Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Atamela Haufi le Molimo ea sa Bonahaleng?

Na U ka Atamela Haufi le Molimo ea sa Bonahaleng?

Na U ka Atamela Haufi le Molimo ea sa Bonahaleng?

U ka ’na ua botsa: ‘Nka ba le kamano e haufi le motho eo ke sa mo boneng joang?’ Ho ka ’na ha bonahala eka potso eo ea utloahala. Empa nahana:

HO BONA ke habohlokoa hakae tabeng ea ho hlaolela kamano e lerato le e tšoarellang? Na lintho tse sa bonahaleng hase tsa bohlokoa ka ho tšoanang, ’me mohlomong ebile e le tsa bohlokoa haholoanyane? Ka sebele ho joalo! Ka lebaka leo, batho ba bang ba bile le kamano e haufi le ba bang ka ho ngollana joalo-joalo—mangolo a bona a bolela ka botšepehi lintho tseo ba li ratang, tseo ba sa li rateng, lipakane, melao-motheo, lintho tse ba qabolang le litšobotsi tse ling tsa bona kapa lintho tseo ba li thahasellang.

Lifofu le tsona li bontša hore ho bona hase habohlokoa tabeng ea ho ba le kamano e haufi le motho e mong. Nahana ka mohlala oa Edward le Gwen, e leng banyalani ba lifofu. * Edward o ile a kopana le Gwen moo ba neng ba kena sekolo sa lifofu teng e le liithuti tsa batho ba baholo. O ile a khahloa ke litšoaneleho tsa Gwen, haholo-holo botšepehi ba hae lipuong le boitšoarong, le maikutlo a hae a matle haholo mabapi le mosebetsi. Ka lehlakoreng le leng, Gwen o bolela hore o ile a khahloa ke Edward hobane “o ne a fana ka bopaki ba hore o na le litšoaneleho tsohle tseo ha ke hōla ke ileng ka rutoa hore ke tsa bohlokoa.” Ba ile ba qala ho ratana, ’me ba ile ba nyalana ka mor’a lilemo tse tharo.

Edward o re: “Ha le le hammoho, bofofu ha bo hlile ha bo etse hore ho be le phapang tabeng ea ho haha kamano le motho e mong. Le ka ’na la se ke la bonana, empa maikutlo ha aa foufala.” Hona joale, ka mor’a lilemo tse 57, ba sa ntse ba ratana haholo. Ba hlalosa hore lekunutung la kamano ea bona e babatsehang ho ameha bonyane lintho tse ’nè: (1) ho hlokomela litšoaneleho tsa motho e mong, (2) ho nahana ka litšoaneleho tseo le ho khahloa ke tsona, (3) ho lula le buisana hamolemo le (4) ho etsa lintho hammoho.

Lintlha tsena tse ’nè ke tsa bohlokoa kamanong efe kapa efe e ntle, ebang ke lipakeng tsa metsoalle, banyalani kapa, habohlokoa le ho feta, lipakeng tsa batho le Molimo. Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo ho sebelisa lintlha tsena ho ka re thusang ho ba le kamano e haufi le Molimo, le hoja re sa mo bone. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 6 Ho fapana le kamano e lipakeng tsa batho, kamano le Molimo e thehiloe tumelong ea hore o teng. (Baheberu 11:6) Bakeng sa ho hlahloba ka ho feletseng taba ea ho haha tumelo e matla ho Molimo, re kōpa hore u bone Is There a Creator Who Cares About You?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.