Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše

’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše

’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše

“Muso . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—DANIELE 2:44.

1.Re ka ba le tšepo efe Bibeleng?

BIBELE ke tšenolo e tsoang ho Molimo e eang ho batho. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, le ile la le amohela, eseng e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Bibele e na le seo re se hlokang hore re tsebe Molimo: boitsebiso bo mabapi le botho ba hae, merero ea hae le seo a se hlokang ho rōna. E na le keletso e molemohali mabapi le bophelo ba lelapa le boitšoaro ba letsatsi le leng le le leng. E qaqisa boprofeta bo phethahetseng nakong e fetileng, bo ntseng bo phethahala hona joale le bo tla phethahala nakong e tlang. Ka sebele “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

2. Jesu o ile a hatisa sehlooho sa Bibele joang?

2 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka Bibeleng ke sehlooho sa eona: ho tlosa qoso bobusing ba Molimo (tokelo ea hae ea ho busa) ka ’Muso oa hae oa leholimo. Jesu o ile a etsa seo ntlha ea sehlooho bosebeletsing ba hae. “Jesu a qala ho bolela ’me a re: ‘Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.’” (Matheu 4:17) O ile a bontša hore na o lokela ho nka sebaka sefe bophelong ba rōna, a phehella: “Le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae.” (Matheu 6:33) O ile a boela a bontša bohlokoa ba oona ka ho ruta balateli ba hae hore ba rapele Molimo ba re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:10.

Puso e Ncha ea Lefatše

3. Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa ho rōna hona joale?

3 Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa hakaale ho batho? Hobane o tla tloha o nka khato e tla fetola puso ea lefatše lena ka ho sa feleng. Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo re: “Mehleng ea marena ao [a busang hona joale lefatšeng], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [puso leholimong] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo [ea lefatše] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Ha ’Muso oa leholimo oa Molimo o busa ka ho feletseng, batho ba ke ke ba hlola ba busa lefatše. Puso ea batho e bakang likarohano le e sa khotsofatseng, e tla be e felile ka ho sa feleng.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Jesu e le eena ea tšoanelehang ka ho fetisisa hore e be Morena oa ’Muso? (b) Jesu o tla fuoa mosebetsi ofe haufinyane?

4 ’Musi ea ka Sehloohong ’Musong oa leholimo, ea tataisoang ke Jehova ka ho toba, ke Kreste Jesu ea tšoanelehang ka ho fetisisa. Pele a e-tla lefatšeng, o ne a phela leholimong e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo, e le sebōpuoa sa pele sa Molimo. (Liproverbia 8:22-31, NW) “Ke setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle; hobane ka eena lintho tse ling tsohle li ile tsa bōptjoa maholimong le lefatšeng.” (Bakolose 1:15, 16) Empa nakong ea ha Jesu a ne a romiloe ke Molimo lefatšeng, o ile a etsa thato ea Molimo ka linako tsohle. O ile a mamella liteko tse boima ka ho fetisisa ’me a shoa a tšepahetse ho Ntat’ae.—Johanne 4:34; 15:10.

5 Jesu o ile a putsoa ka lebaka la ho tšepahala ho Molimo ho fihlela lefung. Molimo o ile a mo tsosetsa leholimong ’me a mo fa tokelo ea hore e be Morena oa ’Muso oa leholimo. (Liketso 2:32-36) Kaha Kreste Jesu e tla be e le eena Morena oa ’Muso, Molimo o tla mo fa mosebetsi o moholo haholo oa ho etella pele libōpuoa tsa moea tse mashome a likete ha a tlosa puso ea motho lefatšeng le ha a tlosa bokhopo qitikoeng ena ea rōna. (Liproverbia 2:21, 22; 2 Bathesalonika 1:6-9; Tšenolo 19:11-21; 20:1-3) Joale ’Muso oa Molimo oa leholimo o tlas’a Kreste e tla ba oona ’muso o mocha o busang, e le oona ’muso feela lefatšeng lohle.—Tšenolo 11:15.

6. Re ka lebella puso ea mofuta ofe ho Morena oa ’Muso?

6 Lentsoe la Molimo le re ka ’Musi e mocha oa lefatše: “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:14, NW) Kaha Jesu o tla ba lerato joaloka Molimo, khotso le thabo li tla ba khōlō pusong ea hae. (Matheu 5:5; Johanne 3:16; 1 Johanne 4:7-10) “’Muso oa hae o tla ’ne o atolohe ’me o be le khotso ka ho sa feleng, . . . hore a o hōlise ka toka le ka ho loka.” (Esaia 9:7, Revised Standard Version) E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ho ba le ’Musi ea tla busa ka lerato, toka le ho loka! Kahoo, 2 Petrose 3:13 e bolela esale pele, e re: “Ho na le maholimo a macha [’Muso oa Molimo oa leholimo] le lefatše le lecha [mokhatlo o mocha oa lefatše] tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho tsena ho loka ho tla aha.”

7. Matheu 24:14 e phethahatsoa joang kajeno?

7 Ke ’nete hore ’Muso oa Molimo ke litaba tse molemohali ho bohle ba ratang se nepahetseng. Ke ka lebaka leo e itseng ha Jesu a bolela esale pele karolo ea pontšo ea hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e khopo, a ileng a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:14) Boprofeta boo bo phethahatsoa hona joale ha Lipaki tsa Jehova tse ka bang limilione tse tšeletseng, tse linaheng tse 234, li sebelisa lihora tse fetang limilione tse sekete ka selemo ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ho loketse hore ebe liphutheho tse ka bang 90 000 lefatšeng ka bophara li bitsa sebaka ka seng sa tsona sa borapeli Holo ea ’Muso. Ho tsona batho ba ithuta ka ’muso o mocha o tlang.

Ba Tla Busa le Eena

8, 9. (a) Ba tla busa le Kreste ba tsoa hokae? (b) Re ka ba le tšepo efe pusong ea Morena le ba tla busa le eena?

8 Ho na le ba tla busa le Kreste Jesu ’Musong oa Molimo oa leholimo. Tšenolo 14:1-4 e boletse esale pele hore batho ba 144 000 ba ne ba tla “rekoa har’a moloko oa batho” ’me ba tsosetsoe bophelong ba leholimo. Bana ba akarelletsa banna le basali bao ho e-na le hore ba sebeletsoe, ba ileng ba sebeletsa Molimo le batho ba bang ka boikokobetso. “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa e le marena le eena ka lilemo . . . tse sekete.” (Tšenolo 20:6) Palo ea bona e nyenyane haholo ho ea “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa[ng] lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle” bo tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena. Bana le bona ba etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu,” empa ha baa bitsetsoa leholimong. (Tšenolo 7:9, 15) Ke bona motheo oa lefatše le lecha e le bafo ba ’Muso oa Molimo oa leholimo.—Pesaleme ea 37:29; Johanne 10:16.

9 Ha Jehova a khetha ba neng ba tla busa le Kreste leholimong, o ile a khetha batho ba tšepahalang ba neng ba phetse har’a mathata ’ohle a bophelo. Ha ho phihlelo eo batho ba bileng le eona eo marena le baprista bana ba sa kang ba ba le eona. Ka hona bophelo ba bona ba lefatšeng bo tla eketsa bokhoni ba bona ba ho busa batho. Esita le eena Jesu ka boeena “o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona.” (Baheberu 5:8) Moapostola Pauluse o itse ka eena: “Eo re nang le eena e le moprista ea phahameng, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.” (Baheberu 4:15) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo, batho ba tla busoa ke marena le baprista ba lerato le ba nang le kutloelo-bohloko!

Na ’Muso e ne e le Karolo ea Morero oa Molimo?

10.Ke hobane’ng ha ’Muso oo oa leholimo e ne e se karolo ea morero oa pele oa Molimo?

10 Na ’Muso ona oa leholimo e ne e le karolo ea morero oa pele oa Molimo ha a ne a bōpa Adama le Eva? Tlalehong ea pōpo e ho Genese, ha ho boleloe letho ka ’Muso o neng o tla busa moloko oa batho. Jehova ka boeena e ne e le ’Musi oa bona, ’me hafeela ba ne ba mo mamela, ho ne ho sa hlokahale puso e ’ngoe hape. Genese khaolo ea 1 e bontša hore Jehova o ne a sebelisana le Adama le Eva, mohlomong ka Mora oa hae oa letsibolo oa leholimong. Tlaleho ena e sebelisa lipolelo tse kang “Molimo a re ho bona” le “Molimo [a] tsoela pele ho re” ho bona.—Genese 1:28, 29, NW; Johanne 1:1.

11. Batho ba ile ba bōptjoa ba phethahetse ka tsela efe?

11 Bibele e re: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:31) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka serapeng sa Edene e ne e phethahetse ka ho feletseng. Adama le Eva ba ne ba phela paradeiseng. Ba ne ba e-na le likelello tse phethahetseng le ’mele e phethahetseng. Ba ne ba ka buisana le Moetsi oa bona le eena a buisana le bona. Ha ba ne ba tšepahala kamehla, ba ne ba tla tsoala bana ba phethahetseng. Ho ka be ho sa ka ha hlokahala ’muso ona o mocha oa leholimo.

12, 13. Ha moloko oa batho o sa phethahalang o ntse o ata, ke hobane’ng ha Molimo a ne a tla ’ne a khone ho buisana le bona?

12 Ha batho ba ntse ba eketseha, ebe Molimo o ne a tla buisana joang le bona kaofela? Nahana ka linaleli tsa leholimo. Li hlophisitsoe hammoho ka lihlopha tse ikhethileng tse bitsoang melala. Melala e meng e na le linaleli tse limilione tse sekete. E meng e na le tse ka bang bilione. Bo-rasaense ba hakanya hore ho na le melala e ka bang limilione tse likete tse 100 bokahohleng bo bonoang! Empa, ’Mōpi o re: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:26NW.

13 Kaha Molimo a ka sala morao mohlala oa se etsahalang ka lihloliloeng tsena tsohle tsa leholimo, ka sebele e ne e ke ke ea e-ba bothata ho eena hore a sale morao mohlala oa se etsahalang ka palo e nyenyane ho feta moo ea batho. Esita le hona joale, bahlanka ba hae ba limilione ba mo rapela letsatsi le leng le le leng. Lithapelo tseo li fihla ho Molimo ka ho panya ha leihlo. Kahoo ho buisana le batho bohle ba phethahetseng e ne e ke ke ea e-ba bothata ba letho ho eena. O ne a ke ke a hloka ’Muso oa leholimo hore a sale morao se etsahalang ka bona. Ke tokisetso e tsotehang hakaakang—ho ba le Jehova e le ’Musi oa rōna, ho buisana le eena ka ho toba, le ho lebella hore re ke ke ra shoa le ka mohla, empa re tla phela ka ho sa feleng paradeiseng!

“Ha ho Matleng a Motho”

14. Ke hobane’ng ha batho ba ne ba tla hloka puso ea Jehova ka ho sa feleng?

14 Leha ho le joalo, batho—esita le bona ba phethahetseng—ba ne ba tla hloka puso ea Jehova ka ho sa feleng. Hobane’ng? Kahobane Jehova ha aa ka a ba bōpa ba e-na le bohlale ba ho ipusa ka katleho ntle ho eena. Molao ona ke oa moloko oa batho, joalokaha moprofeta Jeremia a ile a lumela, a re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.” (Jeremia 10:23, 24) E ne e tla ba booatla hore batho ba nahane hore ba ka laola sechaba ka katleho empa ba sa busoe ke Jehova. Ho ne ho tla hanana le tsela eo ba entsoeng ka eona. Ha ho pelaelo hore ho ipusa ntle ho Jehova ho ne ho tla fella ka boikhabi, lehloeo, sehlōhō, pefo, lintoa le lefu. ‘Motho o ne a tla busa motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9NW.

15. Khetho e mpe ea batsoali ba rōna ba pele e ile ea hlahisa liphello life?

15 Ka masoabi, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba etsa qeto ea hore ha ba batle hore Molimo e be ’Musi oa bona, ’me ba ile ba ikhethela ho ipusa. Ka lebaka leo, Molimo ha aa ka a hlola a ba boloka ba phethahetse. Ba ne ba se ba tšoana le sesebelisoa sa motlakase se pshemotsoeng mohloling oa sona oa motlakase. Kahoo, ka mor’a nako matla a bona a ne a tla ’ne a qephe ho fihlela ha a fela tu!—lefung. Ba ile ba tšoana le foromo e nang le sepha, ’me boemo boo ke bona feela boo ba neng ba ka bo fetisetsa ho bana ba bona. (Baroma 5:12) “Ke lefika [Jehova], mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. . . . Ba entse ka mokhoa o senyang; hase bana ba hae, sekoli ke sa bona.” (Deuteronoma 32:4, 5, NW) Ke ’nete hore Adama le Eva ba ile ba susumetsoa ke sebōpuoa sa moea sa mofetoheli se ileng sa fetoha Satane, empa ba ne ba e-na le likelello tse phethahetseng ’me ba ka be ba ile ba hana litlhahiso tsa sona tse fosahetseng.—Genese 3:1-19; Jakobo 4:7.

16. Histori e paka joang liphello tsa ho ipusa ntle ho Molimo?

16 Histori e paka ka matla liphello tsa ho ipusa ntle ho Molimo. Ka lilemo tse likete, batho ba lekile mofuta o mong le o mong oa puso, tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe ea moruo le ea kahisano. Leha ho le joalo, bokhopo bo ntse bo tsoela pele “ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Timothea 3:13) Ho bile le bopaki ba sena lekholong la bo20 la lilemo. Le ne le tletse lehloeo le fetisisang le pefo, lintoa, tlala, bofuma le mahlomola tse sehlōhō ho feta tsa nako leha e le efe. Ho sa tsotellehe hore na ho entsoe tsoelo-pele e kae ho tsa bongaka, qetellong e mong le e mong oa shoa. (Moeklesia 9:5, 10) Ka hore batho ba leke ho tsamaisa mehato ea bona, ba ipuletse monyetla oa hore e be liphofu tsa Satane le bademona ba hae, hoo Bibele e bitsang Satane “molimo oa tsamaiso ena.”—2 Bakorinthe 4:4.

Mpho ea Bolokolohi ba ho Ikhethela

17. Mpho ea Molimo ea bolokolohi ba ho ikhethela e ne e lokela ho sebelisoa joang?

17 Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka lumella batho hore ba ipuse? Hobane o ile a ba bōpa ba e-na le mpho e babatsehang ea bolokolohi ba ho ikhethela. Moapostola Pauluse o ile a re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) Ha ho ea ratang ho ba roboto, a be le motho ea mo etsetsang liqeto nako le nako hore na a re’ng le hore na a etse’ng. Empa Jehova o ne a batla hore batho ba sebelise mpho eo ea bolokolohi ba ho ikhethela ka tsela e nang le boikarabelo, e le hore ba bone bohlale ba ho etsa thato ea hae le ho lula e le bafo ba hae. (Bagalata 5:13) Kahoo e ne e se bolokolohi bo feletseng, kahobane bo feletseng bo ne bo tla fella ka pherekano. Bo ne bo lokela ho laoloa ho itšetlehiloe ka melao e molemo ea Molimo.

18. Molimo o bontšitse eng ka ho tlohella motho hore a khethe ka bolokolohi?

18 Ka hore Molimo a tlohelle batho hore ba ipuse, o re bontšitse ka tsela eo a ke keng a hlola a e pheta hore re hloka puso ea hae. Tsela eo a busang ka eona, bobusi ba hae, ke eona feela e nepahetseng. E fella ka thabo e khōlōhali, khotsofalo le nala. Lebaka ke hobane Jehova o ile a etsa hore ’mele ea rōna le likelello tsa rōna li sebetse hamolemohali ha li lumellana le melao ea hae. “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Ho khetha ka bolokolohi ho itšetlehiloe ka melao ea Molimo ho ne ho sa tl’o ba boima empa ho ne ho tla fella ka lijo, libaka tsa bolulo, mesebetsi ea bonono le ’mino tsa mefuta e sa tšoaneng, tse thabisang. Haeba bolokolohi ba ho ikhethela bo ne bo sebelisitsoe ka nepo, phello e ka be e ile ea e-ba bophelo bo babatsehang le bo thahasellisang kamehla lefatšeng la paradeise.

19. Molimo o sebelisa mocha ofe ho boelanya batho le eena?

19 Empa kahobane batho ba ile ba khetha ntho e fosahetseng, ba ile ba ikarohanya le Jehova, ba fetoha ba sa phethahalang, ba fokolang le ba shoang. Kahoo ho ne ho tla hlokahala hore ba lopolloe boemong boo bo soabisang ’me ba khutlisetsoe kamanong e loketseng le Molimo e le bara le barali ba hae. Molimo o ile a khetha ho sebelisa ’Muso e le oona mocha oa hore a phethahatse sena, ’me Molopolli ke Jesu Kreste. (Johanne 3:16) Ka tokisetso ena, ba bakileng e le kannete—joaloka mora ea lehlasoa oa setšoantšo sa Jesu—ba tla boelanngoa le Molimo ’me o tla ba amohela hape e le bana ba hae.—Luka 15:11-24; Baroma 8:21; 2 Bakorinthe 6:18.

20. Morero oa Molimo o tla phethahatsoa joang ka ’Muso?

20 Ha ho tikatiko hore thato ea Jehova e tla phethahala lefatšeng. (Esaia 14:24, 27; 55:11) Ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste, Molimo o tla tlosa qoso (a pake kapa a bontše) ka botlalo tokelo ea hae ea ho ba ’Musi oa rōna. ’Muso o tla felisa puso ea batho le bademona holim’a lefatše lena, ’me ke oona feela o tla busa ka lilemo tse sekete o le leholimong. (Baroma 16:20; Tšenolo 20:1-6) Empa nakong eo, ho tla bonahala joang hore tsela ea Jehova ea ho busa ke eona e phahameng? Ka mor’a lilemo tse sekete, ’Muso o tla ba le karolo efe? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

Lintlha Tsa Tlhahlobo

• Sehlooho sa Bibele ke sefe?

• Puso e ncha ea lefatše e etsoa ka bo-mang?

• Ke hobane’ng ha ho ipusa ha motho ntle ho Molimo ho ke ke ha atleha?

• Bolokolohi ba ho ikhethela bo lokela ho sebelisoa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Thuto ea Jesu e ne e hatisa ka matla puso ea Molimo ka ’Muso

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

’Muso ke thuto e ka sehloohong ea Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe le e ’ngoe

[Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Histori e paka liphello tse mpe tsa ho ipusa ntle ho Molimo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

WWI soldiers: U.S. National Archives photo; concentration camp: Oświęcim Museum; child: UN PHOTO 186156/J. Isaac