:8-14; 7:54-60.

Bakreste ba ’nete ba kajeno ba arabetse ka mokhoa o tšoanang keletsong ea Jesu ea hore ba se ke ba etsa hantle feela barab’abo bona ba Bakreste empa ba etse hantle le bona ba ba hloileng. (Bagalata 6:10) Ba loana ntoa ho felisa lehloeo le kotsi bophelong ba bona. Kaha ba hlokomela matla a maholo a ka ’nang a fehla lehloeo har’a bona, ba nka khato ka tieo ’me ba nkela lehloeo sebaka ka lerato. E, joalokaha monna oa khale ea bohlale a ile a bolela, “hloeo e hotetsa likomang, empa lerato le apesa litšito tsohle.”—Liproverbia 10:12.

Moapostola Johanne o ile a re: “E mong le e mong ea hloeang mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” (1 Johanne 3:15) Lipaki tsa Jehova li lumela seo. Ka lebaka leo, hona joale lia kopanngoa—li e-tsoa merabeng eohle, litsong tsohle, malumeling ’ohle le limelong tsohle tsa lipolotiki—hore e be sechaba se le seng se bonngoeng, se se nang lehloeo le seo e leng mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho lefatšeng lohle.—Bona litaba tse mabokoseng.

Lehloeo le Tla Felisoa!

U ka ’na ua re: ‘E ka ’na ea e-ba tharollo ho ba amehang. Leha ho le joalo, sena se ke ke sa etsa hore lehloeo le fele ka ho feletseng lefatšeng la rōna.’ Ke ’nete hore le haeba ha u na lehloeo pelong ea hao, u ka ’na ua le bontšoa. Ka hona re lokela ho tšepa Molimo bakeng sa tharollo ea sebele ea bothata bona bo aparetseng lefatše.

Molimo o tšepisa hore mesaletsa eohle ea lehloeo e tla tloha e tlosoa lefatšeng lena. Sena se tla etsahala tlas’a puso ea ’muso oa leholimo oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.

Ha thapelo eo e arabeloa ka botlalo, maemo a khothalletsang lehloeo a ke ke a hlola a e-ba teng. Maemo ao ho ’ona ho sebelisoang lehloeo a tla be a felisitsoe. Leshano, ho hloka tsebo le leeme li tla be li nketsoe sebaka ke tsebo, ’nete le ho loka. Ka nako eo, ka sebele Molimo ‘o tla be a hlakotse meokho eohle mahlong a bona, ho sa tl’o hlola ho e-ba le lefu, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko.’—Tšenolo 21:1-4.

Joale litaba tse molemohali ke tsena! Ho na le bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Kahoo, re ka kholiseha hore haufinyane re tla bona lehloeo la batho ba sa tšabeng Molimo le fela lefatšeng lena. (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-14) Lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, moea oa sebele oa mokhatlo oa bara ba motho o tla ba teng hobane moloko oa batho o tla be o khutliselitsoe phethehong.—Luka 23:43; 2 Petrose 3:13.

Empa ha ho hlokahale hore u lete ho fihlela ka nako eo hore u thabele mokhatlo oa sebele oa bara ba motho. Ha e le hantle, joalokaha litlaleho tse latelang li bontša, lerato la Bokreste le se le fumane sebaka lipelong tsa ba bangata bao ha e ne e se ka lona ba ka beng ba tletse lehloeo. Le uena u mengoa hore u be karolo ea mokhatlo ona oa bara ba motho o lerato!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tlas’a ’Muso oa Molimo mesaletsa eohle ea lehloeo e tla tlosoa lefatšeng