Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mohlala oa Bonngoe”

“Mohlala oa Bonngoe”

“Mohlala oa Bonngoe”

SEO e ne e le sehlooho sa baphatlalatsi se hatisitsoeng koranteng ea Indaiatuba, São Paulo, Brazil. Ke bo-mang ba behileng mohlala oo? Mongoli o ile a hlalosa: “Lipaki tsa Jehova, tse lokisetsang ho haha ‘Holo ea ’Muso’ e ncha, e leng kamoo litempele tsa tsona kapa liholo li bitsoang kateng, li beha mohlala o motle le oa sebele oa tšebelisano e ke keng ea hlokomolohuoa.”

Bonngoe bo har’a Lipaki tsa Jehova bo totobala liketsahalong tse joalo. Kahoo, sehlooho sena se ile sa bontša: “Ke ntho e amang maikutlo ho bona baithaopi ba banna, basali le bacha ba sebetsa hammoho ka ho rata ha ba haha sebaka seo ba ka kopanang le ho rapela Molimo ho sona.”

Lipaki tsa Jehova li beha mohlala o motle le lintlheng tse ling. Sehlooho sena sa baphatlalatsi se ile sa eketsa: “Ntle le ho ithuta le ho rapela, pakane ea tsona ke ho ntša makhoba a tahi le a lithethefatsi bokhobeng le ho bontša batho tsela ea bonngoe le lerato.” Li finyella see joang? Lipaki lia tseba hore ho ithuta le ho sebelisa keletso ea Bibele ho thusa motho ho itokolla mekhoeng e mebe. Ke ka lebaka leo li lekang ka matla ho ruta ba bang seo li ithutileng sona Bibeleng. Sehlooho sena sa baphatlalatsi se qetella ka hore ona ke “mohlala oo, ntle ho pelaelo, ho hlokahalang hore o lateloe ka potlako.”

Ho amoheloa batho bohle libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ’me ha ho nkoe koleke. U mengoa ka mofuthu hore u etele Holo ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng.