Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsela ea ho Atamela Haufi le Molimo

Tsela ea ho Atamela Haufi le Molimo

Tsela ea ho Atamela Haufi le Molimo

Jakobo 4:8 e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” Ho bontša hore na Jehova Molimo o batla hakae hore batho ba be le kamano e haufi le eena, o ile a fana ka Mora oa hae molemong oa rōna.

MOAPOSTOLA JOHANNE ha a arabela tokisetsong eo e lerato e qalisang kamano, o ile a ngola: ‘Re rata [Molimo], hobane o ile a re rata pele.’ (1 Johanne 4:19) Empa hore re atamele haufi le Molimo, re lokela ho nka mehato e itseng. E tšoana le litsela tse ’nè tseo ka tsona re atamelang haufi le batho ba bang, joalokaha li thathamisitsoe sehloohong se fetileng. A re ke re li hlahlobeng hona joale.

Ela Hloko Litšoaneleho Tsa Molimo Tse Babatsehang

Molimo o na le litšoaneleho tse ngata tse babatsehang, tse ling tsa tse ikhethang ka ho fetisisa ke lerato, bohlale, toka le matla. Bohlale ba hae le matla li bonahatsoa haholo bokahohleng bo hōle le lefatšeng le re potolohileng, ho tloha lihlopheng tse khōlō tsa linaleli ho ea liathomong tse nyenyane. Mopesaleme o ile a ngola: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”—Pesaleme ea 19:1; Baroma 1:20.

Pōpo e boetse e bontša lerato la Molimo. Ka mohlala, tsela eo re entsoeng ka eona e bontša hore Molimo o batla hore re thabele bophelo. O re file matla a ho bona mebala, ho latsoa le ho fofonela, ho thabela ’mino, ho tšeha, ho thabela botle, o boetse o re fa matla a ho etsa lintho tse ngata haholo le ho ba le litšobotsi tse sa hlokahaleng hakaalo bophelong. E, ka sebele Molimo o fana ka seatla se bulehileng, o mosa ebile o lerato—e leng litšoaneleho tseo ntle ho pelaelo li etsang hore e be “Molimo ea thabileng.”—1 Timothea 1:11; Liketso 20:35.

Jehova o motlotlo ka hore ebe lerato le susumetsa libōpuoa tsa hae tse bohlale hore li tšehetse bobusi ba hae. (1 Johanne 4:8) Ke ’nete hore Jehova ke ’Musi oa Bokahohle, empa o sebetsana le batho, haholo-holo bahlanka ba hae ba tšepahalang, joalokaha ntate ea lerato a sebetsana le bana ba hae. (Matheu 5:45) Ha a ba hanele letho le molemong oa bona. (Baroma 8:38, 39) Joalokaha ho boletsoe, o ile a ba a fana ka bophelo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši molemong oa rōna. E, lerato la Molimo ke lebaka leo ka lona re leng teng re bileng re nang le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16.

Jesu o re file kutloisiso e tebileng ea hore na Molimo ke motho oa mofuta ofe hobane o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng. (Johanne 14:9-11) Ho hang e ne e se moithati, o ne a e-na le qenehelo a bile a nahanela. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a tlisetsoa monna ea tsebe-tutu ea bileng a nang le bothata ba ho bua. U ka nahana hore e ka ’na eaba monna eo o ne a sa phutholoha ha a le ka har’a batho ba bangata. Hoa thahasellisa hore ebe Jesu o ile a nkela monna enoa boinotšing eaba o mo folisetsa moo. (Mareka 7:32-35) Na u ananela batho ba utloisisang maikutlo a hao ba bileng ba hlomphang seriti sa hao? Haeba ho joalo, joale ka sebele u tla atamela haufi le Jehova le Jesu ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka bona.

Nahana ka Litšoaneleho Tsa Molimo

Motho e mong a ka ’na a ba le litšoaneleho tse babatsehang, empa ho hlokahala hore re nahane ka motho eo e le hore re atamele ho eena. Ho joalo le ka Jehova. Ho thuisa ka litšoaneleho tsa hae ke bohato ba bobeli bo hlokahalang hore re atamele haufi le eena. Morena Davida, monna ea neng a rata Jehova e le kannete le ea neng a ‘lumellana le pelo ea [Jehova],’ o itse: “Ke hopotse matsatsi a khale; ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.”—Liketso 13:22; Pesaleme ea 143:5NW.

Ha u bona limakatso tsa pōpo kapa u bala Lentsoe la Molimo, Bibele, na uena, joaloka Davida, u thuisa ka seo u se bonang le seo u se balang? Nahana ka mora ea sa tsoa fumana lengolo le tsoang ho ntat’ae ea mo ratang haholo. O ne a tla talima lengolo leo joang? Ka sebele o ne a ke ke a le habanya feela ebe o le kenya ka laeng. Ho e-na le hoo, o ne a tla le bala ka hloko, a fumane makolopetso ’ohle le maikutlo a poteletseng. Ka ho tšoanang, Lentsoe la Molimo e lokela ho ba la bohlokoa ho rōna, joalokaha e ne e le la bohlokoa ho mopesaleme ea ileng a bina: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.

Boloka Puisano e Ntle

Puisano e ntle ke karolo ea bohlokoa ea kamano e ’ngoe le e ’ngoe. E akarelletsa ho bua le ho mamela—eseng ka kelello feela empa le ka pelo. Re bua le ’Mōpi ka thapelo, e leng ho bua le Molimo ka tsela e bontšang tlhompho. Jehova o thabela lithapelo tsa ba mo ratang le ho mo sebeletsa le ba lumelang hore Jesu Kreste ke moemeli oa Hae ea ka sehloohong.—Pesaleme ea 65:2; Johanne 14:6, 14.

Nakong e fetileng, Molimo o ne a bua le batho ka litsela tse sa tšoaneng, tse akarelletsang lipono, litoro le mangeloi. Leha ho le joalo, kajeno o bua le bona ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng Bibele e Halalelang. (2 Timothea 3:16) Lentsoe le ngotsoeng le na le melemo e mengata. Le ka hloloa neng kapa neng. Joaloka lengolo, le ka baloa hangata. ’Me le ke ke la sothoa joalokaha litaba tse neheletsanoang ka molomo li atisa ho sothoa. Ka hona, nahana ka Bibele e le sehlopha se seholo sa mangolo a tsoang ho Ntate oa hao oa leholimo ea ratoang, ’me u mo lumelle hore a buisane le uena letsatsi le letsatsi ka mangolo ana.—Matheu 4:4.

Ka mohlala, Bibele e bua ka pono ea Jehova ka se setle le se sebe. E hlalosa morero oa hae ka batho le ka lefatše. E senola tsela eo ka eona a sebelisanang le batho ba bangata le lichaba, ho tloha ho barapeli ba tšepahalang ho ea ho lira tse mabifi. Ka ho etsa hore litšebelisano tsa hae le batho li ngoloe ka tsela ena, Jehova o re file tlhaloso e qaqileng ka ho khethehileng mabapi le seo a leng sona. Lerato la hae, thabo, masoabi, mesarelo, khalefo, mohau, kameho—e, letoto la mehopolo ea hae le maikutlo, le lisosa tse ka sehloohong tsa lintho tsena—o li senola kaofela ha tsona ka tsela eo ka eona motho a ka li utloisisang habonolo.—Pesaleme ea 78:3-7.

Ka mor’a hore u bale karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo, u ka rua molemo joang ho seo u se balileng? Ha e le hantle, u ka atamela haufi le Molimo joang? Taba ea pele, nahana ka seo u se balileng le seo u ithutileng sona ka Molimo e le motho, u etse hore lintlha tseo li finyelle pelo ea hao. Ebe thapelong u bolella Jehova mehopolo ea hao le maikutlo a hao a tebileng ka boitsebiso boo u bo hlahlobileng le kamoo u tla leka ho rua molemo ho bona kateng. Seo ke puisano. Ka sebele, haeba u nahanne ka lintho tse ling hape, ka sebele u ka li kenyelletsa thapelong ea hao.

Etsa Lintho le Molimo

Ha Bibele e bua ka banna ba itseng ba tšepahalang ba boholo-holo e re ba ne ba tsamaea le Molimo oa ’nete, kapa ka pel’a hae. (Genese 6:9; 1 Marena 8:25) Seo se bolela eng? Ha e le hantle se bolela hore letsatsi ka leng ba ne ba phela joalokaha eka Molimo o na le bona. Ke ’nete hore e ne e le baetsalibe. Empa ba ne ba rata melao le melao-motheo ea Molimo, ’me ba ne ba phela tumellanong le morero oa Molimo. Jehova o khahloa ke ba joalo, ’me oa ba hlokomela, joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 32:8 e reng: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo.”

Le uena Jehova e ka ba motsoalle oa hao ea haufi-ufi—ea tsamaeang le uena, ea u hlokomelang le ea u fang keletso ea ntate. Moprofeta Esaia o ile a hlalosa Jehova e le “ea u rutang hore u itsoele molemo, ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17, NW) Ha re ntse re thabela melemo ena, ka tsela ea tšoantšetso re lemoha hore Jehova o ka “letsohong la [rōna] le letona,” hantle feela joalokaha Davida a ile a lemoha.—Pesaleme ea 16:8NW.

Lebitso la Molimo—Le Lebisa Tlhokomelo Litšoanelehong Tsa Hae

Malumeli a mangata le bafetoleli ba Bibele ba ntseng ba eketseha ba hlōleha ho sebelisa le ho tsebahatsa lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Empa, tabeng e ngotsoeng ea pele e ka mangolong a Seheberu, lebitso leo—Jehova—le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000! (Ka ho fapaneng, ha ba tlosa lebitso la Molimo, bafetoleli ba Bibele ba bangata ba siea mabitso a melimo e mengata ea bohata a boletsoeng tabeng e ngotsoeng ea pele e ka mangolong, a kang Baale, Bele, Merodake esita le Satane!)

Batho ba bang ba na le maikutlo a hore ho tlosoa ha lebitso la Molimo ke ntho e sa reng letho. Empa nahana: Na ho thata kapa ho bonolo haholoanyane ho ba le kamano e haufi, e thehiloeng tsebong le motho ea se nang lebitso? Litlotla tse joaloka Molimo le Morena (tseo hape li sebelisoang ho melimo ea bohata) li ka ’na tsa lebisa tlhokomelo matleng a Jehova, bolaoling ba hae kapa boemong ba hae, empa ke lebitso la hae feela le mo khethollang ka ho hlakileng. (Exoda 3:15; 1 Bakorinthe 8:5, 6) Lebitso la Molimo oa ’nete le emela litšoaneleho le litšobotsi tsa hae. Ke ka nepo moruti oa thuto ea bolumeli Walter Lowrie a ileng a re: “Motho ea sa tsebeng Molimo ka lebitso ha a hlile ha a mo tsebe e le motho.”

Nahana ka mohlala oa Maria, Mok’hatholike oa ’makhonthe ea lulang Australia. Ha Lipaki tsa Jehova li qala ho kopana le eena, Maria o ile a lumella Lipaki ho mo bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng. O ile a arabela joang? “Ha ke qala ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng, ke ile ka lla. Ntho e ileng ea nkama haholo ke ho tseba hore nka hla ka tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa.” Maria o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele, ’me ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, o ile a tseba Jehova e le motho ’me o ile a khona ho haha kamano e tšoarellang le eena.

E, re ka ‘atamela ho Molimo,’ le hoja re ke ke ra mo bona ka mahlo a rōna a nama. Re ka “bona” botho ba hae bo botle haholo ka likelellong le lipelong tsa rōna ’me ka mokhoa oo ra mo rata ka ho eketsehileng. Lerato le joalo “ke tlamo e phethahetseng ea kopano.”—Bakolose 3:14.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ho nahana ka pōpo ea Jehova ke tsela e ’ngoe ea ho atamela haufi le eena