Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maruo a Fanoang ka Seatla se Bulehileng aa Thabisa

Maruo a Fanoang ka Seatla se Bulehileng aa Thabisa

Maruo a Fanoang ka Seatla se Bulehileng aa Thabisa

JOALOKA molebeli oa Mokreste ea lerato, moapostola Pauluse o ne a amehile haholo ka se neng se ka tsoela balumeli-’moho le eena molemo. (2 Bakorinthe 11:28) Ka hona, ha a le bohareng ba lilemo tsa bo-50 tsa lekholo la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, o ile a hlophisa hore ho be le likoleke tsa chelete bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea, a sebelisa monyetla oo ho ruta thuto ea bohlokoa mabapi le ho fana ka seatla se bulehileng. Pauluse o ile a hatisa hore Jehova o ananela haholo ho fana ho etsoang ka nyakallo: “E mong le e mong a a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata mofani ea nyakaletseng.”—2 Bakorinthe 9:7.

Ba Bofutsaneng bo Tebileng, Empa ba Fana ka Seatla se Bulehileng

Boholo ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bo ne bo sa hlahella haholo sechabeng. Pauluse o ile a hlokomela hore har’a bona ‘hase ba bangata ba neng ba le matla.’ E ne e le “lintho tse fokolang tsa lefatše,” “lintho tse eisehang tsa lefatše.” (1 Bakorinthe 1:26-28) Ka mohlala, Bakreste ba phelang Macedonia ba ne ba le ‘bofutsaneng bo tebileng’ hape ba le “tlas’a mahloreho.” Leha ho le joalo, balumeli bao ba ikokobelitseng ba Macedonia ba ile ba kōpa hore ba fuoe tokelo ea ho ntša monehelo oa chelete bakeng sa ‘bosebeletsi bo reretsoeng bahalaleli’; ’me Pauluse o ile a paka hore seo ba faneng ka sona se bile ‘ka ’nģane ho bokhoni ba bona ba sebele’!—2 Bakorinthe 8:1-4.

Leha ho le joalo, ho fana ho joalo ka seatla se bulehileng ho ne ho sa lekanyetsoe ka hore na ho ntšitsoe bokae. Ho e-na le hoo, ntho ea bohlokoa e ne e le tšusumetso, ho rata ho abelana le ba bang, le boikutlo ba pelo. Pauluse o ile a bontša Bakreste ba Korinthe hore kelello le pelo lia ameha ha ho ntšoa menehelo. O itse: “Ke tseba ho itokisa ha lōna likelellong hoo ke ithorisang ka hona ho ba Macedonia mabapi le lōna, . . . ’me cheseho ea lōna e hlohlellelitse bongata ba bona.” Ba ne ba ‘entse qeto e tiileng ka lipelong tsa bona’ hore ba fane ka seatla se bulehileng.—2 Bakorinthe 9:2, 7.

‘Moea oa Bona o Ile oa ba Susumetsa’

Mohlomong moapostola Pauluse o ne a hopotse mohlala oa pejana oa ho fana ka seatla se bulehileng o etsahetseng lefeelleng lilemo tse makholo a 15 pele ho mehla ea hae. Meloko e 12 ea Iseraele e ne e lokolotsoe bokhobeng Egepeta. Joale e ne e le mosikong oa Thaba ea Sinai, ’me Jehova o ile a laela hore e hahe tabernakele bakeng sa borapeli le ho e etsetsa lisebelisoa tsa borapeli. Sena se ne se tla hloka chelete e ngata, ’me sechaba se ile sa khothalletsoa ho ntša menehelo.

Baiseraele bao ba ile ba arabela joang? “Ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano.” (Exoda 35:21, NW) Na sechaba se ile sa fana ka seatla se bulehileng? Se ile sa etsa joalo haholo! Moshe o ile a fuoa tlaleho e latelang: “Sechaba se tlisa ho hongata haholo ho feta seo tšebeletso e se hlokang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etsoe.”—Exoda 36:5NW.

Boemo ba lichelete ba Baiseraele bo ne bo le joang morao koo? Eseng khale haholo, e ne e le makhoba a hlomolang pelo, ‘ba hatelletsoe ka moroalo oo ba o jereng,’ ba phela ‘bophelo bo bohloko,’ bophelo ba “mahloreho.” (Exoda 1:11, 14, NW; 3:7, NW; 5:10-18, NW) Ka hona, ha ho bonahale eka ba ne ba e-na le lintho tse ngata tse bonahalang. Ke ’nete hore Baiseraele ba ile ba tloha naheng ea bokhoba le mehlape ea bona ea likhutšoane le ea liphoofolo tse khōlō. (Exoda 12:32) Empa mohlomong e ne e se mengata, kaha kapele ka mor’a hore ba tlohe Egepeta, ba ile ba tletleba ka hore ha ba na nama kapa bohobe boo ba ka bo jang.—Exoda 16:3.

Ka hona, lintho tsa bohlokoa tseo Baiseraele ba ileng ba nehelana ka tsona ha ho hahuoa tabernakele ba ne ba li fumane kae? Ba ne ba li fumane ho benghali ba bona ba pele ba Baegepeta. Bibele e re: ‘Bara ba Iseraele . . . ba ile ba qala ho kōpa lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le liaparo tsa ka holimo ho Baegepeta. . . . [Baegepeta] ba ba neha seo ba se kōpileng.’ Liketso tseo tse mosa tsa Baegepeta e ne e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova, eseng e tsoang ho Faro. Tlaleho e halalelang e re: ‘Jehova a etsa hore sechaba se amohelehe mahlong a Baegepeta, hoo ba ileng ba se neha seo se se kōpileng.’—Exoda 12:35, 36NW.

Joale, nahana feela hore na Baiseraele ba ile ba ikutloa joang. Meloko ea bona e ne e ile ea hlokofatsoa ka bokhoba bo sehlōhō le ka ho hloka. Joale ba ne ba lokolohile ’me ba e-na le lintho tse ngata tse bonahalang. Ba ne ba tla ikutloa joang ka ho fana ka karolo e ’ngoe ea matlotlo ao? Mohlomong ba ne ba ka ’na ba e-ba le boikutlo ba hore ba a sebelelitse ’me ba na le tokelo ea ho ipolokela ’ona. Leha ho le joalo, ha ba kōptjoa hore ba ntše menehelo ea chelete bakeng sa ho tšehetsa borapeli bo hloekileng, ba ile ba etsa joalo—ba sa tsilatsile ebile ba se lekhonatha! Ha baa ka ba lebala hore ke Jehova ea neng a entse hore ba be le lintho tseo tse bonahalang. Ka hona, ba ile ba fana haholo ka silevera ea bona le khauta le liphoofolo tsa bona tse ruiloeng. Ba ne ba e-na le ‘lipelo tse ratang.’ ‘Lipelo tsa bona li ile tsa ba susumetsa.’ ‘Moea oa bona o ile oa ba susumetsa.’ Ka sebele e ne e le ‘nyehelo ea boithatelo e isoang ho Jehova.’—Exoda 25:1-9, NW; 35:4-9, 20-29, NW; 36:3-7NW.

Ho Ikemisetsa ho Fana

Monehelo o moholo hase oona o hlileng o bontšang hore ea fanang o seatla se bulehileng. Ka lekhetlo le leng Jesu Kreste o ile a shebella ha batho ba ntse ba akhela chelete ka matlōleng a tempele a polokelo ea matlotlo. Barui ba ne ba akhela lichelete tsa tšepe tse ngata, empa Jesu o ile a hlolloa ha a bona mohlolohali ea hlokang a akhela licheletana tsa tšepe tse peli tse sa reng letho. O ile a re: “Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho hoholoanyane ho feta hoo bohle ba ho akhetseng. . . . Ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.”—Luka 21:1-4; Mareka 12:41-44.

Mantsoe a Pauluse a eang ho Bakorinthe a ne a lumellana le khopolo ena ea Jesu. Mabapi le ho ntša menehelo ho thusa balumeli-’moho ba hlokang, Pauluse o ile a re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.” (2 Bakorinthe 8:12) E, ho ntša menehelo hase taba ea ho hlōlisana kapa ea ho ipapisa le ba bang. Motho o nehela ho ea ka seo a ka se khonang, ’me Jehova o thabela moea oa ho fana ka seatla se bulehileng.

Le hoja ho se motho ea ka ruisang Jehova, eo lintho tsohle e leng tsa hae, ho ntša monehelo ke tokelo e nehang barapeli monyetla oa ho bontša lerato la bona ho eena. (1 Likronike 29:14-17) Menehelo e sa ntšoeng ka sepheo sa mponeng kapa se seng feela sa boithati, empa e ntšoa ka boikutlo bo nepahetseng le bakeng sa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele, e tlisa thabo hammoho le tlhohonolofatso ea Molimo. (Matheu 6:1-4) Jesu o itse: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) Re ka thabela ho kopanela thabong eo ka ho sebelisa matla a rōna tšebeletsong ea Jehova le ka ho behella ho hong ka thōko linthong tsa rōna tse bonahalang ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ho thusa ba tšoanelehang.—1 Bakorinthe 16:1, 2.

Ho Ikemisetsa ho Fana Kajeno

Kajeno, Lipaki tsa Jehova li thabela ho bona tsoelo-pele ea boboleli ba “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Lilemong tse leshome tsa ho qetela tsa lekholo la bo20 la lilemo, ho ile ha kolobetsoa batho ba ka holimo ho 3 000 000 ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova Molimo, ’me ha thehoa liphutheho tse ncha tse ka bang 30 000. E, karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse leng teng kajeno e thehiloe lilemong tse leshome tse fetileng! Boholo ba keketseho ena bo bile teng ka lebaka la mosebetsi o boima o entsoeng ke banna le basali ba Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba nehelana ka nako ea bona le matla ho etela baahisani ba bona le ho ba bolella ka merero ea Jehova. Keketseho e ’ngoe e bile teng ka lebaka la mosebetsi oa baromuoa, ba sieang mahae a bona ebe ba ea linaheng tse hōle ho ea thusa ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Keketseho ena e feletse ka hore ho hlophisoe lipotoloho tse ncha, tse entseng hore ho khethoe balebeli ba potoloho ba bacha. Ho phaella moo, ho ile ha hlokahala Libibele tse eketsehileng e le hore li sebelisoe boboleling le ho ithuteng. Ho ile ha hlokahala lingoliloeng tse eketsehileng. ’Me linaheng tse ngata, ho ile ha lokela hore ho atolosoe mehaho ea lekala kapa ho hahoe makala a maholo. Litlhoko tsena kaofela li ile tsa finyelloa ka thuso ea menehelo ea boithatelo e tsoang ho batho ba Jehova.

Tlhokahalo ea Liholo Tsa ’Muso

Ntho e ’ngoe eo ho totobetseng hore e hlokahala haholo ha Lipaki tsa Jehova li ntse li eketseha ke Liholo tsa ’Muso. Lipatlisiso tse entsoeng mathoasong a selemo sa 2000 li bontšitse hore ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ka holimo ho 11 000 linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong, moo chelete e fokolang. Nahana ka Angola. Ho sa tsotellehe ntoa ea baahi e ’nileng ea kupa ka lilemo-lemo, naha eo e thabela karolelano ea selemo le selemo ea keketseho ea hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong lenaneng la bahoeletsi ba ’Muso. Leha ho le joalo, boholo ba liphutheho tse 675 naheng ena e khōlō ea Afrika li tšoarela liboka ka ntle. Ho na le Liholo tsa ’Muso tse 22 feela naheng eo, ’me ho tsona ke tse 12 feela tse nang le mofuta o itseng oa marulelo.

Boemo boa tšoana Democratic Republic of Congo. Le hoja ho e-na le liphutheho tse ka bang 300 motse-moholo oa Kinshasa, ho na le Liholo tsa ’Muso tse leshome feela. Naha ena ka kakaretso e hloka Liholo tsa ’Muso tse fetang 1 500 ka potlako. Ka lebaka la keketseho e potlakileng linaheng tsa Europe Bochabela, Russia le Ukraine hammoho li tlaleha hore li hloka Liholo tsa ’Muso tse makholo-kholo. Keketseho e potlakileng Latin America e bonahala haholo Brazil, moo ho nang le Lipaki tse ka holimo ho halofo ea milione le moo Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng li hlokahalang haholo.

Ho finyella litlhoko linaheng tse joalo, Lipaki tsa Jehova li sebelisa lenaneo le potlakileng la ho haha Liholo tsa ’Muso. Lenaneo lena le tšehetsoa ka lichelete ke menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng e tsoang ho mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara, e le hore le liphutheho tse futsanehileng haholo li khone ho ba le setsi se loketseng sa borapeli.

Joaloka mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, ho ka etsoa ho hongata hobane Bakreste ba tšepahalang ba ‘hlompha Jehova ka lintho tsa bona tsa bohlokoa.’ (Liproverbia 3:9, 10, NW) Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se lakatsa ho sebelisa monyetla ona ho lebisa liteboho tse khōlō ho e mong le e mong eo pelo ea hae e mo susumelitseng hore a kopanele ho faneng ka boithatelo. ’Me re ka kholiseha hore moea oa Jehova o tla tsoela pele ho susumelletsa lipelo tsa batho ba hae ho tšehetsa litlhoko tsa mosebetsi oa ’Muso o ntseng o hōla.

Ha keketseho ea lefatše ka bophara e ntse e tsoela pele, e se eka re ka tsoela pele ho batla menyetla ea ho bontša thabo le boikemisetso ba rōna ka ho sebelisa matla a rōna, nako ea rōna le matlotlo a rōna. ’Me e se eka re ka latsoa thabo ea sebele e tlisoang ke moea o joalo oa ho fana.

[Lebokose le leqepheng la 29]

“LE E SEBELISE KA BOHLALE!”

“Ke lilemo li leshome. Ke le romella chelete ena hore le reke pampiri kapa ntho leha e le efe e etsang libuka.”—Cindy.

“Ke lakatsa ho le romella chelete ena hore le re etsetse libuka tse ngata. Chelete ena ke e bolokile ka mor’a ho thusa Ntate. Ka hona le e sebelise ka bohlale!”—Pam, ea lilemo li supileng.

“Ke ile ka soaba ho utloa ka se entsoeng ke leholiotsoana. Kea tšepa hore le bolokehile. Ke na le [R14] feela kotikoting eo ke bolokang chelete ho eona.”—Allison, ea lilemo li ’nè.

“Lebitso la ka ke Rudy, ’me ke lilemo li 11. Ngoan’eso Ralph o lilemo li tšeletseng. ’Me khaitseli ea ka Judith e lilemo li peli le halofo. E se e le lilemo tse tharo re ntse re boloka chelete ea rōna ho thusa barab’abo rōna [sebakeng se harasantsoeng ke ntoa]. Re khonne ho boloka lidolara tse 20 [R138] eo re e romelang hona joale.”

“Ke masoabi ka barab’abo rōna [ba hlasetsoeng ke leholiotsoana]. Ke entse lidolara tse 17 [R117] ha ke ntse ke sebetsa le Ntate. Ke le romella chelete ena bakeng sa ntho leha e le efe, le tla bona hore na le etsa’ng ka eona.”—Maclean, ea lilemo li robeli.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e kenyang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle oa Mokhatlo.—Matheu 24:14.” Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe liphutheho li fetisetsa chelete ena ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York, kapa ofising ea e haufi.

Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona ho ka nehelanoa ka tsona. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG

Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ka tokisetso e khethehileng ea hore, haeba ho hlaha se etsang hore ea faneng ka eona a e hloke, chelete eo e tla khutlisetsoa ho eena. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le Accounting Office ea lekala la sebaka seo.

HO FANA HO RERILOENG

Ho ekelletsa limphong tse tobileng tsa chelete le menehelong ea chelete e fanoang tlas’a maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka bang molemo mosebetsing oa ’Muso lefatšeng lohle. Ena e akarelletsa:

Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Li-stock le Li-bond: Li-stock le Li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng kapa ka ho etsa tokisetso ea hore mofani a ’ne a lefshoe chelete eo li e kenyang.

Litša le Mehaho: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng kapa ho li boloka ho mong’a tsona, ea ka tsoelang pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Motho o lokela ho ikopanya le Mokhatlo pele a ngolisa setša sefe kapa sefe le mohaho ka lebitso la Mokhatlo.

Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao.

Haeba u e-na le thahasello tokisetsong leha e le efe ea ho fana ho reriloeng, u lokela ho ikopanya le Accounting Office, ka lengolo kapa ka thelefono, atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno.

ACCOUNTING OFFICE

Watch Tower Bible and Tract Society of

Pennsylvania Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740

Thelefono: (011) 761 1000