Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Entse Moea o Halalelang Mothusi oa Ka?

Na ke Entse Moea o Halalelang Mothusi oa Ka?

Na ke Entse Moea o Halalelang Mothusi oa Ka?

BARUTI ba thuto ea bolumeli, hammoho le batho ka kakaretso, ba na le maikutlo a mangata ka seo moea o halalelang oa Molimo o leng sona. Empa, ho se tiisehe ho joalo ha ho hlokahale. Bibele ka ho hlaka e hlalosa seo moea o halalelang o leng sona. Ho e-na le ho ba motho, joalokaha ba bang ba bolela, ke matla a maholo a sebetsang ao Molimo a a sebelisang ho phetha thato ea hae.—Pesaleme ea 104:30; Liketso 2:33; 4:31; 2 Petrose 1:21.

Kaha moea o halalelang o amana haufi hakana le ho phethoa ha merero ea Molimo, re lokela ho batla hore bophelo ba rōna bo lumellane le oona. Re lokela ho batla hore e be mothusi oa rōna.

Mothusi—Ke Hobane’ng ha a Hlokahala?

Ha Jesu a ne a nahana ka ho tloha ha hae lefatšeng, o ile a kholisa barutuoa ba hae a re: “Ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng.” ’Me a eketsa: “Leha ho le joalo, ke le bolella ’nete, ke molemong oa lōna ke tlohang. Etsoe haeba ke sa tlohe, ho hang mothusi ha a na ho tla ho lōna; empa haeba ke fela ke tsamaea, ka sebele ke tla mo romela ho lōna.”—Johanne 14:16, 17; 16:7.

Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho ea phetha mosebetsi oa bohlokoa a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Mosebetsi ona o ne o sa tl’o ba bonolo, hobane o ne o lokela ho etsoa har’a khanyetso.—Matheu 10:22, 23.

Khanyetso e tsoang ka ntle e ne e lokela ho tsamaea le khohlano e itseng e tsoang ka har’a phutheho. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma hoo e ka bang ka 56 C.E., a re: “Joale kea le eletsa, barab’eso, hore le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.” (Baroma 16:17, 18) Boemo bona bo ne bo tla mpefala hang ha baapostola ba e-shoa. Pauluse o ile a lemosa: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me ha li na ho tšoara mohlape ka bonolo, ’me har’a lōna ka bolōna batho ba tla hlaha ’me ba bue lintho tse sothehileng ho ikhulela barutuoa ka mor’a bona.”—Liketso 20:29, 30.

Thuso ea Molimo e ne e hlokahala e le hore ho ka loantšoa litšitiso tsena. O ile a sebelisa Jesu ho fana ka eona. Ka mor’a tsoho ea hae, letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba hae ba ka bang 120 “kaofela ba tlala moea o halalelang.”—Liketso 1:15; 2:4.

Barutuoa bana ba ile ba hlokomela hore moea o halalelang o ileng oa tšolloa ketsahalong ena e ne e le eona thuso eo Jesu a neng a e tšepisitse. Ha ho pelaelo hore joale ba ile ba utloisisa hamolemo seo Jesu a neng a fane ka sona: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, eo o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” (Johanne 14:26) O ile a boela a o bitsa ‘mothusi, moea oa ’nete.’—Johanne 15:26.

Moea ke Mothusi ka Tsela Efe?

Moea o ne o lokela ho sebetsa e le mothusi ka litsela tse ’maloa. Ea pele, Jesu o tšepisitse hore o ne o tla hopotsa barutuoa ba hae lintho tseo a ba boleletseng tsona. Ka sena o ne a bolela se fetang ho ba thusa feela tjee hore ba hopole mantsoe. Moea o ne o lokela ho ba thusa ho utloisisa moelelo o tebileng le bohlokoa ba seo a se rutileng. (Johanne 16:12-14) Ka bokhutšoanyane, moea o ne o lokela ho etsa hore barutuoa ba hae ba utloisise ’nete hamolemo. Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke ho rōna Molimo a li senotseng ka moea oa hae, kaha moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 2:10) Hore balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba fetisetse tsebo e nepahetseng ho ba bang, ho ne ho hlokahala hore kutloisiso ea bona e be le motheo o tiileng.

Ea bobeli, Jesu o rutile barutuoa ba hae hore ba rapele hangata. Haeba ka linako tse ling ba ne ba sa tiisehe ka seo ba lokelang ho se rapella, moea o ne o ka kenella kapa oa ba thusa. “Ka mokhoa o tšoanang moea le oona o kopanela ka thuso bakeng sa bofokoli ba rōna; etsoe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele ha re bo tsebe, empa moea ka booona o re kōpela ka tieo ka lipōbōli tse sa buuoeng.”—Baroma 8:26.

Ea boraro, moea o ne o lokela ho thusa barutuoa ba Jesu ha ba emela ’nete phatlalatsa. O ile a ba lemosa: “Ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Ka sebele, le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le lichaba. Leha ho le joalo, ha ba nehelana ka lōna, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo; etsoe ba buang hase lōna feela, empa ke moea oa Ntate oa lōna o buang ka lōna.”—Matheu 10:17-20.

Hape moea o halalelang o ne o tla thusa ka ho khetholla phutheho ea Bokreste le ho susumelletsa litho tsa eona ho etsa liqeto ka bohlale. A re hlahlobeng lintlha tsena tse peli tsa taba ena ka ho qaqileng haholoanyane ’me re bone hore na li bolela’ng ho rōna kajeno.

Ho Sebeletsa e le Letšoao le Khethollang

Ka makholo a lilemo Bajuda ba ile ba sebetsa tlas’a Molao oa Moshe e le sechaba sa Molimo se khethiloeng. Kaha ba ile ba lahla Jesu joaloka Mesia, o ile a bolela esale pele hore haufinyane ba ne ba tla lahloa: “Na le ka mohla ha lea ka la bala ka Mangolong, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla ke lona le fetohileng lejoe la sekhutlo la sehlooho. Lena le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong a rōna’? Ke ka lebaka lena ke reng ho lōna, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” (Matheu 21:42, 43) Hang ha phutheho ea Bokreste e thehiloe ka Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba Kreste e ile ea e-ba “sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele phutheho ena e ne e le mocha oa Molimo oa puisano. Ho nolofalletsa batho hore ba hlokomele ho fetisoa hona ha mohau oa hae, Molimo o ile a fana ka letšoao le khethollang le hlakileng.

Ka Pentekonta moea o halalelang o ile oa nolofalletsa barutuoa ho bua ka lipuo tseo ho seng mohla ba kileng ba ithuta tsona, e leng ho ileng ha makatsa batho ba shebeletseng ’me ba botsa: “Ho tla joang hore ebe re utloa, e mong le e mong oa rōna, puo ea hae eo re tsoaletsoeng ho eona?” (Liketso 2:7, 8) Ho tseba ho bua lipuo tseo ba sa li tsebeng, hammoho le “limakatso tse bontšang se tlang le lipontšo tse ngata [tse ileng] tsa qala ho etsahala ka baapostola,” li ile tsa etsa hore batho ba likete li tharo ba hlokomele hore moea oa Molimo o ne o hlile o sebetsa.—Liketso 2:41, 43.

Hape, ka ho beha “litholoana tsa moea”—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro—barutuoa ba Kreste ba ile ba khetholloa ka ho hlaka e le bahlanka ba Molimo. (Bagalata 5:22, 23) Ha e le hantle, lerato le ne le khetholla ka ho totobetseng phutheho ea Bokreste ba ’nete. Jesu o boletse esale pele: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35.

Litho tsa phutheho ea Bokreste ea pele li ile tsa amohela ketello-pele ea moea o halalelang oa Molimo ’me tsa sebelisa thuso ea oona hamolemo. Le hoja kajeno Bakreste ba hlokomela hore hona joale Molimo ha a tsose bafu le ho etsa mehlolo joaloka lekholong la pele la lilemo, ba lumella litholoana tsa moea oa Molimo hore li ba khetholle e le barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.—1 Bakorinthe 13:8.

Mothusi ha Motho a Iketsetsa Liqeto

Bibele ke tholoana ea moea o halalelang. Kahoo, ha re itumella ho susumetsoa ke Bibele, ho joalokaha eka moea o halalelang oa re ruta. (2 Timothea 3:16, 17) O ka re thusa ho etsa liqeto ka bohlale. Empa na rea o lumella?

Ho thoe’ng ka mosebetsi oa boipheliso oo re o khethang? Moea o halalelang o tla re nolofalletsa hore mosebetsi oo re lebeletseng ho o qalisa re o talime ka tsela ea Jehova. Mosebetsi oa rōna o lokela ho lumellana le melao-motheo ea Bibele, ’me haholo-holo o lokela ho re thusa ho hahamalla lipakane tsa puso ea Molimo. Moputso kapa bophahamo le botumo tse amanang le mosebetsi ka sebele hase tsa bohlokoa hakaalo. Ntho ea bohlokoa haholoanyane ke hore na o re fa seo re se hlokang bophelong ’me o re fa nako le monyetla tse lekaneng bakeng sa ho phetha boikarabelo ba rōna ba Bokreste.

Takatso ea ho thabela bophelo ke ntho e tloaelehileng le e loketseng. (Moeklesia 2:24; 11:9) Ka hona, Mokreste ea itekanetseng a ka ’na a kopanela boikhathollong ho pholisa hlooho le ho ithabisa. Empa o lokela ho khetha boikhathollo bo bontšang litholoana tsa moea, eseng mofuta o khothalletsang “mesebetsi ea nama.” Pauluse oa hlalosa: “Joale mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tloaelo ea tumelo ea ho sebelisana le meea ea bafu, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, lihlopha tsa bokhelohi, mohono, linako tsa ho ikemisetsa ho noa ka ho feteletseng, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” Ho ba “ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang” le hona ho lokela ho qojoa.—Bagalata 5:16-26.

Hoa tšoana le tabeng ea ho khetha metsoalle. Ke ntho e bohlale ho e khetha ho latela bomoea ba eona, eseng ho latela chebahalo ea eona kapa matlotlo a eona. Ho totobetse hore Davida e ne e le motsoalle oa Molimo, hobane Molimo o ile a mo hlalosa e le “monna ea lumellanang le pelo ea [hae].” (Liketso 13:22) Molimo o ile a hlokomoloha chebahalo ha a khetha Davida hore e be morena oa Iseraele, ho latela molao-motheo ona: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.

Mefuta e likete ea setsoalle e hlōlehile hobane e ne e thehiloe chebahalong kapa matlotlong. Setsoalle se thehiloeng maruong a sa tsitsang se ka fela ka tšohanyetso. (Liproverbia 14:20) Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ke moea le re eletsa hore ha re khetha metsoalle, re lokela ho khetha e ka re thusang ho sebeletsa Jehova. Le re bolella hore re amehe haholo ka ho fana ho e-na le ho amohela hobane ho fana ho tlisa thabo e khōloanyane. (Liketso 20:35) Nako le lerato ke tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tseo re ka li fang metsoalle ea rōna.

Ho Mokreste ea batlang molekane oa lenyalo, Bibele e fana ka keletso e bululetsoeng ke moea. Ka mantsoe a mang e re: ‘U se ke ua sheba sefahleho le seemo. Sheba maoto.’ Maoto? E, ka kutloisiso ena: Na a sebelisetsoa ho etsa mosebetsi oa Jehova oa ho bolela litaba tse molemo ’me na ho ka boleloa hore aa khahleha mahlong a hae? Na a roetse molaetsa oa ’nete le litaba tse molemo tsa khotso? Rea bala: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko, ea reng ho Sione: ‘Molimo oa hao ke morena!’”—Esaia 52:7, NW; Baefese 6:15.

Joalokaha re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ re hloka thuso ha re etsa thato ea Molimo. (2 Timothea 3:1) Mothusi, e leng moea o halalelang oa Molimo, o fane ka tšehetso e matla mosebetsing oa Bakreste lekholong la pele la lilemo, ho akarelletsa le ho ba mothusi oa bona. Ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo, tholoana ea moea o halalelang, ke tsela e ka sehloohong eo ka eona le rōna re ka etsang moea o halalelang mothusi oa rōna. Na re entse joalo?