Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Hlahlobisisa Malumeli a Mang?

Na U Lokela ho Hlahlobisisa Malumeli a Mang?

Na U Lokela ho Hlahlobisisa Malumeli a Mang?

MIGUEL, eo joale e seng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova Amerika Boroa, o re: “Ke ne ke bile teng libokeng tsa Bokreste ka nako e ka etsang selemo, ’me ke ne ke thabela ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo. Eaba ke qala ho mamela mananeo a bolumeli seea-le-moeeng le ho shebella baruti ba bolumeli thelevisheneng. Ke ne ke nahana hore mananeo a joalo a ka nthusa ho utloisisa batho ba malumeli a mang hamolemo. Ke ile ka lemoha hore lithuto tsa bona ha li lumellane le Bibele, empa ke ne ke le bohelehele.”

Naheng eona eo, Jorge o ne a chesehela ho ruta ba bang ka borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe le eena o ile a qala ho mamela mananeo a bolumeli seea-le-moeeng le thelevisheneng. O ne a tloaetse ho re: “U tšoanetse ho tseba seo ba bang ba se nahanang.” Ha a botsoa ka likotsi tse ka bang teng ka lebaka la ho ipepesetsa lithuto tsa bohata, o ne a arabela ka ho re: “Ha ho letho le ka fokolisang tumelo ea motho ea tsebang ’nete ea Bibele.” Liphihlelo tsena li phahamisa potso ea bohlokoa, Na ho bohlale ho mamela seo ba bang ba se lumelang?

Ho Lemoha Bokreste ba ’Nete

Ka mor’a lefu la baapostola, borapeli ba ’nete bo ile ba silafatsoa ke mefuta e mengata e ’nileng ea hlaha butle-butle ea Bokreste ba bohata. A bonela sena pele, Jesu o ile a senola tsela e ’ngoe eo ka eona ho ka khetholloang mefuta ena ea Bokreste ba bohata ho Bokreste ba ’nete. Pele, o ile a hlokomelisa: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lōna ka seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang.” Eaba o phaella ka ho re: “Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona.” (Matheu 7:15-23) Balateli ba ’nete ba Jesu ba etsa seo a se rutileng, hape ba hlokomeleha habonolo ka litholoana tsa bona tse ntle. Feela joalokaha Jesu ka boeena a ile a etsa, ba etela batho ho ba hlalosetsa ka ’Muso oa Molimo ho tsoa Mangolong. Ka ho latela mohlala oa Jesu, ba lula ba ikarotse lipolotiking tsa lefatše le liphehisanong tse mabapi le litaba tsa sechaba. Ba amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo le ho e hlompha joaloka ’nete. Ba tsebahatsa lebitso la Molimo. Hape kaha ba hahamalla ho bontša lerato le rutoang ke Molimo, ha ba kopanele lintoeng. Ho e-na le hoo, ba tšoarana joaloka bara ba motho.—Luka 4:43; 10:1-9; Johanne 13:34, 35; 17:16, 17, 26.

Ho ea ka Mangolo, hoa khoneha ho ‘bona kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo kateng, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng.’ (Malakia 3:18) Bakreste ba ’nete kajeno ba momahane ka monahano le ka liketso, feela joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Baefese 4:4-6) Hang ha u lemoha sehlopha se joalo sa Bakreste ba sebele, ke ka lebaka la’ng ha u tšoanetse ho labalabela ho hlahloba kapa ho ba bohelehele ka seo ba bang ba se lumelang?

Hlokomela Mesuoe ea Bohata

Bibele ea lumela hore esita le ka mor’a ho ithuta ’nete ea Bibele, ho na le kotsi ea ho silafatsoa moeeng ke lithuto tsa bohata. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakolose 2:8) Temana ena e fana ka setšoantšo se hlakileng hakaakang! Joaloka libata tse batlang ho le hulanya le ho le harola, mesuoe ea bohata e ka baka kotsi ea sebele.

Ke ’nete hore Pauluse o ne a hlokomela seo ba bang ba se lumelang. Ka nako e ’ngoe o kile a qala puo ka ho re: “Banna ba Athene, ke bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng. Ka mohlala, ha ke feta ’me ke shebisisa ka hloko lintho tsa lōna tse hlomphuoang ka borapeli hape ke ile ka fumana aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe ‘Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’” (Liketso 17:22, 23) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a sa fepe kelello ea hae kamehla ka lifilosofi tsa likheleke tsa Bagerike.

Ho ithuta ka tšimoloho le ka litumelo tsa malumeli a bohata ke ntho e ’ngoe empa ho iphepa tsona ke ntho e ’ngoe e fapaneng. * Jehova o behile “lekhoba le tšepahalang le le masene” bakeng sa ho fana ka thuto e thehiloeng Lentsoeng la hae. (Matheu 4:4; 24:45) Pauluse ka boeena o ile a ngola: “Le ke ke la ba ba nang le kabelo ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona. Kapa ‘na re susumelletsa Jehova poulelong’?”—1 Bakorinthe 10:20-22.

Ho ka etsahala hore ebe mesuoe e meng ea bohata e ne e le Bakreste ba ’nete, empa ka nako e ’ngoe e ile ea kheloha ’neteng ho ea phosong. (Jude 4, 11) Sena ha sea lokela ho re makatsa. Ka mor’a ho bua ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” le tšoantšetsang sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng, Jesu o ile a bua ka ‘lekhoba le lebe,’ e leng sehlopha se tletlebang ka ho re, “Mong’a ka oa lieha,” ebe le qala ho otla makhoba-’moho le lona. (Matheu 24:48, 49) Hangata, batho bana le balateli ba bona ha ba na lithuto tse hlakileng tseo e leng tsa bona; ba mpa feela ba tjantjella ho senya tumelo ea ba bang. Mabapi le bona, moapostola Johanne o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a tla ho lōna ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lōna kapa la mo lumelisa.”—2 Johanne 10; 2 Bakorinthe 11:3, 4, 13-15.

Batho ba tšepahalang ba batlang ’nete ba etsa hantle ha ba hlahloba ka hloko seo ba se utloang malumeling a fapaneng. Ka nako e tšoanelehang, Molimo o tla hlohonolofatsa batho ba lipelo li tšepahalang ba batlang ’nete. Bibele e bolela tjena ka bohlale ba bomolimo: ‘Ha u ka [bo] batla joalo ka silefera, ua [bo] rafa joalo ka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo . . .u tla fihlela tsebo ea Molimo.’ (Liproverbia 2:4, 5) Ka mor’a ho fumana tsebo ena ea Molimo ka Bibele le ka phutheho ea Bokreste le ka mor’a ho bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang ba tataisoang ke tsebo eo kateng, Bakreste ba ’nete ha ba tsoele pele ho mamela lithuto tsa bolumeli ba bohata.—2 Timothea 3:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Buka e bitsoang Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., e fana ka boitsebiso ba motheo bo mabapi le semelo le lithuto tsa malumeli a mangata a lefatše.