Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khotso ea Lefatše—E Tla Finyelloa Joang?

Khotso ea Lefatše—E Tla Finyelloa Joang?

Khotso ea Lefatše—E Tla Finyelloa Joang?

NA KHOTSO ea lefatše e tla tloha e finyelloa? Ba bangata ba ne ba nahana joalo empa hona joale baa belaela. Ho ea ka tlaleho e buang ka mathata a bokamoso ba rōna, e phatlalalitsoeng ho Daily Mail & Guardian ea Afrika Boroa, “ho bonahala ho se na lebaka la ho beha tšepo liphatlalatsong tse boletsoeng lilemong tse 10 feela tse fetileng tsa hore ho tla ba le tsamaiso e ncha ea machaba.”

Bangoli ba sa hopola moea oa tšepo o neng o rena lilemong tse leshome feela tse fetileng. Ntoa ea Mantsoe e ne e sa tsoa lala, ’me qhoebeshano ea mebuso e meholo e ne e felile. Ba bangata ba ne ba lebeletse hore mehleng e mecha eo ho neng ho bonahala eka ea qaleha, moloko oa batho o tla hatela pele haholo ho loantšeng bofuma, ho kula le mathata a tikoloho. Tlaleho ena e re: “Hona joale liphatlalatso tseo li bonahala e le toro feela. Ho qhomme likhohlano tse ncha libakeng tseo ho tsona re neng re sa li lebella ho hang; bofuma ba lefatše bo ntse bo tota. Ho na le linaha tse peli tse ncha tse nang le libetsa tsa nyutlelie. Botumo bo botle ba Machaba a Kopaneng bo thefutsoe haholo ke hore a hlōleha ho nka khato e feletseng ka maqakabetsi a sa feleng a batho. Moea ha e sa le oa thabo e se e le oa tšabo.”

Liithuti tsa Bibele li lemoha hore boiteko ba motho, ho sa tsotellehe hore na bo botle hakae, bo ke ke ba atleha ka ho feletseng. Hobane’ng? Hobane, joalokaha Bibele e bolela, “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ha lefatše lena le ntse le le ka tlas’a taolo ea Satane, le ke ke la tlisoa boemong ba Paradeise boo Molimo a neng a bo rerile ha a le bōpa.

Leha ho le joalo, ho na le motheo oa tšepo. Jehova Molimo o tšepisa ho tlisa khotso ea lefatše, eseng ka hore a lape tsamaiso ena ea lintho, empa ka ho tlisa “lefatše le lecha” leo ho “loka ho tla aha” ho lona. (2 Petrose 3:13) E, ka ’Muso oa Molimo, lefatše la rōna le tla fetoloa lehae la khotso le thabo, moo kamehla moloko oohle oa batho o mamelang o tla thabela bophelo le mosebetsi. Ho feta moo, Molimo o tšepisa hore o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Litšepiso tsena ha lia thehoa boprofeteng bo sa tieang ba batho. Ho e-na le hoo, li thehiloe Lentsoeng le sa foseng la ’Mōpi, ea ke keng a qala leshano.—Tšenolo 21:4; Tite 1:2.